Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Melaetsa e Tsoang Leholimong
HA E LE hantle, Bibele eohle ke molaetsa o tsoang lehomoling, o fanoeng ke Ntate oa rōna oa leholimo ho re ruta. Leha ho le joalo, lilemong tse fetileng tse 2 000, lengeloi le “emang pel’a Molimo” le fane ka melaetsa e ’meli e khethehileng. Lebitso la lona ke Gabriele. A re ke re hlahlobeng maemo a maeto ana a mabeli a bohlokoa lefatšeng.
Ke selemo sa 3 B.C.E. Maralleng a Judea, mohlomong thokoana le Jerusalema, ho phela moprista oa Jehova ea bitsoang Zakaria. O se a tsofetse, hammoho le mosali oa hae Elizabetha. ’Me ha ba na bana. Zakaria o tšebeletsong ea hae ea boprista tempeleng ea Molimo Jerusalema. Ka tšohanyetso Gabriele o hlaha lehlakoreng le letona la aletare ea libano.
Zakaria o tšohile haholo. Empa Gabriele o mo kokobetsa matsoalong ’me o re: ‘Molimo o utloile lithapelo tsa hao. Elizabetha o tla ba le mora, ’me o mo rehe Johanne. O tla lokisetsa Jehova sechaba se hlekehileng hantle.’ Empa Zakaria ha a kholoe. Lilemong tsa bona, ho bonahala ho le thata hore eena le Elizabetha ba ka ba le ngoana. Kahoo Gabriele o re, ‘Kaha ha u-ua nkholoa, u tla ba semumu ho fihlela lintho tsena li etsahala.’
Nakong ena, batho kantle ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Zakaria a nka nako e telele hakana ka tempeleng. Ha qetellong a e-tsoa ’me a sa tsebe ho bua, empa a bua ka matsoho feela, ’me ba elelloa hore o bone ntho e ’ngoe e fetang tlhaho.
Hoba Zakaria a qete nako ea hae ea tšebeletso tempeleng, o khutlela hae. ’Me hang kamorao ho moo ha hla ha etsahala—Elizabetha a emola! Ha a emetse hore ngoana a hlahe, Elizabetha a lula hae a ipatela batho ka likhoeli tse hlano.
Bona! Gabriele o hlaha hape. Hona o bua le mang? Ke moroetsana ea bitsoang Maria oa motse oa Nazaretha. Lekhetlong lee o fetisa molaetsa ofe? Mamela! Gabriele o re, ‘U tla emola ’me u be le ngoana oa moshanyana, ’me u mo ree lebitso la Jesu. E tla ba Morena e moholo, ’me ’muso oa hae o ke ke oa fela.’
Re ka tiisa hore Gabriele o ile a ikutloa a filoe tokelo ka ho fetisa melaetsa ena. ’Me ha re bala haholoanyane ka Johanne le Jesu litokollong tse tlang tsa makasine ona, re tla bona ka ho hlakileng haholoanyane hore na ke hobane’ng ha melaetsa ena e tsoang leholimong e le ea bohlokoa hakana. 2 Timothea 3:16; Luka 1:5-33.
◆ Ke melaetsa efe e ’meli ea bohlokoa e fanoeng e tsoa leholimong?
◆ Ke mang ea faneng ka melaetsa, hona e fanoe ho bo-mang?
◆ Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata ho kholoa melaetsa?