Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/1 maq. 18-23
  • Molemo oa Jehova “Mehleng ea Qetello”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molemo oa Jehova “Mehleng ea Qetello”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molemo oa Jehova
  • Temoso ea Bopatriareka
  • Ho Phallela Ntlung ea Molimo
  • Lefatšeng Lena la Pefo
  • Molemo o Khaphatsehang oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova ke Mohlala o Phahameng ka ho Fetisisa oa Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Boholo bo Tsotehang ba Molemo oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “O Molemo Haholo”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/1 maq. 18-23

Molemo oa Jehova “Mehleng ea Qetello”

“Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova.”—ESAIA 2:3.

1, 2. (a) Batho ba sokeloa ke kotsi efe e khōlō hona joale? (b) Baeta-pele ba lefatše ba re’ng ka Armageddone?

“MEHLENG EA QETELLO.” Ke hobane’ng ha boprofeta ba Bibele bo sebelisa polelo ee khafetsa? Na e bolela hore matsatsi a batho a baliloe le hore qetellong lefatše la rōna le bophelo bohle bo holim’a lona bo tla fela ka koluoa e ’ngoe ea lefatše? Hangata baeta-pele ba lefatše ba bua ba tšohile ka hore ntho e joalo e ka etsahala. Ka mohlala, puisanong ea theleveshine ka la 13 Pherekhong, 1985, letona la Moscow la litaba tsa ka ntle ho naha Andrei Gromyko le lemositse batho ba Soviet Union hore “kotsi e khōlō, tšokelo e khōlō e leketlile holim’a batho bohle.” La phaella: “Ho lokela hore ho etsoe sohle se ka khonehang ho tlosa tšokelo eo, e le hore Armageddone eo batho ba ’nileng ba tšosoa ka eona ka makholo a lilemo e se ke ea etsahala.”

2 Ka makhetlo a mangata, Mopresidente Ronald Reagan oa United States eena o ’nile a bua ka Armageddone. New York Daily News ea la 30 Mphalane, 1983, e mo qotsitse a re: “Ke retelehela ho baprofeta ba lōna ba boholo-holo ka Testamenteng ea Khale le lipontšong tse profetang ka Armageddone, ’me ke iphumana ke ipotsa hore na—e be re moloko o tlang ho bona ha e etsahala.” Haufi haholo, ka la 8 Tlhakola, 1985, The Wall Street Journal e ile ea tlaleha: “Mopresidente Reagan o re o nahana o bile o bua ka Armageddone, . . . empa ha a e lokisetse.”

3. (a) Hantle-ntle Armageddone ke eng? (b) Ho boleloa eng ka ‘mehla ea qetello’?

3 E, baeta-pele ba lefatše ba bua ka Armageddone. Empa na baa hlokomela hore lentsoe leo la Bibele le bolela eng? Ha ho bonahale ho le joalo, hobane Armageddone hase tlokotsi e tla etsoa ke motho. Ke ntoa ea Molimo ea bokahohleng eo ka eona eena le Morena ’moho le eena, Jesu Kreste, ba lihang kahlolo holim’a lichaba tse khopo le batho ba khopo. E tla e le tlhōro ea ‘mehla ea qetello.’ (Daniele 10:14; Tšenolo 16:14, 16) Re lokela ho utloisisa eng ka ‘mehla ea qetello’? Liphetolelo tse ling li ngola polelo ena e le ‘mehla ea morao,’ ‘qetello ea matsatsi.’ (Rotherham, Young) Mantsoe a Seheberu a fetoletsoeng joalo ke ’a·charithʹ hay·yamimʹ. Theological Dictionary of the Old Testament e sebelisa haholo polelo “Nako Ea Bofelo,” e bolelang bokamoso le “kamoo histori e fihlang sehlohlolong sa eona, ke hore pheletsong ea eona.”

4. “Nako Ea Bofelo” e tla ea tlhōrong ea eona joang, hona e le ka phello efe?

4 Ka lilemo tse ka bang 70, batho ba phetse nakong ea “ho fela ha lefatše,” e profetiloeng ke Jesu ho Mattheu 24:3-25:46. Nako ena, e qalileng ka 1914, ke “Nako Ea Bofelo” eo ho eona butle-butle liketsahalo li habileng tlhōrong ea tsona. Hoo ho tla etsahala ‘mahlomoleng a maholo’ ha tlhophiso eohle e khopo ea Satane e tla timetsoa. (Mattheu 24:21, 22) Pheletso e khōlō e tla ba ho tlosoa ha qoso eohle e phaeletsoeng lebitsong le halalelang la Jehova.—Ezekiele 38:16, 23.

Molemo oa Jehova

5. Ke mantsoe afe a khothatsang a fumanoang ho Hosea 3:5?

5 Jehova ke Molimo oa khothatso. Ka Lentsoeng la hae Bibele e Halalelang, ho na le lipolelo tse khothatsang hakaakang! Polelo e ’ngoe e joalo e fumanoa ho Hosea 3:5, NW, e reng: “Kamor’a moo bara ba Iseraele ba tla khutla ’me ka sebele ba tla batla Jehova Molimo oa bona, le Davida morena oa bona; ’me ka sebele ba tla tla ka thothomelo ho Jehova le molemong oa hae mehleng ea qetello.”

6. Iseraele oa moea o fapane joang le mekha ea bokhelohi ea Bokreste-’motoana?

6 Masala a Iseraele a ile a khutla botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. ho tsosolosa ho rapela Jehova Jerusalema. Ka ho tšoanang le kajeno, ka 1919, masala a tlotsitsoeng a Iseraele oa moea a ‘khutlile’ botlamuoeng tlhophisong ea Satane, ka tieo ‘a batla Jehova Molimo oa oona.’ E bile ho fapaneng hakaakang le mekha ea bokoenehi ea Bokreste-’motoana! Ha ho le o mong oa eona o batlang ho nka Jehova e le ‘Molimo oa oona.’ Ho e-na le ho “batla Jehova,” e qoba tšebeliso leha e le efe ea lebitso la hae.

7. Batho ba Jehova ba hlomphile lebitso la hae joang?

7 Qalehong ea ‘mehla ea qetello,’ tokollo ea la 1 Pherekhong, 1926, The Watch Tower e ile ea hatisa sehlooho se phephetsang “Ke Mang Ea Tla Hlompha Jehova?” Masala a bokelletsoeng hape a Iseraele oa moea a arabela pitso eo ka botšepehi, ’me ka 1931 a thabela ho amohela lebitso Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10, 12) Ho tla fihlela kajeno a tsoela pele ho phahamisa lebitso la Jehova ka ho ratehang ka pel’a baahi ba lefatše. E, ka 1984 a hatisitse likopi tse limillione tsa bukana e bohehang e mebala e sa tšoaneng e bitsoang Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng ka lipuo tse ngata.

8, 9. (a) Ho boleloa eng ka ‘ho batla Davida morena oa bona’? (b) Morena o ile a beoa teroneng neng hona hokae? (c) Batho ba Jehova ba ile ba utloisisa taba ee joang?

8 Leha ho le joalo, Hosea o boetse a profeta hore bara bana ba moea ba ne ba tla ‘khutla ’me ka sebele ba batle Davida morena oa bona.’ Iseraele ea tlhaho ha e-ea ba le morena ha e sa le ho lihuoa lesika la marena a Davida ka 607 B.C.E. Hoo ha qalisa lilemo tse 2 520 tsa puso e se nang taolo ea Molimo—“mehla e beetsoeng lichaba,” kapa Mehla ea Balichaba. (Luka 21:24, NW; Daniele 4:16) Empa ka 1914, ha ho qaleha ‘mehla ea qetello,’ Molimo oa bea teroneng Jesu Kreste—Ea neng a tšoantšetsoa ke Davida—e le Morena Sione, “Jerusalema oa leholimo.”—Ba-Heberu 12:22; Pesaleme ea 2:6.

9 Batho ba Jehova ba lefatšeng ha ba ka ba utloisisa hona ka potlako. Leha ho le joalo, ho batla ha bona ‘Davida morena oa rōna’ ho ile ha fihia tlhōrong ha The Watch Tower ea la 1 Tlhakubele, 1925, e hatisa sehlooho “Ho Tsoaloa ha Sechaba.” Sena se fana ka bopaki bo phethehileng, bo theiloeng ho Tšenolo khaolo ea 12, hore ’Muso oa Jehova oa Messia o tsoetsoe maholimong ka 1914 le hore Kreste joale ‘o busa har’a lira tsa hae.’—Pesaleme ea 110:1, 2; Ps 2:1-6.

10. (a) Ke bafe ‘ba tlang ka thothomelo ho Jehova,’ hona joang? (b) Ke hobane’ng ha “ho tšaba Jehova” e le habohlokoa hakana kajeno?

10 Masala a tlotsitsoeng, ’me ka sebele le bohle ba inehelang ho Jehova, ba seli ka ho fetisisa ka libe tsa bona tsa mehleng e fetileng. Ka boikokobetso, ba ‘tlile ho Jehova ka thothomelo,’ ba kōpa tšoarelo ea libe tse fetileng. ’Me joale ha ‘mehla ea qetello’ e habile tlhōrong ea eona, ba ratang Jehova ba hlokolosi ka ho fetisisa hore ba se ke ba siteloa Molimo le melao ea oona ea ho loka. Re tlameha ho tsoela pele ho ‘tla ka thothomelo ho Jehova’ re laea ’mele ea rōna e le hore re ka fumana poloko ho kena Taolong e Ncha ea Molimo. (1 Ba-Korinthe 9:27) Kamehla re tlameha ho hopola hore “qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.”—Pesaleme ea 111:10.

11. (a) Jehova o molemo lintlheng life? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘tla ka thothomelo molemong oa Jehova’?

11 Leha ho le joalo, ke joang re ka ‘tlang ka thothomelo molemong oa hae’? Jehova o molemo kahohle-hohle. Ke mohlala oa bokhabane. O re nea sohle seo re se hlokang ka tsela e phethehileng. Ka hona, ka tšepo re ka bua joaloka Davida: “Jehova ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho. . . . Ruri, lehlohonolo [“molemo,” NW] le mohau li ntse li ntatela ka litšiu tsohle tsa ho phela ha ka.” (Pesaleme ea 23:1-6) Hona joale, le ho isa bofelong ba ‘mehla ea qetello,’ re tlameha ‘ho tla ka thothomelo molemong oa Jehova,’ re tšepile hore libe tsa rōna li tla koaheloa ke sehlabelo sa bohlokoa sa Mora oa hae, Jesu. (1 Johanne 2:1, 2) Ka teboho, re re: “Jehova, . . . le leholo hakakang lereko [“molemo,” NW] leo u le boloketseng ba u tšabang.”—Pesaleme ea 31:17, 19.

12. (a) Re ka etsisa molemo oa Jehova joang? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etse joalo?

12 Ha lefatše la Satane le ntse le teba haholo bobeng, e se e ka re ka etsisa molemo oa Jehova ka ho tsebisa baahelani ba rōna litaba tse molemo tsa ’Muso le ka ho bontša litšoaneleho tsa bomolimo bophelong ba rōna. E se e ka re ka hlaolela ka sebele litholoana tsa moea, tse akarelletsang molemo, likamanong tsohle tsa rōna—malapeng a rōna, liphuthehong tsa rōna, le moo re kopanang le batho ba lefatše. (Ba-Galata 5:22, 23; Pesaleme ea 119:65-68) Ke habohlokoa ho etsa sena haeba re tla pholoha ‘mehla ea qetello.’

Temoso ea Bopatriareka

13. (a) Ke bafe ba ka ruang molemo kajeno ka ho nahana ka boprofeta ba Jakobo ba liphateng tsa lefu? (b) Boprofeta boo bo na le keletso efe?

13 Lilemong tse fetileng tse ka bang 3 700, mopatriareka Jakobo (hape a reiloe Iseraele) o ile a profeta a le liphateng tsa lefu. Ha a buisana le bara ba hae ba 12, lihlooho tsa meloko ea Iseraele, o itse: “Phuthehang hammoho hore ke tle ke le bolelle tse tlang ho le etsahalla mehleng ea qetello.” Mantsoe a hae a sebetsa kajeno ho masala a Iseraele oa moea ’me ha a atolosoa, a sebetsa le ho metsoalle ea ’ona, “linku tse ling.” Ha ho lea mong ho bana ea ka tellang litekanyetso tsa boitšoaro tsa Jehova ntle ho kotlo, joalokaha ho bile joalo ka Rubene, leha e le hore ba ka itlohella boikutlong ba mabifi joaloka Simeone le Levi. Ho e-na le hoo, ba tlameha ho hlaolela litšobotsi tse kang sebete, ho itšetleha ka Jehova, le ho bea litholoana, joalokaha li bontšitsoe ke bara ba bang ba Iseraele.—Genese 49:1, 3-7, 9, 18, 22, NW; Johanne 10:16; bapisa 2 Petrose 1:8-11.a

14. Ke boprofeta bofe bo imenneng habeli bo amanang ka “Nako Ea Bofelo” bo fanang ka keletso haholo-holo bakeng sa “linku tse ling”?

14 Leha ho le joalo, ho lokiselitsoe keletso e ikhethang bakeng sa “linku tse ling” tse lebelletseng ho pholoha “Nako Ea Bofelo.” Re fumana sena se boletsoe boprofeteng ba bobeli ba Bibele, ho Esaia 2:2-5 le Mikea 4:1-5, joalokaha e ka ho hatisoa taba.

Ho Phallela Ntlung ea Molimo

15. (a) Esaia 2:2 e phethahalitsoe joang? (b) Batho ba bonolo joale ba bona phapang efe, ’me ba arabela joang?

15 Esaia 2:2 e re: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng.” Ka lilemo tse fetang 50, ho tloha ka 1935, “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” li ile tsa bokelloa ntlung ea borapeli ea Jehova, li ‘tlatsa ntlo ka khanya.’ Ho bonahala ‘ho phalla’ hona ho ipha matla ha ‘mehla ea qetello’ e le haufi le tlhōro ea eona. Thaba ea tšoantšetso ea borapeli bo hloekileng ba Jehova e ntse e bonahala haholoanyane hoo batho ba bonolo ba ka bonang kamoo e fapanang le “maralla” le “lithaba” tsa mekha ea bokhelohi ea lefatše la Satane le hlephileng. Ba “tloha” bolumeling ba bohata ’me ba baleha ka palo e eketsehang ho ea thabeng ea Jehova ea borapeli.—Haggai 2:7; Tšenolo 18:2, 4, 5; Pesaleme ea 37:10, 11.

16. (a) Ba bonolo ba arabela pitso efe hona joale? (b) Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae ea ho ‘potlakisa’ joang?

16 Bana ba bonolo ba arabela pitso ea Esaia 2:3: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.” E sa le hona joale, Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae ea ho ‘phakisa a ho etsa ka nako ea teng.’ (Esaia 60:22) ‘Bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle’ bo eketsehang bo phuthehela borapeling ba Jehova. Ho bana, ho ile ha kolobetsoa ba 138 540 ka 1982; ba 161 896 ka 1983; le ba 179 421 ka 1984. Ba batla ho pholosoa hore ba fete ‘mehla ea qetello.’—Tšenolo 7:9, 14.

17. (a) Lipaki tse ncha li ka bontša ho amohela molemo oa Jehova joang? (b) Bohle re lokela ho utloa litaelo life tse molemo?

17 Lipaki tsena tse ncha li ananela molemo oa Jehova ka ho li tlisa leseling la ’nete, ’me ka tieo eohle li lakatsa ho bontša molemo ho ba bang. Li amohela taeo eo Jehova a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le tlhophiso ea hae. Molao oa Moshe o ne o e-na le mantsoe a mangata a reng ‘u se ke ua etsa ka hore le hore’ ’me ka tšoanelo Iseraele e ne e tlameha ho a boloka. (Bona Exoda 20:3-17.) Empa melao e ’meli e meholo bakeng sa Bakreste, kamoo e boletsoeng ke Jesu, ke litaelo tse molemo tsa ho ‘rata Jehova Molimo oa rōna ka lipelo tsa rōna tsohle, moea oa rōna oohle, khopolo ea rōna eohle, le matla a rōna oohle, le ho rata bao re ahisaneng le bona joalokaha re ithata.’ (Mareka 12:29-31) Li le bonngoeng, Lipaki tsa Jehova hona joale li utloa “molao” oo Molimo o o romelang o e-tsoa “Jerusalema oa leholimo,” li sebelisa metheo ea oona e lokileng.

18. (a) Ho hlokahala hore re boloke melao ea mofuta ofe? (b) Ho utloa melao e phelisang ho na le molemo ofe?

18 Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore batho ba Jehova ha ho hlokahale hore ba boloke melao leha e le efe e meng. Moapostola Pauluse oa re hopotsa: “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.” (1 Ba-Korinthe 14:40) Ho ka ’na ha hlokahala melao e seng mekae Liholong tsa ’Muso tsa rōna, ka mohlala, ho baballa tšebeliso ea motlakase kapa ho thibela bana ho sebelisa ntlo ea Molimo ea borapeli e le lebala leo ho bapaloang ho lona kamorao ho liboka. Lihlooho tsa malapa ho ka ’na ha hlokahala hore li etse litokisetso tse ling tse tšoanelehang, tse kang ho lokisetsa ho buisana kamehla ka temana ea letsatsi le letsatsi ea Bibele ka lapeng. Malapeng a Bethele ho na le melao, e kang hore litho tsa lelapa li bontše hlompho litabeng tse molemo ka ho apara le ho itlhopha ka mokhoa o khabane. (1 Timothea 2:9) “Libuka” tse tla phetloa Pusong ea Lilemo tse Sekete ea Jesu ha ho pelaelo hore li tla ba le melao e tla ruisa batho molemo. Ho hotle ho tloaelana le ho utloa melao e phelisang e etsoang bakeng sa taoleho e ntle le ka baka la ho nahanela ba bang.—Tšenolo 20:12; 1 Ba-Korinthe 10:24; Ba-Filippi 2:3, 4.

Lefatšeng Lena la Pefo

19, 20. (a) Batho ba Jehova ba itšoere joang ka motheo o ho Mikea 4:3? (b) Hona ho ba ruisa molemo joang “mehleng ea qetello”?

19 Ka potlako re se re atamela nako eo letsoho la motho e mong le e mong le tla ‘phahamela letsoho la oa habo.’ (Zakaria 14:13) Ha lefatše le ntse le fetoha le se nang molao le le befileng haholoanyane, batho ba Jehova ba itšoara joang? Ba sebetsa tumellanong le Mikea 4:3, e reng: “Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele.” Lipaki tsa Jehova li hana pefo ka mefuta eohle ea eona. “Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Ntle ho pelaelo, hona ho tla tsoela pele ho sebeletsa molemo oa tsona ho pholletsa ‘mehla ea qetello.’ Ho se ho le joalo.

20 Ka mohlala, ha makasine oa Molula-Qhooa oa January 1, 1984 o ne o bontša hore lithunya ha lia lokela Bakreste, Lipaki tsa Jehova tsa New Caledonia li ile tsa lahla lihlomo tsa tsona. Nakoana kamorao ho moo, sehlopha sa moo sa lipolotiki sa phahla ka har’a motse, se chesa matlo ’ohle ao se fumaneng lihlomo ho oona. Empa ha ho matlo a Lipaki a ileng a chesoa. Hangata ho tsejoa u le motho ea sa nkeng lehlakore ke tšireletso e molemo haholo, kamoo ho bileng kateng Ireland-Leboea, Lebanone, Zimbabwe, le linaheng tse ling.

21. (a) Re lokela ho arabela pitso efe, ’me re lokela ho etsa qeto efe haeba re hlile re batla ho thaba? (b) Re ka tiisetsoa ho kopanela molemong oa Jehova joang?

21 Re tla thaba ha re arabela pitso ea Esaia 2:5: “Tlong, . . . a re tsamaeeng leseling la Jehova”! Re tla thaba hape haeba kaofela re kopanela qetong e tiileng e boletsoeng ke moprofeta Mikea eo, kamor’a ho hlalosa tšireletseho ea paradeise le khotso tse teng har’a batho ba Molimo, a tsoelang pele hore: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” Ka sebele molemo oa Jehova o tla bontšoa bohle ba tsoelang pele ho kopana ka khotso borapeling ba ’nete, hore re pholohe “mehleng ea qetello.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona litokollo tsa Watchtower tsa June 15, le July 1, 1962, bakeng sa puisano e qaqileng ea boprofeta ba Jakobo.

Lipotso tse Akaretsang

◻ U utloisisa eng ka ‘mehla ea qetello’?

◻ Re ka ‘tla ka thothomelo ho Jehova le molemong oa hae’ joang?

◻ Boprofeta ba Jakobo ba liphateng tsa lefu bo fana ka tataiso efe?

◻ Ke mehato efe e molemo eo re ka e nkang tumellanong le Esaia 2:2-5 le Mikea 4:1-5?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Hosea o khothalletsa bohle ho etsisa molemo oa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Jakobo o eletsa a bolela litšobotsi tse ratehang le tse sa rateheng

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Esaia o re memela ‘ho tsamaea leseling la Jehova’

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mikea o hatisa qeto ea rōna ea ho ‘tsamaea ka lebitso la, Jehova’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela