Ho Hlōla “Mehleng ea Qetello”
“Molimo o teng maholimong oo e leng Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse . . . tse tlang ho etsahala meheleng ea qetello.”—DANIELE 2:28, NW.
1. (a) Ke joang boprofeta ba Jeremia, Ezekiele, le Daniele e leng ba bohlokoa ho rōna kajeno? (b) Mangolo ao a bululetsoeng a ile a bolokoa hobane’ng?
JEREMIA, EZEKIELE, DANIELE—mabitso ao a re hopotsa ka boprofeta bo hlollang hakaakang! Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 600, bahlanka bao ba bararo ba sebete ba Morena ’Musi Jehova ba phetse mehleng e qetellang ea Jerusalema e koenehileng, le hoja ba ne ba sebeletsa libakeng tse sa tšoaneng le tlas’a maemo a sa tšoaneng. Empa e mong le e mong sebakeng sa bohlokoa seo a neng a le ho sona o profetile ka liketsahalo tse neng li tla phethahala hamorao “mehleng ea qetello.” Mangolo ao a bululetsoeng a boloketsoe ho khothatsa bohle ba ratang Molimo le ho loka, le ba lakatsang ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ a haufi haholo mehleng ea rōna.—Mattheu 24:3-22; Ba-Roma 15:4.
2. Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a hloka matla a tsoang ho Jehova?
2 Jeremia o profetile a le Jerusalema. Ha timetso e ntse e atamela, babusi le sechaba ba ne ba hloka molao ’me ba tletse tšenyo. Kahoo, Jehova a tiisa moprofeta oa hae joaloka “lerako la koporo le thata” ho re a eme a tiile har’a bobe ba bona.—Jeremia 15:11, 20; 23:13, 14.
Baprofeta ba Khotso
3. Baprofeta ba ne ba bua mantsoe afe a bohata?
3 Ka baeta-pele ba bolumeli ba litloko-tsebe ba Jerusalema, Jehova a re ka Jeremia: “Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta le ba le profetelang; ba le tšepisa bosaoana, ba bolela tšenolo ea lipelo tsa bona, e seng e tsoang molomong oa Jehova. Ho boleleng ba bolella ba ’nyelisang, ba re: Lentsoe la Jehova le re, “Khotso e tla ba teng ho lōna.” Baprofeta bao ba bohata ba ne ba re, “Khotso! khotso!” empa ho se khotso.—Jeremia 23:16, 17; 6:14.
4. Ba bangata bolumeling ba Bokreste-’motoana ba itšoarelletse ka tšepo efe?
4 Ka ho tšoanang, har’a Bokreste-’motoana bo koenehileng kajeno, ho na le baprofeta ba khotso. Ba bangata ho bona ba tšoarelletse ho seo Mopapa Paul VI a se hlalositseng e le “tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso,” Machaba a Kopaneng. Haufinyane, sehlopha seo se tla bolela 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso. Ha Mopapa a hlalosa boikemisetso ba hae ba ho kopanela Selemong seo, o boletse hore “ho matlafatsa tšepo ea hore Selemo sena se tla hlahisa liphello tse lakatsoang ’me se tla tšoaea boemo ba bohlokoa ho tiisa likamano tsa khotso har’a batho le lichaba.” Empa na hoa utloahala ho lebella lichaba hore li thee khotso ea ’nete?
5. Jehova o profetile eng, ’me e tla phethahatsoa joang “mehleng ea qetello”?
5 Molimo ka booona o hlalosa se tla etsahala: “Bonang! Setsokotsane sa Jehova, khalefo ka boeona, ke sefefo se matla. Se tsokotseha holim’a lihlooho tsa ba khopo. Bohale ba Jehova bo ke ke ba khutla pele bo phetha mehopolo ea pelo ea hae. Mehleng ea qetello le tla utloisisa sena ka botlalo.” (Jeremia 23:19, 20, NW; bona hape 30:23, 24.) E, baeta-pele ba bolumeli ba bohata ba tla utloisisa seo ‘mehla ea qetello’ e tla se bolela ho bona. Empa e tla be e se e le maobane haholo ha ba qala ho e utloisisa!—Bapisa Tšenolo 18:10, 16; 19:11-16; Mattheu 24:30.
6. Ho tla ba le phello efe e thabileng ho ba bangata?
6 Leha ho le joalo, hoa thabisa ho tseba hore batho ba bangata ba kileng ba e-ba botlamuoeng ba bolumeli ba bohata ba “utloisisa sena ka botlalo.” Ba arabela pitso: “Tlohang ho eena [bolumeli ba bohata], lōna sechaba sa ka,” kaha ha ba batle ho kopanela libeng tsa bona kapa ho amohela karolo ea kahlolo ea Molimo ho bona. Haeba u e mong oa bona, e se e ka u ka tsoela pele ho ela hloko seo Lentsoe la Molimo le se buang ka ‘mehla ea qetello’ le mehla e khanyang ea khotso e tlang ho latela.—Tšenolo 18:2, 4, 5; 21:3, 4.
Tlhaselo ea Gogo
7. Ezekiele o profetile tlas’a maemo afe?
7 Batho ba Molimo ba tsoella joang “mehleng ea qetello”? E re moprofeta Ezekiele a re bolelle. Ha ho pelaelo hore o tsebile Jeremia bohlankaneng, empa joale Ezekiele a isoa Babylona. Moo, nōkeng ea Kebare, ka 613 B.C.E., a laeloa ho sebetsa e le moprofeta oa Jehova le seboholi lebitsong la Bajode ba kholehong, tšebeletso eo a ileng a e phetha ka botšepehi ka lilemo tse 22 bonyane. Leha ho le joalo, boprofeta ba hae bo bona ka nģane ho mehla ea hae. Likhaolong tsa 37 le 38, o bolela ka ‘Gogo oa Magogo.’
8, 9. (a) Ke tseko efe e khōlō e tlamehang ho rarolloa, hona neng? (b) Gogo ke mang, o lateloa ke bafe, hona o phehella mokhoa ofe? (c) Jehova o etsa’ng ho Gogo?
8 Gogo enoa oa Magogo’ ke mang? Sera se seholohali sa Jehova ke sefe seo a tlamehang ho rarolla tseko e khōlō ea ‘mehla ea qetello,’ ea borena ba bokahohle le sona? Ke Satane Diabolose, eo Jesu Kreste, Morena le Molisa, a ileng a mo lihela hore a tsoe leholimong kamor’a hore A beoe teroneng ka 1914. Gogo ea nyenyefalitsoeng le ea halefileng joalo o qobelletsoe sebakeng se senyenyane sa moea, “naheng ea Magogo,” haufi le lefatše lena. Hona ho bolela “bomalimabe . . . lefatšeng” hobane Gogo a tseba hore nako ea hae ea ho phethahatsa bokhopo ba hae bo feteletseng ba ‘ho busa kapa ho senya’ e khutšoaane.—Ezekiele 37:24-28; 38:1, 2; Tšenolo 11:18; 12:9-17.
9 Ezekiele o qotsa Morena ’Musi Jehova e le ea reng: “Ke tla ho uena, Gogo, morena [’musi oa lefatše] . . . Ke tla u khutlisetsa, ke kentse mautlana mehlahareng ea hao, ke u ntše, e le uena le sera sa hao kaofela, . . . le lichaba tse ngata hammoho le uena.” (Ezekiele 38:3-6; Johanne 12:31) E, Gogo o na le batho ba bangata ba nang le eena, hobane “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Leha ho le joalo, Jehova a ka kenya mautlana a tšoantšetso mehlahareng ea Gogo ho mo tsamaisa. Empa hobane’ng, hona e le joang?
10. (a) Ha ho bapisoa le lichaba, Lipaki tsa Jehova li beile tšepo ea tsona hokae? (b) Ke hobane’ng ha Gogo le mokhopi oa hae ba halefa? (c) Re tlameha ho etsa joang hore re pholohe?
