Pale ea Bophelo
Thabo e ke Keng ea Lekanngoa!
JOALOKAHA HO BOLETSE REGINALD WALLWORK
“Ha ho letho lefatšeng lena le ka bapisoang le thabo eo re bileng le eona ka ho ba tšebeletsong ea Jehova ea nako e tletseng re le baromuoa!” Ke fumane lengolo lena le ngotsoeng ka mokhoa o sa hlakang har’a lipampiri tsa mosali oa ka nakoana ka mor’a lefu la hae ka May 1994.
HA KE nahanisisa ka mantsoe ana a Irene, ke hopola lilemo tse 37 tse thabisang, tse khotsofatsang tseo re li qetileng re le baromuoa Peru. Re ’nile ra thabela bolekane bo babatsehang ba Bokreste haesale ho tloha ka lechato la rōna ka December 1942—’me ke hona mona moo ke lokelang ho qala pale ea ka teng.
Irene o ile a hōlisoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova Liverpool, Engelane. E ne e le e mong oa banana ba bararo, ’me o ile a hlokahalloa ke ntate oa hae nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Hamorao ’mè oa hae o ile a nyaloa ke Winton Fraser, ’me ba ile ba e-ba le mora, ea bitsoang Sidney. Nakoana pele Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma, lelapa labo le ile la fallela Bangor, Wales Leboea, moo Irene a ileng a kolobetsoa teng ka 1939. Sidney o ne a ile a kolobetsoa selemo pejana, kahoo eena le Irene ba ile ba sebeletsa hammoho e le bo-pula-maliboho—baboleli ba evangeli ba nako e tletseng—haufi le lebōpo la leoatle le ka leboea ho Wales, ho tloha Bangor ho ea fihla Caernarvon, ho akarelletsa le sehlekehleke sa Anglesey.
Ka nako eo, ke ne ke le Phuthehong ea Runcorn, e bohōle ba lik’hilomithara tse 20 ka boroa-bochabela ho Liverpool, ke sebeletsa ke le molebeli ea okamelang, kamoo a seng a bitsoa kateng kajeno. Irene o ile a tla ho ’na re le kopanong ea potoloho a tlil’o kōpa tšimo eo a neng a ka bolela ho eona, kaha o ne a il’o lula le Vera, moholoane oa hae ea nyetsoeng, ea neng a lula Runcorn. Ke ile ka tloaelana le Irene haholo ka libeke tse peli tseo a neng a e-na le rōna ka tsona, ’me hamorao ka mo chakela ka makhetlo a ’maloa Bangor. Ke ile ka thaba hakaakang mafelo-bekeng a mang ha Irene a lumela ha ke mo kōpa hore re nyalane!
Eitse ha ke khutlela lapeng ka Sontaha, hang-hang ke ile ka qalella ho etsa litokisetso tsa lechato la rōna, empa ka Labobeli ka amohela thelekramo. E ne e baleha tjena: “Ke masoabi hore ebe thelekramo ena e tla u utloisa bohloko. Ke emisa lechato la rōna. U tla fumana lengolo.” Ke ile ka ferekana maikutlo. Ebe ho ne ho senyehile kae?
Lengolo la Irene le ile la fihla letsatsing le latelang. O ile a mpolella hore o ne a ea Horsforth, Yorkshire, moo a neng a il’o bula maliboho le Hilda Padgett teng.a O ile a ntlhalosetsa hore likhoeling tse 12 pejana, o ne a ile a lumela hore o tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō haeba a ne a ka kōptjoa ho etsa joalo. O ile a ngola: “Ho ’na sena se ne se tšoana leha ke entse kano ho Jehova, ’me kaha ke e entse pele ke u tseba, ke ikutloa ke tlameha ho e phetha.” Le hoja ke ne ke utloile bohloko, ke ile ka khahloa ke botšepehi ba hae haholo ’me ka mo romela karabo ena ka thelekramo: “Tsamaea. Ke tla u emela.”
Ha a le Yorkshire, Irene o ile a ahloleloa ho kena teronkong ka likhoeli tse tharo kahobane a ile a hana ho tšehetsa mosebetsi o amanang le ntoa ka lebaka la letsoalo la hae. Empa likhoeli tse 18 hamorao, ka December 1942, re ile ra nyalana.
Nako ea ho Hōla ha Ka
’Mè o ne a ile a reka sete ea libuka tsa Studies in the Scriptures ka 1919.b Le hoja ho ne ho se buka eo ’Mè a neng a kile a e bala pele ho moo, joalokaha ka nepo Ntate a ne a ile a bolela, ’Mè o ne a ikemiselitse ho bala libuka tsena ka hloko a sebelisa Bibele ea hae. O ile a li bala ’me a kolobetsoa ka 1920.
Ntate o ne a le bonolo ’me a sa thibele ’Mè ho etsa seo a neng a batla ho se etsa, ’me seo se ne se akarelletsa ho hōlisetsa bana ba bona ba bane—e leng likhaitseli tsa ka tse peli Gwen le Ivy; moholoane oa ka Alec; hammoho le ’na—tseleng ea ’nete. Stanley Rogers le Lipaki tse ling tse tšepahalang tsa Liverpool ba ne ba tla ho tla fana ka lipuo tsa Bibele Runcorn, moo ka potlako ho ileng ha thehoa phutheho e ncha. Lelapa leso le ile la tsoela pele hantle moeeng ’moho le phutheho eo.
Gwen o ne a ntse a ithutela ho ea tiiselletsoa Kerekeng ea Chache empa o ile a emisa hang ha a qala ho ithuta Bibele hammoho le ’Mè. Ha moruti a ne a re chaketse ho tla utloa hore na ke hobane’ng ha a se a sa ee thupelong ea hae, o ile a teana le letoto la lipotso tseo a neng a sa khone ho li araba. Gwen o ile a mo botsa hore na Thapelo ea Morena e bolela eng ’me qetellong ea e-ba eena ea mo hlalosetsang eona! O ile a lihela likhala ka ho qotsa 1 Bakorinthe 10:21, ho mo hlakisetsa hore o ne a ke ke a tsoela pele ho ‘jela litafoleng tse peli.’ Ha a se a tsamaea, moruti eo o ile a re o tla rapella Gwen ’me a khutle a tl’o mo araba, empa haesale a khutla ka molomo. Ka mor’a hore a kolobetsoe, kapele-pele Gwen e ile ea e-ba ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng.
Phutheho ea heso e ne e beha mohlala o motle tabeng ea ho hlokomela bacha. Ke hopola ha ke le lilemo li supileng, ke mametse puo e neng e fanoa ke moholo e mong ea neng a etile. Ka mor’a moo, o ile a tla qoqa le ’na. Ke ile ka mo bolella hore ke ne ke ntse ke bala ka Abrahama le kamoo a ileng a leka ho nyehela mora oa hae Isaka kateng. O ile a re: “E-ea sekhutlong sa sethala ’me u nqoqele taba eo ka botlalo.” Ke ile ka thaba hakaakang ha ke ne ke eme moo ke qala ho fana ka ‘puo ea ka ea phatlalatsa’ ea pele!
Ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 15 ka 1931, e leng selemo seo ’Mè a ileng a hlokahala ka sona, ’me ke ile ka tlohela sekolo ho ea mosebetsing oa ho koetlisetsoa ho ba setsebi sa motlakase. Ka 1936 lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele li ile tsa letsoa phatlalatsa ka likeramafono, ’me morali’abo rōna e mong ea hōlileng o ile a re khothatsa hore ’na le Moholoane re be mahlahahlaha mosebetsing ona oa tšimo. Kahoo ’na le Alec re ile ra ea Liverpool ho ea reka baesekele le ho e kenya lebokose le tšelang thepa lehlakoreng bakeng sa ho laela keramafono ea rōna. Ho ile ha hokeloa sebuela-hōle ka mor’a lebokose leo, holim’a phaephe e ka honyetsoang e bolelele ba limithara tse peli. Motho ea teang o ile a re bolella hore o ne a e-s’o ka a etsa ntho e joalo pele ho moo, empa e ile ea sebetsa hantle! Re ile ra akaretsa tšimo eo re neng re e abetsoe ka cheseho, ’me ra ananela khothatso ea morali’abo rōna le menyetla e khethehileng ea tšebeletso eo re ileng ra e fuoa.
Ntoa ea II ea Lefatše—Nako ea Teko
Ha ntoa e se e le haufi le ho qhoma, ’na le Stanley Rogers re ne re tšoarehile ka ho tsebahatsa puo ea phatlalatsa e neng e re, “Tobang Linnete,” e neng e tla fanoa Holong ea Royal Albert ea London ka la 11 September, 1938. Hamorao ke ile ka kopanela mosebetsing oa ho aba puo eo e se e le bukana, ke e tsamaisa le bukana e reng Fascism or Freedom, e neng e hatisitsoe selemong se latelang seo. Libukana tseo ka bobeli li ile tsa pepesa takatso e matla ea bompoli ea Jeremane tlas’a Hitler. Ka nako eo, ke ne ke tsebahala haholo Runcorn ka lebaka la tšebeletso ea ka ea phatlalatsa ’me ke ne ke hlomphuoa ka lebaka la eona. Ha e le hantle, taba ea hore ke ne ke lula ke le ka pele-pele mosebetsing ona oa puso ea Molimo e ile ea ntsoela molemo.
K’hamphani eo ke neng ke e sebeletsa e ne e ile ea kenela tumellano ea ho kenya motlakase fekthering e ’ngoe e ncha e mathōkong a motse. Eitse ha ke utloa hore e ne e tla ba fektheri e etsang libetsa tsa ntoa, ke ile ka hlakisa hore ke ne nke ke ka sebetsa moo. Le hoja bahiri ba ka ba ne ba sa thaba, mookameli oa ka o ile a mpuella, eaba ke fuoa mosebetsi o mong. Hamorao ke ile ka fumana hore ’mangoane oa hae e ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Mosebetsi-’moho le ’na e mong o ile a nkhothatsa haholo ha a ne a re: “Re ke ke ra lebella se fapaneng ho uena, Reg, hobane haesale u ntse u tšoarehile ka mosebetsi oo oa Bibele ka lilemo tse ngata.” Leha ho le joalo, ke ile ke tšoanela ho lula ke falimehile, kaha basebetsi-’moho le ’na ba bangata ba ne ba batla ho mpakela mathata.
Ka June 1940, lekhotla la Liverpool le ile la amohela ho ingolisa ha ka ke le motho ea sa keneng sesoleng ka lebaka la letsoalo hafeela ke ne nka lula mosebetsing oa ho ba setsebi sa motlakase. Ntle ho pelaelo, sena se ile sa nthusa hore ke tsoele pele ka tšebeletso ea ka ea Bokreste.
Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ha ntoa e se e tla lala, ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi ho ea sebetsa ’moho le Irene tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka 1946, ke ile ka haha k’haravene e bolelele ba limithara tse hlano eo e ileng ea e-ba lehae la rōna, ’me selemong se latelang re ile ra kōptjoa ho ea Alveston, e leng motse o Gloucestershire. Ka mor’a moo, re ile ra bula maliboho motsaneng oa khale oa Cirencester le motseng oa Bath. Ka 1951, ke ile ka memeloa ho etela liphutheho tse ka boroa ho Wales ke le molebeli ea tsamaeang, empa pele lilemo tse peli li fela hamorao, re ne re le leetong le eang Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ho ea koetlisetsoa ho ba baromuoa.
Sehlopha sa bo21 sa sekolo se ile sa tšoareloa Lansing Boroa, ka leboea ho New York, ’me re ile ra abeloa mangolo ka 1953 re le Kopanong ea Mokhatlo oa Lefatše le Lecha e neng e tšoaretsoe New York City. ’Na le Irene re ne re sa tsebe hore na re tla abeloa ho ea sebeletsa hokae ho fihlela letsatsing leo ka lona re ileng ra abeloa mangolo. Re ile ra thaba hakaakang ha re tseba hore re ne re abetsoe ho ea Peru. Hobane’ng? Hobane Sidney Fraser, khaitseli ea Irene ka ’mè oa bona, le Margaret, mohats’ae, ba ne ba sebelelitse ofising ea lekala e Lima ka nako e fetang selemo ka mor’a ho fuoa mangolo a bona sehlopheng sa bo19 sa Gileade!
Ha re ntse re emetse li-visa, re ile ra sebetsa Bethele e Brooklyn ka nakoana, empa kapele-pele re ile ra kena leetong le eang Lima. Kabelo ea rōna ea pele ho tse leshome ea boromuoa e ne e le Callao, e leng kou e khōlō ea leoatle Peru, ka bophirimela ho Lima. Le hoja re ne re ithutile Sepanishe, ka nako eo ’na le Irene re ne re sa khone ho bua puo eo hantle. Re ne re tla atleha joang?
Mathata le Melemo ea Boboleli
Ha re le Gileade re ile ra bolelloa hore ’mè ha a rute ngoana puo. Ho e-na le hoo, ngoana o ithuta eona ha ’mè oa hae a ntse a bua le eena. Kahoo keletso eo re ileng ra e fuoa e ne e re: “Tsamaeang ’me le kene mosebetsing oa boboleli hang-hang, ’me le ithute puo ea moo ho batho ka kakaretso. Ba tla le thusa.” Nahana kamoo ke ileng ka ikutloa kateng ha e re ho e-s’o fele libeke tse peli re fihlile, ke sa ntse ke loanela ho ithuta puo ena e ncha, ke se ke khetheloa ho ba molebeli ea okamelang Phuthehong ea Callao! Ke ile ka ea ho Sidney Fraser, empa keletso ea hae e ne e ntse e tšoana le eo re e fuoeng ha re le Gileade—tloaelana le batho ka phuthehong ’moho le batho ba tšimong ea heno. Ke ile ka ikemisetsa ho latela keletso ena.
Hoseng ho hong ka Moqebelo, ke ile ka kopana le ’metli e mong oa mapolanka moo a sebeletsang teng. O ile a re: “Ke tlameha ho tsoela pele ka mosebetsi oa ka, empa ke kōpa u lule fatše u bue.” Ke ile ka mo bolella hore ke tla etsa joalo tlas’a boemo bo le bong: “U ntokise ha ke fosa. Nke ke ka khopeha.” O ile a tšeha ’me a lumela ho etsa seo ke se kōpang. Ke ne ke mo etela habeli ka beke, ’me ke ile ka fumana eo e le tsela e molemohali ea ho tloaelana le puo ea ka e ncha, feela joalokaha ke ne ke ile ka bolelloa.
Ka tšohanyetso ha ke le Ica, kabelong ea rōna ea bobeli ea boromuoa, ke ile ka teana le ’metli e mong oa mapolanka ’me ka mo hlalosetsa ka tlhophiso eo ke neng ke e entse ha ke le Callao. O ile a lumela hore o tla nthusa ka tsela e tšoanang, kahoo tsebo ea ka ea Sepanishe e ile ea ’na ea ntlafala, le hoja ho ile ha feta lilemo tse tharo pele leleme le paqama. Monna eo o ne a lula a phathahane, empa ke ne ke khona ho mo khannela thuto ea Bibele ka ho mo balla Mangolo le ho mo hlalosetsa seo a se bolelang. Bekeng e ’ngoe ha ke il’o mo bona, mong’a hae o ile a mpolella hore o ile Lima ho ea sebetsa mosebetsi o mong. Hamorao ha ’na le Irene re ile kopanong Lima, ke ile ka teana le monna eo hape. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke utloa hore o ne a ile a ikopanya le Lipaki tsa sebakeng seo e le hore a ka tsoela pele ho ithuta le hore eena le lelapa la hae kaofela e ne e se e le bahlanka ba Jehova ba inehetseng!
Phuthehong e ’ngoe, re ile ra fumana hore ho ne ho e-na le monna e mong le mosali e mong ba bacha ba neng ba phela hammoho ba sa nyalana, leha ho le joalo ba ne ba kolobelitsoe. Eitse ha re ntse re tšohla melao-motheo ea Mangolo e amehang tabeng eo, ba ile ba etsa qeto ea ho tiisa lenyalo, e leng se neng se tla etsa hore ba tšoanelehe ho ba Lipaki tse kolobelitsoeng. Kahoo ke ile ka lokisetsa ho ba isa liofising tsa ’muso hore ba e’o ngolisa lenyalo la bona. Empa ho ile ha e-ba le bothata hobane ba ne ba e-na le bana ba bane ba neng ba sa ngolisoa, ’me seo se ne se hlokahala ho ea ka molao. Ka ho hlakileng re ne re ipotsa hore na ebe ramotse o ne a tla nka bohato bofe. Ramotse eo o ile a re: “Kaha batho bana ba lokileng, e leng bo-mphato ba lōna ba Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba tiisa hore le nyalana ka molao, nke ke ka ntša qoso bakeng sa ngoana e mong le e mong, empa ba tla ngolisoa ka molao ntle ho tefo.” Re ile ra thaba hakaakang, kaha lelapa lena le ne le futsanehile ’me tefiso leha e le efe e ne e ka ba moroalo o boima ho bona!
Hamorao Albert D. Schroeder ea neng a tsoa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn o ile a re etela ’me a khothalletsa hore ho hahuoe lehae le lecha la baromuoa karolong e ’ngoe ea Lima. Kahoo ’na le Irene le baralib’abo rōna ba babeli ba tsoang United States, e leng Frances le Elizabeth Good hammoho le banyalani ba bang ba Macanada re ile ra fallela seterekeng sa San Borja. Ka nako e ka etsang lilemo tse peli kapa tse tharo, re ile ra hlohonolofatsoa ka hore ho thehoe phutheho e ’ngoe e hōlang.
Ha re ntse re sebeletsa Huancayo, e bophahamo ba limithara tse fetang 3 000 ka holim’a lihlaba tse bohareng, re ne re kopanela le phutheho ea moo ea Lipaki tse 80. Ha ke le moo, ke ile ka kopanela kahong ea Holo ea ’Muso ea bobeli e ileng ea hahuoa naheng eo. Ke ile ka khetheloa ho ba moemeli oa molao oa Lipaki Tsa Jehova, kaha re ile ra lokela ho ea khotla hararo ho ea paka hore re na le litokelo tsa molao setšeng seo re neng re se rekile. Liketso tse joalo, hammoho le mesebetsi e meng e eketsehileng ea ho etsa barutuoa e neng e etsoa ke baromuoa ba bangata ba tšepahalang lilemong tseo tsa pele, li ile tsa rala motheo o tiileng bakeng sa keketseho e ntle eo re e bonang hona joale Peru—ho tloha ho Lipaki tse 283 ka 1953 ho ea ho tse fetang 83 000 kajeno.
Ho Tsamaea ka Pelo e Bohloko
Re ’nile ra thabela botsoalle bo molemo le baromuoa-’moho le rōna mahaeng ’ohle a rōna a baromuoa, moo hangata ke neng ke fuoa tokelo ea ho ba molebeli oa lehae. Mantaha o mong le o mong hoseng, re ne re bokana hammoho ho tla buisana ka mosebetsi oa rōna oa bekeng eo le ho aba mesebetsi ea ho hlokomela lehae la rōna. Taba ea bohlokoa eo kaofela ha rōna re neng re e ela hloko ke mosebetsi oa boboleli, ’me hore re finyelle pakane eo, kaofela re ne re sebetsa hammoho ka kutloano. Ke thabela hore ebe ha ho mohla re kileng ra ba le khohlano e khōlō mahaeng ’ohle a rōna.
Kabelo ea rōna ea ho qetela e ne e le Breña, e leng motse o mong o mathōkong a Lima. Phutheho ea moo e lerato e neng e e-na le Lipaki tse 70 e ile ea hōla ka potlako ho fihlela e e-na le Lipaki tse fetang 100, kahoo ho ile ha thehoa phutheho e ’ngoe Palominia. Ke hona nakong ena moo Irene a ileng a qala ho kula. Pele ke ile ka hlokomela hore ka linako tse ling o ne a sa hopole seo a se buileng, ’me ka makhetlo a mang o ne a boetse a thatafalloa ke ho fumana tsela e khutlelang hae. Le hoja a ne a fumana phekolo e ntle, boemo ba hae bo ne bo ntse bo mpefala hanyane ka hanyane.
Ka masoabi, ka 1990, ke ile ka tšoanela ho etsa litokisetso tsa ho khutlela Engelane moo khaitseli ea ka Ivy a ileng a re amohela ka mosa lelapeng la hae. Irene o ile a hlokahala lilemo tse ’nè hamorao, a le lilemo li 81. Ke ’nile ka tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ke sebeletsa ke le moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tse motseng oa heso tse tharo. Ka linako tse ling, ke ee ke ee Manchester ho ea khothatsa sehlopha sa moo se buang Sepanishe.
Morao tjena ke bile le phihlelo e thabisang e qalileng lilemong tse mashome tse fetileng ha ke ne ke letsetsa beng ba matlo puo ea metsotso e mehlano ka keramafono ea ka. Ke sa hopola ka ho hlaka ngoananyana e mong ea kenang sekolo ea neng a eme ka mor’a ’mè oa hae monyako, a mametse molaetsa.
Hamorao ngoanana enoa o ile a fallela Canada, ’me mokhotsi oa hae ea ntseng a lula Runcorn eo hona joale e leng Paki, o ile a lula a ntse a mo ngolla. Morao tjena o ile a ngola hore Lipaki tse peli li ile tsa mo etela ’me tsa bua mantsoe ao ka tšohanyetso a ileng a mo hopotsa seo a neng a se utloe rekotong eo e neng e nka metsotso e mehlano. O ile a hlokomela hore seo ke ’nete; hona joale ke mohlanka oa Jehova ea inehetseng ’me o ile a kōpa hore ho fetisetsoe liteboho tsa hae ho mohlankana ea kileng a etela habo lilemong tse ka hōlimo ho 60 tse fetileng! Ka sebele, ha re tsebe moo peō ea ’nete e tla mela teng e be e hōle.—Moeklesia 11:6.
E, ha ke talima bophelo ba ka boo ke bo qetileng tšebeletsong ea Jehova e babatsehang ke tlala kananelo e khōlō. Ho tloha ka 1931 ha ke ne ke inehela, ha ho na kopano ea batho ba Jehova eo nkileng ka ba sieo ho eona. Le hoja ’na le Irene re sa ka ra ba le bana, ke thabela hore ebe ka kutloisiso ea moea ke na le bara le barali ba fetang 150, bao kaofela ha bona ba sebeletsang Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Joalokaha mosali oa ka ea ratehang a ile a hlalosa, ka sebele menyetla e khethehileng ea tšebeletso eo re bileng le eona e re tliselitse thabo e ke keng ea lekanngoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ba Hilda Padgett, e reng “Ho Latela Mehlaleng ea Batsoali ba Ka,” e ile ea hlaha Molula-Qhooeng oa October 1, 1995, leqepheng la 19-24.
b E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
’Mè, mathoasong a bo-1900
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Ka ho le letšehali: Ke Hilda Padgett, ’na, Irene le Joyce Rowley ha re le Leeds, Engelane, ka 1940
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ka holimo: Ke ’na le Irene ka pel’a k’haravene eo e neng e le lehae la rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ha ho ne ho tsebahatsoa puo ea phatlalatsa Cardiff, Wales, ka 1952