‘Tsoelang Pele le Tsamaea Hantle ka Mokhoa Ona o Tšoanang’
“Ho ea ka khōlo eo re seng re e fihletse, a re tsoeleng pele re tsamaea hantle ka mokhoa ona o tšoanang.”—BA-FILIPPI 3:16, NW.
1, 2. (a) Ke joang bacha ba beang mohlala e leng mohloli oa khothatso? (b) Empa, ke lipotso life tse tlang mohopolong ka bona?
HA ALISA a feta-fetile lilemo tse peli, o ne a thabisa bohle ka ho tseba ho bina mabitso a libuka tse 66 tsa Bibele, ho pheta mabitso a baapostola ba 12, le ho hlalosa ka boitšisinyo ba ’mele litholoana tse robong tsa moea oa Molimo. (Mattheu 10:2-4; Ba-Galata 5:22, 23) Ha a le sehlopheng sa bohlano sekolong, o ne a khanna thuto ea Bibele ea beke le beke le ngoanana ea sehlopheng sa boraro, eo le eena a ileng a etsa hore khaitselie e moholo a thahaselle Bibele. Alisa le motsoalle oa hae e monyenyane ba ipeetse pakane. Ba lebelletse hore ka nako e tšoanelehang ba tla sebetsa hammoho mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng.
2 Ka sebele, e ne e tla ba ho thabisang ho mang kapa mang ho rōna ho tseba bana ba kang bana, ’me mohlomong u-ua ba tseba. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, ha ho seo re ka se etsang ha e se feela ho ipotsa: Ba tla ba seng ha ba hōla-hōla? Na ba tla ntšetsa pele khōlo ea bona ea moea ho fihlela ba finyella pakane ea bona? Kapa na ba tla khelosoa ke lintho tse ling e be ba oela ka thōko ho tsela?
Khōlo e Tsoelang Pele
3. Ke bafe bao ho hlokahalang ba tsoele pele?
3 Ho totobetse hore bacha ba joalo ba hloka khōlo e ngata ea moea pele ba ka finyella pakane ea bona. Empa na bana le batho ba bacha ’neteng ke bona feela ba lokelang ho tsoela pele? Ha e le hantle, na tsoelopele e hlokahala feela ho fihlela ha motho a hōtse moeeng kapa ho fihlela a tšoanelehela tokelo e itseng? E seng joalo. Nahana ka moapostola Pauluse. Ho e-na le ho khotsofalla seo a se finyelletseng, lengolong la hae le eang ho Bafilippi a re: “E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le eena a nkhapetseng sona.”—Ba-Filippi 3:12.
4. Moapostola Pauluse o ne a phallela ‘pakane’ efe?
4 Ka ho hlakileng, Pauluse o ne a sa bue ka ho hōla tsebong, hobane ha ho pelaelo hore e ne e se e ntse e le Mokreste ea hōlileng tsebong. Leha ho le joalo o itse o ‘phallela’ seo a e-song ho se “hape.” E ne e le eng? Pauluse a tsoela pele ho hlalosa: “Ke titimela moo ho lekantsoeng teng, e leng pheo [pakane] eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 3:14) Pakane eo a neng a e phallela e ne e se feela ho hōla tsebong ea Bokreste kapa ho tšoanelehela boemo bo itseng, empa e ne e le ntho e ’ngoe e khōloanyane. Ho eena le Bakreste ba tlotsitsoeng joaloka eena, e ne e le ‘pitso ea holimo,’ tšepo ea bophelo ba leholimong ka tsoho.
5. (a) Ke hobane’ng ha ho hōla ho tsoelang pele ho hlokahala? (b) ‘Ho lebala tse ka morao’ ho ka ’na ha akarelletsa eng?
5 Hona ho re thusa ho bona lebaka la ho tsoela pele re hōla le ho ntlafala moeeng ho sa tsotellehe hore na re bile ’neteng halelele hakae. Haeba motho a tsoetse pele ho fihlela feela moo a ka tšoanelehelang tokelo e ’ngoe e khethehileng, o ne a tla fumana molemo ofe oa nako e telele? Ho hōla tsebong le litokelong tse khethehileng hase tiiso ea hore re tla finyella pakane ea rōna ea ho qetela—bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hoo, re tšoanela ho etsisa moapostola Pauluse: ‘Ho lebala tse kamorao, le ho hahamalla tse kapele.’ (Ba-Filippi 3:13) Ha rea lokela ho furalla feela lintho tse se nang molemo tseo e ka ’nang eaba re ne re li etsa pele re tseba ’nete empa hape re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra khotsofalla seo re se entseng ho tloha nakong eo. Ka mantsoe a mang, temoso ke ho se itlotlise ka tsa khale empa ho hahamalla pele re sa khaotse. Na u etsa see, kapa uena, ka lebaka lena kapa lane, u checha butle-butle?—Bona 1 Ba-Korinthe 9:26.
6. Ha ho bapisoa Ba-Filippi 3:12 le 3:15, ho ka thoe’ng ka ho tsoela pele?
6 Pauluse a tsoela pele, a hopotse ka monyetla ona: “Ka baka leo, rōna bohle ba phethehileng, a re ke re ikutloeng joalo; ’me ha le e-na le boikutlo bosele nthong e ’ngoe, le hona Molimo o tla le senolela hona.” (Ba-Filippi 3:15) Pejana, temaneng ea 12, Pauluse o bontšitse hore o ne a sa inke a se a “phethehile.” Empa mona o itse “rōna bohle ba phethehileng,” kapa “rōna bohle ba hōlileng tsebong.” Taba ena ha e ikhanyetse. Ho e-na le hoo, e mpa e hlakisa hore le bona Bakreste ba hōlileng tsebong ba kang Pauluse ba tlameha ho hopola hore ha ba e-so ho finyelle pakane ea ho qetela, ’me ba tlameha ho tsoela pele ba hōla hore ba e finyelle. Ke ka baka leo a ileng a phetha ka hore: “Ka hona, ho ea ka khōlo eo re seng re e fihletse, a re tsoeleng pele re tsamaea hantle ka mokhoa ona o tšoanang.”—Ba-Filippi 3:16, NW.
Mokhoa o Motle
7. Pauluse o ne a phehella Bakreste ho latela “mokhoa” ofe?
7 Ha Pauluse a ne a khothalletsa Bakreste ho ‘tsoela pele ba tsamaea ka mokhoa ona o tšoanang,’ na o ne a ba bolella hore ba iketsetse mokhoa o molemo oa tšebetso e be ba ema nģa e le ’ngoe ho fihlela nakong eo ba tla amohela moputso ka eona? Ho etsa joalo ho ne ho tla tšoana le mohlanka e mong oa setšoantšo sa Jesu ea ileng a epela talenta e le ’ngoe eo mong a hae a neng a mo neile eona eaba o emela feela hore morena a khutle. (Mattheu 25:14-30) Le hoja mohlanka a sa ka a lahla talenta, kapa ho tlohela tšebeletso ea hae, o ile a bitsoa “sebolu” ’me a lahloa ke morena. Ruri Pauluse o ne a sa re bolelle hore re tšoarelle feela ho seo re nang le sona ka ho tšoha hore se ka ’na sa re lahlehela. O ne a bua ka ho tsoela pele. Ho hlakile hore ha Pauluse a bua ka “mokhoa” o ne a hopotse ka tsela e beiloeng ea ho tsoela pele, ntho e kang ea lesole le sa emang lipasha empa le tsamaeang le e-ea pele.
8. Re lokela ho itšoenya ka eng mabapi le tšebeletso ea rōna ho Molimo?
8 Keletso ea Pauluse e lokela ho re thusa ho hlokomela bohlokoa ba ho iteka ka ho tsoetseng pele le ka matla ho tsoela pele, ho ntlafatsa tšebeletsong ea Jehova. “Ha e le moo re setseng re fihletse teng,” ebang re baholo, bahlanka ba sebeletsang, bopula-maliboho, kapa bahoeletsi re lokela ho ameha haholo ka ho ntlafatsa tšoaneleho ea tšebeletso ea rōna. Re tlameha ho ba hlokolosi hore ha re oele mohopolong o kang oa Baiseraele ba litlokotsebe ba mehleng ea Malakia ba neng ba inahana hore ba bohlale ha ba nyehela mahlabelo a eisehang ho Jehova. Empa Jehova o ile a ikutloa joang ka hona? A re, “Le tlisa [nyehelo e hlotsang le e kulang] . . . le etsa sehlabelo ka tsona.” Joale a eketsa: “Na ke tla se amohela matsohong a lōna [ka thabo]?”—Malakia 1:13, bapisa NW.
9. Keletso ea Pauluse ho Ba-Roma 12:6-8, 11 e amana joang le ho tsoela pele?
9 Ho fapana le moo, re tlameha ho nka tšebeletso ea rōna ho Molimo ka botebo. Joalokaha Pauluse a hopolitse Baroma, tokelo leha e le efe ea tšebeletso eo re ka ’nang ra e fuoa, re lokela ho ‘ikakhela ho eona,’ “ka matla” re se ke ra ‘ba botsoa.’ (Ba-Roma 12:6-8, 11) Hoba botsoa ke ho liila feela ntle ho sepheo, ho se ho ea pele pakaneng e itseng. Hoa khahlisa hore, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le hlile le bolela feela “ho noaboloha” tlhaloso e tšoanelehang ka ho fetisisa. Tlaleho e bontša hore le hoja lenoabo le tseba ho tsamaea kapele, lenoabo le leng le ile la robala lihora tse 168 kapa la lula le sa sisinyehe ho hang ka lihora tse 139—karolo ea 83 lekholong ea nako eo. Hase feela re khothatsoang hore re se ke ra “noaboloha,” empa re “be le cheseho moeeng” ’me re ‘sebeletse Jehova’! Ke eng e ka re thusang ho etsa see?
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella ka matla keletso ea Pauluse ho 1 Timothea 4:12-16?
10 Ho 1 Timothea 4:12-16 moapostola Pauluse o qaqisitse lintho tseo Timothea a lokelang ho li etsa e le hore ho tsoela pele ha hae ho ka ‘lemohuoa ke batho bohle.’ Nakong eo, morutuoa Timothea e ne e se mocha kapa morutoana e mocha. Ha e le hantle, ka nako eno o ne a sebelitse haufiufi le Pauluse ka lilemo tse fetang leshome ’me o ne a e-na le boikarabelo bo boholo le matla tseo a li tšepetsoeng ka phuthehong ea Bokreste, ha ho pelaelo hore e ne e le ka lebaka la tsoelopele eo a neng a se a e entse ho tla fihlela nakong eo. Leha ho le joalo, Pauluse a ’na a eletsa Timothea ka mantsoe ao. Ka ho hlakileng, ho re hloka hore bohle re ele hloko ka ho fetisisa seo Pauluse a se buileng.
U be mohlala lipolelong le metsamaong
11, 12. (a) Sebaka sa pele seo re lokelang ho se ela hloko ha re tsoela pele ke sefe? (b) Ke hobane’ng ha e le sa bohlokoa haholo ho feta tsebo kapa bohlale?
11 Pele, temaneng ea 12, Pauluse o itse: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao; empa e be uena ea etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko.” Letoto Iena le re hopotsa ‘litholoana tsa moea,’ tseo Pauluse a li qaqisitseng ho Ba-Galata 5:22, 23. Ke mang ea ka latolang hore bohle re lokela ho bea litholoana tsena haholo bophelong ba rōna? Ba bangata ho rōna re ikitlaelletsa ho ithuta le ho hopola ka hlooho litholoana tsa moea tse robong, le ho ruta ba banyenyane le ba bacha ho etsa joalo. Empa na re ikitlaetsa haholo joalo ho li hlaolela? Pauluse o hlakisitse hore ba hōlileng tsebong ba lokela ho bea mohlala litabeng tsena. Ka sebele, sena ke se seng sa libaka bophelong ba rōna tseo bohle re ka tsoelang pele ho tsona habonolo.
12 Mohlomong, ka kutloisiso e ’ngoe, litšoaneleho tsena li bile li supa haholoanyane tsoelopele ea rōna ea moea ho feta tsebo le bohlale, hobane tsona ke tholoana ea moea oa Molimo, ha bohlale le tsebo li atisa ho amana le bohlale ba motho ba tlhaho le thuto ea lefatše. Bangoli le Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba ne ba rutehile haholo Mangolong, ’me ba le hloahloa ho bolokeng lintlha tse qaqileng tsa molao. Leha ho le joalo, Jesu a ba tsoa, a re: “Le malimabe lōna Litsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntša karolo ea leshome ea koena, tenane le sepaile, feela le tlohetse lintho tse bohlokoa tsa Molao: tōka, mohau le botšepehi.” (Mattheu 23:23, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Ke habohlokoa hakaakang hore re tsoele pele ho hlaolela ‘litaba tsena tsa bohlokoa’ bophelong ba rōna!
Ineele ho bala ho khothatsa le ho ruta
13. Balebeli ba khethiloeng ba ka rua molemo joang keletsong ea Pauluse e ho 1 Timothea 4:13?
13 Hape, Pauluse a khothaletsa Timothea ho ‘ineela ho bala le ho khothatsa, le ho ruta.’ (1 Timothea 4:13) Kae-kae mangolong a hae, Pauluse o bua ka hlompho ka Timothea e le mosebeletsi ea khonang le ea khabane. (Ba-Filippi 2:20-22; 2 Timothea 1:4, 5) Empa a eletsa Timothea hore a tsoele pele bo hlokomela boikarabelo bona ba bohlokoa ba molebeli. Haeba u khethetsoe bolebeli ka phuthehong, na u ‘ntse u ineetse’ litabeng tsee? Ka mohlala, na u nka ka botebo litlhahiso tse fanoang ke Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo e be u sebeletsa moo u fokolang teng, kapa u ikutloa hore keletso ena ke ea ba qalang feela? Na u ithuta Bibele le libuka tsa Mokhatlo ka hloko e le hore u ka ‘khothatsa ka mamello eohle le ka bohlale ba ho ruta’?—2 Timothea 4:2; Tite 1:9.
U se hlokomolohe neo ea tšebeletso
14. Re ka bontša tsoelopele joang tšebeletsong ea rōna ea tšimo?
14 Le hoja ho khethiloe ba seng ba kae feela hore ba rute ka phuthehong, Bakreste bohle ba laetsoe ke Jesu Kreste ho kopanela mosebetsing oa bopaki ba ’Muso le oa ho etsa barutuoa. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Hona ho akarelletsa ho ruta ba lipelo li tšepahalang ’nete ea Bibele, ho ba khothatsa hore ba fetole bophelo ba bona le hore ba eme ka lehlakoreng la Jehova. Na u ‘ineetse’ ho ntlafatseng bohlale ba hao ba tšebeletso? Na ka masene u sebelisa litlhahiso tse fanoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le Sebokeng sa Tšebeletso sa beke le beke e le hore u “etse mosebetsi oa ‘moleli oa Evangeli, u phethisise tšebetso ea hao”?—2 Timothea 4:5.
15. “Mpho” ea Timothea e ne e le efe, ’me ho thoe’ng kajeno?
15 Nakong e ka pele Pauluse o hopolitse Timothea sena: “U se ke ua hlokomoloha mpho e ho uena, eo u e filoeng ka boprofeta hammoho le peo ea matsoho a baholo.” (1 Timothea 4:14, NW) Ho totobetse hore ka tšebetso ea moea o halalelang, Timothea o ne a khethetsoe le ho beheloa tšebetso e ’ngoe e khethehileng ka phuthehong ea Bokreste. (1 Timothea 1:18; 2 Timothea 1:6) Ka ho tšoanang, kajeno ho na le ba bangata ka phuthehong ba hlaoletseng bohlale bo fanoeng ke Molimo, ’me hona ho felletse ka hore ba khethoe ho ba balebeli ba tsamaeang, baromuoa, bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng, baholo, joalo-joalo. Le hoja ho se boprofeta bo khethehileng kapa peo ea matsoho tse amehang, keletso “u se ke ua hlokomoloha mpho e ho uena,” e sebetsa ka matla a tšoanang.
16. Ke eng se ka re thibelang ho hlokomoloha “mpho” ea rōna?
16 Ho ea ka buka e hlalosang mantsoe, ho hlokomoloha ntho ho bolela ho e natsa hanyenyane feela kapa ho e tlohela ka boomo e sa etsoa. Ha u se u tloaetse ntho, ho bonolo ho e hlokomoloha. Hona ho ka etsahala ha re khaotsa ho hōla, kapa ho tsoela pele re mpa re nka likabelo tsa rōna habobebe. Ka baka leo, re ka rua molemo ho seo Pauluse a se buileng ho Ba-Kolosse 3:23, 24: “Seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; le tsoe le tseba hobane le tla fuoa ke Morena moputso oa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.”
Boikitlaetso bo Tsoelang Pele bo Tlisa Mahlohonolo
17. Re ka bona litholoana tsa boikitlaetso ba rōna joang?
17 Ha re ela hloko ka ho fetisisa litabeng tseo ho buuoeng ka tsona ka holimo, re ka tiisetsoa hore re ke ke ra oela lerabeng la ho ikhotsofatsa. Pauluse o itse, “Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona, ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.” (1 Timothea 4:15) Koana, “ho tsoela pele,” hase ka morero oa ho ikhantšetsa ba bang kapa ho ba hapa maikutlo. Haeba rōna ba bacha kapa ba baholo, re hōla ’me re ntlafala moeeng, re thabisa le ho khothatsa bohle ba tloaelaneng le rōna, joalokaha ho entse Alisa e monyenyane le motsoalle oa hae, ba boletsoeng pejana sehloohong sena.
18. Ke tlhohonolofatso efe e imenneng habeli e re emetseng haeba re sebelisa keletso ea Pauluse ka masene?
18 Re letetsoe ke lehlohonolo le imenneng habeli haeba re sebelisa keletso ea Pauluse ka masene. Pauluse o itse: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ’me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.” (1 Timothea 4:16) E, ka ho itlhahloba nako le nako hore na re etsa seo re se rutang ba bang, ke ho re, ho tsoela pele, ho hōla le ho ntlafala moeeng, re tla qoba tlokotsi ea ‘ho fumanoa re sa lokeloa ke ho amoheloa.’ (1 Ba-Korinthe 9:27) Ho e-na le hoo, tebello e thabisang ea bophelo Taolong e Ncha e tšepisitsoeng ke Molimo rea e tiisetsoa le bao re fuoang tokelo e thabileng ea ho ba thusa. Kahoo, bakeng sa tlhohonolofatso ea rōna le ba bang, le bakeng sa ho rorisoa ha Jehova Molimo: ‘Re tsoele pele re tsamaea hantle ka mokhoa ona o tšoanang’!—Ba-Filippi 3:16.
Na U-ua Hopola?
◻ ‘Pakane’ ea ho qetela eo re lokelang ho e hopola ke efe? Re ka e hahamalla joang? (Ba-Filippi 3:12,13)
◻ “Mokhoa” oo re lokelang ho tsamaea ka oona ke ofe? (Ba-Filippi 3:16)
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho ntlafatsa mekhoeng ea Bokreste le polelong? (1 Timothea 4:12)
◻ Baholo, bahlanka ba sebeletsang le ba bang ba ka tsoela pele joang bohlaleng ba bona ba ho ruta? (1 Timothea 4:13)
◻ Re tlameha ho etsa joang hore re se ke ra hlokomoloha “mpho” eo re e neiloeng? (1 Timothea 4:14)
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Alisa le seithuti sa hae sa Bibele ba na le pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng