Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 2/1 leq. 30
  • “Tšimo e Khethehileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tšimo e Khethehileng”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bana ba Sekolo ba Lipaki Baa Babatsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • O Ile a Rata Seo a Ithutileng Sona
    Tsoha!—2006
  • Ho Rorisa Jehova Sekolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Bacha—Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Lōna!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 2/1 leq. 30

“Tšimo e Khethehileng”

BACHA ba bangata ba Bakreste ba amohetse maikutlo a hore sekolo ke “tšimo e khethehileng” ea bona, kahoo ba falimehela menyetla ea ho fana ka bopaki ho matichere le bao ba kenang sekolo le bona. Hlokomela liphello tse ntle tseo Susan, ngoanana ea lilemo li 13 oa Canada a bileng le tsona.

“Ka Tšitoe tichere ea rōna a kōpa klase ho ngola ‘moqoqo o iqapetsoeng’ ka pale ea Keresemese. Ka khetha sehlooho sa ka e le ‘Tlaleho ka ho Qaleha ha Keresemese.’ Ka ho sebelisa li-encyclopedia tsa sekolo le lihlooho tsa Tsoha! bakeng sa litšupiso, ka tseba ho ngola tlaleho e fanang ka boitsebiso.” Tichere o ile a nahana eng ka eona?

“Qetellong ea tlaleho ea ka tichere ea ngola litlhaloso tsena: ‘U ngotse hantle haholo, Susan! Ke tsota botšepehi ba hao le ho hlompha litumelo tsa hao. Ka ho nahana le ho utloisisa ha hao, u tla ’ne u hlomphuoe kamehla. Ke tšepa hore le kamoso u tla ’ne u boloke makhabane ana a tsotehang ao u nang le oona. Qetellong, ho khatholla haholo le ho putsa ho bala kapa ho bua le motho ea lilemong tsa hao ea hōlisitseng le ho boloka sebete ka litumelo tsa hae.’

“Ha a qeta ho ipalla tlaleho eo, a e balisa matichere kaofela ka phaposing ea matichere. Kahoo, kaofela ba fumana bopaki! Ka fumana sebete le boikemisetso ba ho bua ka linnete tsa Bibele le ba bang sekolong.

“Bana bohle bao ke kenang sekolo le bona baa tseba hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me ha ba utloa seo ke ngotseng ka sona, le bona ba batla ho bala tlaleho ea ka. Ba ne ba bonahala ba thabela hoo ke ileng ka ba bolella hore ke tla ba tlisetsa ka mong oa bona tokollo ea Tsoha! [ea Senyesemane] e nang le sehlooho se buang ka Keresemese. Ena e ne e le tokollo ea Tšitoe 22, 1979, hape e na le sehlooho ka ‘disco.’

“Ha ke tla le likopi tsa tokollo ea Tsoha! ena sekolong, ba bang ka klaseng ba li bona ’me le bona ba batla likopi tsa eona. Ba bontša thahasello e khōlō sehloohong sa ‘disco’ hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho tlisetsa e mong le e mong oa bona Tsoha! [ea Senyesemane] ea Tlhakubele 22, 1979 e neng e na le lethathama la lihlooho tabeng ena. Ka tsamaisa limakasine tse 26 ho barutuoa ’moho le ’na.

“Hamorao, ka nako eo mooki oa sekolo sa rōna a neng a bontša filimi ka ho hōla ha motho, ka tlela barutuoa ba bangatanyana kopi ea buka Bocha ba hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ka ba bolella hore buka ena e nthusitse haholo ho utloisisa liphetoho le mathata a amanang le ho hōla.

“Ka nako e ’ngoe, ha ba bang ka klaseng ba bona banana—le bashemane—ba bala le ho buisana ka buka ena, ba mpotsa haeba le bona ba ka fumana kopi ena. Ka tsamaisa libuka tsa Bocha tse 17 nakong eo. . . .

“Ka nako e ’ngoe ngoanana e mong sekolong a mpolella hore o tsamaea Sekolo sa Sontaha ’me o bala Bibele, empa ha a e utloisise. Ka ’molella hore ke na le Bibele e balehang habonolo ’me nka thabela ho mo tlisetsa e ’ngoe. Ha kea mo tlisetsa New World Translation feela, empa le kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me ka ’montša hore na ke joang buka ena e ka hlang ea mo thusa ho utloisisa Bibele. O ne a e thabetse haholo.”

Susan o ikutloa joang ka ho paka sekolong? “Ke thabela haholo ho pakela metsoalle ea ka sekolong ’me ke ho nka e le tokelo ho ba le tšimo e khethehileng joalo.”

Na u sekolong? Hobane’ng u sa sebelise monyetla oo oa “tšimo e khethehileng” ea hao hamolemonyana?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela