Lebaka Leo Molimo o E-song ho Lihe Kahlolo ea Oona ka Lona
HOO e ka bang lilemo tse mashome a mabeli hoba Jesu a shoe, Bakreste ba bang ba ne ba se ntse ba lebelletse hore Jehova a ‘tle’ ka kahlolo. Hona ha susumelletsa moapostola Pauluse hore a ba ngolle, a re: ‘Letsatsi la Kreste le ke ke la tla pele ho etsahala koeneho, ’me ho hlaha motho eo oa sebe, mor’a tahleho.’ Le hoja Pauluse a ile a lumela hore “sephiri sa bokhopo se se se sebetseha” mehleng ea hae, empa leha ho le joalo e ne e se ho isa boholeng bo hlokahalang, boo Molimo o neng o ka tlisa kahlolo ea oona.—2 Ba-Thessalonika 2:2, 3, 7, 8.
Pokello e Habeli
Bokoenehi, le hoja bo ne bo tla tla ruri, bo ne bo ke ke ba thibela morero oa Molimo oa ho khetha Bakreste ba khabane ba 144 000 hore e be marena hammoho le Mora oa hae, Jesu, leholimong. (Bona Tšenolo 14:1-5.) Ke feela hoba palo ea bona e phethahale ’me ba qetelle ba tiisitsoe ke Molimo moo kahlolo ea Jehova e neng e tla phethahatsoa. Tšenolo 7:2, 3 e-ea hlalosa: “La hoeletsa mangeloi a mane . . . la re: Le se ke la senya lefatše, leha e le leoatle, leha e le lifate [ka ho lokolla meea e senyang ea kahlolo ea Molimo khahlanong le lichaba], re e-so ho tšoaee bahlanka ba Molimo oa rōna liphatleng tsa bona.” Kamoo re seng re tseba, mosebetsi ona o ne o e-so ho phethoe ha ’Muso o theoa ka 1914.
Ka hona, le hoja ba bang ba ne ba e-na le tšepo ea hore o ka ’na oa tla, Molimo o ne o ke ke oa phethahatsa kahlolo ka nako eo. Tokollo ea January 1, 1914 ea The Watch Tower ea sia sebaka bakeng sa phetoho ena, ea bolela hore le hoja “Selemo sa 1914 e le sona sa ho qetela sa hoo Bibele e ho bitsang ‘Mehla ea Lichaba’ . . . ho hang ha re na tiiso ea hore selemo sena, 1914, se tla bona liphetoho tse khōlō le tse potlakileng tsa tsamaiso joalokaha re lebelletse.” Le teng, joalokaha sehlooho se ile sa tsoela pele ho hlalosa, Bakreste ba ile ba leboha hore kemiso ea nako ea Bibele e ne e falimehisitse ka bohaufi ba kahlolo ea Molimo. Sa re: “Re lumela hore kemiso ea nako ke lehlohonolo. Haeba e ka re tsosa metsotso e seng mekae pejana kapa lihora tse seng kae pejana hoseng ho feta kamoo re neng re ka tsoha kateng, ke hantle haholo! Ke ba tsohileng ba tla fumana tlhohonolofatso.”
Hape har’a ba fumanang tlhohonolofatso e ne e tla ba bao Bibele e ba hlalosang e le “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” E ne e le ka 1935 ha ho utloisisoa ka ho feletseng hore “bongata bo boholo” bona bo ne bo tla etsoa ka batho “ba tsoang mahlomoleng a maholo,” ke ho re, ba lahlang tlhophiso ea Satane ’me ba ema ka lehlakoreng la Molimo, e le hore ba ka pholoha kahlolo ea Molimo. E se e le lilemo tse mashome a mahlano joale, mosebetsi ona oa ho bokella “bongata bo boholo” bona o tsoela pele tumellanong le morero oa Jehova. Re ka thabela hore kahlolo ea Molimo e ke ke ea lihuoa ho fihlela ha ho phethiloe mosebetsi ona o pholosang bophelo.—Tšenolo 7:9, 14.
Liphetoho Lipolotiking
Ho boetse ha profetoa hore liphetoho tse itseng tsa lipolotiki li tla etsahala pele ho kahlolo ea Molimo. Phethahatso ea boprofeta ba Daniele ka ‘marena a mabeli’ (Da khaolo ea 11) e bonahala ka ho hlakileng hona joale e habile phethong.a Tlhorong ea phethahatso ena, Molimo o tla liha kahlolo.—Bapisa Daniele 2:44.
Le hoja mebuso e meholo le mahlakore a eona e loantšana—“morena oa boroa” le “morena oa leboea”—ka bobeli e na le boemeli mokhatlong oa lefatše oa bopolotiki o etsang hore batho ba ‘shebe ka ho makala’ kajeno. Ke tlhaloso e ntle hakaakang ea Selekane sa Lichaba sa kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše le mohlahlami oa sona oa kamorao ho Ntoa ea II ea Lefatše, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng.—Daniele 11:40; Tšenolo 17:8.
‘Marena ana a mabeli’ a arohaneng ka maikutlo le ka lipolotiki, empa le teng a ntse a “kopane,” a na le ho hongata hoo a ho buang ka ho boloka ‘khotso ea lefatše le tšireletseho.’ Hona, le hona, ke habohlokoa, hobane boprofeta ba Bibele bo re “mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō.” Hore na ke ho isa kae ‘marena ana a mabeli,’ a ntse a arohane kapa a sebelisana le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, a tla khona ho rarolla mathata a lefatše a lipolotiki, moruo, tikoloho, le kahisano e le hore a ka ikutloa a loketse ho etsa mohoo ona, ha re tsebe hona joale.—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3.
Leha ho le joalo, seo re se tsebang, ke hore, nakong ea ho busa ha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng hammoho le lichaba tsohle tseo e leng litho tsa oona—ho akarelletsa haholo-holo ‘marena ana a mabeli’—o tla utloa kahlolo ea Molimo ’me ‘o ee timelong.’ Hape rea tseba hore moloko oa 1914 o se o kenelletse ka matla phirimeng ea bophelo ba oona, kahoo o lumella nako e khutšoaane feela bakeng sa hore boprofeta bona bo phethahale. Empa hape rea tseba hore—bakeng sa sena re na le tšepiso ea Jesu—ea hore “moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.”—Tšenolo 17:11; Mareka 13:30.
Jehova a ke ke a Lieha—Uena?
Haeba u ithuta Bibele ’me u ithuta ka merero ea Jehova, se ke ua lieha ho balehela sebakeng sa tšoantšetso sa Molimo sa tširelo. ‘Batla ho loka,’ u batle boikokobetso e le hore ‘u ka tšoha u patoa tsatsing la bohale ba Jehova.’—Sofonia 2:1-3.
Hopola Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba baleha Jerusalema ka 66 C.E. ha ba lemoha pontšo eo Jesu a neng a fane ka eona ea hore kahlolo ea eona e haufi. Ba ileng ba lieha ho baleha—ka lebaka leha e le lefe—mohlomong ba ile ba robala kelellong ka hore ba sireletsehile ha Baroma, ba neng ba potapotile motse ba tloha ka tšohanyetso ’me ba sa khutle. Ha feta libeke. Libeke tsa fetoha likhoeli. Likhoeli tsa fetoha lilemo. Mohlomong ba bang ba ile ba nahana hore Jehova o liehisa ho tlisa kahlolo ea hae. Empa ka tšohanyetso Baroma ba khutla ka 70 C.E. Ba neng ba le motseng, ho ne ho se ho se potang.—Luka 21:20-22.
Ka lehlakoreng le leng, kajeno batho ba seng ba nehetse bophelo ba bona ho etsa thato ea Molimo ’me ba balehetse sebakeng sa hae sa tširelo, ba se ke ba lieha ho phethahatsa litlameho tsa bona tsa Bokreste. Ba se ke ba ngaloha ho boleleng molaetsa oa Jehova oa kahlolo joalokaha Jonase a ile a leka ho etsa ha a ne a laeloa hore a lemose Baninive ka kahlolo ea Molimo. Leha e le hore ba ka chechela ho ea kokomala ba hloname, joaloka Jonase, ka lebaka la hobane lintho ha lia tsamaea kamoo ba neng ba lebelletse kapa ha lia potlaka kamoo ba neng ba tšepile.—Jonase 1:1, 2; 4:2, 5, 10, 11; 2 Petrose 3:15.
Ka nepo The Watch Tower ea June 1, 1906, e itse ka kahlolo ea Molimo: “Nako e tla senola ka botlalo bohlale ba Molimo ho seo ho batho ba bonelang haufi se tšoanang le tieho e se nang mohau . . . Molimo ka mosa o re tlisitse ponong ea oona ea litaba le ho re mema hore re shebe nakong e tlang e khanyang . . . ’me ka tekanyo eo re khonang ho e utloisisa le ho e lumela, re ka e thabela. Empa re ntse re khatholotsoe joalo ke tebello e hlasimollang, re tlameha ho letela bofelo ka mamello, ho sa tsotellehe hore na nako ea ho leta ho bonahala e le bohloko hakae.”
’Me re tla leta, ka kholiseho ena e tletseng: “E tla etsahala ruri, e ke ke ea lieha.”—Habakuke 2:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boprofeta bona bo hlalosoa ka ho hlaka bukeng “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ka 1963 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 6]
SE TLAMEHANG HO ETELLA KAHLOLO PELE
Koeneho—2 BA-THESSALONIKA 2:2, 3
Ho tiisoa ha ba 144 000—TŠENOLO 7:2, 3
Ho bokelloa ha “bongata bo boholo” bakeng sa pholoho—TŠENOLO 7:14
Ho hlaha ha Selekane sa Lichaba, ’me hamorao Machaba a Kopaneng—TŠENOLO 17:8
Ho thulana la ho qetela pakeng tsa mahlakore a mabeli a maholo a lichaba—DANIELE 11:40, 44, 45
Mohoo oa lefatše lohle oa ‘khotso le boiketlo’—1 BA-THESSALONIKA 5:2, 3
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Petrose o ile a nka mamello ea Molimo e le poloko, ha Jonase eena a belaetse. U tla latela mohlala oa mang?