10 Tlas’a tšusumetso ea Gogo, mebuso e meholo kajeno e phea khang ea hore khotso ea lefatše e itšetlehile ka hore e bokelle lihlomo tse tšosang tsa “nuclear” ka bongata bo eketsehileng. ’Me lichaba tse ling li kentse letsoho. Leha ho le joalo, batho ba Molimo, ‘ba bokelletsoeng lichabeng tsohle’ ba latotse tšebeliso ea libetsa tsa pefo. Lipaki tsa Jehova ke tsona “sechaba” feela lefatšeng seo ka ’nete se ka reng, “Tšepo ea rōna e ho Jehova.” (Esaia 2:4; 31:1; Liproverbia 3:5) Lipaki tsena tse khotsong tsa Jehova li ‘phela ka khotso, li ahile li iketlile, li lutse ho se marako ho se mekoallo le mamati.’ Li ‘ahile nģalong tse phahameng tsa naha.’ Hobane lichabeng tsohle, li lutse phahameng e le bona batho feela bao Gogo a sa ba qhekellang. (Ezekiele 38:11, 12) Ka hona. Gogo oa Magogo ea halefileng o khobokella tlhophiso eohle ea hae ea bodemona sebakeng sa ntoa. Joaloka tau e purumang, Satane ea nyenyefalitsoeng o itokisetsa tlhaselo ea khorola-koqo. Bakeng sa ho pholoha bohle re tlameha ‘ho ema khahlanong le eena, re tiile tumelong.’—1 Petrose 5:8, 9.
11. Jehova o ‘tlisa Gogo ho loantša naha ea Hae’ joang hona e le ka morero ofe?
11 Jehova o laela Ezekiele: “Ha ho le joalo, mor’a motho, profeta, o re ho Gogo: Morena Jehova o re: Tsatsing leo, ha sechaba [Iseraele oa moea] sa ka se ahile se iketlile, ha ke re, u tla tseba na?” Gogo le mokhopi oa hae, ba honohela tšireletseho le nala tseo ba li bonang har’a Lipaki tsa Jehova kajeno. Ba halefetse hore e be Lipaki ‘ha se karolo ea lefatše [la Satane].’ Ka hona Jehova o soma Gogo, a mo tsosa hore a hlasele Lipaki tse se nang boitšireletso. Jehova o re ho Gogo: “U tla futuhela sechaba sa ka sa Iseraele, u be joale ka leru le khurumetsang lefatše. Taba eo e tla etsahala mehleng ea qetello; ke tla u tlisa ho loantša lefatše la ka, hore lichaba li tle li ntsebe, mohla ke ikhalaletsang ka uena. Gogo, pontšeng ea tsona.”—Ezekiele 38:14, 16; Johanne 17:14, 16.
12. Ho latela Ezekiele 38:18-23, phello ea tlhaselo ea Gogo ke efe?
12 Gogo ea halefileng o nka bohato ho futuhela ‘lefatše’ le enneng la batho ba Jehova. Leha ho le joalo, na Gogo ke eena feela ea tla halefa? Ho thoe’ng ka bohale ba Morena ’Musi Jehova khahlanong le Gogo le balateli ba hae ba thetsitsoeng habonolo? Ho Ezekiele 38:18-23 Jehova o hlalosa kamoo a ‘ikhalaletsang mahlong a lichaba’ ka ho timetsa Gogo le ka ho pholosa bahlanka ba tšepahalang ba hae. Ha Morena ’Musi ka boeena a phetha tlaleho ea hae ea tlhōlo holim’a Gogo le mokhopi oa hae, o re: “Ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.” Lebitso la hae le khanyang le tlositsoe qoso!
‘Ho Lemoha se tla Hlaha’
13. Daniele o ile a beela bacha ba Lipaki mohlala o motle joang?
13 Ha Ezekiele a ntse a profeta har’a Bajode ba kholehong haufi le Babylona, Daniele e monyenyane, eo e neng e le oa leloko la borena ba Bajode, o ne a ntse a rutoa ka lekhotleng la borena la Nebukadnezare. Moo, ka botšepehi a bea mohlala o motle bakeng sa bahlanka bohle ba banyenyane ba Jehova kajeno.—Daniele 1:8, 9.
14. Ke tabeng efe moo Daniele e monyenyane a ileng a lebisa tlotla eohle ho Molimo?
14 Ka selemo sa bobeli hoba Jerusalema e oe, Nebukadnezare a ferekanngoa ke toro. Ha a phaphama, o ne a sitoa le ho hopola toro ka boeona. Daniele ea tšabang Molimo a tsebisa morena toro le koahollo ea eona. Ka ho etsa joalo, tlotla eohle a e lebisa ho Molimo, a re ho morena: “Molimo o teng maholimong oo e leng Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare tse tlang ho etsahala mehleng ea qetello.” (Daniele 2:28, NW) Re ithuta eng ka toro le tšebetso ea eona “mehleng ea qetello”?
15, 16. Koahollo ea toro ea Nebukadnezare ke efe?
15 Mona re bona seemahale se seholohali, setšoantšo se seholo haholo, boholo ba sona se entsoe ka majoe a sa tšoaneng. Daniele o hlalosa hore ana a emela letoto la mebuso ’me o bolella Nebukadnezare hore, “Hloho ea gauda ke uena,” lesika la marena a Babylona. Joale ho latela mebuso e meng ea lefatše, sefuba le matsoho tsa silevera li emela Medo-Persia, mpa le lirope tsa koporo li emela Greece, meomo ea tšepe e emela Roma ’me, qetellong, ’muso oa lefatše oa Brithani le Amerika. (Daniele 2:31-40) Ho theosa le ‘mehla e beetsoeng lichaba,’ ho tloha ka 607 B.C.E. ho fihla ka 1914 C.E., mebuso ena e matla e bile le taolo e khōlō boreneng ba ‘molimo oa lefatše lena.’—Luka 21:24; 4:5, 6; 2 Ba-Korinthe 4:4.
16 Leha ho le joalo, “mehleng ea qetello” ho hlaha “meloko ea batho,” e leng batho feela ba basebetsi. Linaheng tse ngata marena a neng a busa ka ho hlahlamana a se a nkeloa sebaka ke babusi ba bompoli kapa ba khethoang ke sechaba. Ho hlōleha ha motho ho busa lefatše ho hlahisitse mofere-fere oa puso ea bompoli le mefuta e meng ea puso e ineelang feela tjena likhethong tsa sechaba. Ho tšoana le tšepe le letsopa, tsamaiso e joalo e ke ke ea momahana. Esitana le Machabeng a Kopaneng ha ho bonngoe ha e se feela lipuisano tse bohale le litšoso. Ka ’nete, ‘ke ’muso o arohaneng.’—Daniele 2:41-43.
17. Boprofeta bo phethahatsoa joang “mehleng ea qetello”?
17 Ka hona, “mehleng ea qetello,” tseko ea puso ea lefatše e fihla sephethong sa eona. Tharollo e tla ba eng? Bona! Ho seng ho kene tšebetsong ho tloha ka 1914 ke ’Muso oa Molimo oa Messia. Ke “lejoe” le khephohileng “thabeng” ea borena ea bokahohle ba Jehova. Ha ho lepolotiki la motho le kopanelang ho oona! Ke oo o e-tla, o tseleng hantle, ka ho nepa ho fetisisang. Ka nako ea Molimo e loketseng, o robakanya maoto a setšoantšo ’me o silakanya seemahale se seholo ho se etsa phoofo kaofela ha sona. Joaloka mooko har’a moea, puso ea motho e-ea fefoloa, ho sa sale le letheba feela la eona. Empa “lejoe”—’Muso oa Molimo o moholo le oa Kreste oa oona—o fetoha thaba e khōlō e tlalang lefatše kaofela. ’Muso oo ‘o ke ke oa felisoa ’me o ke ke oa fetela ho sechaba se seng.’ O tla ema ka ho sa feleng. Re leboha Jehova hakaakang ka ‘ho senola’ liphiri tsa hae e sa le pele!—Daniele 2:29, 44, 45.
‘Ho Sututsana’ ha Kajeno
18. (a) Daniele o ile a neoa pono efe hamorao? (b) Ke eng e tsotehang ka pono ee?
18 Leha ho le joalo, Daniele o ne a bua ho hong ho eketsehileng ka puso ea batho le ‘mehla ea qetello.’ Lilemong tse ka bang 70 hoba a tsebahatse toro ea Nebukadnezare, Daniele ea tsofetseng o ne a ntse a le Babylona ’me a sebeletsa tlas’a Cyruse, morena oa Persia. Ha a le lebopong la nōka ea Hiddekele, lengeloi la itlhahisa ho eena, le re: “Ke tlile joale ho u tsebisa se tla hlahela sechaba sa heno mehleng ea qetello; hobane pono e lebisa ho tse tlang ho tla.” (Daniele 10:14) Lengeloi la tsoela pele ho hlalosa ka ho qaqa ho hoholo babusi le liketsahalo tse neng li tla hlaha historing ea puso ea Persia, Greece, Egepeta, Roma, Jeremane, Manyesemane le Maamerika le puso eo basebetsi ba nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho. Ke ho tsotehang hakaakang hore histori ena eohle, e nkang lilemong tse 2 500, e ne e ka ngoloa pele ho nako! E re nea tšepo e khōlō Lentsoeng le bululetsoeng la boprofeta la Jehova Molimo!a
19. Ke liketsahalo life tsa mehleng ena tse profetiloeng?
19 Boprofeta bona bo bolela hore, ha nako e ntse e tsoela pele, mebuso e ’meli e meholo e ne e tla hlaha, “morena oa boroa,” le “morena oa leboea.” Qetellong, lengeloi le re, morena oa leboea o tla ‘phahamela holim’a melimo eohle, ’me o tla seba Molimo oa melimo ka linyefolo tse makatsang’—lintho tse seng ntle, hobane ke ho ‘molimo oa liqhobosheane a tlang ho fana ka khanya.’ Khahlanong le “morena” enoa oa moithorisi ho eme “morena oa boroa,” eo le eena a leng matla ntoeng. Joalokaha ho ile ha boleloa, marena ana a mabeli ‘a sututsana.’ Ntoa ea ho hlabana ka mantsoe ea mehleng ena e pakeng tsa mebuso e meholo e bontšoa hantle ke sena. Ka linako tse ling ba ‘sututsana’ ka mokhoa o tala haholoanyane ha ba phea khang bakeng sa ho leka-lekana lihlomong tsa “nuclear,” ha ba ntse ba phahamisa litokisetso tsa bona tsa ntoa ho fihlela moo ba ka felloang teng.—Daniele 11:36-45.
20. Ke eng e rerang pheletso, hona “Mikaele” o ameha joang ho see?
20 Le hoja boprofeta bo boletse e sa le pele hore “morena oa leboea” o tla kena joaloka sekhohola linaheng tse ngata, hoo ho ke ke ha rera qetello. Ntlha eo e leng eona e rerang pheletso e boletsoe ho Daniele 12:1: “Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno, o tla hlaha.” Mikaele enoa ke Jesu Kreste, ea ileng a “hlaha” ka ’Muso oa hae ka 1914, ho tla leleka Satane maholimong kapele. ’Me ke ‘Morena enoa oa marena’ ea nkang bohato ka Armageddone ho isa ‘marena ’ohle a lefatše,’ a akarelletsang a “leboea” le a “boroa,” timelong.—Tšenolo 12:7-10; 19:11-19.
21. Joale pheletso “mehleng ea qetello” e tla ba efe?
21 Tlhorong ea ‘mehla ea qetello,’ pheletso e tla totobala, ka ho hlola ha ’Muso oa Molimo. Lengeloi le e hlalosa ka mantsoe ana a tsoelang pele: “’Me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.”—Daniele 12:1; bapisa Jeremia 25:31-33; Mareka 13:19.
22. Joalo ka batho ba Molimo, re lokela ho itšoara joang boprofeteng bona hona e le ka tebello efe?
22 Na re lokela ho tšoha nako eo ea mahlomola le matsoalo? E seng ha re le ka lehlakoreng la Jehova, hobane lengeloi le tsoela pele le re: “Mehleng eona eo, sechaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngoliloeng bukeng.” (Daniele 12:1) Ka baka leo, rōna bohle a re itšebeliseng boithutong bo masene ba Bibele ’me re etse ka matla ho sebeletseng Jehova. Ka hona, “mehleng ea qetello,” e se e ka re ka fumana mabitso a rōna a ngotsoe ‘bukeng ea khopotso’ ea Molimo e ‘ngolloang ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.’ (Malakia 3:16) Ka ho etsa joalo, ka hona re tla thabela tokelo ea ho kopanela tlhōlong ea hae “mehleng ea qetello.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse qaqileng, bona buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ka 1963 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 221-324.
Mabapi le ‘mehla ea qetello’—
◻ Jeremia o profetile pheletso efe ka khotso ea lefatše?
◻ Tlhaselo ea Gogo e fella ka ho rarolla tseko efe, hona, joang?
◻ Toro ea Nebukadnezare e supa tlhorong efe e khōlō?
◻ Tseko ea puso e pakeng tsa “marena” a mabeli e tla fella joang?
[Lebokose le leqepheng la 24]
LETŠOAO le ananetsoeng ke Machaba a Kopaneng bakeng sa Selemo sa oona sa Machaba sa Khotso (1986) le bontša makala a mohloare a lohiloeng, leeba, le matsoho a motho. Tsena li hlalosoa ka mokhoa o latelang: “Leeba ke letšoao la khotso le amahanngoang le letšoao la Machaba a Kopaneng la makala a lohiloeng a mohloare. Matsoho a motho a tšehelitseng leeba le haufi le ho fofa a hatisa karolo ea motho ho bolokeng khotso.”
Mehleng ena ea “nuclear,” ruri ho na le mohoo o matla o memang hore ho theoe khotso le hore e bolokoe. Empa na e ka finyelloa ka matsoho a batho? Jeremia o-oa re hopotsa: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” ’Me moprofeta o phaella ka kōpo ena: “Jehova . . . U ke u tšollele khalefo ea hao lichabeng tse sa u tsebeng.”—Jeremia 10:23-25.
Leeba le lekhapetla la mohloare li nkuoe tlalehong ea Bibele e buang ka mehla ea Noe. (Genese 8:11) Khotso e ile ea tsosolosoa joang ka nako eo? E bile ka ketso ea Molimo, moroallo oa lefatše lohle o ileng oa fiela moloko o khopo o senyehileng oa batho. Jesu o itse ‘mehla ea Noe,’ ka pefo ea eona le bobe ba eona, e ne e tšoantšetsa mehla ea ‘ho ba teng’ ha hae, e leng hona joale.—Mattheu 24:37-39; Genese 6:5-12.
Hang hape, “Molimo oa khotso” o tlameha ho fiela tsamaiso ea lintho ea bosatane, ’me hamorao “Morena oa Khotso,” Jesu Kreste, a tla tlisa khotso e sa feleng.—Ba-Roma 16:20; Esaia 9:6, 7; 33:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Jeremia o supa lentsoeng la Molimo e le tšepo ea ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ezekiele o re lemosa hore re itokisetse tlhaselo ea Gogo
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Daniele o bolela ka phello ea ‘mehla ea qetello’