Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Bana ba Sekolo ba Lipaki Baa Babatsoa
JOALOKA seithuti sekolong, na u tšaba ho buella tumelo ea hao phatlalatsa? Liphihlelo tse katlaase mona li bontša hore Lipaki tsena tse nyenyane li ile tsa qetella li sa tšabe ho phahamisa tumelo ea tsona ea Bokreste le kamoo li ileng tsa babatsoa ka ho etsa joalo.
◻ Sekolong se seng Australia, liithuti li ile tsa abeloa ho ngola moqoqo ka Keresemese, empa tichere ea re ho Paki e lilemo li 11: “Kea tseba hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova, kahona u ke ke ua ngola ka mekete ea Keresemese. U ka ’na ua ngola moqoqo o fapaneng ka ‘Histori ea Keresemese.’” Khaitseli e monyenyane o ile a ngola moqoqo, a sebelisa boitsebiso bo loketseng bo tsoang libukeng tsa Mokhatlo le libukeng tse ling tsa litšupiso. Ho ileng ha makatsa sehlopha ke hore tichere e ile ea re boitsebiso boo bo ne bo le botle haholo ’me e le bo nepahetseng ho latela Histori. Tichere ea bolela hore: “Meqoqong eohle eo ke e amohetseng, oa hao ke oona o monate ka ho fetisisa kahar’a sehlopha.” Ka baka la seo, Paki e nyenyane ea tsamaisa bukana e boholo ba makasine ea Sekolo, limakasine tse 15, buka e le ’ngoe ea Bocha, le libuka tse peli tsa Phela ka ho sa Feleng ho tichere ea hae le liithuti ’moho.
◻ Sekolong se seng Australia, bana ba robeli ba Lipaki ba ne ba alositsoe ke tichere e tšoereng molepo motšehare o mong le o mong oa mantsiboea ka libeke tsa ho qetela tse tharo sekolong, kahobane ba ne ba sa kopanele mesebetsing ea Keresemese. Hamorao o ile a bua ho ’mè oa ba bang ba bana bao: “Ke ne ke phetha karolo e nyenyane haholo. Matichere a ’maloa a ile a tla ’me a botsa hore na lintho li tsamaea joang. Ke ile ka re ho bona: ‘Ha ho tsotellehe hore na le nahana joang ka bolumeli ba bona le tsela eo ba ikarolang mesebetsing e itseng ka eona, sena ke sehlopha se setle ka ho fetisisa sa bana seo nkileng ka sebetsa le sona.’” Libeke tse seng kae hamorao ha a fumanoa tšebeletsong ea ntlo le ntlo, o ile a re: “Na u ile ua fetisa seo ke se boletseng ka bana sekolong? Ke batla hore e mong le e mong a tsebe.”
◻ United States ho hlaha phihlelo ena ea ngoanana oa seithuti ea lilemo li 17 ea sekolong se phahameng ea ileng a fumana sehlopha sa habo sa thuto ea molao se tšoarehile ka botebo puisanong e buang ka litokelo tse amanang le tokoloho ea bolumeli le karohano ea kereke le ’Muso. Linyeoe tse peli li ne li ama Lipaki tsa Jehova le tseko ea mali. Khaitseli e monyenyane o ile a fumana tlaleho ena e le leeme ’me e se na toka mabapi le linnete tsa Bibele ka mali eaba o bolella tichere ea hae seo. E ile ea araba ka ho mo nea monyetla oa ho bua le sehlopha. Pele ho puo ea hae, liithuti li ne li nahana hore makhotla a entse qeto e nepahetseng ka ho qobella Lipaki ho tšeloa mali khahlanong le litakatso tsa tsona. Empa kamor’a ho utloa khang e theiloeng Bibeleng, sehlopha se ile sa lumellana kaofela ka ho vouta khahlanong le liqeto tsa lekhotla. Khaitseli oa rōna o ne a thabile ha ba bangata ba liithuti ba mo atamela ’me ba mo kōpa boitsebiso bo eketsehileng ka litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. Joale o re o ananela sekolo ka ho feletseng ke tšimo ea hae e khethehileng.
E, lōna bana ba sekolo le na le tšimo e ikhethang. Ha le na le monyetla, tsoelang pele ho thusa ka mosa liithuti ’moho le lōna ho ithuta ka morero o hlollang oa Molimo, ’me le tla rorisoa e seng feela ke ba bang empa le ke Jehova ka boeena!—Jobo 40:14.