Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/15 maq. 29-30
  • Brithani, Mali, le “AIDS”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Brithani, Mali, le “AIDS”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
    Tsoha!—1990
  • Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
  • “Liqeto Tsa Molao ka Phekolo ea Tšelo ea Mali”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/15 maq. 29-30

Brithani, Mali, le “AIDS”

HO E KA BANG lilemo tse peli le halofo tse fetileng, Molula-Qhooa o ile oa hatisa sehlooho se neng se re “Litekanyetso tsa Jehova Lia Re Thusa.” (Pesaleme ea 20:4) Oa fana ka mohlala o le mong oa thuso e fumanehang litataisong tsa Jehova tse sireletsehileng le tse tiileng, tšireletso e tlelang Bakreste ba utloang molao oa oona o hanelang ho ja mali. Ka nako eno United States e ne e le hona e qalang ho lebisa tlhokomelo tšokelong ena e ncha ea bophelo—“AIDS.” Lipelaelo li ne li le teng tsa hore phetoho ena ea ’mele e bolaeang ka ’na ea jaloa ka litšelo tsa mali. Leha ho le joalo, babali Europa le libakeng tse ling mohlomong ka nako eo ba ile ba ikutloa hore tšokelo ena e tlisoang ke ho tlola molao oa Molimo e ne e lekanyelitsoe feela sebakeng se seng se hōle. Ho khema le linako lilemo tse peli hamorao, nahana boitsebiso bona bo sa tsoa hlaha Great Britain.

“KHAITSELI oa ka ho hlokahala hore a eo buuoa empa o tšohile hore o tla fumana ‘AIDS.’ Ha re Lipaki tsa Jehova, empa ka kōpo na le ka re thusa ka ho buella ngaka e buoang e sa sebelise mali?” Kōpo ena ke e ’ngoe ea likōpo tse tlohang botebong ba pelo tse sa tsoa amoheloa ke Lipaki tsa Jehova ntlo-khōlōng ea tsona e London, Engelane. Ke eng e potelletseng ka boipiletso bona?

Hoba lefapha la Tšebeletso ea Tšelo ea Mali la Manyesemane le qalise la ikhantša ka hore mali a lona le a fumana ho batho ba ithaopileng ka moea o motle. Pampitšana ea lona ea phatlalatso e khothalletsa ka hore: “Kamor’a ho fana ka [lithara ea mali] u tla phomola, u fumane seo u se noang le likuku, e be joale u khutlela mosebetsing. Ke eng ha u sa leke?” Ka baka leo, selemo le selemo karolo ea boraro lekholong ea baahi e ithaopela ho fana ka lilithara tse limillione tse ’nè tsa mali.

Ka mantsoe a The Guardian, “mali a fumanoang ho baithaopi ba sa lefuoeng Brithani, ke a boemo bo botle ho feta a fumanoang ho batho ba lefuoang.” Ka mantsoe a mang, ke khale ho e-na le pono ea hore Brithani e qobile kotsi ea ho tšoaetsoa mafu ka lebaka la mali a rekiloeng ho matahoa kapa ba bang bao ho seng letho le leng leo ba ka le rekisang. Empa liketsahalo tsa morao tjena li senotse liphoso tse tebileng boemong bona, ’me batho ba felletsoe ke tšepo ho feta leha e le neng pele. Kamorao ho lefu la batho ba babeli bao mali a bona a sa hoameng, ’muelli oa Mokhatlo oa bao mali a bona a sa hoameng o boletse hore ‘ho ke ke ha hlola ho nkoa hore mali’ a Lefapha la Tšebeletso ea Sechaba ea Bophelo ‘a sireletsehile.’ Ho ile ha etsahala joang?

Le hoja ho ’nile ha tsejoa ka lilemo hore ho thata ho sireletsa mali boloetseng bo bong le bo bong le hore ho kenoa ke mafu ho matla, ho kang lefu la sebete kapa malaria, ho ka neheletsanoa ka tšelo ea mali, likotsi tse joalo li ne li sa phatlalatsoe haholo Brithani. Kamehla ho ne ho fihleloa qeto ea hore mali a fanoeng ha ho lebaka la hore a ka tšohuoa. Empa mabaka a mabeli a sisimosang a kopane, a bakela The Daily Telegraph hore e fihlele qeto: “Brithani e hlōtsoe ke ntoa ea ho thibela likokoana-hloko tsa ‘AIDS’ hore li se kenelle phepelong ea mali.”

Ho sisimoha ha pele ho hlahile ha litlaleho tsa likoranta li senola hore ka lilemo tse telele Brithani e ne e ntse e reka mali ka ntle ho naha. Ha boleloa ka lekunutu moemeli oa mokhatlo oa moo ho hlahlojoang mali: “Ho rekoa mali ho batho ba linaha tse futsanehileng moo ho nang le keketseho e phahameng haholo ea maloetse a tšoaetsanoang ka mali.” Lilithara tse ka bang limillione tse 140 tsa motsoako o hoamisang oa mali oa bohlokoa (Factor VIII) li romeloa li etsoa United States ’me li sebelisetsoa ho phekola batho ba Brithani bao mali a bona a sa hoameng. Tekanyetso e ’ngoe le e ’ngoe ea motsoako ona o hoamisang mali e etsoa ka lero la mali le nkiloeng ho bafani ba mali ba fihlang ho ba 2 500. Ho bonahala e ka ka ho romela motsoako ona oa mali likokoana-hloko tsa “AIDS” li ile tsa fetisetsoa phepelong ea mali ea Manyesemane.

Ho sisimoha ho hong ha tla ha ho tiisoa hore “AIDS” e kene tšebeletsong ea mali ka bafani ba mali ba basodoma ba Lihleke-hlekeng tsa Manyesemane. Le hoja basodoma ba le har’a ba ileng ba koptjoa hore ba se ke ba fana ka mali ka lebaka la ho ba kotsing e khōlō ea ho ba le “AIDS,” temoso ha e ea ka ea ngoloa ka mantsoe a hlakileng joale ka ha e ne e le loketse, kamoo ho ileng ha lumela Lekala la Bophelo. Temoso ea bona pampitšaneng ea bona ka “AIDS” e buile feela ka “banna ba basodoma ba robalang le banna ba fapa-fapaneng.” Keketso e entsoeng pampitšaneng morao tjena A.I.D.S. and how it concerns blood donors e hlakisa hore “Batho ba batona ba basodoma bao hape ba bang le likamano le batho ba batšehali” ke “bona ba hlileng ba leng mocheng” oa lefu la “AIDS.” Empa temoso e fihlile morao haholo. Mathoasong a 1985 batho ba fetang 40, ho akarelletsa ngoana ea neng a qeta ho hlaha, ba ile ba tšoaetsoa ke lefu. Ho feta moo, ho na le taba e tšoenyang ea hore likokoana-hloko tsa “AIDS” li lula lilemo tse peli pele li bonahala. Ka hona ke ba bakae hape ba seng ba e-na le lefu lena? The Sunday Times e itse, “ho se ho tla bonahala ka liphello.” Ka hona, Lefapha la Tšebeletso ea Sechaba la Tšelo ea mali le sa tsoa lokisetsa pampitšana e ’ngoe hape bakeng sa bohle ba lebelletsoeng ho fana ka mali Brithani, Some Reasons Why You Should Not Give Blood.

Ho se ho e-na le batho ba ka bang 50 ba bolailoeng ke “AIDS” Brithani, ho ba fetang 100 ba tlalehiloeng ba e-na le eona. Palo ea batho ba nang le boloetse bona hona joale e imena habeli ka khoeli tse ling le tse ling tse robeli. Mongoli oa bongaka bakeng sa The Sunday Times o hakantse hore ho ka ’na ha e-ba le batho ba 12 000 ka lilemo tse hlano ba bang le lefu la “AIDS.” Khakanyo e bileng e sisimosang haholoanyane e tsoang Kollecheng e Khōlō ea Booki ea United Kingdom ke hore batho ba millione lihleke-hlekeng tsena tsa Manyesemane ba ka ’na ba tšoaroa ke lefu la “AIDS” selemong sa 1991 haeba ho se bohato bo nkuoang ho fokotsa ho ata ha lefu la “AIDS.”

Motho ea botsang ea boletsoeng ka holimo o itse: “Ho bonahala e ka lōna Lipaki tsa Jehova le pakoa le nepile tabeng ena ea tšelo ea mali.” Ha e le hantle, ea nepileng haholo ke Jehova Molimo, eo ka Lentsoeng la hae, Bibele, a hlahellang a se na qoso. Lilemong tse makholo-kholo tse fetileng o ile a laela Bakreste hore ba ‘tele mali.’ (Liketso 15:29; 21:25) Keletso ea hae le litekanyetso li ipakile ka sebele hore ke tšireletso ho batho ba hae ’me li tla tsoela pele li le joalo.

[Lebokose le leqepheng la 30]

“AIDS” ke eng?

“AIDS” ke lentsoe le bōpiloeng ka litlhaku tse qalang le tsoang ho “Acquired Immune Deficiency Syndrome (Lefu le Fumanoeng le Senyang Tšebetso ea ’Mele ea ho Itšireletsa).” “AIDS” ka boeona ha e bolaee. Empa, ka tlhahiso ea lebitso la eona, motho eo e mo tšoereng tsamaiso ea ’mele oa hae ea ho itšireletsa maloetseng e-ea senyeha. A se na tšireletso ena, motho ea nang le boloetse bona hangata o tla shoa ke ho kenoa ke lintho tse kang letsoejana la mofuta o ikhethang, kapa kankere e sa atang ea letlalo, lihlahala tsa Kaposi. Liphuputso tsa ho fumana le ho lemoha “AIDS” li sa le maemong a qalang, ’me hajoale, ho sa ntse ho se pheko e tsejoang ea lefu la “AIDS.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela