Kamoo ba Bang ba Fumaneng Likarabo Kateng
BATHO ba bangata baa rapela. Ba bang ba kholisehile hore lithapelo tsa bona lia arabeloa. Ba bang baa ipotsa hore na ebe ho na le mohla lithapelo tsa bona li utluoang. Ba bang bona ba batla likarabo empa ha ho mohla ba kileng ba nahana ho isa likōpo tsa bona ho Molimo ka thapelo.
Bibele e tsebahatsa Molimo oa ’nete e le “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Ha u rapela, na u kholisehile hore lithapelo tsa hao li lebisoa ho Molimo oa ’nete? Na lithapelo tsa hao ke mofuta oa lithapelo tseo a li arabelang?
Bathong ba bangata likarolong tsohle tsa lefatše, karabo ke e! Ba fumane likarabo joang? Ba ithutile eng?
Molimo—Ke Mang?
Mosali e mong oa tichere oa Portugal ea neng a rupetsoe ke baitlami le baprista o ne a phetha ka botšepehi se batloang ke bolumeli ba hae. Ha kereke e fetola e bile e lahla melao eo a neng a rutiloe hore ke ea bohlokoa, o ile a ferekana. Ha a le naheng e ’ngoe o ile a ithuta mekhoa eo batho ba Bochabela ba rapelang ka eona, eaba o qala ho ipotsa hore na ebe ho na le Molimo a le mong oa ’nete. O lokela ho rapela joang? Ha a botsa moprista oa hae ka lintho tse ka Bibeleng, lipotso tsa hae li ile tsa qheleloa ka thōko, ’me ka hona a soetseha.
Kereke ea K’hatholike e ne e abile lipampitšana motseng oo mosali enoa a neng a lula ho oona tse lemosang batho ba pharishe hore ba se ke ba buisana le Lipaki Tsa Jehova. Empa lipotso tsa hae li ne li ntse li e-s’o arabeloe. Ka letsatsi le leng ha Lipaki li mo etela, o ile a mamela a ba a thahasella seo a se utloileng. E ne e le lekhetlo la pele a bua le tsona.
E le hore a fumane likarabo tsa lipotso tsa hae tse ngata, mosali enoa o ile a qala ho ithuta Bibele hammoho le Lipaki. Beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a e-na le lethathamo le lelelele la lipotso tseo a tlil’o li botsa. O ne a batla ho tseba lebitso la Molimo, hore na ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete, hore na o amohela tšebeliso ea litšoantšo borapeling le tse ling tse ngata. O ile a hlokomela hore likarabo tsohle tseo a neng a li fumana li ne li tsoa Bibeleng eseng maikutlong a motho, ka hona o ile a makala a ba a thabisoa ke seo a neng a se bala. Butle-butle, o ile a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae tse ngata. Kajeno o rapela Jehova ka moea le ka ’nete, joalokaha Jesu Kreste a itse “barapeli ba ’nete” ba lokela ho etsa joalo.—Johanne 4:23.
Sri Lanka, lelapa le leng le ne le bala Bibele kamehla hammoho, empa le ne le sa fumane likarabo tsa lipotso tse ngata tseo e neng e le tsa bohlokoa ho lona. Le hoja le ne le batla thuso, moprista oa lona o ne a sitoa ho le thusa. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etela lelapa leo ’me tsa le siela sengoliloeng sa Bibele se ileng sa le thusa. Hamorao ha Lipaki Tsa Jehova li se li file lelapa leo likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsa lona tsa Bibele, le ile la lumela ho ithuta Bibele. Seo le ithutileng sona se ile sa le thabisa haholo.
Leha ho le joalo, lithuto tsa kereke tseo ’mè oa lelapa lena a neng a li rutiloe e sa le ngoana, li ne li metse ka metso ho eena hoo li neng li mo sitisa ho utloisisa hore Ntate oa Jesu Kreste ke “Molimo a le mong feela oa ’nete,” joalokaha Jesu ka boeena a boletse. (Johanne 17:1, 3) O ne a rutiloe hore Jesu o lekana le Ntate le hore “misteri” ena ha ea lokela ho belaelloa. O ne a tsielehile ’me o ile a rapela Jehova ka tieo a sebelisa lebitso la hae, a mo kōpa hore a mo bolelle hore na Jesu ke mang. Ka mor’a moo, o ile a boela a hlahlobisisa litemana tse amanang le taba ena. (Johanne 14:28; 17:21; 1 Bakorinthe 8:5, 6) O ile a buleha mahlo, ’me a bona ka ho hlaka hore Jehova, ’Mōpi oa leholimo le lefatše le Ntate oa Jesu Kreste, ke Molimo oa ’nete.—Esaia 42:8; Jeremia 10:10-12.
Ke Hobane’ng ha Batho ba Utloa Bohloko?
Jobo o ile a utloa bohloko bo tebileng. Bana bohle ba hae ba ile ba bolaoa ke sefefo, ’me a oeloa ke bofuma. Hape o ile a kula habohloko, a ba a mamella ho tujoa ke metsoalle ea bohata. Ha Jobo a le har’a mathata ana, o ile a bua a sa nahane. (Jobo 6:3) Leha ho le joalo, Molimo o ile a nahanela boemo boo a neng a le ho bona. (Jobo 35:15) O ne a tseba se ka pelong ea Jobo ’me o ile a fa Jobo keletso eo a neng a e hloka. Ke sona seo a se etsetsang batho kajeno.
Castro oa Mozambique o ne a le lilemo li leshome feela ha ’m’ae a e-shoa. O ne a sithabetse. O ile a botsa a re: “Ha e le hantle ke hobane’ng ha a shoele ’me a re siile?” Le hoja a ne a hōlisitsoe ke batsoali ba tšabang Molimo, joale o ne a se a ferekane. Ke eng se neng se tla mo thoba pelo? O ile a tšelisoa ke ho bala Bibele e nyenyane ea Sechichewa le ho buisana ka eona le baholoane ba hae.
Butle-butle Castro o ile a utloisisa hore ’m’ae ha aa shoa hobane Molimo a le leeme, empa o shoele hobane a futsitse ho se phethahale. (Baroma 5:12; 6:23) Tšepiso ea Bibele ea tsoho e ile ea mo tšelisa haholo hobane ka eona, o ile a lemoha hore tsoho e mo fa tšepo ea hore o tla bona ’m’ae hape. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ka bomalimabe, ntat’ae o ile a shoa lilemo tse ’nè feela hamorao. Empa lekhetlong lena Castro o ile a itiisa. Kajeno, o rata Jehova ’me ka botšepehi o phelela ho sebeletsa Molimo. Thabo eo a e fumaneng e bonoa ke bohle ba mo tsebang.
Batho ba bangata ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba tšelisoa ke linnete tsa Bibele tse tšoanang le tse tšelisitseng Castro. Ba bang ba ileng ba feta har’a mathata ka lebaka la liketso tsa batho ba khopo, ba botsa potso e tšoanang le ea Jobo ba re: “Ke hobane’ng ha ba khopo ba ntse ba phela?” (Jobo 21:7) Ha batho ba mamela ha Molimo a ba araba ka Lentsoe la hae, ba ithuta hore tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona e ba tsoela molemo.—2 Petrose 3:9.
Barbara ea hōliselitsoeng United States ha a e-s’o be moo ntoa e loanoang. Leha ho le joalo, ha a ntse a hōla, linaha tse ngata tsa lefatše li ne li loana. Litabeng tsa letsatsi le letsatsi ho ne ho phatlalatsoa litlaleho tse nyarosang tsa ntoa. Ha a ntse a le sekolong, o ne a makatsoa ke ho ithuta ka liketsahalo tsa histori tse neng li etsahala ka tsela e neng e bonahala e sa lebelloa. Ho ne ho senyehile hokae? Na Molimo o ne a tsotella se etsahalang? O ne a lumela hore Molimo o teng, empa o ne a sa utloisise hore na Molimo ke motho oa mofuta ofe.
Leha ho le joalo, pono ea Barbara e ile ea ’na ea fetoha ha a ntse a buisana le Lipaki Tsa Jehova. O ile a li mamela, ’me a ithuta Bibele le tsona. O ile a ea libokeng Holong ea ’Muso. O bile a ea kopanong e ’ngoe ea tsona e khōlō. Ho feta moo, o ile a hlokomela hore ha a botsa lipotso, Lipaki tse sa tšoaneng li ne li mo araba ka tsela e tšoanang. Lipaki li ne li bua ntho e le ’ngoe hobane tsela eo li nahanang ka eona e thehiloe Bibeleng.
Lipaki li ne li supa bopaki bo tsoang Bibeleng bo bontšang hore lefatše le susumetsoa ke ’musi oa lona, e leng Satane Diabolose le hore le bonahatsa moea oa hae. (Johanne 14:30; 2 Bakorinthe 4:4; Baefese 2:1-3; 1 Johanne 5:19) Li ile tsa hlalosa hore liketsahalo tse neng li tsietsa Barbara li boletsoe esale pele ka Bibeleng. (Daniele, khaolo ea 2, 7 le ea 8) Molimo o li boletse esale pele hobane ha a rata, o bona bokamoso esale pele. Tse ling tsa liketsahalo li bakoa ke Molimo. Tse ling o mpa a lumella hore li etsahale. Lipaki li ile tsa bontša Barbara hore Bibele e boetse e bolela esale pele liketsahalo tse ntle le tse mpe tsa mehla ea rōna ’me e hlalosa seo li se bolelang. (Matheu 24:3-14) Li ile tsa mo bontša hore Bibele e tšepisa hore ho tla ba le lefatše le lecha moo ho tla rena ho loka le moo batho ba ke keng ba hlola ba utloa bohloko.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.
Butle-butle, Barbara o ile a qala ho utloisisa hore le hoja Jehova Molimo a sa utloise batho bohloko, ha a bo thibele ka ho ba qobella hore ba mamele litaelo tsa hae ha ba sa rate. (Deuteronoma 30:19, 20) Molimo o lokiselitse hore re phele ka ho sa feleng ka thabo, empa hona joale o re fa monyetla oa hore re bontše hore na re tla phela ka litsela tsa hae tse lokileng kapa che. (Tšenolo 14:6, 7) Barbara o ile a etsa qeto ea ho ithuta litaelo tsa Molimo le ho li phelela. Har’a Lipaki Tsa Jehova o ile a boela a bona lerato leo Jesu a ileng a re le ne le tla khetholla balateli ba hae ba ’nete.—Johanne 13:34, 35.
Le uena u ka rua molemo litokisetsong tse mo thusitseng.
Bophelo bo Nang le Morero
Esita le ba atlehileng bophelong ba ka ’na ba batla likarabo tsa lipotso tse ba tsietsang. Ka mohlala, mohlankana e mong oa Brithani ea bitsoang Matthew, kamehla o ’nile a labalabela ho tseba Molimo oa ’nete le morero oa bophelo. Ntat’ae o ile a shoa ha a le lilemo li 17. Ka mor’a moo, Matthew o ile a fumana lengolo la ’mino univesithing. A hlokomela ka ho hlaka hore ho rata ha hae lintho tse bonahalang ha ho na molemo. O ile a tloha ha habo a ea lula London ’me ha a le moo a sebelisa lithethefatsi, a tsamaea li-night club, a sebelisa bonohe ba linaleli le boloi haesita le ho ea Sekolong sa Bobuddha le ho ithuta lifilosofi tse ling—a etsa tsena tsohle moo a ntseng a batla ho khotsofala bophelong. Ka ho tsieleha, o ile a ipiletsa ho Molimo hore a mo thuse ho tseba ’nete.
Matsatsi a mabeli hamorao Matthew o ile a kopana le motsoalle oa hae oa khale eaba o mo hlalosetsa mathata ao a leng ka har’a ’ona. Motsoalle eo oa hae o ne a kile a ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Ha Matthew a balloa 2 Timothea 3:1-5, o ile a hlolloa ke ho bona kamoo Bibele e hlalosang ka nepo kateng lintho tse etsahalang lefatšeng. O ile a angoa pelo ke ho bala Thuto ea Thabeng. (Matheu, khaolo ea 5-7) Qalong o ne a le leqe hobane o ne a kile a bala libuka tse neng li bua Lipaki Tsa Jehova hampe, empa qetellong o ile a etsa qeto ea ho ea libokeng Holong ea ’Muso e haufi.
Matthew o ile a thabela seo a se utloang ’me a qala ho ithuta Bibele le moholo e mong oa phutheho. Kapele o ile a hlokomela hore seo a ithutang sona ke sona seo a neng a ntse a se batla, ’me ke karabo ea thapelo ea hae eo a ileng a e etsa ho Molimo pejana. O ile a rua melemo ea ho lahla mekhoa e sa thabiseng Jehova. Ha a ntse a ithuta ho tšaba Molimo ka ho loketseng, o ile a lumellanya bophelo ba hae le melao ea Molimo. Matthew o ile a ithuta hore bophelo bo joalo bo na le morero oa sebele.—Moeklesia 12:13.
Ho ne ho sa lokisetsoa esale pele hore Matthew kapa ba bang bao ho buuoeng ka bona sehloohong sena ba fumane mokhoa oa ho khotsofala bophelong. Leha ho le joalo, ba ile ba ithuta hore Jehova Molimo o na le tokisetso e lerato bakeng sa bohle ba khethang ho mamela melao ea hae ka thabo. (Liketso 10:34, 35) Tokisetso ena e akarelletsa bophelo bo sa feleng lefatšeng le se nang ntoa, le lokolotsoeng ho kuleng le tlaleng—le lokolotsoeng le lefung. (Esaia 2:4; 25:6-8; 33:24; Johanne 3:16) Na ke sona seo u se batlang? Haeba ho joalo, u ka ithuta ho eketsehileng hore na bophelo bo khotsofatsang bo fumanoa joang ka ho ea libokeng tse buang ka Bibele Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. U menngoa ka mofuthu hore u tle.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Rapela Molimo ka tieo u sebelisa lebitso la hae
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ithute Bibele le bao kannete ba rutang seo e se buang
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
E-ea libokeng Holong ea ’Muso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Hiker: Chad Ehlers/Index Stock Photography