Boeta-pele bo Botle re ka bo Fumana Hokae?
BIBELE e re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4; Tšenolo 4:11) Kaha Molimo oa ’nete Jehova ke ’Mōpi oa rōna, o “tseba sebōpeho sa rōna hantle.” (Pesaleme ea 103:14) O tsebisisa bofokoli ba rōna le litlhoko tsa rōna. Kaha ke Molimo ea lerato, o batla ho khotsofatsa litlhoko tseo. (Pesaleme ea 145:16; 1 Johanne 4:8) O tla khotsofatsa le litlhoko tsa rōna bakeng sa boeta-pele bo botle.
Ka moprofeta Esaia Jehova o ile a re: “Bonang! Ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” (Esaia 55:4) Bothata ba kajeno ba boeta-pele bo ka rarolloa ka ho tseba hore na Moeta-pele enoa—ea khethiloeng ke Ea Matla ’Ohle ka boeena—ke mang, ebe re amohela boeta-pele ba hae. Ebe Moeta-pele le Molaoli eo ea boletsoeng esale pele ke mang? Ke eng se pakang boeta-pele ba hae? O tla re isa hokae? Re lokela ho etsa’ng e le hore re rue molemo boeta-peleng ba hae?
Moeta-pele ea Tšepisitsoeng oa Fihla
Lilemong tse fetileng tse ka bang 2 500, lengeloi Gabriele le ile la hlaha ho moprofeta Daniele ’me la re ho eena: “U lokela ho tseba ’me u be le temohisiso hore ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli. E tla khutla ’me e tla hahuoa hape, e e-na le lepatlelo le foro e thibellang, empa e le linakong tsa mahlomola.”—Daniele 9:25.
Ho hlakile hore lengeloi le ne le tsebisa Daniele ka nako e tobileng eo Moeta-pele ea khethiloeng ke Jehova a neng a tla tla ka eona. “Mesia Moeta-pele” o ne a tla hlaha qetellong ea libeke tse 69, kapa lilemo tse 483, ha ho baloa ho tloha ka 455 B.C.E., ha ho ne ho ntšoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe.a (Nehemia 2:1-8) Ho ile ha etsahala’ng qetellong ea nako eo? Mongoli oa Kosepele Luka o re: “Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Cesare, ha Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea, ’me Heroda e le ’musi oa setereke oa Galilea [29 C.E.], . . . polelo ea Molimo ea tla ho Johanne mora oa Zakaria lefeelleng. Kahoo a kena naheng eohle e potolohileng Jordane, a bolela kolobetso tšoantšetsong ea pako bakeng sa tšoarelo ea libe.” Ka nako eo, ‘batho ba ne ba lebeletse’ Mesia Moeta-pele. (Luka 3:1-3, 15) Le hoja matšoele a ile a tla ho Johanne, e ne e se eena Moeta-pele eo.
Joale, hoo e ka bang ka October ea 29 C.E., Jesu oa Nazaretha o ile a ea ho Johanne e le hore a kolobetsoe. ’Me Johanne o ile a paka, a re: “Ke bone moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o lula holim’a hae. Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’ Ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.” (Johanne 1:32-34) Jesu e bile Moeta-pele ea tlotsitsoeng—Mesia, kapa Kreste, ha a kolobetsoa.
E, Jesu Kreste o ile a bontša hore ke eena “moeta-pele le molaoli oa lichaba” ea tšepisitsoeng. ’Me ha re hlahloba litšoaneleho tsa hae joaloka moeta-pele, ka sebele re lemoha hore boeta-pele ba hae bo phahametse haholo litekanyetso tse hlokoang kajeno ho moeta-pele oa sebele.
Mesia—Moeta-pele oa Sebele
Moeta-pele ea tšoanelehang o fana ka tataiso e hlakileng ’me o thusa batho ba tlhokomelong ea hae hore ba be le boikemisetso le bokhoni e le hore ba ka atleha ho rarolla mathata. Buka e bitsoang 21st Century Leadership: Dialogues With 100 Top Leaders e re ‘sena ke sa bohlokoa bakeng sa moeta-pele ea atlehang oa lekholong la bo21 la lilemo.’ Jesu o ne a atleha hakaakang ho hlomella bamameli ba hae hore ba sebetsane le maemo a letsatsi le letsatsi! Nahana feela ka thuto ea hae e tummeng haholo—Thuto ea Thabeng. Mantsoe a tlalehiloeng khaolong ea 5 ho ea ho ea 7 ea Matheu a na le keletso e ntle le e sebetsang.
Ka mohlala, nahana ka keletso ea Jesu mabapi le ho lokisa liqabang. O itse: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) Ho qalisa ho bōpa khotso le ba bang e ne e le ntho ea pele—ea bohlokoa le ho feta ketso ea bolumeli, e kang ho nyehela mpho aletareng ea tempele Jerusalema joalokaha Molao oa Moshe o ne o laela. Ho seng joalo, liketso tsa borapeli li ne li sa amohelehe ho Molimo. Kajeno le teng keletso ea Jesu e ntse e sebetsa joaloka makholong a fetileng a lilemo.
Jesu o ile a boela a thusa bamameli ba hae ho qoba leraba la boitšoaro bo bobe. O ile a ba eletsa: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:27, 28) Ke temoso e loketseng hakaakang! Ho hang ha rea lokela ho nahana ka lintho tse tla etsa hore re oele bofebeng. Jesu o itse bohlola le bofebe li tsoa pelong. (Matheu 15:18, 19) Ke bohlale hore re sireletse lipelo tsa rōna.—Liproverbia 4:23.
Thuto ea Thabeng e boetse e na le keletso e ntle haholo mabapi le ho rata lira, ho fana ka seatla se bulehileng, ho ba le pono e nepahetseng ka maruo le lintho tsa moea, le tse ling. (Matheu 5:43-47; 6:1-4, 19-21, 24-34) Jesu o bile a bontša bamameli ba hae kamoo ba ka batlang thuso ea Molimo kateng ka ho ba ruta mokhoa oa ho rapela. (Matheu 6:9-13) Mesia Moeta-pele oa matlafatsa ebile o lokisetsa balateli ba hae ho sebetsana le mathata a tloaelehileng har’a batho.
Ka makhetlo a tšeletseng Thutong ea Thabeng, Jesu o kenyelletsa lipolelo tsa hae ka polelo e reng “le utloile hore ho itsoe,” kapa e reng “ho feta moo ho itsoe,” empa ka mor’a moo o hlahisa maikutlo a mang, a reng “leha ho le joalo, ke re ho lōna.” (Matheu 5:21, 22, 27, 28, 31-34, 38, 39, 43, 44) Sena se bontša hore bamameli ba hae ba ne ba tloaetse ho etsa lintho ka tsela e itseng, ho latela lineano tsa Bafarisi. Empa joale Jesu o ne a ba bontša tsela esele—e neng e bontša moelelo oa sebele oa Molao oa Moshe. Kahoo, Jesu o ne a kenya phetoho, ’me o entse sena ka tsela e ileng ea nolofalletsa balateli ba hae hore ba e amohele. E, Jesu o ile a susumelletsa batho ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona, moeeng le boitšoarong. Sena se tšoaea moeta-pele oa ’nete.
Buka e ’ngoe ea ho ithuta bookameli e bontša kamoo ho leng thata kateng ho finyella phetoho e joalo. E re: “Ho hlokahala hore moeta-pele oa liphetoho a be le kutloisiso ea batho e kang ea mosebeletsi oa sechaba, a be le temoho e kang ea setsebi sa kelello, a be mokoka o kang oa semathi sa lebelo la mokoka, e be khomareli ea kokotane, a ikemele joaloka tšepe ea moema-nosi ’me a be le mamello e kang ea mohalaleli. Esita leha a ka ba le litšoaneleho tseo kaofela, re ke ke ra tiisa hore o tla atleha.”
Sehlooho se seng se reng “Boeta-pele: Na Botho ba Motho ke ba Bohlokoa?,” se ile sa re: “Baeta-pele ba lokela ho itšoara ka tsela eo ba batlang hore balateli ba bona ba itšoare ka eona.” Ka sebele, moeta-pele e motle o etsa seo a se bolelang. Jesu Kreste o ne a le joalo kannete. E, o ile a ruta ba neng ba e-na le eena hore ba ikokobetse, empa hape o ile a ba ruta ka liketso ka ho ba hlatsoa maoto. (Johanne 13:5-15) Ha aa ka a romella barutuoa ba hae hore ba e’o bolela litaba tse molemo tsa ’Muso feela, empa o ile a ikitlaetsa ka boeena mosebetsing oo. (Matheu 4:18-25; Luka 8:1-3; 9:1-6; 10:1-24; Johanne 10:40-42) Tabeng ea ho arabela boeta-peleng, Jesu o ile a beha mohlala. O ile a itlhalosa tjena: “Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa.”—Johanne 5:19.
Ha re hlahloba lintho tse ka holimo tseo Jesu a ileng a li bua le ho li etsa, hoa hlaka hore ke Moeta-pele oa sebele. Ha e le hantle, o phahametse litekanyetso tsohle tsa batho tsa boeta-pele bo botle. Jesu o phethahetse. Kaha o ile a fuoa ho se shoe ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae, o phela ka ho sa feleng. (1 Petrose 3:18; Tšenolo 1:13-18) Ke moeta-pele ofe oa motho ea ka finyellang litšoaneleho tsee?
Re Lokela ho Etsa’ng?
Joaloka Morena ea busang oa ’Muso oa Molimo, “Mesia Moeta-pele” o tla tšollela moloko o mamelang oa batho mahlohonolo. Ntlheng ena Mangolo aa tšepisa: “Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9) “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11) “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:4) “Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
Kajeno lefatše le mathateng a boeta-pele. Leha ho le joalo, Jesu Kreste o etella pele ba bonolo ho ba kenya lefatšeng le lecha la khotso, moo moloko o mamelang oa batho o tla momahana borapeling ba Jehova Molimo ’me o habe phethehong. Ke habohlokoa hakaakang hore re iphe nako ea ho rua tsebo ka Molimo oa ’nete le Moeta-pele eo a mo behileng ’me re etse lintho tumellanong le tsebo eo!—Johanne 17:3.
Ntho e ’ngoe e ntlehali eo re ka e etsang ho bontša hore re hlompha motho, ke ho mo etsisa. Na joale re ke ke ra leka ho etsisa Jesu Kreste, Moeta-pele e moholohali historing ea batho? Re ka etsa joalo joang? Ho amohela boeta-pele ba hae ho tla re susumelletsa ho etsa’ng bophelong? Re tla tšohla lipotso tsena le tse ling lihloohong tse peli tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona leqephe la 186-92 bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Daniele o boletse esale pele ho tla ha Moeta-pele ea khethiloeng ke Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lithuto tsa Jesu li ile tsa lokisetsa batho ho sebetsana le mathata a bophelo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu o tla etella pele moloko o mamelang oa batho ho o kenya lefatšeng le lecha la khotso