“Nthute Molemo”
KE BATHO ba babeli feela ba thusitseng mosali-moholo ea ileng a ilibana ka tšohanyetso har’a terene e tletseng haholo. Bapalami ba bang, ba neng ba feletsoe ke mamello ka baka la ho lieha ha lipalangoang, ba talima lefu la mosali-moholo eo e le khathatso. Mopalami e mong a hooa, ‘Na ha ho na ea ka suthisetsang mosali-moholo eo koana?’ Bapalami ba bang ba ne ba talima mosali-moholo eo ea akhehileng le bapalami ba babeli ba lekang ho mo thusa e le tšitiso e khōlō. Ka baka leo “ba ne ba ba tlōla holimo.”
Boitšoaro bo joalo bo hlokometsoe likarolong tse ngata tsa lefatše. Bo totobatsa boprofeta ba Bibele mabapi le hore “mehleng ea qetello . . . batho e tla ba . . . ba hlōeang ba molemo.” Leha ho le joalo, Bakreste ba batla ho thabisa Jehova. Ba tlameha ‘ho furalla’ batho ba hlokang molemo. (2 Timothea 3:1-5) Empa ho sireletsa botsoalle ba rōna ha hoa lekana. Re lokela ho hlaolela molemo kahobane ke tholoana ea moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22) Empa joang? Molemo ke eng?
Molemo le ho Loka
Molemo ke boitšoaro bo khabane, tšoaneleho kapa boemo ba ho ba ea molemo. Empa molemo o akarelletsa ketso. Ha moapostola Pauluse a bua ka tokisetso ea topollo, o itse: “Ho thata hore motho a shoele ea lōkileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shoela ea molemo.” (Ba-Roma 5:7, 8, Phetolelo ea Sesotho ea 1976) Mona ho bonahala ho etsoa phapang pakeng tsa molemo le ho loka. Empa na mantsoe aa a fapane ka ho feletseng?
Che. Ho bonahala mona Pauluse a ne a hopotse ho loka ka mokhoa o akarelletsang ho mamela tekanyetso e itseng. Ho loka ho amana le kahlolo. (Bapisa Tšenolo 19:11.)
Motho “ea lokileng” o boloka molao. O fihlella litekanyetso tse itseng, o phethahatsa se hlokahalang, ’me o fella hona moo. Ka baka leo o ea hlomphuoa le hoja a sa hape lipelo tsa batho. Ke batho ba ’maloa haholo ba ka shoelang motho ea lokileng. Leha ho le joalo, motho ea “molemo” o phetha lintho tse fetang feela litlamo kapa ho qoba phoso. Molemo oa hae o mo susumelletsa ho itšebelisa ka matla bakeng sa ba bang.
Batho ba itšebelisang ka matla ho etsetsa ba bang lintho tse molemo ba ipaka e le baahisani ba sebele. Papiso ea Jesu ea Mosamaria ea neng a e-na le moea oa boahisani e totobatsa taba ena. Ha Mosamaria a ’mona “a mo utloela bohloko,” a tlamella maqeba a Mojode ea neng a ntšitsoe likotsi ke lihlola. Moetsi eo ea molemo “a ’mea peleseng ea hae ee a e kalletseng, a mo isa tlung ea baeti, a mo okela teng.” (Luka 10:29-37) Na hoa makatsa ha batho ba bang ba bitsa papiso eo “Mosamaria ea molemo”?—Bapisa Mattheu 12:35; 20:10-15; Luka 6:9, 33-36.
Molemo o bonahala ketsong. Baamoheli ba “molemo” oa motho eo, mosa, moea oa ho fana, le boitelo ba ka susumeletseha hore ba batle ho mo shoela! Ke ka lebaka le letle mopesaleme a ileng a rapela: “Nthute molemo.” (Pesaleme ea 119:66, NW) Jehova o etsa sena joang?
Mohlala oa Jehova oa Molemo
Jehova o re ruta molemo ka mohlala oa hae. Jehova ke botho ba molemo. Ha Moshe a ne a kōpa ho bona khanya ea Molimo, Oa re ho eena: “Ke tla fetisa molemo oohle oa ka pontšeng ea hao, ke bolele lebitso la Jehova pel’a hao.” Sena se etsahetse joang? Kapele kamor’a moo, “Jehova a feta pel’a hae, a re: Ke ’na Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.”—Exoda 33:18, 19; 34:6, 7.
Nakong eo molemo oa Jehova oa totobatsoa ka litsela tse sa tšoaneng. Mohau le ’nete e bile tse ka sehloohong ho tsena. Kaha Jehova o tsebisisa ho se phethahale ha batho, o nahanela le ho mamella ba batlang ho etsa ho nepahetseng. Empa leha ho le joalo ha o iphapanye bobe. Re ka ithuta ho hongata haeba re ka nahanisisa ka mohlala oa Jehova.
Jehova o bonahalitse molemo oa hae pōpong. Ha a sheba mosebetsi oa hae oa pōpo a o fumana “o le molemo.” (Genese 1:12, 18, 25, 31; Ba-Roma 1:20) Molimo ha oa fana feela ka lintho tse hlokahalang ho boloka bophelo lefatšeng.
“Pula” ke mohlala o motle oa sena. (Esaia 55:10) Ka tsela e lumellanang hantle le mahlale, Elihu o boletse hore Jehova “o hula marotholi a metsi, moholi oo o o bōpang ka ’ona o hlotlha lipula tse tšeloang ke maru, o li nesetsa holim’a batho ka melupe . . . ke tseo o hlahisang nala ka tsona.” (Jobo 36:27-31) Ho hakanngoa hore ka letsatsi lilithara tsa metsi tse limillione tsa limillione tse 500 000 li sebelisoa potolohong ena, letsatsi le “hula” metsi a mangata maoatleng.
Tlaleho ea The New York Times e bontša hore “ke ka lekhetlo la pele bafuputsi ba meru e teteaneng ea libaka tse chesang tsa Amerika Boroa ba fumaneng bopaki ba mahlale bo tiisang hore moru o khutlisetsa sebakeng moholi o etsang likarolo tse 75 lekholong.” Tlaleho e tsoela pele ho bontša hore “metsi a bokeletsoeng ke moru a ka khutlisetsoa sebakeng ka bongata bo boholo ho bōpa maru a macha a pula.” Pula ke thuso ea bohlokoa tlhahisong ea lijo. Jehova o fane ka mesebetsi e metle le e mengata bakeng sa bophelo lefatšeng. Ke molemo o motle hakaakang oo a o bontšitseng ka litokisetso tsena tse fetisetsoang le ho batho ba se nang teboho le kananelo.—Mattheu 5:44, 45.
Empa mohlala o tsotehang ka ho fetisa oa molemo oa Jehova ke tsela eo a sebelitseng lintho ka eona ho phethahatsa morero oa mathomo bakeng sa batho. (Genese 1:28; 3:15; Ba-Roma 5:12) Molemo oa hae o mo susumelitse ho etsa tokisetso ea topollo ea batho ba baetsalibe ka hore a fane ka “mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16; Ba-Roma 3:23, 24) ’Muso oa Molimo haufinyane o tla bonahatsa molemo oa Molimo bakeng sa batho ba lipelo li tšepahalang ka hore o qete tsamaiso ena e khopo ea lintho. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:9, 10) ’Me molemo oa Molimo o tla bonahala haholo hakaakang ha lefatše lena le fetoloa paradeise tlas’a ’Muso!—Luka 23:43; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-5.
Etsisa Molemo oa Jehova
Ho ithuta kamehla Bibele ho re hopotsa mohlala o phethahetseng oa molemo oa Jehova. Sena se tlameha ho re susumelletsa ho etsisa mohlala oa hae. Ke ’nete hore mesebetsi e meng e hlokahalang e ka sitisa boithuto ba rōna ba kamehla ba Mangolo, ho pheha, ho hloekisa, ho ea mabenkeleng, le ho lokisa ntlo. Empa leha ho le joalo, re lokela ho etelletsa lintho tsa moea pele. Jesu Kreste o bontšitse sena ha a chaketse tlung ea Maria le Maretha. Ha Maretha a ne a phathahane ka mesebetsi ea ntlo, Maria o ne a lutse maotong a Jesu a ‘mametse lentsoe la hae.’ Ha Maretha a kōpa hore Maria a tl’o mo thusa ka mesebetsi ea ntlo, Jesu a re: “Maretha, Maretha, ua itšoenya, ’me u ikhathatsa ka tse ngata: empa ho hlokeha ntho e le ’ngoe; Maria o ikhethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuoa.” Le uena u ka ikhethela se molemo ka ho etelletsa litaba tsa moea pele tse kang thuto ea botho le thuto ea lelapa.—Luka 10:38-42.
Hape Jehova o re ruta molemo ka phutheho ea Bokreste. Moo re kopana le batho ba ‘tletseng molemo.’ (Ba-Roma 15:14) Liphihlelo tse ngata li bontša sena. Paki e ’ngoe ea Jehova (motsoali ea neng a se a na le bana ba babeli) o hopola kamoo a ileng a makala kateng ha a bolelloa hore o belehile masea a mararo! A ipotsa, ’Na re tla tseba ho ea libokeng tsa Bokreste? Na re tla khona ho lefella lithuso tsa sepetlele? Na re tla khona ho fepa bana ba rōna ba bahlano le ho ba apesa?’
Leha ho le joalo, kapele mosali enoa a bona bopaki ba hore baena le likhaitseli tsa hae tsa Bakreste ba “tletse molemo.” O re: “Ha ke fihla hae, ka fumana hore bo-khaitseli ba Bakreste ba hloekisitse ntlo ea rōna. Ho feta moo ba lokisetsa hore re fumantšoe lijo le ho hlokomela mesebetsi e meng ea ntlo letsatsi le leng le le leng ho fihlela ke fola.” Baena ba bangata ba etsa menehelo e bonahalang, e mong a romela cheke ea lidolara tse 1 000 empa ha a ka a ngola lebitso la hae! Likhoeling tsa mariha lelapa lena la sebelisa libeso tse ngata bakeng sa ho futhumatsa ntlo ’me molato oa libeso oa phahama haholo. Ak’u nahane kamoo mosali eo a ileng a khathatseha kateng ha a amohela molaetsa oa fono-fono femeng e neng e ba tlisetsa libeso. Leha ho le joalo a imoloha hakaakang ha a utloa hore khaitseli e mong oa Mokreste o lefetse molato oa bona! Tsebiso ea hore feme e tla khaotsa ho romela libeso lelapeng lena ka phoso e ile ea romeloa ho Paki e ’ngoe, ’me molemo oa susumelletsa Paki eo ho thusa lelapa lena le lesitsi.
Molemo ona ha o ame feela pelo empa oa tšoaetsana. Lipaki tsa Jehova “li nthutile ho ba le lerato le ho ba mosa,” monna e mong eo pele a neng a shapa mosali oa hae a bolella mofumahali oa hae mantsoe ao kamor’a hore a be sebokeng ka lekhetlo la pele. “Ke ka baka leo ke sa kang ka hlola ke u shapa.”
Mahlohonolo a ho Ithuta Molemo
Esita le hona joale re kotula mahlohonolo a ho ithuta le ho rata molemo. Ho kopana ha rōna le baena esita le batho ba lefatše hoa ntlafala. (Liproverbia 11:10; 1 Petrose 3:13) Habohlokoa ka ho fetisa, haeba re mamella bohloko kahobane re “etsa hantle [molemo],” “ke ntho e lebohuoang ke Molimo.” (1 Petrose 2:20) Ha re bontša tumelo le molemo re tla isoa tšireletsong nakong ea ‘mahlomola a maholo’ le ho re tiisetsa ho kena Taolong e Ncha.—Ba-Heberu 10:36-39; Mattheu 24:21.
Ka hona lumella Jehova a u rute molemo. Moputso e ba ofe? Ho tla ba le “khanya le hlompho le khotso bakeng sa e mong le mong ea etsang se molemo”!—Ba-Roma 2:6-11, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mpho ea metsi bakeng sa ho tšehetsa bophelo ke pontšo ea molemo oa Jehova