Tsamaea ka Tšepo Boetapeleng ba Jehova
“Ipheng matla, ’me le tiee lipelo; se tšabeng, ’me le se ke la ba tšoha, hobane Jehova, Molimo oa hao, ke eena ea tsamaeang le uena; a ke ke a u tlohela, a ke ke a u lahla.”—DEUTERONOMA 31:6.
1. Jehova o ipakile e le moeta-pele ea hloahloa ka ho fetisisa oa Baiseraele joang?
JEHOVA o ipakahalitse e le moeta-pele ea hloahloa ka ho fetisisa ha a ntša Baiseraele bokhobeng Egepeta. Ha a ka a ba tataisa lefeelleng feela empa hape a ba nea lijo le metsi le ho ba nea taeo e se nang sekoli. Ke kahoo Balevi ba mehleng ea Nehemia ba neng ba ka re: “Ka baka la mehauhelo ea hao e mengata, [uena Jehova Molimo] ha ua ka ua ba lahlela feelleng; topallo ea leru ha ea ka ea lesa ho ba okamela motšehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ea mollo ha ea ka ea lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tšoanetse ho ea ka eona. U ’nile ua ba fa moea oa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha ua ka ua tima melomo ea bona manna ea hao, ’me ua ’na ua ba nea metsi a ho ba nosa. Ka lilemo tse mashome a mane, u ’nile ua ba ōtla feelleng; ha ba ka ba hloka letho; liaparo tsa bona ha lia ka tsa senyeha, le maoto a bona ha a ka a ruruha.”—Nehemia 9:19-21.
2. Ke hobane’ng ha Moshe a ne a ka phehella Baiseraele hore ba ‘iphe matla, ba tiee lipelo’?
2 Ka khalemelo e fanoang ka mosa o kang oa ntate, Moruti ea Halalelang a ruta Baiseraele hore na ho ba le toka le ho loka ho bolela eng. O entse tsohle bakeng sa lithahasello tsa bona tse molemo. Leha ba ne ba korotla le ho rabela, o ne a le sebete ’me ha a ka a ba lahla. Haholo-holo ha mabotho a maholohali a sera a ne a ba oela, Jehova o ne a fana ka bopaki ba boeta-pele ba hae bo bohlale ’me a senye bahlaseli. Moshe o buile ’nete ha a khothatsa Baiseraele ka mantsoe ana: “Ipheng matla, ’me le tiee lipelo; se tšabeng, ’me le se ke la ba tšoha; hobane Jehova, Molimo oa hao, ke eena ea tsamaeang le uena; a ke ke a u tlohela, a ke ke a u lahla.” (Deuteronoma 31:1, 6) Molimo o ne o tla be o ‘tsamaea’ le bona haeba ba lumela. Ke khothatso e kaakang ho rōna hore re tsamaee ka tšepo boetapeleng ba Jehova!
Litemoso tsa Nakong e Fetileng
3. Nakoana hoba sechaba sa Iseraele se lokolloe botlamuoeng ba Baegepeta, se ile sa bontša ho hloka teboho joang le ho haelloa ke tšepo ho Jehova?
3 Liphihlelo tsa Baiseraele lia re lemosa. Le hoja e ne e le nakoana ba lokolotsoe botlamuoeng ba Baegepeta, nako le nako ba siteloa Moeta-pele oa bona ea sa bonahaleng. Ha Moshe a ntse a le Thabeng ea Sinai a amohela Molao, ba bontša ho hloka teboho ka sohle seo Molimo o neng o ba etselitse sona. Ba hlōla Aarone hore a etse namane ea gauda, ba e rapela ’me Aarone a re ke “mokete oa Jehova.” (Exoda 32:1-6) Lihloela tse leshome ho tse 12 tse neng li rometsoe ho ea hloela Kanana tsa ipakahatsa li se na tumelo, ke Joshua le Kalebe feela ba neng ba phehella sechaba hore se ee naheng eo le ho e hapa. Empa Iseraele ea hlōleha ho sebetsa ka tumelo ho Molimo, ka lebaka la ketso eo Molimo oa laela hore, ntle ho leloko la Levi le la Kalebe le la Joshua ba khabane, bohle ba batona “ho tloha ho ba lilemo tse mashome a mabeli ho isa pele,” ba tla shoa nakong ea lilemo tse 40 feelleng. (Numere 13:1–14:38; Deuteronoma 1:19-40) Ka sebele, sena sohle se lokela ho re lemosa khahlanong le ho hloka teboho ho joalo le ho haelloa ke tšepo boetapeleng ba Jehova!
4. Histori ea Iseraele e lokafalitse koluoa e ileng ea oela Juda, Jerusalema le tempele ka 607 B.C.E. joang?
4 Le hoja Baiseraele ba ile ba lelera lefeelleng ka lilemo tse 40, Jehova ha a ka a ba furalla. A ’na a loana lintoa tsa bona. Hoba Moshe le Joshua ba shoe, Molimo oa hlahisa baahloli ho lopolla sechaba sa oona ho lira tse hatellang. Empa ka nako eo sechaba sa Iseraele sa etsa ho nepahetseng mahlong a sona feela, ’me tlōlo ea molao e mabifi, boitšoaro bo bobe, le borapeli ba litšoantšo tsa qala ho ata. (Baahloli 17:6–19:30) Hamorao, ha ba batla morena oa motho e le hore ba ka tšoana le lichaba tse ba potolohileng, Jehova a amohela kōpo ea bona empa a ba lemosa ka liphello tsa kōpo eo. (1 Samuele 8:10-18) Le bona borena ba ntlo ea Davida ha boa ka ba khotsofatsa sechaba, ’me meloko e leshome ea rabela mehleng ea Jeroboame. (1 Marena 11:26–12:19) Khopolo ea hore ba na le Molimo e le moeta-pele oa bona ea ’na ea nyamela haholoanyane mehopolong ea ba bangata ho bona. Ho timetsoa ha Jerusalema le tempele le ho lihuoa ha ’muso oa Juda ka matsoho a Babylona ka 607 B.C.E., e ne e le likahlolo tse tšoanelehang hantle holim’a batho ba neng ba hlōlehile ho tsamaea ka tšepo boetapeleng ba Jehova. Ke temoso e ntle hakaakang bakeng sa rōna!
Boeta-pele ba Jehova ba Sechaba se Secha
5. Jehova o fane ka eng ka Jesu, ’me Jesu o ne a tla etsa joang?
5 Ho tšoana le Baiseraele ba khale, bahlanka ba morao ba Jehova ba fetile maemong a fetohang, empa a ba tsamaisa ka katleho. Ha Jesu oa Nazaretha a ikokobeletsa kolobetso ea metsing ka 29 C.E., Molimo oa fana ka Moprofeta le Moetapele e moholo ho Moshe. E le Messia, o ne a tla etella batho pele ho ba ntša lefatšeng lena le khopo le rapaletseng matleng a Satane. (Mattheu 3:13-17; Daniele 9:25; Deuteronoma 18:18, 19; Liketso 3:19-23; 1 Johanne 5:19) Batho bafe? E, Bajode le ba bang ba neng ba tla bontša ho lumela ho Messia ea fanoeng ke Moeta-pele e moholo oa leholimo, Jehova Molimo!
6. (a) Ke hobane’ng ha balateli ba Jesu ba tsebile ho bolela le ho hlokomela tlhophiso e hōlang? (b) Ke hobane’ng hamorao ho ile ha bonahala e ka leseli la ’nete ea Bibele le tinngoe?
6 Jesu o rutile balateli ba hae ’nete e hlollang ea Molimo ’me a ba nea taeo e hlokahalang ea tšebeletso. (Luka 10:1-16) Ke kahoo e itseng ha Kreste a phetha tšebeletso ea hae ’me a itlhakisa e le sehlabelo molemong oa batho ba baetsalibe, a ileng a sia balateli ba koetliselitsoeng ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela le ho tsamaisa litaba tsa tlhophiso e ntseng e hōla ea ba lumelang ho eena. Mahloriso a ne a le bohale mehleng ea baapostola. Empa letsoho la Jehova le ne le e-na le batho ba hae, ’me mathata a bona a ne a leka-lekantsoe ka keketseho e hlollang ea palo ea balumeli. (Liketso 5:41, 42; 8:4-8; 11:19-21) Hoba baapostola ba Jesu le basebetsi-’moho le bona ba shoe, ba neng ba ipolela hore ke balateli ba Kreste ba oela tlas’a puso ea baruti le marena ba ikhohomosang le ba sehlōhō. (Liketso 20:28-30) Kaha boemo bona bo ile ba tsoela pele ka lilemo tse makholo a 15, ho ile ha bonahala e ka leseli la ’nete ea Bibele le timme.
7. Ke neng hona joang Jehova a ileng a boela a bonahatsa boetapele ba hae, ’me a senolela bahlanka ba hae ba kajeno eng?
7 Empa, joaloka ‘lentsoe le hooang feelleng,’ ha hlaha tsebiso e reng: ‘’Muso o haufi!’ (Bapisa Esaia 40:3-5; Luka 3:3-6; Mattheu 10:7.) Karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo, Jehova a boela a bonahatsa boeta-pele ba hae ’me a qala ho bitsa barapeli ba hae ba ’nete ho ba ntša lefatšeng lena le khopo le litsamaisong tsa lona tsa bolumeli ba Babylona. (Tšenolo 18:1-5) Ka Lentsoe la hae le ngoliloeng le moea o halalelang, Molimo oa senolela bahlanka ba oona ba kajeno hore selemo sa 1914 se tšoaea ho fela ha puso e sa khathatsoang ea lichaba tsa Balichaba le ho beoa teroneng ea leholimo ha Jesu Kreste ea tlotsitsoeng, ea khethiloeng ke Molimo ho ba Morena holim’a batho bohle.—Luka 21:24; bona 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 34-37.
8. (a) Kamorao ho moo, ha hlophisoa eng? (b) Balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba tlatsitsoe ke bomang, hona boetapele ba Molimo le Kreste bo bonahetse joang?
8 Kamor’a ho moo, ha hlophisoa sechaba se secha se entsoeng ka masala a Iseraele oa moea, se beiloe leseling le eketsehileng ka merero ea Molimo ’me se koetlisitsoe ka botlalo bakeng sa tšebeletso. Hamorao, balateli bana ba tlotsitsoeng ba Kreste ba tlatsoa ke letšoele la balumeli ba nang le tšepo ea lefatšeng. Hona joale, lipaki tsena tsohle tsa Jehova li bolela lebitso la hae le ’Muso oa hae ka thabo ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Esaia 66:7, 8; Ba-Galata 6:16; Tšenolo 7:4, 9, 10) Mosebetsing o hlophisitsoeng oa Lipaki, boeta-pele ba Jehova le Mora oa hae oa Morena bo bonahetse haholo, haholo-holo karabelong ea batho ba limillione ba lipelo li tšepahalang ba fetohileng babuelli ba matla ba puso ea ’Muso. Na u karolo ea letšoele lee le thabileng le tsamaeang ka tšepo boetapeleng ba Jehova?—Mikea 4:1, 2, 5.
9. Ke boena bofe ba lefatše lohle bo teng, hona e le ka boikutlo bofe boetapeleng ba Molimo le pusong ea leholimo?
9 Qetellong, balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho ba lipaki tsa hae “ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:6-8; Mareka 13:10) Ka hona, Lipaki tsa Jehova hona joale li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle, ’me ba ‘sekametseng ka nepo bophelong bo sa feleng’ ba amohela ’nete ka lipelo tse thabileng. Ba fetoha karolo ea mokhatlo oa lefatše ka bophara oa baena le bo-khaitseli ba moea bao ka thabo ba amohetseng boetapele ba Molimo ’me ba ikokobelelitse puso ea Molimo. (Liketso 13:48, NW; 1 Petrose 2:17) Ho tšoana le bona, na u na le tšepo e feletseng ea hore Jehova Molimo le Morena le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba tsamaisa tlhophiso ee ea baboleli ba ’Muso?
Lebela hore u se Lahleheloe ke Tšepo
10. Ke temoso efe e lokelang ho khanna Mokreste e mong le e mong hore a itlhahlobe ka hloko haholo?
10 Na baamoheli ba mahlohonolo ’ohle a tlang ka lebaka la boetapele ba Jehova ba ka oela lerabeng la ho haelloa ke tumelo le tšepo ho eena? E, hobane rea lemosoa: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo e mpe ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang; le mpe le khothatsane ka matsatsi ’ohle, ha ho sa ntse ho thoe: Kajeno! e se be e mong ho lōna a ithatafatsa ka thetso ea sebe.” (Ba-Heberu 3:12, 13) Ka baka leo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho itlhahloba ka hloko haholo.
11. (a) Letsoalo la motho le ka ’na la thatafala ka litsela life? (b) Ho ile ha etsahala joang ka ba bang lekholong la pele la lilemo C.E.?
11 Letsoalo la motho le ka ’na la thatafala hoo a sa boneng letho le phoso ka ketso e ’ngoe e hananang ho hang le moea oa Bokreste le e bontšang ho haelloa ke tumelo le tšepo ho Jehova. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba oela lerabeng la ho etelletsa pele telekiso ea lintho tse bonahalang le menyaka ho feta tšebeletso ea bona ho Molimo. Ba bang ba ka ’na ba fetoha ba boitšoaro bo bobe kapa ba bua ka nyeliso ka banna ba ikarabellang ka phuthehong. Lekholong la pele la lilemo C.E., “batho ba hlokang borapeli” ba neng ba khukhunetse ka phuthehong ba ne ba “itšilafatsa nama ka mokhoa o joalo, ’me ba nyefola ba beiloeng boholong, ’me ba nyelisa ba khanyang” ba jereng boikarabelo ba phutheho. (Juda 4-8, 16) Bakreste bao ba bohata ba ne ba lahlehetsoe ke tumelo ea ’nete ho Jehova le boetapeleng ba hae. E se e ka hoo ho se ke ha re etsahalla!
12. (a) Moea o ipusang le oa borabele o hlokomoloha eng? (b) Kore le Davida ba ne ba fapane ho eng?
12 Ho atisang ho tsamaea le ho ‘nyefola ba beiloeng boholong’ ke moea oa boitaolo le oa borabele o hlokomolohang ’nete ea hore Jehova o tsamaisa tlhophiso ea hae. Moea ona o bile le liphello tse kotsi ho Kore le ba bang ba ileng ba qholotsa matla ao Moshe le Aarone ba neng ba a filoe ke Molimo. (Numere 16:1-35) Empa re fumana phapang e kaakang ho Davida! Davida a khotsofalletse ho emela Molimo hore o lokise liphoso, o ne a ke ke a bolaea sera sa hae se khopo Morena Saule hobane e ne e le “motlotsuoa oa Jehova.” (1 Samuele 24:2-7) E, Jehova a khetha Moshe, Aarone, Saule, Davida, Jesu Kreste le ba bang. Ka ho tšoanang, tlhophisong ea Molimo kajeno ho khetheloa tšebeletso ho etsoa tumellanong le se hlokoang ke Mangolo le tlas’a tsamaiso ea moea o halalelang oa Jehova.—1 Timothea 3:1-13; Tite 1:5-9; Liketso 20:28.
13. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha boetapele ba Jehova? (b) Re lokela e be re tsamaea joaloka mang, hona e le ka boikutlo bofe?
13 Kaha ‘ha ho matleng a motho hore a tsamaise mehato ea hae,’ re lokela ho leboha boetapele ba Jehova. (Jeremia 10:23) Abrahama le mosali oa hae ea inehetseng Sara ba ile ba utloa Molimo ’me ba nka bohato ka tumelo. Boaze le Ruthe ba mamela litokisetso tsa Molimo. E, le banna ba bang le basali ba bang ba bangata ba khabane ba amohela tataiso ea Jehova ka thabo. (Ba-Heberu 11:4-38; Ruthe 3:1–4:17) Joaloka bahlanka ba pejana ba Molimo, re lokela ho qoba moea oa boitaolo, ka thabo re sebelisane le tlhophiso ea Molimo ea puso ea leholimo, ’me re tsamaee ka tšepo e feletseng boetapeleng ba Jehova.
“Jarisa Jehova Phahlo tsa Hao” ka Tšepo
14. Ke eng e ka re thusang ho ikalosa moeeng oa borabele?
14 Re le lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, ke eng e ka re thusang ho itebela moeeng oa borabele? Taba ea pele, ho hlokahala hore re lumele hore ho phoso ho ba lerabele le ho hlokomoloha tsamaiso ea Molimo ka boikhohomoso. (Nehemia 9:16, 28-31; Liproverbia 11:2) Re ka rapela Ntate oa rōna oa leholimo joalokaha ho ile ha etsa Davida, ea ileng a ithapella: “U boloke mohlanka oa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena holim’a ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, ’me etlaba ke sesefile litlōlo tse kholo.” (Pesaleme ea 19:13) Hape e ka ba thuso ho hopola hore Jehova o re bontšitse lerato le lekae. Hona ho lokela ho totisa lerato la rōna ho eena ’me ho re susumelletse ho amohela boetapele ba hae ka linako tsohle.—Johanne 3:16; Luka 10:27.
15. Ke tsela efe e khothaletsoang haeba moena a nahana hore haa khetheloa ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa molebeli hobane baholo ba mo loantša?
15 Ha rea tlameha ho lebala hore Molimo o tsamaisa tlhophiso ea oona, le hoja ho tsamaea ka tšepo boetapeleng ba Jehova ho ka ’na ha e-ba thata ka linako tse ling. Ka mohlala: A re re moena o nahana hore ha a ea khethoa ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa molebeli hobane baholo ba loana le eena. Ho e-na le ho itšoara ka tsela e tla tšoenya khotso ea phutheho, o lokela ho hopola hore Jehova o tsamaisa tlhophiso ea hae ea puso ea leholimo. Ka hona, moena a ka ’na a batla tlhaloso ka mokhoa o ikokobelitseng le oa khotso. (Ba-Heberu 12:14) Joale e tla ba bohlale hakaakang ho eena hore a lumele mefokolo leha e le efe eo a e hlokomelisoang ’me ka thapelo a loanele ho ntlafatsa! Kamorao ho moo, a ka tlohela litaba matsohong a Molimo, tumellanong le mantsoe: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao.” (Pesaleme ea 55:22) Ka nako ea teng le ha re ntse re tšoaneleha moeeng, ruri Jehova o tla re nea mosebetsi o mongata tšebeletsong ea hae.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 15:58.
16. Le haeba re hlile re foselitsoe ka phuthehong, ke tsela efe eo re sa lokelang ho e nka, hona hobane’ng?
16 Le haeba moena kapa khaitseli a ile a hla a re etsa hampe, na hoo ho ka re nea lebaka le utloahalang la ho khaotsa ho kopanela le phutheho? Na re tla be re e-na le lebaka le utloahalang la ho khaotsa ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang? Che, hobane tsela e joalo e ne e tla ba ea ho se tšepahale ho Molimo le ho hloka teboho boetapeleng ba oona. Hape e ne e tla bontša hore re ne re sa rate le balumeli hammoho le rōna ba tšepahalang ba lefatšeng ka bophara. (Mattheu 22:36-40; 1 Johanne 4:7, 8) Ho feta moo, haeba re ne re ka senya botšepehi ba rōna ho Jehova, hoo ho ne ho tla nea Satane motheo oa ho soma Molimo—e leng hoo re sa ho lakatseng ho hang!—Liproverbia 27:11.
17. (a) Ke eng e ka re thusang ho boloka tšepo ea rōna boetapeleng ba Jehova ba tlhophiso ea hae? (b) Phihlelo ea ba tsoelang pele ba tsamaea ka tšepo boetapeleng ba Jehova e tla ba efe?
17 Ka hona, he, a re ‘bokeng Jehova ’me ho se be mohla re lebalang mesebetsi ea Ea phahamisang bophelo ba rōna ka mosa o lerato le mehauhelo.’ (Pesaleme ea 103:2-4) Haeba kamehla re hopola Molimo oa rōna o lerato ’me re sebetsa tumellanong le Lentsoe la oona, re tla boloka tšepo e matla boetapeleng ba hae bo sa sitoeng ke letho. (Liproverbia 22:19) Ho furalla Jehova le tlhophiso ea hae, ho hana tsamaiso ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” le ho itšetleha feela ka ho bala Bibele le ho e hlalosa e le uena ke ho tšoana le sefate se le seng se lehoatateng. Empa ha ho bapisoa, motho eo tšepo ea hae e leng ho Moeta-pele e Moholo oa rōna, Jehova, “o joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi, seo metso ea sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utloe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala!” Ho feta moo, “le selemong sa letsatsi ha se tšabe letho, ha se lese ho bea litholoana,” tlotlisong ea Molimo. (Mattheu 24:45-47; Jeremia 17:8) Hoo e ka ba phihlelo ea hao e enneng haeba u ikemiselitse ho tsoela pele ho tsamaea ka tšepo boetapeleng ba Jehova.
Na U ka Arabela?
◻ Ke ka litsela life Jehova a ipakileng e le moetapele ea hloahloa ka ho fetisisa oa Baiseraele?
◻ Ka boetapele ba Molimo, Iseraele ea boholo-holo e fana ka litemoso life?
◻ Jehova o etelletse bo-mang pele kajeno?
◻ Ke eng e ka re thusang ho itebela hore re se felloe ke tšepo boetapeleng ba Jehova?
◻ Le haeba re ka fosetsoa hampe ka phuthehong, re lokela ho ba le boikutlo bofe boetapeleng ba Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ka 607 B.C.E. koluoa ea oela ba neng ba sa tsamaee ka tšepo boeta-peleng ba Jehova. Ke bohlale hakaakang ho ela temoso hloko!
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Abrahama, Sara, Davida, Jesu, le ba bang ba tsamaile ka tšepo boetapeleng ba Jehova. Na le uena u tsamaea joalo?