Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 1/1 leq. 26
  • Phehello ea Hae e Ile ea Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phehello ea Hae e Ile ea Putsoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Basali—Hlomphang Banna ba Lōna ka ho Tebileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Molimo o Tla Pele Lapeng la Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Tataiso e Bohlale Bakeng sa Banyalani
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 1/1 leq. 26

Phehello ea Hae e Ile ea Putsoa

Batho ba bangata ba lipelo li lokileng ba rata hore baratuoa ba bona ba ithute ka merero ea Molimo e le hore ba be le bophelo bo thabileng. Ha motho a inehela ho Molimo, e ka ’na eaba ba bang, ba banyenyane hammoho le ba baholo, ba mo thusitse ho etsa qeto eo e bohlale ka boitšoaro ba bona. Sena ke se etsahetseng tabeng ea Jearim, ngoanana oa Mexico ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ea ileng a fana ka lengolo le latelang ho barab’abo rōna kopanong ea letsatsi le khethehileng ea Lipaki Tsa Jehova:

“Ke rata ho le bolella ntho e nthabisitseng haholo. E-reng ke le bolelle hore na hobane’ng. Batsoali ba ka ba ile ba ithuta ’nete lilemong tse 18 tse fetileng, pele ke hlaha. ’Mè o ile a hatela pele ’me hamorao ’na le khaitseli ea ka ra hatela pele ka ho tšoanang. Re le ’moho re ne re rapela Jehova hore Ntate le eena a kene tseleng ea bophelo. Ho se ho fetile lilemo tse 18 ’me kajeno ke letsatsi le khethehileng ho rōna. Ntate oa kolobetsoa. Ke leboha Jehova hore ebe ha aa ka a tlisa bofelo pele motsotso ona oo re o letetseng ka nako e telele o fihla. Kea u leboha Jehova!”

Ha ho pelaelo hore ka lilemo-lemo lelapa labo ngoananyana enoa le ile la lula le hopotse melao-motheo ena e fumanehang keletsong e bululetsoeng ea 1 Petrose 3:1, 2, e reng: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” Ka sebele, Jearim e monyenyane o ile a sebelisa mantsoe a Deuteronoma 5:16: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao, feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse.” Ka sebele, ho sebelisa melao-motheo e kang ena le ho letela Jehova ka mamello ho tliselitse Jearim le lelapa labo tlhohonolofatso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela