Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 maq. 26-30
  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Bang ba Khaoloang ka Lona
  • Pako ke ea Bohlokoa Hore Motho a Khutlisetsoe ka Phuthehong
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bolela Phoso?
  • Tšepa Barab’eno ba Tšepahalang
  • Kamoo Balisa ba Thusang Kateng
  • Tsoela Pele ho Amohela Taeo ea Molimo
  • Ho Boloka Khotso le Bohloeki ka Phuthehong
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • U se Kopanele Libeng tsa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Khaoloa ke Tokisetso e Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 maq. 26-30

Amohela Taeo ea Jehova Kamehla

“U se ke ua lahla taeo ea Jehova.”—LIPROVERBIA 3:11.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela taeo e tsoang ho Molimo?

MORENA SOLOMONE oa Iseraele ea boholo-holo o fa e mong le e mong oa rōna lebaka le utloahalang la ho amohela keletso e tsoang ho Molimo. Solomone o re: “Uena mora oa ka, u se ke ua lahla taeo ea Jehova; ’me u se ke ua nyonya khalemelo ea hae, hobane Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.” (Liproverbia 3:11, 12) Ka sebele, Ntate oa hao oa leholimo o u laea hobane a u rata.

2. Lentsoe “taeo” le hlalosoa joang, hona motho a ka ’na a fumana taeo joang?

2 “Taeo” e bolela ho shapa, ho lokisa, ho rupela le ho ruta. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” (Baheberu 12:11) Ho amohela taeo ea Molimo le ho e sebelisa ho ka u thusa hore u tsamaee tseleng ea ho loka ’me ho u atametse haufi le Molimo ea halalelang, Jehova. (Pesaleme ea 99:5) Taeo e ka ’na ea tla ka balumeli-’moho le uena, ka lintho tseo u ithutileng tsona libokeng tsa Bokreste le ka seo u ithutileng sona Lentsoeng la Molimo le likhatisong tsa “motsamaisi ea tšepahalang.” (Luka 12:42-44) Ka sebele u lokela ho thaba ha u hlokomelisoa ntho e itseng eo u lokelang ho e lokisa! Empa ke taeo ea mofuta ofe e ka ’nang ea hlokahala haeba motho a entse sebe se tebileng?

Lebaka Leo ba Bang ba Khaoloang ka Lona

3. Motho o khaoloa ha a entse joang?

3 Bahlanka ba Molimo ba ithuta Bibele le likhatiso tsa Bokreste. Libokeng tsa bona, likopanong tse nyenyane le tse khōlō ho tšohloa litekanyetso tsa Jehova. Kahoo Bakreste ba tsebisoa seo Jehova a se hlokang ho bona. Setho sa phutheho se khaoloa hafeela se entse sebe se tebileng se sa bake.

4, 5. Ke mohlala ofe oa Mangolo oa ho khaola o boletsoeng moo, hona ke hobane’ng ha phutheho e ile ea khothaletsoa hore e khutlisetse monna eo ka phuthehong?

4 Nahana ka mohlala o boletsoeng ka Mangolong oa motho ea ileng a khaoloa. Phutheho ea Korinthe e ne e lumeletse ‘bohlola bo neng bo se teng leha e le har’a lichaba, hore monna ea itseng o ne a nkile mosali oa ntat’ae.’ Pauluse o ile a khothalletsa Bakorinthe hore ba “nehelane ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, e le hore moea o ka pholoha.” (1 Bakorinthe 5:1-5) Ha moetsalibe eo a ne a khaotsoe ’me kahoo a nehetsoe ho Satane, o ile a boela a fetoha karolo ea lefatše la Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ho lelekoa ha hae ho ile ha tlosa tšusumetso e mpe ea nama ka phuthehong ’me ha sireletsa “moea” oa eona oa ho tšaba Molimo kapa boikutlo bo e laolang e le hore e ka tsoela pele e bonahatsa litšobotsi tsa Molimo.—2 Timothea 4:22; 1 Bakorinthe 5:11-13.

5 Nakoana ka mor’a moo, Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Korinthe hore ba khutlisetse mofosi eo ka phuthehong. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a re seo se ne se lokela ho etsoa e le hore ba se ke ba “qhekelloa ke Satane.” Kamoo ho bonahalang kateng, moetsalibe eo o ne a bakile a bile a qalile ho phela bophelo bo hloekileng. (2 Bakorinthe 2:8-11) Haeba Bakorinthe ba ne ba ka hana ho khutlisetsa monna eo ea bakileng ka phuthehong, Satane o ne a tla ba qhekella ka kutloisiso ea hore e ne e tla ba ba se nang kutloelo-bohloko le ba sa tšoareleng e leng seo Diabolose a neng a batla hore ba be sona. Kamoo ho bonahalang kateng, kapele ba ile ba ‘tšoarela le ho tšelisa’ monna eo ea neng a bakile.—2 Bakorinthe 2:5-7.

6. Ho khaola ho ka phetha morero ofe?

6 Ho khaola ho phetha morero ofe? Ho sireletsa lebitso la Jehova le halalelang hore le se ke la rohakoa ho bile ho sireletsa botumo bo botle ba batho ba hae. (1 Petrose 1:14-16) Ho tlosa mofosi ea sa bakeng ka phuthehong ho phahamisa litekanyetso tsa Molimo ’me ho sireletsa bohloeki ba moea ba phutheho. Hape ho ka thusa motho ea sa bakeng hore a bone botebo ba sebe sa hae.

Pako ke ea Bohlokoa Hore Motho a Khutlisetsoe ka Phuthehong

7. Ho se ipolele litlōlo ho ile ha ama Davida joang?

7 Boholo ba batho ba etsang libe tse tebileng ba baka e le kannete ’me kahoo ha ba khaoloe ka phuthehong. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata hore ba bang ba bontše pako ea sebele. Nahana ka Morena Davida oa Iseraele, ea qapileng Pesaleme ea 32. Pina eo e bontša hore ka nako e itseng e ka ’na eaba Davida ha aa ka a bolela libe tsa hae tse tebileng, tseo a neng a li entse le Bathe-sheba. Liphello tsa seo ke hore ho tšoenyeha ka libe tsa hae ho ile ha mo qeta matla, feela joalokaha letsatsi le chesang la selemo le monya mongobo oa sefate. Davida o ile a utloa bohloko ’meleng le kelellong, empa eitse ha a ‘ipolela ho Jehova ka lebaka la litlōlo tsa hae, Jehova a mo tšoarela.’ (Pesaleme ea 32:3-5) Joale Davida o ile a bina a re: “Ho thaba motho eo Jehova a sa kenyeng phoso tlalehong ea hae.” (Pesaleme ea 32:1, 2) Ho hauheloa ke Molimo ho ile ha thabisa hakaakang!

8, 9. Ho baka ho bonahala joang, hona ho bohlokoa hakae tabeng ea ho khutlisetsoa ha motho ea khaotsoeng ka phuthehong?

8 Ho hlakile hore moetsalibe o lokela ho baka haeba a batla ho hauheloa. Leha ho le joalo, ho ba lihlong kapa ho tšoenyeha ka hore sebe se tla tsebahala ha ho bolele hore motho o bakile. “Ho baka” ho bolela “ho fetola tsela eo motho a nahanang ka eona” mabapi le boitšoaro bo sa lokang, ka lebaka la ho ikoahlaela sebe sa hae. Motho ea bakileng ‘o robehile pelo ebile o sithabetse’ ’me o batla ho ‘lokisa phoso’ haeba ho ka khoneha.—Pesaleme ea 51:17; 2 Bakorinthe 7:11.

9 Hore motho a khutlisetsoe ka phuthehong ea Bokreste, ntho ea bohlokoa haholo ke hore a bake. Motho ea khaotsoeng ha a khutlisetsoe ka phuthehong hobane feela ho fetile nako e itseng. Pele a ka khutlisetsoa, o lokela ho etsa liphetoho tse khōlō pelong ea hae. O lokela ho elelloa ho teba ha sebe sa hae le thohako eo a e tliselitseng Jehova le phutheho ea hae. Moetsalibe o lokela ho baka, a rapelle tšoarelo ka tieo ’me a latele melao e lokileng ea Molimo. Ha a kōpa ho khutlisetsoa ka phuthehong, o lokela ho fana ka bopaki ba hore o bakile le hore o hlahisa “mesebetsi e tšoanelang pako.”—Liketso 26:20.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bolela Phoso?

10, 11. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho leka ho pata sebe?

10 Batho ba bang ba entseng sebe ba ka ’na ba re: ‘Haeba ke bolella motho e mong ka sebe sa ka, ho ka ’na ha hlokahala hore ke arabe lipotso tse thata ’me nka ’na ka khaoloa. Empa haeba ke ithōlela feela, nka ka ’na ka qoba seo ’me ho hang ha ho motho ea tla tseba seo ka phuthehong.’ Haeba motho a nahana joalo o hlokomoloha lintlha tse itseng tsa bohlokoa. Lintlha tseo ke life?

11 Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe.” Leha ho le joalo, o khalemela batho ba hae “ka tekanyo e loketseng.” (Exoda 34:6, 7; Jeremia 30:11) Haeba u ka etsa sebe se tebileng, Molimo a ka u hauhela joang haeba u leka ho pata sebe sa hao? Jehova oa se bona, ebile ha a hlokomolohe phoso.—Liproverbia 15:3; Habakuke 1:13.

12, 13. Ho ka etsahala’ng haeba motho a leka ho pata phoso?

12 Haeba u entse sebe se tebileng, ho se bolela ho ka u thusa hore u boele u be le letsoalo le letle. (1 Timothea 1:18-20) Empa ho se bolele sebe ho ka qetella ho sentse letsoalo ’me seo se ka etsa hore u etse libe tse ling hape. Hopola hore ha ua siteloa motho feela kapa phutheho. U sitetsoe Molimo. Mopesaleme o ile a bina: “Jehova—terone ea hae e maholimong. Mahlo a hae aa bona, mahlo a hae a khanyang a hlahloba bara ba batho. Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo.”—Pesaleme ea 11:4, 5.

13 Jehova a ke ke a hlohonolofatsa motho leha e le ofe ea patang sebe se tebileng empa a leka ho lula ka phuthehong e hloekileng ea Bokreste. (Jakobo 4:6) Kahoo haeba u entse sebe ’me u batla ho etsa se nepahetseng, u se ke ua tsilatsila ho bolela sebe sa hao ka botšepehi. Ho seng joalo, u tla ba le letsoalo le molato, haholo-holo ha u bala kapa ha u utloa ho fanoa ka keletso malebana le litaba tse tšoanang le sebe se tebileng seo u se entseng. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba Jehova a ne a ka tlosa moea oa hae ho uena, joalokaha ho ile ha etsahala tabeng ea Morena Saule? (1 Samuele 16:14) Ha Molimo a tlositse moea oa hae, u ka oela sebeng se tebileng le ho feta.

Tšepa Barab’eno ba Tšepahalang

14. Ke hobane’ng ha mofosi a lokela ho sebelisa keletso e ho Jakobo 5:14, 15?

14 Kahoo, mofosi ea bakileng o lokela ho etsa’ng? “A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa.” (Jakobo 5:14, 15) Ho ea ho baholo ke tsela e ’ngoe eo ka eona motho a ka “hlahisang litholoana tse tšoanelang pako.” (Matheu 3:8) Banna bana ba tšepahalang le ba mosa ba tla ‘mo rapella ’me ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova.’ Joaloka oli e thobang, keletso ea bona e thehiloeng Bibeleng e tla tšelisa motho leha e le ofe ea bakileng e le kannete.—Jeremia 8:22.

15, 16. Baholo ba Bakreste ba latela joang mohlala o behiloeng ke Molimo, o tlalehiloeng ho Ezekiele 34:15, 16?

15 Molisa oa rōna, e leng Jehova, o ile a beha mohlala o motle hakaakang ha a ne a lokolla Bajuda botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. le ha a ne a lokolla Iseraele ea moea “Babylona e Moholo” ka 1919 C.E.! (Tšenolo 17:3-5; Bagalata 6:16) Kahoo o ile a phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Ke tla fulisa linku tsa ka, ’me ke tla li bothisa . . . E lahlehileng ke tla e batla, ’me e hlahlathetseng ke tla e khutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa ’me e kulang ke tla e matlafatsa.”—Ezekiele 34:15, 16.

16 Jehova o ile a fepa linku tsa hae tsa tšoantšetso, a li bothisa ka khutso, ’me a batla tse lahlehileng. Ka ho tšoanang, balisa ba Bakreste ba etsa bonnete ba hore mohlape oa Molimo o fepehile hantle moeeng ebile o sireletsehile. Baholo ba batla linku tse hlahlathelang phuthehong. Feela joalokaha Molimo a ile a ‘tlamisa nku e robehileng,’ balebeli ba “tlamisa” linku tse lemalitsoeng ke seo motho e mong a se buileng kapa tse lemalitsoeng ke liphoso tseo tsona ka botsona li li entseng. ’Me feela joalokaha Molimo a ile a ‘matlafatsa e kulang,’ baholo ba thusa ba kulang moeeng, mohlomong ka lebaka la phoso eo ba e entseng.

Kamoo Balisa ba Thusang Kateng

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tsilatsila ho batla thuso ea moea ho baholo?

17 Baholo ba thabela ho sebelisa keletso ena: “Le tsoele pele ho . . . bontša mohau, le etsa joalo ka tšabo.” (Juda 23) Bakreste ba bang ba entse libe tse tebileng ka ho oela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Empa haeba ba bakile e le kannete, ba ka kholiseha hore baholo ba thahasellang ho ba thusa moeeng ba tla ba tšoara ka mosa le ka lerato. Pauluse o ile a re malebana le banna bao, le eena a ipalella: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna.” (2 Bakorinthe 1:24) Ka lebaka leo, le ka mohla u se ke ua tsilatsila ho batla thuso ea bona ea moea.

18. Baholo ba sebetsana joang le balumeli-’moho le bona ba etsang phoso?

18 Ke hobane’ng ha u lokela ho tšepa baholo, ha u entse sebe se tebileng? Ke hobane mosebetsi oa bona o ka sehloohong ke ho ba balisa ba mohlape oa Molimo. (1 Petrose 5:1-4) Ha ho molisa ea lerato ea ka otlang konyana e ntseng e lla ka lebaka la ho utloa bohloko. Ka hona, ha baholo ba sebetsana le liphoso tsa balumeli-’moho le bona, ha ba amehe haholo ka hore na motho o tlōtse molao ofe le kotlo eo a lokelang ho e fuoa, empa ba ameha haholo ka sebe le ka thuso ea moea eo ba ka fanang ka eona ha ho khoneha. (Jakobo 5:13-20) Baholo ba lokela ho ahlola ka toka le ho “tšoara mohlape ka mosa.” (Liketso 20:29, 30; Esaia 32:1, 2) Joaloka Bakreste ba bang kaofela, baholo ba lokela ho ‘sebelisa toka, ba rate mosa ’me ba inyenyefatse ha ba tsamaea le Molimo.’ (Mikea 6:8) Litšobotsi tsena ke tsa bohlokoa ha ba etsa liqeto tse amang bophelo le tšebeletso e halalelang ea “linku tsa lekhulo la [Jehova].”—Pesaleme ea 100:3.

19. Baholo ba Bakreste ba leka ho khutlisetsa motho tseleng ba e-na le boikutlo bofe?

19 Balisa ba Bakreste ba behiloe ke moea o halalelang ’me ba batla hore o ba tataise. Haeba “motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela”—joalokaha eka o mo tsomelitse—banna ba tšoanelehang moeeng ba leka ho “khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1; Liketso 20:28) Baholo ba leka ho lokisa monahano oa motho eo ka mosa empa ba ntse ba khomaretse melao ea Molimo, feela joalokaha ngaka e mosa e khutlisetsa lesapo le robehileng malulong a lona ka hloko, e le hore e se ke ea utloisa motho bohloko ho sa hlokahale, empa ka nako e tšoanang e lokisa bothata. (Bakolose 3:12) Kaha baholo ba itšetlehile ka thapelo le Mangolo ha ba etsa qeto ea hore na ba bontša motho mohau kapa che, qeto ea bona e tla bontša kamoo Molimo a talimang litaba kateng.—Matheu 18:18.

20. Ke neng moo ho ka ’nang ha hlokahala hore phutheho e tsebisoe hore motho ea itseng o khalemetsoe?

20 Haeba sebe se tsejoa ke batho ba bangata kapa ho hlakile hore ba tla se tseba, e tla ba ho loketseng hore ho etsoe tsebiso phuthehong e le hore ho sireletsoe botumo ba eona. Ho ka boela ha etsoa tsebiso haeba ho hlokahala hore phutheho e tsebisoe. Ha motho ea khalemetsoeng ke komiti ea boahloli a ntse a hlaphoheloa moeeng, a ka ’na a bapisoa le motho ea lemetseng eo e leng hona a ntseng a fola, e leng ho mo thibelang ho etsa lintho tse itseng ka nakoana. Ho ka ba molemo haholo hore ka nakoana, motho ea bakileng a mamele feela ha a le libokeng ho e-na le ho fana ka likarabo. Baholo ba ka ’na ba lokisetsa hore motho e mong a mo khannele thuto ea Bibele bakeng sa ho mo matlafatsa moo a fokolang teng e le hore a ka boela a ‘phela hantle tumelong.’ (Tite 2:2) Sena sohle se etsoa ka lerato ’me ha se etsoe ka morero oa ho utloisa mofosi bohloko.

21. Liphoso tse ling li ka sebetsoa joang?

21 Baholo ba fana ka thuso ea moea ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ha re re mor’abo rōna eo nakong e fetileng a kileng a ba le bothata ba ho noa o ile a noa haholo hanngoe kapa habeli a le mong lapeng. Kapa mohlomong motho eo e leng khale a tlohetse ho tsuba koae o ile a tsuba hanngoe kapa habeli ka sekhukhung ka lebaka la bofokoli. Le hoja a rapetse a bile a lumela hore Molimo o mo tšoaretse, o lokela ho batla thuso ho moholo e le hore a se ke a tloaela ho etsa sebe se joalo. Taba ena e ka ’na ea sebetsoa ke moholo a le mong kapa ba babeli. Leha ho le joalo, moholo kapa baholo bao ba tla tsebisa molebeli ea okamelang, kaha ho ka ’na ha e-ba le lintho tse ling tse amehang.

Tsoela Pele ho Amohela Taeo ea Molimo

22, 23. Ke hobane’ng ha u lokela ho tsoela pele u amohela taeo ea Molimo?

22 Mokreste e mong le e mong o lokela ho mamela taeo ea Jehova, haeba a batla ho amoheloa ke Molimo. (1 Timothea 5:20) Kahoo sebelisa khalemelo leha e le efe eo u e fumanang ha u bala Mangolo le likhatiso tsa Bokreste kapa ha u utloa ho fanoa ka keletso libokeng, likopanong tse nyenyane le tse khōlō tsa batho ba Jehova. Falimehela ho etsa thato ea Jehova. Ka ho etsa joalo taeo ea Molimo e tla u thusa hore u be le tšireletso e matla ea moea—tšireletso e kang lerako e tlang ho u sireletsa sebeng.

23 Ho amohela taeo ea Molimo ho tla u thusa hore u lule leratong la Molimo. Ke ’nete hore ba bang ba lelekiloe ka phuthehong ea Bokreste, empa sena se ke ke sa u etsahalla haeba ‘u sireletsa pelo ea hao’ ebile u ‘tsamaea joaloka motho ea bohlale.’ (Liproverbia 4:23; Baefese 5:15) Leha ho le joalo, haeba hona joale u khaotsoe, ke hobane’ng ha u sa nke mehato ea ho khutlisetsoa ka phuthehong? Molimo o batla hore bohle ba inehetseng ho eena ba mo sebeletse ka botšepehi le ka “pelo e nyakaletseng.” (Deuteronoma 28:47) U ka sebeletsa Jehova ka ho sa feleng haeba u amohela taeo ea hae kamehla.—Pesaleme ea 100:2.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha ba bang ba lelekoa ka phuthehong ea Bokreste?

• Pako ea sebele e akarelletsa eng?

• Ke hobane’ng ha motho a lokela ho ipolela sebe se tebileng?

• Ke ka litsela life baholo ba Bakreste ba thusang bafosi ba bakileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a romela phutheho ea Korinthe litaelo mabapi le taba ea ho khaola?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Joaloka balisa ba boholo-holo, baholo ba Bakreste ba “tlamisa” linku tsa Molimo tse lemetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela