Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Fumana Morero Bophelong
LEFATŠENG lena le senyehileng, le ferekaneng batho ba bangata ba batla morero oa bophelo. Baa botsa: ‘Ke hobane’ng ha re le mona? Re tsoa hokae? Nako e tlang e re tšoaretse eng?’ Ba bangata ba retelehela ho Molimo ha ba batla likarabo, ’me ha o ba soetse. (Mattheu 7:7, 8) Phihlelo ea mosali e mong oa Greece e bontša sena. O re:
◻ “Ke ne ke le lemo li 14 ha ke qala ho ipotsa hore na e be morero oa motho bophelong ke ofe. Kamor’a hore ke ithute ka batho le bophelo ba bona sekolong, ka nahana hore mohlomong thuto ea meriana e ka araba lipotso tsa ka empa ka qhelela mehopolo eo thoko ha ke sa fumane tlhaloso ea tšimoholo ea motho.” O tsoela pele: “Mehopolo ea ka ea retelehela boleping, ’me ka ithuta litumelo tsa Bochabela, tse kang bo-lslamo le bolumeli ba Tibet. Ka qala ho sebelisa lithuto tsa Lama, le borapeli ba meea. Ha ke kopana le meea ke ne ke ikutloa hore ke fumane ’nete. Malumeli a bophirimela a ne a bolela hore a theile litumelo tsa oona Bibeleng empa kaha tichere ea rōna ea bolumeli sekolong e sa ka ea araba lipotso tsa ka ho tsoa Bibeleng, ka tsoela pele ka litšebeletso tsa borapeli ba meea, bolepi, le bonohe.”
Ka 1982 a teana le Lipaki tsa Jehova, o itse: “Tsela eo ba hlalosang Bibele ka eona e bonolo haholo ha ke e bapisa le lithuto tse rarahaneng tseo ke ithutileng tsona. Empa ho na le ntho e neng e ntšusumelletsa ho leka Bibele. Ka baka la moea oa boikhohomoso ka amohela thuto ea Bibele e le hore ke shanofatse Lipaki.
Kamor’a hore a ithute le Lipaki tsa Jehova ka nako e ka etsang selemo, oa hlalosa: “Joale ke leboha Jehova ka pelo eohle ka hore a nthute ’nete ea sebele. Ke lokolohile lithutong tsohle tsa bohata le tumela-khoeleng. Ho bonolo ho fumana ’nete ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Joale ke fumane likarabo lipotsong tsa ka; joale ke tseba tšimoloho le morero oa motho bophelong.”
◻ Monna e mong oa mo-Gerike ea lemo li 27 eo e neng e le lekomonisi o fumane morero bophelong. O ithutile boenjinere ho la Jeremane, ’me a khutlela Greece moo a ileng a kenngoa sesoleng. Phihlelo ea hae butle-butle ea mo kholisa hore motho a ke ke a rarolla mathata a hae le ho ntlafatsa bophelo. Pele monna enoa a ea Jeremane, moahisani oa hae eo e leng Paki a buisana le eena ka Bibele, ’me joale o ne a hopola litaba tseo. Likhoeli li se kae pele a tlohelisoa mosebetsi sesoleng, a re ho mookameli: “Ha ke sa italima ke le lesole!” Lelapa labo la nahana hore mohlomong o kopane hlooho ’me la mo qobella hore a bonane le lingaka tsa mafu a hlooho. Lingaka tsa mo neha meriana e mengata haholo, e ileng ea mo kulisa ’meleng le kelellong ho fihlela a khaotsa ho e sebelisa.
Lipaki tse peli tsa Jehova tsa teana le eena ha li le tšebeletsong ea ntlo le ntlo ’me tsa qalisa ho ithuta le eena Bibele. Kamor’a hore monna enoa a lokise bophelo ba hae hore bo lumellane le lipatlahalo tsa Jehova, a fetoha ’moleli ea mafolo-folo oa litaba tse molemo. Ka 1984 a ba teng Sehopotsong ’moho le beng ka eena bao a neng a ba memile.
E, o ne a fumane morero oa bophelo, ’me o ne a lakatsa ho sebeletsa Jehova e le pula-maliboho ea khethehileng. O tšepa ho amohela bophelo bo sa feleng Taolong e Ncha ea Molimo ea ho loka.—Esaia 65:17, 18.