Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 1/1 maq. 23-26
  • Laetsa o Ileng oa Fetola Bophelo ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Laetsa o Ileng oa Fetola Bophelo ba Ka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōla ke le Tsebe-tutu
  • Ho ba Mokhelo
  • Ho Qala Setsoalle sa Bohlokoa
  • Ho Tsamaea le Motsoalle ea Khethehileng
  • Manazi a Hlōlehile ho Mphetola
    Tsoha!—2011
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Ke Ile ka Bona, Empa ha Kea ka ka Utloisisa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 1/1 maq. 23-26

Pale ea Bophelo

Laetsa o Ileng oa Fetola Bophelo ba Ka

JOALOKAHA HO BOLETSE IRENE HOCHSTENBACH

E ne e le ka Labobeli mantsiboea ka 1972. Ke ne ke le lilemo li 16 ’me ke ne ke felehelitse batsoali ba ka ho ea sebokeng sa bolumeli Eindhoven, motse o profinseng ea Brabant, Netherlands. Ke ne ke sa phutholoha ebile ke lakatsa eka nka be ke le sebakeng se seng. Eaba basali ba babeli ba bacha ba mpha molaetsa o reng: “Irene ea ratehang, re rata ho u thusa.” Ke ne ke sa tsebe hore molaetsa oo o ne o tla fetola bophelo ba ka. Empa pele, e-re ke u bolelle ka semelo sa ka.

KE HLAHETSE sehlekehlekeng sa Belitung, Indonesia. Ke sa hopola melumo e neng e utloahala sehlekehlekeng se chesang se mongobo—molumo oa ho fokaela ha lifate tsa palema, ho hoasa ha nōka e haufi, ho keketeha ha bana ba bapalang ka tlung, haesita le molumo oa ’mino ka tlung. Ka 1960, ha ke le lilemo li ’nè, lelapa leso le ile la falla Indonesia la ea Netherlands. Re ile ra tsamaea leeto le lelelele ka sekepe, ’me ka ho khetheha ke hopola molumo oa popi eo ke neng ke e rata haholo eo ke neng ke e nkile—popi e letsang meropa. Ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka ba tsebe-tutu ka lebaka la bokuli, ’me ho tloha ka nako eo ha kea ka ka hlola ke utloa melumo leha e le efe. Seo ke setseng le sona feela ke ho hopola melumo eo.

Ho Hōla ke le Tsebe-tutu

Ka lebaka la tlhokomelo e lerato ea batsoali ba ka, qalong ke ne ke sa tsebe hore ho ba tsebe-tutu ho bolela’ng. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke bile ke qaboloa ke hearing aid ea ka e khōlō, kaha ebile e ne e sa nthuse hakaalo. Bana ba motseng ha ba ne ba bua le ’na, ba ne ba ’ngolla molaetsa o molelele ka choko ka thōko ho tsela, ’me ’na ke ne ke ba araba, le hoja ke ne ke sa ikutloe.

Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka hlokomela hore ke fapane le batho ba bang. Ke ile ka boela ka qala ho hlokomela hore batho ba bang ba bapala ka ’na hobane ke le tsebe-tutu, ka ba ka lemoha hore ba bang baa nkoekoetla. Ke ile ka qala ho ikutloa ke le mokhelo ke bile ke jeoa ke bolutu. Ke ile ka qala ho tseba se boleloang ke ho ba tsebe-tutu, ’me ha ke ntse ke hōla ke ile ka tšaba ho ba har’a batho ba utloang.

E le hore ke ee sekolong se khethehileng sa bo-tsebe-tutu, batsoali ba ka ba ile ba fallisa lelapa lohle motseng o profinseng ea Limburg ba le isa motseng oa Eindhoven. Ha re le moo, Ntate o ile a batla mosebetsi ’me khaitseli ea ka le bo-ausi ba ile ba ea sekolong se seng. Ke leboha liphetoho tsohle tseo ba ileng ba li etsa molemong oa ka. Ha ke le sekolong, ke ile ka rutoa ho laola molumo oa lentsoe la ka le ho bua ka ho hlaka. Le hoja matichere a ne a sa sebelise puo ea matsoho, liithuti-’moho le ’na li ile tsa nthuta ho e sebelisa.

Ho ba Mokhelo

Ha ke ntse ke hōla, batsoali ba ka ba ne ba leka ka hohle ho buisana le ’na, empa ke ne ke sa utloisise lintho tse ngata. Ka mohlala, ke ne ke sa utloisise hore batsoali ba ka ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Empa ke hopola hore ka letsatsi le leng lelapa leso le ile la etela sebakeng se seng moo batho ba bangata ba neng ba lutse litulong. Kaofela ba ne ba shebile pele mane, ka linako tse ling ba opa liatla, ’me ka mor’a nako ba ema—empa ke ne ke sa tsebe hore na ba etsa lintho tsena ka lebaka lefe. Ka mor’a nako, ke ile ka tseba hore ke ne ke ile kopanong ea Lipaki Tsa Jehova. Batsoali ba ka ba ne ba boetse ba tloaetse ho ea le ’na holong e nyenyane motseng oa Eindhoven. Ke ne ke thabela ho ea moo hobane bohle ba ne ba le mosa, ’me lelapa leso le ne le bonahala le thabile empa ke ne ke sa tsebe hore na ke hobane’ng ha re ne re e-ea moo kamehla. Hona joale kea tseba hore holo eo e nyenyane ke Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova.

Ka bomalimabe, ho ne ho se ea ntlhalosetsang se buuoang libokeng tsena. Ke hona ke hlokomelang hore ba neng ba tla libokeng ba ne ba batla ho nthusa empa ba ne ba sa tsebe kahobane ke le tsebe-tutu. Libokeng tsena ke ne ke utloa ke le mokhelo ’me ke ne ke re ka pelong, ‘Hoja e mpe ebe ke sekolong ho e-na le ho ba mona.’ Empa hang ha ke ntse ke nahana tjena, basali ba babeli ba bacha ba ile ba ’ngolla sephephechana ’me ba mpha sona. Ke molaetsa oo ke o boletseng qalong. Ke ne ke sa nahane hore molaetsa ona e ne e tla ba ho qala ha setsoalle sa bohlokoa se neng se tla etsa hore ke khaotse ho ikutloa ke le mokhelo.

Ho Qala Setsoalle sa Bohlokoa

Colette le Hermine ba ileng ba ’ngolla molaetsa ba ne ba sa tsoa feta lilemo tse 20. Hamorao ke ile ka utloa hore ba ne ba tlile phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova eo ke neng ke etetse ho eona, ba tlil’o sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, kapa basebeletsi ba nako e tletseng. Le hoja Colette le Hermine ba ne ba sa tsebe puo ea matsoho, ke ne ke ba sheba melomo hore ke utloisise seo ba se bolelang, ’me re ile ra buisana hantle ka tsela ena.

Batsoali ba ka ba ile ba thaba ha Colette le Hermine ba kōpa ho ithuta Bibele le ’na, empa basali bana ba bacha ba ile ba etsa ho fetang hoo. Ba ile ba leka ka thata ho ntlhalosetsa se buuoang libokeng Holong ea ’Muso haesita le ho ntloaetsa ba bang ka phuthehong. Ba ne ba lokisetsa le ’na linehelano tsa Bibele tseo re tla li sebelisa mosebetsing oa boboleli, ’me hape ba ile ba nthusa ho lokisetsa lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Nahana feela, joale ke ile ka ba le sebete sa ho fana ka puo sehlopheng sa batho ba utloang!

Ho feta moo, Colette le Hermine ba ile ba etsa hore ke ba tšepe. Ba ne ba sa fele pelo ’me ba ’mamela. Le hoja hangata re ne re qaboloa ke liphoso tsa ka, ho ne ho se mohla ba bapalang ka ’na; ebile ba ne ba sa hlajoe ke lihlong ha ke e-na le bona. Ba ne ba leka ho utloisisa kamoo ke ikutloang kateng ’me ba ne ba nka hore ke tšoana le bona. Banana bana ba mosa ba ile ba mpha mpho e babatsehang—e leng lerato la bona le botsoalle.

Habohlokoa ka ho fetisisa, Colette le Hermine ba ile ba nthuta hore ke lokela ho tseba Molimo oa rōna Jehova e le motsoalle ea ka tšeptjoang. Ba ile ba hlalosa hore Jehova o mpone ha ke le Holong ea ’Muso le hore o utloisisa mathata a ho ba tsebe-tutu. Ke leboha hakaakang hore ebe ka boraro ba rōna re fetohile metsoalle ka lebaka la ho rata Jehova! Ke ile ka angoa maikutlo ke tsela eo Jehova a neng a ntlhokomela ka eona, ’me ka lebaka la ho mo rata, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho eena ka kolobetso ka July 1975.

Ho Tsamaea le Motsoalle ea Khethehileng

Lilemong tse latelang, ke ile ka tloaelana le bara le barali babo rōna ba eketsehileng ba Bakreste. Mora e mong oabo rōna e ile ea e-ba motsoalle oa ka ea khethehileng, ’me re ile ra nyalana ka 1980. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka qala ho bula maliboho, ’me ka 1994 ’na le monna oa ka Harry, re ile ra abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng tšimong ea batho ba buang Puo ea Matsoho ea Sedache. Selemong se latelang, ke ile ka tobana le kabelo e thata: e leng ea ho tsamaea le monna oa ka ea utloang litsebeng, ha a etela liphutheho tse fapaneng e le molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo.

Bothata bona ke bo rarolla ka tsela ena. Ha re etela phutheho ka lekhetlo la pele, ke potlakela ho itsebisa bara le barali babo rōna ba bangata. Kea ba bolella hore ke tsebe-tutu ’me ke ba kōpa hore ha ba bua le ’na ba nchebe ’me ba bue butle. Hape ke leka hore e be ’na oa pele ea arabang libokeng tsa phutheho. ’Me ke botsa hore na ho na le ea ka ratang ho ntlhalosetsa se buuoang libokeng le tšimong bekeng eo.

Mokhoa ona o atleha haholo hoo ka linako tse ling bara le barali beso ba lebalang hore ke tsebe-tutu, ’me sena sea tšehisa. Ka mohlala, ba mpolella hore ha ba mpona ke tsamaea toropong, ba ntetsetsa hutara ho ntumelisa, ’me ho hlakile hore ha ke ba utloe. Ka linako tse ling le ’na kea itebala—joaloka nakong ea ha ke leka ho sebela monna oa ka lekunutu. Ha ke bona a soaba, ke se ke tseba hore ke ile ka mo “sebela” ke phahamisitse lentsoe.

Bana ba thusa ka litsela tse sa lebelloang. Phuthehong e ’ngoe eo re neng re qala ho e etela, moshanyana ea lilemo li robong o ile a lemoha hore ba bang Holong ea ’Muso ba leqe ho mpuisa, ’me o ile a etsa qeto ea ho etsa ho hong ka sena. O ile a tla ho ’na, a ntšoara ka letsoho, ’me a nkisa hare ho Holo ea ’Muso eaba oa hoeletsa o re, “Enoa ke Irene—ha a utloe litsebeng!” Ba neng ba le teng ba ile ba tla itsebisa ’na.

Ha ke ntse ke tsamaea le monna oa ka mosebetsing oa potoloho, metsoalle ea ka e ntse e eketseha. Kajeno bophelo ba ka bo fapane hakaakang le lilemong tsa ha ke ne ke ikutloa ke le mokhelo ke bile ke jeoa ke bolutu! Ha esale ho tloha mantsiboeeng ao Colette le Hermine ba ileng ba mpha molaetsa ola, ke bone hore metsoalle ke ea bohlokoa ’me ke kopane le batho bao e bileng ba khethehileng haholo ho ’na. Ka holim’a tsohle, ke tsebile Jehova, Motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa. (Baroma 8:38, 39) Molaetsa oo o ile oa fetola bophelo ba ka hakaakang!

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ke hopola molumo oa popi eo ke neng ke e rata haholo

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Ke tšebeletsong le monna oa ka, Harry

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela