Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale
“Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 TIM. 4:15.
1, 2. Ke sefe seo re se tsebang ka bophelo ba Timothea ha a ne a sa le monyenyane le ka phetoho e ileng ea etsahala ha a ne a ka ba lilemo li 20?
HA Timothea e ne e sa le moshanyana, o ne a lula profinseng ea Roma ea Galatia, eo hona joale e bitsoang Turkey. Lilemo tse mashome ka mor’a lefu la Jesu, ho ile ha thehoa liphutheho tse ngata tsa Bokreste sebakeng seo. Neng-neng, Timothea, ’mè oa hae le nkhono oa hae le bona e ile ea e-ba Bakreste ’me ea e-ba litho tsa phutheho tse mafolofolo ho e ’ngoe ea liphutheho tsa moo. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Kaha Timothea e ne e le mocha oa Mokreste, e tlameha ebe o ne a thabela bophelo maemong ana ao a neng a a tloaetse. Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha ka tšohanyetso.
2 Sena se qalile ha moapostola Pauluse a ne a etetse sebaka seo ka lekhetlo la bobeli. E ka ’na eaba nakong ena Timothea o ne a habile lilemo tse 20 kapa a sa tsoa li feta. Ha Pauluse a ne a etetse moo, mohlomong Lystra, o ile a hlokomela hore Timothea o ne a “buuoa hantle ke barab’abo rōna” liphuthehong tsa sebaka seo. (Lik. 16:2) E tlameha ebe Timothea eo e mocha o ile a bontša hore o ne a hōlile ho feta lilemo tsa hae. Joale, ka tataiso ea moea o halalelang, Pauluse le sehlopha sa baholo sa sebakeng seo ba ile ba beha Timothea matsoho, ba mo khethela mosebetsi o khethehileng ka phuthehong.—1 Tim. 4:14; 2 Tim. 1:6.
3. Timothea o ile a fuoa boikarabelo bofe bo sa tloaelehang ba tšebeletso?
3 Timothea o ile a fuoa memo e sa tloaelehang ea hore a tsamaee le moapostola Pauluse. (Lik. 16:3) Nahana feela hore na e tlameha ebe Timothea o ile a makala a ba a thaba hakaakang! Lilemong tse hlahlamang, Timothea o ne a tla tsamaea le Pauluse ’me ka linako tse ling a tsamaee le ba bang, a phetha mesebetsi e sa tšoaneng eo a neng a e filoe ke baapostola le banna ba baholo. Pauluse le Timothea ba ile ba etsa mosebetsi oa ho etela liphutheho, o ileng oa matlafatsa barab’abo bona haholo moeeng. (Bala Liketso 16:4, 5.) Ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba ile ba tseba Timothea ka lebaka la tsoelo-pele eo a ileng a e etsa moeeng. Ka mor’a hore moapostola Pauluse a sebetse le Timothea ka lilemo tse ka bang leshome, o ile a ngolla Bafilipi a re: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba [Timothea] eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. . . . Le tseba bopaki boo a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.”—Bafil. 2:20-22.
4. (a) Timothea o ile a fuoa boikarabelo bofe bo boima? (b) Ho ka botsoa lipotso life mabapi le mantsoe a Pauluse a fumanoang ho 1 Timothea 4:15?
4 Hoo e ka bang ka nako eo Pauluse a neng a ngolla Bafilipi, o ile a fa Timothea boikarabelo bo boima ba ho khetha baholo le bahlanka ba sebeletsang. (1 Tim. 3:1; 5:22) Ho hlakile hore Timothea e ne e le molebeli oa Mokreste ea ka tšeptjoang. Leha ho le joalo, hona lengolong leo, Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore ‘a etse hore tsoelo-pele ea hae e bonahale ho batho bohle.’ (1 Tim. 4:15) Na Timothea o ne a se a ntse a sa etsa hore tsoelo-pele ea hae e bonahale ka tsela e ikhethang? Joale, Pauluse o ne a bolela’ng ka mantsoe ao, hona keletso ea hae e ka re tsoela molemo joang?
Ho Bonahatsa Makhabane a Moea
5, 6. Bohloeki ba moea ba phutheho ea Efese bo ne bo le kotsing ka tsela efe, hona Timothea o ne a ka sireletsa phutheho eo joang?
5 A re ke re hlahlobeng litemana tse potolohileng 1 Timothea 4:15. (Bala 1 Timothea 4:11-16.) Pele Pauluse a ngola mantsoe ao, o ne a ile a etela Macedonia empa o ne a kōpile Timothea hore a sale Efese. Hobane’ng? Batho ba bang ba ne ba baka likarohano ka phuthehong ka hore ba rute lithuto tsa bohata. Timothea o ne a lokela ho boloka phutheho e hloekile moeeng. O ne a tla finyella see joang? Tsela e ’ngoe e ne e tla ba hore a behele ba bang mohlala o motle oo ba lokelang ho o latela.
6 Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “U be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.” Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Tim. 4:12, 15) Tsoelo-pele ena e ne e amana le makhabane a Timothea a moea eseng boemo ba hae ka phuthehong. Ena ke eona tsoelo-pele eo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho loanela ho e bontša.
7. Ke sefe se lebeletsoeng ho bohle ka phuthehong?
7 Kajeno, joaloka mehleng ea Timothea, ho na le maemo a sa tšoaneng a boikarabelo ka phuthehong. Ba bang ba sebeletsa e le baholo kapa e le bahlanka ba sebeletsang. Ba bang e ba bo-pula-maliboho. Athe ba bang ba etsa mosebetsi oa ho potoloha, ba bang ba sebeletsa Bethele kapa ke baromuoa. Baholo ba kenya letsoho mananeong a ho ruta a fapa-fapaneng a kang a etsoang likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Leha ho le joalo, Bakreste bohle—banna, basali le bana—ba ka etsa hore tsoelo-pele ea bona ea moea e bonahale. (Mat. 5:16) Ha e le hantle, joaloka tabeng ea Timothea, ho lebeletsoe hore Bakreste ba nang le boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong le bona ba etse hore makhabane a bona a moea a bonahale ho batho bohle.
U be Mohlala ho Bueng
8. Lipuo tsa rōna li ama borapeli ba rōna joang?
8 Karolo e ’ngoe eo Timothea a neng a lokela ho beha mohlala ho eona ke tabeng ea ho bua. Re ka etsa hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale joang karolong eo? Lipuo tsa rōna li bolela ho hongata ka rōna. Ho loketse hore ebe Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) Jakobo, eo e neng e le mor’abo Jesu ka ’m’a bona, le eena o ile a hlokomela hore na lipuo tsa rōna li ka ama borapeli ba rōna hakae. O ile a ngola a re: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.”—Jak. 1:26.
9. Lipuo tsa rōna li lokela ho beha mohlala ka tsela efe?
9 Lipuo tsa rōna li ka bontša ba bang ka phuthehong hore na re tsoetse pele hakae moeeng. Kahoo, ho e-na le hore ba bue lipuo tse sa hlompheheng, tse mpe, tse tšoaeang ba bang liphoso kapa tse utloisang bohloko, Bakreste ba hōlileng moeeng ba loanela hore ba matlafatse ba bang, ba ba khothatse, ba be ba ba tšelise. (Liprov. 12:18; Baef. 4:29; 1 Tim. 6:3-5, 20) Ha re ikemiselitse ho buisana le ba bang ka seo re se lumelang litabeng tsa boitšoaro ebile re emela melao ea Molimo ea boitšoaro e phahameng, seo se ka bontša hore re inehetse ho Molimo. (Bar. 1:15, 16) Ka sebele, batho ba lipelo li ntle ba tla bona tsela eo re sebelisang mpho ea rōna ea ho bua ka eona ’me ba ka ’na ba latela mohlala oa rōna.—Bafil. 4:8, 9.
Ho Beha Mohlala Boitšoarong le Tlhoekong
10. Ke hobane’ng ha tumelo e se nang boikaketsi e hlokahala e le hore re tsoele pele moeeng?
10 Hore Mokreste a behe mohlala o motle, ha ho hlokahale feela hore a bue lipuo tse matlafatsang. Haeba motho a ne a bua lintho tse ntle empa a sa etse lintho tse ntle e ne e tla be e le moikaketsi. Pauluse o ne a tseba boikaketsi ba Bafarisi hantle le hore na tsela eo ea bona ea bophelo e ne e baka tšenyo e kae. O ile a hlokomelisa Timothea ka makhetlo hore a hlokomele ho hloka ’nete le boikaketsi bo joalo. (1 Tim. 1:5; 4:1, 2) Empa Timothea eena e ne e se moikaketsi. Lengolong la hae la bobeli le neng le e-ea ho Timothea, Pauluse o ile a ngola a re: “Ke hopola tumelo e ho uena e se nang boikaketsi leha e le bofe.” (2 Tim. 1:5) Ho ntse ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore Timothea a etse hore ho hloka boikaketsi ha hae joaloka Mokreste ho bonahale ho batho ba bang. O ne a lokela ho beha mohlala boitšoarong.
11. Pauluse o ile a re’ng ha a ne a ngolla Timothea mabapi le maruo?
11 Mangolong a hae a mabeli ao a neng a a ngoletse Timothea, Pauluse o ile a fana ka khothatso mabapi le likarolo tse ngata tsa boitšoaro. Ka mohlala, Timothea o ne a lokela ho qoba ho lelekisa maruo. Pauluse o ile a ngola a re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Tim. 6:10) Ho rata leruo ke pontšo ea hore motho oa fokola moeeng. Ho fapana le hoo, Bakreste ba khotsofallang bophelo bo sa rarahanang, e leng bophelo ba ho ba “le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso,” ba bontša hore ba tsoela pele moeeng.—1 Tim. 6:6-8; Bafil. 4:11-13.
12. Re ka etsa hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale joang tseleng eo re phelang ka eona?
12 Pauluse o ile a bolella Timothea hore ke habohlokoa haholo hore basali ba Bakreste ‘ba ikhabise ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.’ (1 Tim. 2:9) Basali ba bontšang hore baa itlhompha le hore ba hlaphohetsoe likelellong ha ba khetha liaparo le tsela eo ba itokisang ka eona haesita le litabeng tse ling tse amang bophelo ba bona, ba beha mohlala o motle haholo. (1 Tim. 3:11) Molao-motheo ona o sebetsa le ho banna ba Bakreste. Pauluse o ile a eletsa balebeli hore e be ‘ba itekanetseng mekhoeng, ba hlaphohetsoeng kelellong le ba hlophisehileng.’ (1 Tim. 3:2) Ha re bontša makhabane ana bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, tsoelo-pele ea rōna e tla bonahala ho batho bohle.
13. Re ka beha mohlala joang tlhoekong joaloka Timothea?
13 Timothea o ne a boetse a lokela ho beha mohlala tlhoekong. Ha Pauluse a ne a sebelisa lentsoe lena o ne a bua ka karolo e khethehileng ea boitšoaro, e leng boitšoaro litabeng tsa ho kopanela liphate. Ka ho khetheha, tsela eo Timothea a neng a sebelisana le basali ka eona, e ne e lokela ho ba e sa nyatseheng. O ne a lokela ho tšoara “basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa [hae] ka tlhoeko eohle.” (1 Tim. 4:12; 5:2) Esita le liketso tsa boitšoaro bo bobe tseo ho ka bonahalang eka ke lekunutu, Molimo eena oa li tseba ’me joang kapa joang qetellong batho ba bang le bona ba tla li tseba. Empa e boetse ke ’nete hore mesebetsi ea Mokreste e metle le eona e ke ke ea pateha. (1 Tim. 5:24, 25) Bohle ka phuthehong ba na le monyetla oa ho etsa hore tsoelo-pele ea bona e bonahale boitšoarong le tlhoekong.
Lerato le Tumelo Lia Hlokahala
14. Mangolo a hatisa joang taba ea hore re lokela ho ratana?
14 Lerato ke ntho e ka sehloohong Bokresteng. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:35) Re ka bontša lerato le joalo joang? Lentsoe la Molimo le re kōpa ka tieo hore re “mamellane ka lerato,” re ‘bontšane mosa, re be le qenehelo e bonolo, re tšoarelane ka bolokolohi’ re be re amohele baeti. (Baef. 4:2, 32; Baheb. 13:1, 2) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu.”—Bar. 12:10.
15. Ke hobane’ng ha bohle ba lokela ho bontša lerato empa haholo-holo balebeli ba Bakreste?
15 Haeba Timothea a ne a ile a khahlapetsa Bakreste-’moho le eena, seo se ka be se ile sa senya botle boo a neng a bo fihletse joaloka mosuoe le molebeli. (Bala 1 Bakorinthe 13:1-3.) Ka lehlakoreng le leng, lipolelo tsa Timothea tse bontšang hore o ne a rata barab’abo e le kannete, hammoho le moea oa ho amohela baeti le mesebetsi e metle eo a neng a ba etsetsa eona, ka sebele li ile tsa bontša hore o ne a tsoela pele moeeng. Kahoo, ho loketse hore ebe ka ho khetheha lengolong leo moapostola Pauluse a neng a le ngoletse Timothea, o ile a mo bolella hore lerato ke le leng la makhabane ao a neng a lokela ho beha mohlala ho ’ona.
16. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore Timothea a bontše hore o na le tumelo e matla?
16 Nakong eo Timothea a neng a lula Efese, tumelo ea hae e ile ea lekoa. Batho ba bang ba ne ba ruta lithuto tse sa lumellaneng le ’nete ea Bokreste. Ba bang ba ne ba hasa “lipale tsa bohata” kapa ba batlisisa likhopolo tse neng li sa tsoele phutheho molemo oa letho moeeng. (Bala 1 Timothea 1:3, 4.) Pauluse o ile a hlalosa batho ba joalo ka ho re ba ‘ikhohomositse ka boikakaso, ha ba utloisise letho, empa ba kula kelellong ka lebaka la litsekisano le ho pheha khang ka mantsoe.’ (1 Tim. 6:3, 4) Na Timothea o ne a ka ipeha kotsing ka hore a nahane ka likhopolo tse kotsi tse neng li khukhunela phutheho? Che, hobane Pauluse o ile a phehella Timothea hore a ‘loane ntoa e ntle ea tumelo’ le hore a furalle “lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’” (1 Tim. 6:12, 20, 21) Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a latela keletso e bohlale ea Pauluse.—1 Bakor. 10:12.
17. Kajeno tumelo ea rōna e ka lekoa joang?
17 Hoa thahasellisa hore ebe Timothea o ile a bolelloa hore “linakong tsa morao ba bang ba [ne ba] tla oa tumelong, ba [ele] hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.” (1 Tim. 4:1) Bohle ka phuthehong, ho akarelletsa le ba nang le boikarabelo, ba lokela ho tšoana le Timothea ka hore ba bontše hore ba na le tumelo e tiileng. Haeba re ema re tiile ho loantša bokoenehi, re ka etsa hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale ’me re tla be re beha mohlala oa hore re na le tumelo.
Ikitlaelletse Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale
18, 19. (a) U ka etsa joang hore tsoelo-pele ea hao e bonahale ho batho bohle? (b) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa eng?
18 Ho hlakile hore ho tsoela pele ha Mokreste oa ’nete moeeng ha ho amane le hore na o shebahala joang, o na le bokhoni bofe kapa hore na o tumme hakae. Ebile ha hoa itšetleha hakaalo ka hore na o sebelelitse ka lilemo tse kae ka phuthehong. Ho e-na le hoo, motho o bontša hore o tsoela pele e le kannete moeeng ka hore a mamele Jehova ho seo a se nahanang, seo a se buang le seo a se etsang. (Bar. 16:19) Re lokela ho mamela taelo ea hore re ratane le hore re loanele ho ba le tumelo e matla. Ka sebele, re lokela ho nahana ka mantsoe a Pauluse ho Timothea ’me re nahanisise ka ’ona e le hore tsoelo-pele ea rōna e ka bonahala ho batho bohle.
19 Ntho e ’ngoe e bontšang hore re tsoela pele moeeng ebile re Bakreste ba hōlileng moeeng, ke thabo, eo e leng karolo ea tholoana ea moea oa Molimo o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa hore na nakong ea mathata, re ka hlaolela ho ba le thabo joang ra ba ra lula re e-na le eona.
U ka Araba Joang?
• Batho ba bang ba ka ithuta eng ka rōna lipuong tsa rōna?
• Tsoelo-pele ea rōna e bonahala joang boitšoarong le tlhoekong?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho beha mohlala leratong le tumelong?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Timothea e mocha o ile a bontša hore o ne a hōlile ho feta lilemo tsa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Na tsoelo-pele ea hao e bonahala ho batho ba bang?