Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/1 maq. 3-5
  • Na Molimo o Liehisa Kahlolo ea Oona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Liehisa Kahlolo ea Oona?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mohla e tla ba Nako” ea Molimo
  • “Moloko Ona o ke ke oa Feta”
  • Teko ea Tumelo
  • Lebaka Leo Molimo o E-song ho Lihe Kahlolo ea Oona ka Lona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Nako ea ho Falimeha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Tsoha!—2010
  • “Le Lule le Lebetse”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/1 maq. 3-5

Na Molimo o Liehisa Kahlolo ea Oona?

INAHANE u emetse moeti ea tsoang sebakana ea u boleletseng hore na o tla fihla ka letsatsi lefe empa a sa bolela hora. Ha metsotso e ntse e e-ja babeli, empa a sa bonahale, u qala ho ipotsa hore na e be o liehisitsoe ke eng. Na lee ke Iona letsatsi leo a itseng o tla fihla ka Iona? Na e be ho bile le ho se utloane? Butle-butle, ho qalileng e le ho hloka mamello joale ho hōla ho ba ntho e ferekanyang haholoanyane, e bitsoang pelaelo.

Hona bo ka ’na ha hlalosa hantle kamoo batho ba bang ba ikutloang kateng ka tšepiso ea ho fihla ha nako ea Molimo ea ho liha kahlolo khahlanong le bokhopo. Ha e le hantle, ke khale barapeli ba oona ba ho letetse. Ka mohlala, nka Morena Davida ea khabane. Lilemong tse fetileng tse fetang 3 000 o itse: “Morena [Jehova], ea leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae. O tla ahlola har’a lichaba.” Na joale ho na le ea ka beoang molato kajeno ha a ipotsa, Neng?—Pesaleme ea 110:5, 6.

Ka ho bapisa maemo a lefatše le boprofeta ba Bibele le ka ho kenya kemiso ea nako ea Bibele, baithuti ba tiileng ba Bibele ba kholisehile hore letsatsi la ho liha kahlolo ea Molimo le qetelletse le le haufi. Empa na nakong e fetileng batho ba bangata ha ba ka ba ikutloa ka tsela e tšoanang, e le hore feela hamorao ba fumane hore ba fositse? Na ho na le tsela e tiileng ea ho lekanyetsa hantle-ntle hore na Molimo o tla liha neng kahlolo ea oona?

“Mohla e tla ba Nako” ea Molimo

Jesu o bontšitse hore kahlolo e tla ba ka nako e tiisitsoeng. Empa ha a lemosa balateli ba hae, o itse: “Le falimehe, . . . hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.”—Mareka 13:33.

Habakuke, eo Molimo o ileng oa mo rōma lilemo tse makholo a tšeletseng pejana hore a ngole ka ho phethahatsoa ha kahlolo ea bomolimo, le eena o itse e tla ba ka “nako ea teng.” ’Me ha a lemosa ka ho hloka mamello, kapa mohlomong le hona ho belaela, ka taelo ea Molimo a tšepisa: “E ke ke ea thetsa. Esita leha e ka lieha, u ’ne u e lebelle; hobane e tla etsahala ruri. E ke ke ea lieha.”—Habakuke 2:2, 3, NW.

Empa haeba kahlolo ea Molimo e tla ba ‘nakong ea teng’ le hore ‘e ke ke ea lieha,’ ke hobane’ng ha Habakuke a re “esita leha e ka lieha”? Ho hlakile hore o bontša hore batho ba bang ba Molimo ba ne ba tla lebella hore e potlake ho feta kamoo e lokelang. Hobane’ng? Hobane nako e qaqileng ea eona e ne e tla lula e patuoe ho bona.

Le eena Jesu ha a le lefatšeng o ne a sa tsebe nako e qaqileng, hobane o itse: “Ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela.” (Mareka 13:32) Leha ho le joalo, hoo a neng a ho tseba ke sebaka sa nako eo kahlolo e neng e tla etsahala ka sona. Kahoo, ka kōpo ea barutuoa ba hae, a fana ka pontšo e neng e tla ba nolofaletsa ho hlokomela sebaka sa nako eo hang ha se qaleha. Jesu o itse bopaki ba sona ba pele, bo tla tšoana le “qalo ea mahlaba a pelehi.” Joale, ke ’nete hore, mosali oa moimana ea utloang mahlaba a pelehi ha a tsebisise hantle nako eo ngoana oa hae a tla hlaha ka eona. Leha ho le joalo, o tseba feela hore ngoana o tloha a hlaha.—Mattheu 24:3-8; Today’s English Version.

“Moloko Ona o ke ke oa Feta”

A ntse a sa tsebe hore na nako ea kahlolo ea Molimo e tla tla neng, Jesu o khonne ho e beela moeli. A sebelisa setšoantšo sa sefate sa feiga, a re: “Lekala la sona ha le se le le bonolo, ’me le se le hlahisa mahlaku, le tseba ka hoo hobane lehlabula le haufi. Le lōna, etlare ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba mor’a motho o haufi, o monyako. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.”—Mattheu 24:32-34.

Ka hona kahlolo e ne e tla tla neng-neng bophelong ba batho ba neng ba tla bona bopaki ba pele ba sebaka sa nako e profetiloeng ke Jesu. Ho qaleha ha nako ena ho ne ho tla tšoaea ho qaleha ha bofelo ba lefatše la Satane, leo ’Muso oa Molimo oa leholimo o hlomiloeng bocha o neng o tla le ahlola. Kemiso ea nako ea Bibele le phethahalo ea boprofeta ba Bibele li fana ka bopaki bo bongata ba hore nako ena e qalile ka 1914.a

Ka hona pele moloko oa 1914 o felella lefung, kahlolo ea Molimo e tlameha ho tla. Moloko ona o sa ntsane o le teng ka bongatanyana. Ka mohlala, ka 1980 ho ne ho ntse ho le teng batho ba 1 597 700 ba phelang Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane ba neng ba hlahe ka 1900 kapa pele. Palo ea bona e ka be e ntse e bile kholoanyane hoja baahi ba eona ba se ke ba bolaoa pele ho nako lintoeng tse peli tsa lefatše.

Jesu ha a tšepisa hore “moloko ona o ke ke oa feta,” o sebelisitse mantsoe a mabeli a Segerike a bolelang khanyetso, ou le me. The Companion Bible e hlalosa tšebeliso ena ka mokhoa o latelang: “Mantsoe ana a mabeli a khanyetso ha a kopane ha a bōpe khanyetso e phahameng [empa] a bōpa tiiso e matla le e tiileng ka ho fetisisa.” Ke hona joale feela, nakong ea ha ho bonahala e ka moloko ona o ka ’na oa feta pele hohle ho phethahala, mantsoe a Jesu “o ke ke” oa feta a hlileng a utloahalang hantle.

Teko ea Tumelo

Mantsoe a lemosang a Habakuke a bontša hore ho ne ho tla bonahala e ka kahlolo ea Jehova e-ea lieha, ho sebeletsa e le teko ea tumelo. Ka ho utloahalang teko ena e ne e ke ke ea e-ba teng ho fihlela ho ea qetellong ea moloko oo Jesu a buileng ka oona. Ha re supa mohlaleng o qalong ea sehlooho sena, nahana sena: U ne u tla qala ho belaela ka ’nete neng hore moeti oa hao ha a sa tlile? Ka sebele e ne e ke ke ea e-ba ka hora ea borobong hoseng, leha e le motšehare o moholo, mohlomong leha e le hona motšehare oa mantsiboea. Empa mohlomong tumelo ea hao e ne e tla lekoa hang ha shoalane e tšoara. Leha ho le joalo, hopola hore le ka 11:30 bosiu moeti oa hao o sa ntsane a e-na le nako e lekaneng ea ho phethahatsa tšepiso ea hae!

Ha ho lebaka la ho belaela hore Lentsoe la Molimo le ke ke la phethahala. Ha ho mohla le kileng la se phethahale. Mantsoe a Joshua ho Baiseraele lilemong tse fetileng tse 3 000 ke ’nete haholoanyane hona joale ho feta ka nako eo: “Ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Joshua 23:14.

“Mabapi le ho phethahala ha boprofeta ho bonahala e le tlhaho ho rōna, le ho batho bohle ho fela pelo le ho lebella hore lintho li etsoe ka potlako e fetang eo ho tloaelehileng hore li etsahale ka eona.” Ao ke mantsoe a The Watch Tower tokollong ea eona ea May 1, 1910, ea phaella: “Ho ea ka tebello ea rōna hona ke tieho, empa re ka tiisa hore ha ho tieho tabeng ena ho ea ka morero oa Molimo . . . Ha ho pelaelo hore liphello li tla fumanoa ka nako ea teng—ka nako ea Molimo.”

Bakreste ba khabane ba phelang kajeno ha ba hopola morao, ba ka bona mabaka a matle ao kahlolo ea Molimo e e-song ho tle ka oona. Ha e le hantle ba thabela hore e be ha e e-s’o tle. Sehlooho sa rōna se latelang se hlalosa lebaka.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlhaloso e qaqileng e ka fumanoa likhaolong tsa 16 le 18 tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ka 1982 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Batho ba bangata ba moloko oa 1914, ba na le tšepo ea ho bona ‘tseo tsohle li etsahala’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela