Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/15 maq. 18-22
  • U se Kopanele Libeng tsa ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se Kopanele Libeng tsa ba Bang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libe tsa Rōna
  • Libe tsa ba Bang
  • Ho Kopanela Libeng tsa ba Bang
  • Bohloeki le Tšireletseho li Bohlokoa
  • Bothata bo Lokelang ho Nahaneloa ke Bohle
  • Bohlale ba ho Ipoloka re se na Sekoli
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tlaleha se Fosahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Fumana Hore na ke Bofokoli, Bokhopo, Kapa Pako
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Boloka Khotso le Bohloeki ka Phuthehong
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/15 maq. 18-22

U se Kopanele Libeng tsa ba Bang

“Ha ke Iule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.”—PESALEME EA 26:4.

1. Ke ka baka la’ng ha Juda a ile a fetola sepheo sa hae ha a ngolla Bakreste hammoho le eena?

LILEMO tse makholo a leshome le metso e robong tse fetileng, morutuoa Juda o ne a lakalitse ho ngolla balumeli ’moho le eena ka ‘poloko eo ba e hlahiselitsoeng hammoho.’ Empa a fumana ho hlokahala hore a ba khothaletse “ho loanela tumelo eo bahalaleli ba ileng ba e fuoa ka nako e le ’ngoe.” Hobane’ng? Hobane batho ba bang “ba khopo” ba ne ba khukhunetse ka phuthehong ‘ba nka mohau oa Molimo oa rōna e le tumello ea ho etsa tse manyala.’—Juda 3, 4, TLP.

2. Le hoja ho khatholla ho bua ka poloko, ka linako tse ling ke eng se lokelang ho nahaneloa ka thapelo?

2 Ho khatholla hakaakang ho bua ka poloko eo re e amohetseng bohle! Ho nahanisisa ka molaetsa oo ho tlisa khotsofalo e khōlō, ’me re thaba haholo ha re nahana ka mahlohonolo a tla tlisoa ke poloko eo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ee ho hlokahale hore re bue ka litaba tse ling tse tebileng, ho e-na le hore re bue ka poloko. Haeba litaba tseo li sa lokisoe, li ka senya tumelo ea rōna le ho re sitisa ho hlōla peisong ea bophelo. Joalokaha temoso ea Juda mabapi le boitšoaro bo litšila e ne e le matla, ka linako tse ling Bakreste kajeno ba tlameha ho nahanela ka thapelo keletso ea Mangolo e tobileng.

Libe tsa Rōna

3. Ke ka baka la’ng ha re hloka taeo, ’me re lokela ho e amohela joang?

3 Mopesaleme Davida o itse; “Bona, ke tsoaletsoe bokhopong, ’mè o nkemoletse sebeng.” (Pesaleme ea 51:5) Kaofela ha rōna re tsoetsoe re le baetsalibe. (Ba-Roma 5:12) Moapostola Johanne o ngotse: “Ha re re, ha re na sebe, rea ithetsa, ’me ’nete ha e eo ho rōna.” (1 Johanne 1:8) Kaha re baetsalibe, ka linako tse ling re hloka ho loana e le hore re lokise tsela ea rōna. Taeo eo e tsoa ho Jehova ka Lentsoe la hae, Bibele, le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Taeo ea hae e-ea re lokisa le ho re thusa ho tsamaea ka ho loka pel’a hae. Joalokaha moapostola Pauluse a hlokometse: “Empa taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.” (Ba-Heberu 12:11) Ka baka la tholoana ea khotso e hlahisoang ke taeo, re lokela ho e amohela ka teboho.

4. Taeo e ka fanoa neng, ’me ka phello efe?

4 Taeo ea Jehova e ka fanoa hang feela ha re qala ho kena tseleng e isang phosong e khōlō. (Ba-Galata 6:1) Athe ka linako tse ling, taeo e fanoa re se re le tseleng e fosahetseng. Taeo e joalo e ka ba bohloko, joalo ka tabeng eo moapostola Pauluse a ileng a phehella Bakorinthe ho leleka mofebi ka phuthehong. (1 Ba-Korinthe 5:1-5) Tabeng leha e le efe, taeo e fanoa ka sepheo sa ho thusa mofosi ho bakela ketso ea hae, a sokolohe, ’me a tsamaele hōle le litakatso tsa sebe tse isang phosong e tebileng. (Bapisa Liketso 3:19.) Bahlanka ba Jehova ba leboha taeo eo, joaloka ha motho ea neng a khalemetsoe Korinthe ea boholo-holo a ile a rua molemo ’me ho bonahala a ile a khutlisetsoa botsoalleng bo lerato ba phutheho.—2 Ba-Korinthe 2:5-8.

5. Bakreste ba amehang sebeng se tebileng hangata ba etsa eng?

5 Batho ba bangata ba inehetseng ho Jehova ba hlokomela hore ba lokela ho itšoara hantle pel’a Molimo. Haeba ba oela sebeng se tebileng, kapele ba furalla tsela ea bona e mpe, ba tsebisa baholo ba khethiloeng, le ho bontša bopaki ba pako ea ’nete. (Jakobo 5:13-16) Erekaha selemo ka seng ho khaoloa ba seng bakae feela har’a Lipaki tsa Jehova ke bopaki ba hore li hloile bobe ’me li lakatsa ho etsa se molemo.—Pesaleme ea 34:14; 45:7.

Libe tsa ba Bang

6, 7. Bafosi ba bang ba leka ho tšoaetsa ba bang joang?

6 Empa leha ho le joalo ho bonahala ba bang ba ratang ho loka ba lumelletse lipelo tsa bona ho ba thetsa, hobane ba sa hloea bobe. (Pesaleme ea 97:10; Amose 5:15) Ka baka leo, ba tšoaseha libeng ’me ha ba Iule ba loanela ho loka. Ka linako tse ling, ha ba khotsofatsoe ke libe tsa bona, empa ba batla ho akarelletsa le ba bang. Ke habohlokoa hakaakang hore re bane litlhahiso tse joalo!—Bapisa Liproverbia 1:10-15.

7 Ka linako tse ling batho ba sa hloeang bobe ba sebelisa mantsoe a monate a etsang hore ba mametseng ba hōlise takatso ea bobe lipelong tsa bona. Mohlomong ba khothalletsoa ho kopanela boitšoarong bo litšila kapa boitšoarong bo bong bo sa khahliseng Molimo. Kapa motho a ka khothalletsoa ho tšoaseha boemong bo ka mo hlahisetsang kotsi ea moea. Ba lekang ho susumetsa ba bang ba ka bolela hore Jehova ke Molimo o lerato ’me o tla re hauhela ha re entse sebe. Bolotsana bo joalo ba pelo bo ka hlahisa kotsi e sa feleng. (Jeremia 17:9; Juda 4) Ka sebele, re lokela ‘ho faposa leoto la rōna ’mileng oa bona’!—Liproverbia 1:15.

Ho Kopanela Libeng tsa ba Bang

8. Ke lipotso life tse hlokang ho nahaneloa?

8 Empa ho thoe’ng haeba re hlokomela hore tsela eo re e khothaletsoang e fosahetse? Na ho e hana ho re siea re lokolohile boikarabelong? Haeba re tseba hore batho ba khothaletsang tsela e fosahetseng ba hlile ba tsamaea ka eona, re lokela ho etsa eng?

9. Ke ka baka la’ng ha ba bang ba hlōleha ho tlaleha phoso e entsoeng ke ba bang, hona ke hobane’ng ha taba eo e tebile?

9 Ba bang ba tsebang ka phoso e entsoeng ke e mong ba itholela ka eona ’me ha ba tsebise ba ikarabellang ho boloka phutheho e hloekile. Hobane’ng? Mohlomong ha ba batle ho talingoa e le limpimpi. Kapa, kahobane ba tšepahala ho batho bao, ba khetha ho itholela kapa ho bolella ba tšepisang hore ba tla boloka taba e le lekunutu. Ho etsa joalo ke ketso e tebileng. Lebaka? Hobane e fella ka ho kopanela libeng tsa ba bang.

10, 11. (a) Moapostola Johanne o itse’ng ka ba kopanelang libeng tsa ba bang? (b) Haeba re tseba phoso ea setho sa phutheho, re ka ipotsa eng?

10 Moapostola Johanne o bontšitse hore ho ka khoneha hore batho ba kopanele libeng tsa ba bang. “Mang le mang ea khelohang, ea sa tiisetseng thutong ea Kreste, ha a na Molimo. . . . Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa! Hobane ea mo lumelisang o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.” (2 Johanne 9-11) Ea koenehelang ‘thuto ea Kreste’ hase motsoalle ea motle, ’me haeba Mokreste ea tšepahalang a sa mo lumelise o qoba ho kopanela le eena bokhopong ba hae.

11 Kaha re ke ke ra batla ho kopanela bokhopong ba mokoenehi, ka ho tšoanang re ke ke ra batla ho kopanela bokhopong ba bao re tsebang hore ba itšoere hampe. Ho thoe’ng haeba re tseba hore setho se seng sa phutheho ke lesholu kapa letahoa? Haeba re hlōleha ho khothalletsa motho eo ho kōpa tšoarelo ea Jehova le ho tsebisa baholo sebe sa hae, na ha re na molato ho hang? Che, hobane re na le boikarabelo ho tebileng.

Bohloeki le Tšireletseho li Bohlokoa

12. Ke hobane’ng ha re ameha ka bohloeki ba moea ba phutheho?

12 Rōna ka bomong re lokela ho ameha ka bohloeki ba moea ka phuthehong. Taba ena e ile ea totobatsoa hantle hakaakang ha Bajode ba neng ba thopiloe ba tloha Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.! Taelo ea Molimo e ne e re: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona [Babylona]! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!”—Esaia 52:11.

13. Juda o bontšitse joang hore re lokela ho ameha ka ho sireletsa batho ba Jehova ho bafosi?

13 Hape re lokela ho ameha ka ho sireletsa batho ba Jehova ho ba batlang ho ba hulela bobeng. Batho “ba khopo” mehleng ea Juda ba ne ba batla ‘ho nka mohau oa Molimo e le tumello ea ho etsa manyala,’ empa morutuoa ea tšepahalang a lemosa balumeli hammoho le eena ’me ka ho etsa joalo a ba sireletsa. A ba hopotsa mehlala e lemosang e neng e neuoe Baiseraele ba sa tšepahaleng, mangeloi a sa tšepahaleng, le ba bang. Bala lengolo lena le bululetsoeng la Molimo, ’me u tla bona hore Bakreste ba tšepahalang ba ke ke ba lula ba phuthile matsoho ha bohloeki ba phutheho bo sokeloa kapa haeba batho ba Molimo ba hloka tšireletso litšileng tsa batho ba nang le mehopolo e litšila.

14. Haeba mofosi a hlōleha ho tsebisa baholo, Pesaleme ea 26:4 e ka re thusa joang ho etsa qeto mabapi le seo re lokelang ho se etsa?

14 Empa a re re mohlomong re khothalelitse mofosi ho kōpa tšoarelo ea Molimo le ho tsebisa baholo phoso ea hae, empa o iphapanya khothaletso eo kapa ha a bone ho hlokahala hore a nke mehato eo. Na re tla tlolisa taba eo mahlo? Ba bang ba ka ’na ba bolela hore ha ba batle ho itšunya litabeng. Ha ba batle ho lahleheloa ke setsoalle sa mofosi. ’Me ha ba batle ho nkoa e le batho ba bolellang baholo liphiri tsa ba bang. Empa ho nahana joalo ho fosahetse. Mopesaleme Davida o itse: “Ha ke Iule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.” (Pesaleme ea 26:4) Ka sebele, ha re batle ho ba batlatsi ba “baikaketsi.”

15. Levitike 5:1 e bontša joang boikarabelo ba rōna ha re se re neile mofosi nako e lekaneng ho tsebisa baholo ka phoso ea hae?

15 Ka baka leo, ha re neile mofosi nako e lekaneng ea hore a tsebise baholo phoso ea hae, ke boikarabelo ba rōna pel’a Jehova ho se kopanele le eena sebeng sa hae. Ho hlokahala hore re tsebise balebeli ba ikarabellang hore ’nyeo u mpolelletse sebe sa hae se tebileng se hlokang phuputso. Ho etsa joalo ho tumellanong le Levitike 5:1, e reng: “Ekare ha motho, e leng paki e hlapantšitsoeng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele see a se boneng ka mahlo, leha e le see a se tsebang, o tla jara molato oa hae.” Koana, re lokela ho qoba ho potlakela ho nka mehato ka litaba tseo re nahanang hore ke phoso.

16. Ke eng se bohlokoa ho feta ho tšepahala ho motsoalle ea hanang ho senolela baholo ba khethiloeng phoso ea hae e tebileng?

16 Ke ntho e tloaelehileng lefatšeng kajeno ho koahela libe tsa ba bang. Ba bang ba iketsa lerako ha ho tluoa tabeng ea hore ba senole liphoso tsa ba bang ho ba nang le tšoanelo ea ho li tseba. Ho hlokahala Mokreste ea sebete ho tsebisa baholo ba khethiloeng ka sebe se tebileng sa molumeli hammoho le bona. Empa haeba re lakatsa ho amohela mohau oa Jehova, ha rea lokela ho lumella botsoalle ba botho ho re foufaletsa phoso ea motho e mong. Kamano ea rōna le Molimo e bohlokoa ho feta ho tšepahala ho motsoalle ea entseng phoso e tebileng ’me a hana ho e senolela baholo ba khethiloeng.

Bothata bo Lokelang ho Nahaneloa ke Bohle

17. Ke eng se bontšang hore bacha ba bang har’a rōna ba lokela ho itebela khahlanong le ho kopanela libeng tsa ba bang?

17 Ka linako tse ling bothata ba ho kopanela libeng tsa ba bang bo khathatsa bacha ba bang har’a rōna. Ba ikhutsetsa ’me ba hana ho tsebisa ba tšoanetseng ho tseba lintho tse ka hlahisetsang phutheho kotsi le ho sitisa kamohelo ea Jehova. Ho pata liphoso tsa ba bang ke ntho e tloaelehileng litsamaisong tsa sekolo tsa lefatše. Empa haeba boikutlo boo bo hōlisoa ka phuthehong, ho ka ’na ha hlaha mathata a mangata. Ho na le lipeho tse bontšang hore bacha ba entse selekane sa hore ba sebe ’me ba hlapanyetsana hore e tla ba lekunutu leo baholo le batsoali ba ke keng ba tseba ka Iona. Ho inehela khatellong e joalo ea lithaka le ho batla ho amoheloa sehlopheng ho hlahisitse masisa-pelo ho bacha hao, batsoali ba bona, le ba bang ka phuthehong ha phoso ea bona e senoloa. Re lokela ho hopola hore ha ho letho le patiloeng le ke keng la senoloa, ’me boikarabelo ba rōna bo boholo pel’a Jehova ke ho thusa ho boloka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o hloekile.—Luka 8:17.

18. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsa eng haeba bana ba bona ba fosa?

18 Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho ba seli hore ba se kopanele libeng tsa ba bang. Batsoali ba bang ba leka ho lokafatsa boitšoaro bo bobe ba hana ba bona, ba leka ho ba sireletsa. Empa batsoali ba Bakreste ha ba lokela ho amohela maikutlo a hore motho e mong le e mong o loantša hana ba bona ha hao ba fosa. Ho e-na le hoo, batsoali ba hlomphang Molimo ba tla thusa bana ba bona ba fosang hore ba amohele taeo e hlokahalang le e hlalosoang ka Lentsoeng la Molimo, le ho rua molemo ho eona.

19. (a) Mabapi le libe tse tebileng, Bakreste ba banyalani ba lokela ho ba seli ka eng? (b) Baholo ba lokela ho etsa eng haeba e mong oa bona kapa mohlanka ea sebeletsang a etsa sebe se tebileng?

19 Balekane ba lenyalo ba Bakreste ba lokela ho ba seli hore ba se tlōle melao ea Molimo ka ho pata libe tse tebileng tsa molekane e mong. Ba lokela ho hopola taba ea Ananiase le Safira, ba ileng ba etsa ka bolotsana empa ba hlōleha ho pata sebe sa bona se tebileng. (Liketso 5:1-11) Baholo ba lokela ho ba seli hore ba se sireletsane kapa ho sireletsa bahlanka ba sebeletsang haeba e mong oa bona a entse sebe se tebileng se ka isang bohatong ba ho khaoloa. Ba lokela ho sebelisa motheo o boletsoeng ke Pauluse, ea ngotseng: “U se ke ua phaka ua bea motho matsoho; hape, u se ke ua kena libeng tsa ba bang. U ipoloke, U be mohloeki.”—1 Timothea 5:22.

Bohlale ba ho Ipoloka re se na Sekoli

20. Ho e-na le ho pata libe tse tebileng tsa ba bang kapa ho kopanela ho tsona, re lokela ho etsa eng?

20 Bahlanka ba Jehova ha ba lokela ho etsisa litsela tse mpe tsa lefatše lena. Ha moapostola Johanne a ngolla Gaiuse, o itse: “Moratuoa, u se ke ua etsisa bobe, u mpe u etsise botle. Ea etsang hantle o tsoa ho Molimo; empa ea etsang hampe ha a ka a bona Molimo.” (3 Johanne 11) Ho molemo hakaakang ho tataisoa ke Lentsoe la Molimo le sa foseng le ho etsa se molemo! Ho e-na le hore re pate kapa re kopanele libeng tse tebileng tsa ba bang, re lokela ho ikemisetsa ho khanya joaloka maseli, ’me re hloke sekoli le letheba. (Ba-Filippi 2:14, 15) Mohlanka e mong le e mong oa Molimo o ikarabella ka ho boloka phutheho e hloekile, a se na sekoli. (2 Petrose 3:14) Ho thoe’ng haeba u khathatsoa ke boitšoaro ba e mong? U lokela ho ikutloa u lokolohile ho buisana le baholo le ho amohela tataiso mabapi le hore na u lokela ho latela tsela efe e nepahetseng.

21. (a) Lerato la Kreste phuthehong ea hae le re behela mohlala joang? (b) Re lokela ho jara boikarabelo bofe ka libe tsa ba bang?

21 Lerato la rōna ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le lokela ho etsisa lerato la Jesu Kreste ka monyaluoa oa hae oa moea, phutheho. O “ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona; hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafalitse ka hlatsuo ea metsi ka lentsoe la hae, a tle a ikemisetse eona pel’a hae, le Kereke e khanyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le joale ka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekoli.” (Ba-Efese 5:25-27) Ka ho tšoanang, lerato la rōna mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova le lokela ho re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rōna ho o boloka o hloekile. Le ka mohla re se etse letho le ka hlomphollang Molimo kapa mokhatlo oa ’ona o hlophisitsoeng kapa ho lokafatsa liphoso tsa ba bang ka phuthehong. Ho e-na le hoo, re khothalletse bafosi ho lokisa boitšoaro ba bona le ho batla thuso ea baholo. Haeba ba hlōleha ho etsa joalo kamor’a nako e lekaneng, re jara boikarabelo ba ho tsebisa baholo ba khethiloeng. Ka tsela eo, re tla qoba ho kopanela libeng tsa ba bang le ho jara boikarabelo bo itseng ba boitšoaro ba bona bo fosahetseng.

22. (a) Re lokela ho etsa eng e le hore re fumane poloko? (b) Ke lipotso life tse sa ntsaneng li tla nahaneloa?

22 Poloko eo re e amohetseng bohle ke letlotlo le ke keng la bapisoa. Hore re e amohele re lokela ho tsoela pele re tsamaea ka ho loka pel’a Jehova. Ka baka leo, a re thusaneng ho etsa joalo, ho se be mohla re kopanelang libeng tsa ba bang. Jehova o fane ka tokisetso e lerato ho re thusa boitekong ba rōna, ’me tabeng ena baholo ba khethiloeng ba etsa karolo ea bohlokoa haholo. Empa ba etsisa Jehova le Mora oa hae, Molisa ea Molemo, joang? Baholo ba ka re thusa joang tseleng ea bophelo? Sehlooho se latelang se arabela lipotso tsena.

Na U sa Hopola?

◻ U lokela ho talima taeo joang?

◻ Haeba molumeli hammoho le uena a u tsebisa hore o entse sebe se tebileng, u lokela ho mo khothalletsa ho etsa eng?

◻ U lokela ho etsa eng haeba u tseba hore mofosi ha a e-s’o tsebise baholo ba khethiloeng sebe sa hae?

◻ Ho sa tsotellehe hore na re baholo, balekane ba lenyalo, kapa bana, re ka qoba ho kopanela libeng tsa ba bang joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Moapostola Johanne o fane ka keletso khahlanong le ho kopanela libeng tsa ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela