Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/1 maq. 17-22
  • Emang ’me le Bone Poloko ea Jehova!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Emang ’me le Bone Poloko ea Jehova!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaseloa ha Puso ea Molimo
  • Morena o Phetha Tlhōlo ea Hae
  • Ke Mang ea Tla Etella Tlhaselo ea Gogo Pele?
  • Bahlanka ba Molimo ba Tla Itšoara Joang?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “Ke Tla u Loantša Uena Gogo”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ho Hlōla “Mehleng ea Qetello”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Gogo oa Magogo o Tla Felisoa Haufinyane
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/1 maq. 17-22

Emang ’me le Bone Poloko ea Jehova!

“Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna.”—2 Likronike 20:17.

1, 2. Ke hobane’ng ha liphello tsa tlhaselo e atamelang ea “Gogo oa naha ea Magogo” li tebile ho feta tšokelo ea bokhukhuni bo amang linaha tse ngata?

BA BANG ba ’nile ba hlalosa bokhukhuni e le tlhaselo ho baahi ba lefatše, esita le tsoelo-peleng ka boeona. Ka ho utloahalang, tšokelo e joalo e lokela ho nkoa ka botebo. Ka lehlakoreng le leng, ho na le tlhaselo e ’ngoe eo liphello tsa eona li bileng li tebileng le ho feta, eo baahi ba lefatše ba sa e nkeng ka botebo hakaalo kapa ba sa e natseng ka ho feletseng. Ke efe?

2 Ke tlhaselo ea “Gogo oa naha ea Magogo,” eo Bibele e buang ka eona ho Ezekiele khaolo ea 38. Na ke ho fetelletsa litaba ho bolela hore liphello tsa tlhaselo ena li tebile ho feta tsa tšokelo ea bokhukhuni bo amang linaha tse ngata? Che, hobane tlhaselo ea Gogo ha e khahlanong le mebuso ea batho feela. E hlasela puso ea Molimo ea leholimo! Leha ho le joalo, ho fapana le batho ba ka ’nang ba atleha ho isa bohōleng bo itseng ho loantša ho hlaseloa ha litsamaiso tsa bona, ’Mōpi o na le matla a feletseng a ho sebetsana le tlhaselo ea Gogo e mabifi.

Ho Hlaseloa ha Puso ea Molimo

3. Babusi ba lefatše ba khothalelitsoe ho etsa’ng ho tloha ka 1914, hona ba arabetse joang?

3 Khohlano e pakeng tsa Morena oa Molimo ea busang hona joale le tsamaiso e khopo ea Satane e ’nile ea tsoela pele ho tloha ha ’Muso oa Molimo o hlomamisoa maholimong ka 1914. Ka nako eo, babusi ba batho ba ile ba hlokomelisoa hore ba ikokobelletsa ’Musi eo Molimo a mo khethileng. Empa ba hanne ho etsa seo, feela joalokaha ho ile ha boleloa esale pele: “Marena a lefatše aa ema balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae, ba re: ‘A re khaoleng marapo a bona re lahlele lithapo tsa bona hōle le rōna!’” (Pesaleme ea 2:1-3) Ho hanyetsa puso ea ’Muso ho tla fihla sehlohlolong sa hona ka ho totobetseng nakong ea tlhaselo ea Gogo oa Magogo.

4, 5. Ke joang batho ba ka loantšang puso ea Molimo e sa bonahaleng ea leholimo?

4 Re ka ’na ra ipotsa hore na ke joang batho ba ka loantšang puso e sa bonahaleng ea leholimo. Bibele e senola hore puso ena e entsoe ka “ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ba rekiloeng lefatšeng,” hammoho le “Konyana,” Kreste Jesu. (Tšenolo 14:1, 3; Johanne 1:29) Kaha puso ena e ncha e leholimong, e bitsoa “maholimo a macha,” ha bafo ba eona ba lefatšeng ka ho utloahalang ba bitsoa “lefatše le lecha.” (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13) Ba bangata ba babusi-’moho le Kreste ba 144 000 ba se ba qetile bophelo ba bona ba lefatšeng ka botšepehi. Kahoo ba se ba ipakile hore ba tšoanelehela ho phetha likabelo tsa bona tse ncha tsa tšebeletso leholimong.

5 Leha ho le joalo, masala a seng makae a ba 144 000 a ntse a le lefatšeng. Ho batho ba fetang 15 000 000 ba neng ba le teng ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka 2002, ke ba 8 760 feela ba ileng ba bonahatsa tšepo ea bona ea hore ba khethetsoe kabelo ena ea leholimo. Mang le mang ea itetang sefuba ho hlasela litho tse setseng tsa ka moso tsa ’Muso oo ha e le hantle o futuhela ’Muso oa Molimo.—Tšenolo 12:17.

Morena o Phetha Tlhōlo ea Hae

6. Jehova le Kreste ba talima ba hanyetsang batho ba Molimo joang?

6 Tsela eo Jehova a sebetsang lintho ka eona ho ba hanyetsang ’Muso oa hae o hlomamisitsoeng e ile ea boleloa esale pele: “Ea lutseng maholimong o tla tšeha; Jehova o tla ba fetola litšeho. Ka nako eo o tla bua le bona ka bohale ba hae o tla ba khathatsa khalefong ea hae e tukang, a re: ‘Ke hlomamisitse morena oa ka holim’a Sione, thaba ea ka e halalelang.’” (Pesaleme ea 2:4-6) Joale nako e fihlile ea hore Kreste a “phethe tlhōlo ea hae,” tlas’a tataiso ea Jehova. (Tšenolo 6:2) Nakong ea tlhōlo ea ho qetela, Jehova o talima ba hanyetsang batho ba hae joang? O ba talima joalokaha eka ba hanyetsa eena le Morena oa hae ea busang. Jehova o re: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8) ’Me Jesu o ile a hatisa ka matla taba ea hore o nka seo batho ba se etsang kapa seo ba hlōlehang ho se etsa ho barab’abo ba tlotsitsoeng joalokaha eka ba se entse ho eena kapa ha baa ka ba se etsa ho eena.—Matheu 25:40, 45.

7. “Bongata bo boholo,” bo hlalositsoeng ho Tšenolo 7:9, bo latsoa khalefo ea Gogo ka mabaka afe?

7 Ke ’nete hore ba tšehetsang ka mafolofolo masala a batlotsuoa le bona ba tla latsoa khalefo ea Gogo. Litho tsena tsa ka moso tsa “lefatše le lecha” la Molimo ke “bongata bo boholo” bo bitsitsoeng ho “tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Ho boleloa hore “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu.” Kahoo bo boemong bo amohelehang ka pel’a Molimo le Kreste Jesu. Bo tšoere “makala a palema matsohong a bona,” bo thoholetsa Jehova e le ’Musi ea loketseng oa bokahohleng, eo bobusi ba hae bo emetsoeng ke Morena oa hae ea busang ea behiloeng teroneng, e leng Jesu Kreste, “Konyana ea Molimo.”—Johanne 1:29, 36.

8. Tlhaselo ea Gogo e tla etsa hore Kreste a etse’ng, hona e le ka phello efe?

8 Tlhaselo ea Gogo e tla etsa hore Morena oa Molimo ea behiloeng teroneng a nke khato ’me a loane ntoa ea Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ba hanneng ho amohela bobusi ba Jehova ba tla timetsoa. Ka lehlakoreng le leng, ba ileng ba mamella matšoenyeho ka lebaka la ho tšepahala ha bona ’Musong oa Molimo ba tla lokoloha ka ho sa feleng. Ntlheng ena, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Sena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ea Molimo, e isang ho nkoeng ha lōna le le ba tšoaneloang ke ’muso oa Molimo, oo ka sebele le utloang bohloko ka lebaka la oona. Sena ke ho ela hloko hore ho lokile hore Molimo a busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, empa, ho lōna ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho, phomolo hammoho le rōna tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.”—2 Bathesalonika 1:5-8.

9, 10. (a) Jehova o ile a etsa hore Bajuda ba hlōle sera sa bona se tšosang joang? (b) Bakreste kajeno ba lokela ho tsoela pele ba etsa’ng?

9 Matšoenyehong a maholo a tlang, a tla fella ka Armagedone, Kreste o tla loantša bobe bohle. Empa ho ke ke ha hlokahala hore balateli ba hae ba loane, feela joalokaha ho sa ka ha hlokahala hore baahi ba meloko e ’meli ea ’muso oa Juda ba loane lilemong tse likete tse fetileng. Ntoa e ne e le ea Jehova, ’me o ile a fana ka tlhōlo. Tlaleho e baleha tjena: “Jehova a beha banna hore ba lalle bara ba Ammone, ba Moabe le ba sebaka se lithaba sa Seire ba neng ba tla Juda, eaba ba qala ho hlabana. Bara ba Ammone le Moabe ba loantša baahi ba sebaka se lithaba sa Seire hore ba ba nehele timetso le ho ba felisa; hang ha ba qetile ka baahi ba Seire, ba thusana hore e mong le e mong a felise oa habo. Empa ha e le Bajuda, ba fihla toreng ea ho lebela ea lefeella. Ha ba retelletsa lifahleho nģeng ea bongata, litopo tsa bona li ne li oetse fatše ho se leha e le mang ea phonyohang.”—2 Likronike 20:22-24.

10 Ho ne ho le feela joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele: “Ho ke ke ha hlokahala hore le loane.” (2 Likronike 20:17) Sena se fana ka mohlala oo Bakreste ba lokelang ho o latela ha Jesu Kreste a nka khato ho ‘phetha tlhōlo ea hae.’ Khabareng, ba tsoela pele ho loantša bobe, eseng ka libetsa tsa nama, empa ka tsa moea. Kahoo ba ‘tsoela pele ho hlōla bobe ka botle.’—Baroma 6:13; 12:17-21; 13:12; 2 Bakorinthe 10:3-5.

Ke Mang ea Tla Etella Tlhaselo ea Gogo Pele?

11. (a) Gogo o tla sebelisa mekhatlo efe ha a hlasela? (b) Ho falimeha moeeng ho akarelletsa eng?

11 Gogo oa Magogo o tsebahatsoa e le Satane Diabolose boemong ba hae bo eisehang ho tloha ka 1914. Kaha ke sebōpuoa sa moea, a ke ke a hlasela ka ho toba, empa o tla sebelisa mekhatlo ea batho ho phetha liketso tsa hae. Mekhatlo ee ea batho e tla ba efe? Bibele ha e re qaqisetse, empa e re fa matšoao a itseng a ka re thusang ho khetholla hore na e tla ba efe. Ha liketsahalo tsa lefatše li ntse li senoha ho phethahatsa boprofeta ba Bibele, butle-butle re tla ba le setšoantšo se hlakileng haholoanyane. Batho ba Jehova ba qoba ho phopholetsa maemo empa ba lula ba falimehile moeeng, ba ela hloko lintho tse etsahalang lipolotiking le bolumeling tse lumellanang le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele.

12, 13. Ke joang moprofeta Daniele a ileng a bolela esale pele tlhaselo ea ho qetela ho batho ba Molimo?

12 Moprofeta Daniele o fana ka leseli ka tlhaselo ea ho qetela ho batho ba Molimo, oa ngola: “[Morena oa leboea] o tla tsoa ka khalefo e khōlō e le hore a felise le ho nehela ba bangata timetsong. O tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso.”—Daniele 11:44, 45.

13 Mehleng ea Bibele, “leoatle le leholo” e ne e le Leoatle la Mediterranean, ’me “thaba e halalelang” e le Sione, eo ka eona Jehova a ileng a re: “Ke hlomamisitse morena oa ka holim’a Sione, thaba ea ka e halalelang.” (Pesaleme ea 2:6; Joshua 1:4) Kahoo, ka kutloisiso ea moea, naha e “pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang” e emela boemo bo atlehileng ba moea ba Bakreste ba tlotsitsoeng. Ha ba sa ikamahanya le leoatle la batho ba ikarotseng ho Molimo, ’me ba lebeletse ho busa le Kreste Jesu ’Musong oa leholimo. Ka ho hlakileng, bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng, hammoho le metsoalle ea bona e tšepahalang ea bongata bo boholo, ba tla futuheloa ke morena oa leboea tlhaselong ea hae e mabifi phethahatsong ea boprofeta ba Daniele.—Esaia 57:20; Baheberu 12:22; Tšenolo 14:1.

Bahlanka ba Molimo ba Tla Itšoara Joang?

14. Batho ba Molimo ba tla etsa lintho life tse tharo ha ba hlaseloa?

14 Bahlanka ba Molimo ba tla lebelloa hore ba etse’ng hang ha ba hlaseloa? Tsela eo sechaba sa Molimo sa mehleng ea Josafate se ileng sa itšoara ka eona e fana ka mohlala. Hlokomela hore baahi ba sona ba ne ba laetsoe hore ba etse lintho tse tharo: (1) ba eme libakeng tsa bona, (2) ba ikemele, ’me (3) ba bone poloko ea Jehova. Batho ba Molimo kajeno ba tla etsa’ng tumellanong le mantsoe aa?—2 Likronike 20:17.

15. Ho bolela’ng ho batho ba Jehova ho ema libakeng tsa bona?

15 Ba eme libakeng tsa bona: Batho ba Molimo ba tla tsoela pele ba bolokile libaka tsa bona ba tšehetsa ’Muso oa Molimo ka mafolofolo, ba sa thekesele. Ba tla tsoela pele ho boloka boemo ba bona ba ho se nke lehlakore ha Bokreste. E tla ba “ba tiileng, ba sa sutheng” tšebeletsong ea bona e tšepahalang ho Jehova ’me ba tla tsoela pele ho rorisa Jehova phatlalatsa ka mosa oa hae o lerato. (1 Bakorinthe 15:58; Pesaleme ea 118:28, 29) Ha ho khatello e teng hona joale kapa e tlang ho tla e ka ba sisinyang boemong bona boo Molimo a bo amohelang.

16. Bahlanka ba Jehova ba tla ikemela ka tsela efe?

16 Ba ikemele: Bahlanka ba Jehova ba ke ke ba leka ho ipholosa empa ba tla beha tšepo ea bona e feletseng ho Jehova. Ke eena feela ea nang le matla a ho pholosa bahlanka ba hae pherekanong ea lefatše, ’me o tšepisitse ho etsa sona seo. (Esaia 43:10, 11; 54:15; Lillo Tsa Jeremia 3:26) Ho tšepa Jehova ho tla akarelletsa ho tšepa mocha o bonahalang kajeno oo ka ho hlakileng a ’nileng a o sebelisa ka lilemo tse mashome ho phetha merero ea hae. Ho feta leha e le neng pele, ka nako eo Bakreste ba ’nete ba tla lokela ho tšepa barapeli-’moho le bona bao Jehova le Morena oa hae ea busang ba ba fileng matla a ho etella pele. Banna bana ba tšepahalang ba tla tataisa batho ba Molimo. Ho hlokomoloha tataiso ea bona ho ka lebisa tlokotsing.—Matheu 24:45-47; Baheberu 13:7, 17.

17. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba tla bona poloko ea Jehova?

17 Ba bone poloko ea Jehova: Bakreste bohle ba emeng libakeng tsa bona ka botšepehi le ba itšepetseng Jehova bakeng sa topollo ba tla putsoa ka poloko. Ho fihlela horeng ea ho qetela—le ho isa bohōleng boo ba ka bo khonang—ba tla phatlalatsa ho tla ha letsatsi la Jehova la kahlolo. Pōpo eohle e lokela ho tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete le hore o na le bahlanka ba tšepahalang mona lefatšeng. Ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore ho be le phehisano e telele ka taba ea hore na bobusi ba Jehova bo loketse kapa che.—Ezekiele 33:33; 36:23.

18, 19. (a) Pina ea tlhōlo e ho Exoda khaolo ea 15 e hlalosa joang boikutlo ba ba tlang ho pholoha tlhaselo ea Gogo? (b) Batho ba Molimo ba lokela ho etsa’ng hona joale?

18 Batho ba Molimo ba tla kena lefatšeng le lecha ka matla a nchafetseng, ba labalabela ho bina pina ea tlhōlo, feela joalokaha Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba bina ka mor’a hore ba lopolloe Leoatleng le Lefubelu. E le batho ka bomong hape e le sehlopha, ba leboha Jehova ka ho sa feleng ka tšireletso ea hae, ba tla bua mantsoe a builoeng khale a reng: “E-re ke binele Jehova, kaha o phahame haholo. . . . Jehova ke mohale oa ntoa. Jehova ke lebitso la hae. . . . Jehova, letsoho la hao le letona le ka tamukanya sera. Ka bophahamo ba hao bo boholo u ka liha ba u tsohelang matla; u romela bohale ba hao bo tukang, bo ba ja joaloka litlhaka. . . . Ka mosa oa hao o lerato u tsamaisitse sechaba seo u se lopolotseng; ka sebele ka matla a hao u tla se isa sebakeng sa hao sa bolulo se halalelang. . . . U tla se tlisa ’me u se hlome thabeng ea lefa la hao, sebakeng se tiisitsoeng seo u lokiselitseng hore u lule ho sona, Jehova, Sehalalelong, Jehova, seo matsoho a hao a se tiisitseng. Jehova o tla busa e le morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—Exoda 15:1-19.

19 Joale ba e-na le tebello ea bophelo bo sa feleng e khanyang ho feta leha e le neng pele, ena ke nako e loketseng ea hore bahlanka ba Molimo ba bonahatse boinehelo ba bona ho Jehova ’me ba tsosolose boikemisetso ba bona ba ho mo sebeletsa e le Morena oa bona oa ka ho sa feleng!—1 Likronike 29:11-13.

U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha tlhaselo ea Gogo e tla lebisoa ho batlotsuoa le linku tse ling?

• Batho ba Molimo ba tla ema libakeng tsa bona joang?

• Ho ikemela ho bolela’ng?

• Batho ba Molimo ba tla bona poloko ea Jehova joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jehova o ile a etsa hore Josafate le batho ba hae ba hlōle, ho sa hlokahale hore ba loane

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Batlotsuoa le linku tse ling ba kopanela ho phahamiseng bobusi ba Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ho tšoana le Baiseraele ba boholo-holo, haufinyane batho ba Molimo ba tla bina pina ea tlhōlo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela