Na U ka Atolosa Tšimo ea Hao U le Pula-maliboho?
JESU KRESTE o kile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43) Ntle ho pelaelo, Jesu e ne e le ’moleli ea ka sehloohong oa ’muso, pula-maliboho ea ’nete tšebeletsong e halalelang ea Jehova.
Joaloka Jesu, moapostola Pauluse e ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng a thahasella mosebetsi oa boevangeli ka matla. Ha e le hantle, o ne a labalabela ho atolosa tšimo ea hae ea tšebeletso.—Bapisa Ba-Roma 15:23, 24; 2 Ba-Korinthe 10:15, 16.
Ntle ho pelaelo ka moea o tšoanang, Lipaki tsa Jehova tse ngata tsa kajeno li ikentse tse fumanehang ho sebeletsa e le baromuoa linaheng lisele. Basebeletsi ba bang ba Bakreste ba sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō. ’Me ba bang ba eketsehileng ba ho fumana ho le bonolo ho ba bo-pula-maliboho, baboleli ba nako e tletseng ba litaba tse molemo.
Empa ho thoe’ng ka uena? Haeba hona joale ha u sebetse u le pula-maliboho, na u ka atolosa tšimo ea hao, kamoo re ka chong, ka ho ba ’moleli ea joalo oa ’Muso oa nako e tletseng?
Melemo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
Bo-pula-maliboho ba chesehang le ba mafolo-folo ha ba susumetsoe ke ho ithahasella empa ke lerato ho Molimo le takatso ea ho thusa ba bang. Basebeletsi ba joalo ba nako e tletseng ka matla ba ikutloa ho hlokahala ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba bona ’me ba thabile hore e be ba ka fumana sebaka sebakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng. ’Me ho na le melemo ka ho etsa joalo.
‘Ho bolela poloko ea Jehova ka matsatsitsatsi’ ke molemo o mong oa tšebeletso ea bopula-maliboho. (Pesaleme ea 96:2) Ka sebele, ho bua kamehla ka Molimo le merero ea oona ke ho khotsofatsang, haholoholo hobane hona ho thusa ba bang ho ba tseleng ea bophelo. Khaitseli e mong ea bileng tšebeletsong ea bopula-maliboho ka lilemo tse 46, o itse: “Ha ho thabo e fetang ea ho ithuta Bibele le motho e mong ebe u bona a fetoha morapeli oa Jehova.”
Bohlale bo boholo ba ho tšoara ‘lerumo la moea, lentsoe la Molimo,’ ke molemo o tsoaloang ke ho sebelisa Bibele kamehla tšebeletsong ea bopula-maliboho. (Ba-Efese 6:17) Lipolelo tse tšoanang tse entsoeng ke bo-pula-maliboho ba bangata ke tse latelang: “Ntle le ho eketsa sebete sa ka, ho bula maliboho ho nthusitse ho tloaelana haholo le litemana tse ngata tsa Bibele tseo ke neng ke li hopola ka hlooho, ke salletsoe feela ke ho li sebelisa.”
Tšusumetso e hahang ea tšebeletso ea bopula-maliboho e ka boetse ea utluoa ka phuthehong. Mabapi le sena, moholo e mong o ngotse: “Ho entse phapang e kaakang! Moea oa phutheho oa fetoha. Tšekamelo ke ho eketsa haholo ho kopaneleng hoa rōna tšebeletsong ea Jehova.” E, ba bang ba ka ’na ba susumetsoa ke mohlala o chesehang oa basebeletsi ba bo-pula-maliboho.
Ho tšepa Jehova haholoanyane ho ka boetse hoa tsoaloa ke ho nka karolo tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ha e le hantle, basebeletsi ba nako e tletseng ba tlameha ho hlōla mathata a mang. Empa banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba boletse tšepo ea bona ka mantsoe ana: “Re leboha Jehova, ha re e-so ho hloke letho. Joaloka bo-pula-maliboho re itšetlehile ka Jehova ’me re bone kamoo a re hlokomelang kateng ha re hloka haholo-holo.”—Pesaleme ea 34:10; 37:25.
Mahlohonolo a Ho Bo Hahamalla
Makholong a fetileng a lilemo Jehova o itse: ‘Ntekeng ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele tlhohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.’ (Malakia 3:10) Selemong sa tšebeletso sa 1984, palo-hare ea bo-pula-maliboho lefatšeng e bile 258 936. ’Me Jehova o hlohonolofalitse basebeletsi baa ba nako e tletseng hakaakang!
Ka mohlala, nahana ka mahlohonolo a thabetsoeng ke bo-pula-maliboho ba sebakeng sa Amazon Brazil. Ka kakaretso, ho sebelisoa liketsoana ho ea metseng e qalikaneng mabopong a nōka. Metsana e meng e hahiloe moo nōka e tsamaeang, ’me matlo a phahamisitsoe ka lipalo hore a se ke a thetsoa ke metsi nakong ea lipula tsa melubela. Matlo ana a kopantsoe ka litsela tsa lithupa tse sa betloang, ka linako tse ling e le tse kotsi haholo, haholo-holo bakeng sa batho ba batenya. Ha metsi a fokotsehile, ho tsamaea ho thata empa motho a ka ’na a tsamaea har’a lihlahla kapa a qhafutsa seretseng. Ho tsamaea ka liketsoana tse bobebe ho ka hla hoa e-ba kotsi, hobane ka linako tse ling lia phethoha. Phaella hona hohle ka mathata a bakoang ke malaria, letšollo le lefubelu, liboko tse noang mali, mocheso o matla, le mafu a bakoang ke likokoanyana. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ana, moea oa Jehova o thusa baena ba rōna ho atleha ho bolela litaba tse molemo libakeng tse joalo.—Zakaria 4:6.
Khaitseli e mong oa pula-maliboho ea sebeletsang sebakeng sa Amazon o boletse: “Mosebetsi oa rōna ebile o thabisang haholo.” Ha a bolela phihlelo e monate, o boletse ka leeto la ho boela ho monna e mong ea neng a ile a amohela e ’ngoe ea libuka tsa rōna. O ile a tlameha ho tsamaea lihora tse peli ka seketsoana, empa ha a fihla a fumana monna eo a halikile phoofo ea “manioc” ka ontong e khōlō. Monna eo a se ke a khaotsa ho fuluoa e le hore a se ke a chesa phoofo. Joale ebe khaitseli o ne a tla etsa joang? Pula-maliboho a kōpa eo a tsamaeang le eena hore a ’ne a fuluoe phoofo eo ka khaba e khōlō. Kahoo monna eo a fumana monyetla oa ho mamela ka hloko ha pula-maliboho e bontša mokhoa oa ho ithuta buka eo a e fumaneng.
Hangata haholo, baena ba rōna ba sebetsang sebakeng sena ba tsoha pele bosiu bo oela fatše e le hore ba ka fihla malapeng a batho esale hoseng. Joale e be bo-pula-maliboho ba tsoela pele ho paka letsatsi lohle. ’Me Jehova o ba hlohonolofatsa ka ho enneng hakaakang!—Liproverbia 10:22.
Kae-kae Brazil, le teng, bo-pula-maliboho ba thabela mahlohonolo a mangata tšebeletsong ea Jehova. Ka mohlala, nahana ka thabo ea pula-maliboho e mong ea ileng a khona ho thusa motšoaruoa e mong ho ithuta ’nete. Monna enoa, eo ka nako e ’ngoe a neng a tšajoa ka baka la moea oa hae oa pefo, o ne a ahloletsoe nako e telele teronkong. Leha ho le joalo, hoba a kholisehe ka ’nete, botho ba hae ba fetoha hoo ba baholo teronkong ba ileng ba khahloa ’me ba mo fa tumello ea ho bolela ka teronkong eo e khōlō. Hona joale a kolobelitsoe, monna enoa o tekong ’me o khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ’maloa.
Pula-maliboho enoa o ile a khona ho thusa ba bang hona teronkong eo e khōlō. Mabapi le mosebetsi ona, o-oa hlalosa: “Ke lebaka la thabo e khōlō ho ’na, hobane peo eo ke ileng ka khona ho e jala e se e metse ’me e hlahisitse litholoana.” Bonyane banna ba bane ba lokolotsoeng teronkong hona joale ba kopanela libokeng tsa Bokreste kamehla. Ba bang ba bane ba nka ’nete ka ho teba, ’me e mong oa bona o itokisetsa kolobetso.
Tšimo e Khōlō
Keketseho e ntseng e tsoela pele har’a barapeli ba Jehova e fana ka bopaki bo totobetseng ba hore Molimo o ntse o e-na le batho ba bangata ba ka bokelloang tšimong e lefatšeng lohle. (Bapisa Liketso 18:9, 10.) Na u ka kopanela haholoanyane mosebetsing oo oa ho etsa barutuoa?
Haeba ha u pula-maliboho, ke hobane’ng ha u sa buisane le ba atlehileng tšebeletsong ea nako e tletseng? Mohlomong le uena u ka atleha ho bula maliboho. Kamor’a ho hlahloba maemo a hao ka thapelo, u ka ’na ua khona ho atolosa tšimo ea hao u le pula-maliboho.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho bo-pula-maliboho sebakeng sa Amazon, liketsoana le likeiti tse khōlō ke mokhoa o tloaelehileng oa ho tsamaea