Bolumeli—Na ke Matla a Kopanyang?
NA BOLUMELI ka kakaretso e ’nile ea e-ba matla a kopanyang lefatšeng? Kapa, ho e-na le hoo, e ’nile ea e-ba matla a bolaeang le a senyang? Ha re arabela re tlameha ho re, lefatše le bone lilemo tse lekholo tsa ntoa—e hotelitsoeng ke bochaba empa e rotelitsoe ke bolumeli. Ho tloha ka 1909, bonyane lintoa tse khōlō tse 14 tsa lefatše li hlahile ka bolumeli. Mookameli oa Setsi Boitšoaro le Tsamaiso ea Sechaba Washington, D.C., Ernest Lefever o re: “Ho tloha mehleng ea boholo-holo ho tla fihlela joale, ho loannoe lintoa tse fokolang haholo tseo ho tsona bolumeli bo neng bo sa nka karolo.”
Empa, ka lipolelo, bolumeli bo lokela ho boloka lefatše le le khotsong. Mongolli oa likoranta Mike Royko o-oa ngola: “Haeba masole a ne a hana ho bolaea motho e mong feela hobane ba le bolumeling bo le bong, ho ne ho tla ba thata [haholo] hore ntoa e qhome.” ’Me hoba a hlokomele hore batho ba tumelo e le ’ngoe eo e seng ea Bokreste ba “’nileng ba bolaeana ka matla kateng ka mashome a likete,” o re: “Leha e le hore Bakreste ba kile ba tšaba ho loantša Bakreste ba bang. Hoja ba tšaba, boholo ba lintoa tse matla ka ho fetisisa Europe bo ka be bo sa ba teng le kamohla.”
Na joale hoa makatsa hore e be batho ba bangata ha ba batle letho le amanang le tlhase ea bolumeli? Maqephe a histori khafetsa a khanathetse mali ke balumeli ba loanang ba hlokomolohileng Lentsoe la Molimo Bibele e Halalelang kapa ba sothileng tlhaloso ea Iona ho lumellana le lithahasello tsa bona tsa boithati.
Leha ho le joalo, tsela ea bophelo e bontšitsoeng Bibeleng, ha e lateloa ka nepo ha e ise ntoeng empa e isa khotsong le bonngoeng feela. (Liproverbia 3:1-6) Jesu o ile a khothaletsa balateli ba hae hore “Ratang bao e leng lira ho lōna; ba le hloeang le ba etse hantle.” (Luka 6:27) Jesu o boetse a supa letšoao lena le neng le tla khetholla balateli ba hae ba ’nete ha a re: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35.