Na U Leboha Seo Jesu a se Entseng?
KE MOKHOA ofe o neng o ka ba bonolo le o tobileng oa ho leboha ho feta mantsoe ana, “Kea u leboha”? Empa hase batho bohle ba reng, “Kea u leboha” ba hlileng ba ananelang seo ba se amohelang. Mantsoe ao a teboho a boleloa le mabakeng a mang, joaloka ho leboha mosebetsi o entsoeng ke motho e mong. Ho nepahetse ho leboha, le hoja ho ka ʼna ha fetoha tloaelo feela e se nang maikutlo.
Ho nepahetse ho bua mantsoe a teboho e tsoang botebong ba pelo ha u amohela mpho, haholo mpho ea bohlokoa. Mpho e ka re thabisa; e ka tlatsa tlhoko eo re nang le eona. ʼMe haeba mpho e le e thabisang le e tlatsang tlhoko eo re nang le eona, e bohlokoa ka sebele. Empa haeba hamorao mpho eo e sa hlokomeloe kapa e tšoaroa hampe, mantsoe leha e le afe a teboho a ileng a boleloa ke lefeela la mafeela. Ka baka leo, kananelo, kapa ho haella ha eona, hangata e bontšoa ka mokhoa oo re ikutloang ka oona ka mpho le kamoo re e sebelisang kateng.
ʼMopi oa batho, Jehova, o re neile mpho ea bohlokoa, Mora oa hae. Ho ea ka New World Translation, Johanne 3:16 e re: “Hobane Molimo o ratile lefatše haholo hoo o ileng oa fana ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ʼnotši, hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Mpho eo e tla re thabisa le ho tlatsa litlhoko tsa rōna haeba teboho ea rōna e le ea ʼnete. Empa leha ho le joalo, kaha ke Jehova ea Faneng ka mpho ena, ke hobane’ng ha re tlameha ho leboha Jesu?
Seo Jesu a U Etselitseng Sona
Mohlomong ua botsa, ‘Jesu o nketselitse eng?’ Le pele u tsoaloa, Jesu o u etselitse ntho e itseng. Ke eng? Jesu o tetse bophelo ba hae ba leholimo, pele a tsoaloa e le motho ke moroetsana Maria. (Luka 1:26-33) E ne e se ntho e nyenyane. Na u ne u ka rata ho falla lehaeng le nang le khotso, tšireletseho, le bophelo bo botle, moo u potiloeng ke metsoalle e tšepahalang, ʼme u il’o phela naheng eo ho nang le ntoa, kotsi, maloetse, le lira tse batlang ho u bolaea? ‘Che,’ u ne u tla arabela joalo. Empa ke sona seo Jesu a se entseng.—Johanne 17:5; Ba-Filippi 2:5-8.
Kaha Jehova Molimo e ne e le Ntat’ae, e seng motho leha e le ofe oa nama, Jesu o ne a lokolohile sebeng. (Luka 1:34, 35) Ha ho mohla a ileng a fosa ka mohopolo, polelo, kapa ketso. Ho sa tsotellehe hore na o ne a potiloe ke maemo a sebe le khanyetso, o itse ho bahanyetsi ba hae: “Ke mang ho lōna ea tla nkholisa hore ke na le sebe?” Ha ho lea mong! Joalokaha moapostola Petrose a hlalositse: “Eena ea sa kang a etsa sebe, ʼme le thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae.” (Johanne 8:46; 1 Petrose 2:22) Motheong oa linnete tsena, a ke re hlalose ho tsoela pele kamoo u amehang kateng.
Batho ba bangata ba nyeka pelo ha ba nahana ka ho etela bakuli sepetlele, re se re sa bue ka ho lula le bona. Jesu o ne a phethehile ʼmeleng, le bophelong. Empa, ha a ka a ikarola ho ba bang, leha e le hore o ile a batla hore a lule tikolohong e se nang likokoanyana tsohle tsa mahloko. Ho e-na le hoo, ka lerato, Jesu a ithaopela ho ja, ho robala, le ho thabela botsoalle le batho ba nang le mahloko le ba shoang.—Mattheu 15:30-37; Mareka 1:40-42.
Jesu a ithaopela ho fana ka bophelo ba hae e le motho molemong oa batho. Kaha o ne a phethahetse, o ne a e-na le tokelo ea ho phela ka ho sa feleng e le motho oa nama le mali, empa o ile a ntša bophelo boo sehlabelo hore re be le monyetla o moholo. O itse: ‘Mora motho o tletse ho sebeletsa le ho nehela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.’ (Mattheu 20:28) Moapstola o fane ka bopaki ba sena: “Re bona Jesu ea beiloeng ka tlasana ho mangeloi . . . hore ka mohau oa Molimo a tle a shoele bohle.” (Ba-Heberu 2:9, NW) Ha Jesu a tela bophelo ba hae lebitsong la batho e bile pontšo e khōlōhali ea lerato leo motho leha e le ofe a neng a ka le bontša. Ka bophelo ba hae o fane ka mpho e khōlōhali ho rōna batho ba sa phethahalang, e leng, monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16; 15:13.
Mohlomong u ka fihlela qeto ena, ‘Ka sebele Jesu o nketselitse ho hongata, empa nka bontša joang hore kea leboha?’