Ho Nyarela ka Litabeng
“Ba Nyala, ba Nyalisa”
Hase feela hore manyalo a eketseha United States—ka karolo ea 16 lekholong ho tloha lilemong tse leshome tse fetileng—empa le litšenyehelo li phahame. Kakaretso ea chelete e hlokahalang bakeng sa lenyalo le mokete e se e feta lidolara tse 6 000, ʼme e meng e ba majaba-jaba hoo e bitsang lidolara tse 50 000. Na hoa makatsa ha litšenyehelo tsa lenyalo lemong tse fetileng li Ile tsa fihla ho lidolara tse limillione tse likete tse 20—keketseho ea karolo ea 152 lekholong ho tloha ka 1975? Chelete e ne e sebelisetsoa eng? Bakeng sa ntho e ʼngoe le e ʼngoe “ho qala ka masale le lipalesa ho Isa ʼminong, likoloing tsa maemo, le maetong a phomolo kamor’a lenyalo,” ho tlalehile makasine Fortune.
Mokete oa lenyalo e tlameha ho ba nako ea nyakallo. Empa leha ho le joalo, Jesu o boletse ka karolo e ʼngoe ea lenyalo eo e neng e tla ba pontšo ea moloko o neng o tla phela nakong ‘ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba tsamaiso e khopo ea lintho.’ (Mattheu 24:3, 34) O itse; “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Hobane joalo ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka Iona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ʼme ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” (Mattheu 24:37-39) Jesu ha a ka a bolela hore ho fosahetse hore batho ba phelang “mehleng ea qetello” ba nyale le ho nyalisoa. (2 Timothea 3:1) Ho e-na le hoo, o lemositse hore ba bangata ba ne ba tla tšoareha haholo lenyalong, leo hona joale le seng le akarelletsa mekete e meholo le lichelete tse boima, ʼme ba hlokomoloha mehla e potlakileng eo re phelang ho eona.
“Ke Mang ea Patileng Meqolo ea Leoatle le Shoeleng?”
Sehloohong seo, Biblical Archaeologist, Norman Golb, moprofesara Mangolong a Seheberu le Sejode le Searabia Univesithing ea Chicago, a etsa lipatlisiso ho fumana hore hantle-ntle ke mang ea patileng Meqolo Leoatleng le Shoeleng. Ka nako e tšoanang, o ne a batla ho shanofatsa khopolo e ʼnileng ea amoheloa ka lilemo tse mashome a mararo tse fetileng. Lehlabuleng la 1947, Meqolo ea boholo-holo ea Mangolo a Seheberu le likarolo tseo e seng tsa Bibele e Ile ea fumanoa lehaheng le ka boroa-bophirimela ba lebopo la Leoatle le Shoeleng. Tšibollo eo e ile ea rorisoa e le “tšibollo e khōlō e kileng ea etsoa mosebetsing ea ho chekolla mesaletsa ea boholo-holo ea Bibele.” Meqolo eo e ne e akarelletsa maqephe a boholo-holo a ngotsoeng ka letsoho a libuka tsa Bibele ʼme a ne a ngotsoe lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.
Ho fihlela joale, liithuti li ne Ii boletse hore maqephe ao ke a ma-Essene, mokha oa bolumeli oa Sejode. Empa Golb o lumela hore litšibollo tse ileng tsa latela tsa mangolo a boholo-holo a Seheberu Masada, Jeriko, le libakeng tse ling lehoatateng la Judea li bontša hore meqolo e tsoa Jerusalema. Hase ma-Essene empa Bajode ba neng ba baleha makhotla a Roma pakeng tsa 66 le 70 C.E. “ba ileng ba tlisa liphutheloana tseo tsa maqephe ho tloha motse-moholo ho li isa mahaheng a lehoatata ka morero oa ho li pata,” ke kamoo Golb a nahanang kateng.
Ho sa tsotellehe bopaki bo eketsehileng ba litšibollo, meqolo ea Bibele e fumanoeng mahaheng ao e tiisa ho phethahala ha Bibele le matla a Jehova a ho boloka Lentsoe la hae. “Hobane nama eohle e joale ka joang, ʼme khanya eohle ea motho e joale ka palesa ea joang. Joang bo ee bo omelle, ʼme palesa ea jona e oe; empa lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:24, 25.
Na Baetapele ba Lefatše ba Hloka Bohlale ba Molimo?
Ha e le mona khotso ea lefatše e le thata ho fumanoa, tšokelo e sa khaotseng ea ntoa e khathatsa baetapele ba lefatše. Makasine Time e tlaleha hore moetapele oa Soviet Mikhail S. Gorbachev o ile a utloa bohloko: “Ka sebele, Molimo o holimo ha o e-s’o hane ho re nea bohlale bo lekaneng ba ho fumana litsela tsa ho ntlafatsa . . . likamano pakeng tsa lichaba tse peli tse khōlō tsa lefatše, lichaba tseo bokamoso ba mokhatlo ʼohle oa batho bo itšetlehileng ka tsona.” Ka ho tšoanang, ha Mookameli P. W. Botha oa Afrika Boroa a qetella puo ea hae Thekong ka la 15 Phato, eo e leng tseko e khōlō, o boletse ka kameho e khōlō ka khotso ea sechaba sa hae: “Re nkile mosebetsi o ka etsoang ke motho. . . . Ke kōpa Molimo o matla ʼohle ho re neha bohlale le matla a ho phethahatsa thato ea Oona.”
Ke ho khahlisang hore baetapele ba mebuso ba bua ka hore ho hlokahala bohlale ba Molimo boitekong ba bona ba ho etsa khotso. Leha ho le joalo, ho ea ka Bibele, khotso ea lefatše le tšireletseho li tla fumaneha ka ʼMuso oa Molimo feela. (Daniele 2:44; bapisa Esaia 9:6, 7.) Ke feela ba lumellanang le ʼMuso ona oa leholimo ba ka tšepang ho fumana khotso e sa feleng.