Mehla e Kang ‘Mehla ea Noe’
“Lefatše la tlala pefo . . . le ne se senyehile, hobane nama eohle e ne e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.”—GENESE 6:11, 12 NW.
1, 2. (a) Lipaki tsa Jehova li tlameha ho loantšana le pefo ea mefuta efe kajeno? (b) Ke tlas’a maemo afe moo batho ba Molimo ba ‘nileng ba tšelisoa ke tšepo ea tsoho?
PEFO! Joaloka mehleng ea Noe, ho joalo le kajeno, pefo e fetohile moqoqo ka lapeng. Le bona ba tsamaeang le Molimo oa ‘nete, ba angoa ke pefo joaloka Noe. Lefatše le ile la hlokomelisoa ka sena ka matla ha ka la 21 Phupu, ngoahola, Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e Sydney, Australia, e senngoa ke seqhomane nakong ea puo ea phatlalatsa ea Bibele e neng e bua ka ho tšepahala ho Molimo le lelapa. Ho ile hoa e-shoa Paki e le ’ngoe. Tse fetang 40 tsa kena sepetlele. Bana kaofela ba folile, le hoja ba bang ba e-na le maoma a toalalitseng ka lebaka la pefo ena e bohloko ea bonokoane. Lepolesa la lipatlisiso le ile la hlalosa: “Ho ne ho e-na le batho ba 110 kahare ’me ke mohlolo hore na ke hobane’ng ha ho sa shoa batho ba 110.”
2 Likarolong tse ling tsa lefatše—tse kang Ireland Leboea, Lebanone, le El Salvador—Lipaki tsa Jehova li bolela ‘litaba tse molemo’ tikolohong eo pefo e tsoelang pele e sa khaotse. Ho bolailoe tse seng kae, tse ling e le ha li ntse li tšoarehile tšebeletsong. Linaheng tse ngata “ketsahalo e sa lebelloang,” e kang likotsi tsa makoloi, le eona e ’nile ea nka bophelo ba bohlokoa, makhetlong ao ka oona batho ba Jehova ba ileng ba tšelisoa ke tšepo ea tsoho.—Moeklesia 9:11, NW; 1 Ba-Thessalonika 4:13, 14.
3. (a) Ke eng se ileng sa etsahalla ba bang ba bahlanka ba Jehova, joaloka ha liketsahalo tsa morao tjena le Luka 21:16 li bontša? (b) Ke tiisetso efe eo re nang le eona ea hore Molimo o tla re sireletsa nakong ea “mahlomola a mahlo”?
3 Haufinyane Mexico, Lipaki tse 23 le metsoalle ea tsona li ile tsa ba har’a batho ba fetang 5 000 ba ileng ba shoa tšisinyehong e tšabehang ea lefatše. Puerto Rico, ba bang ba supileng ba ile ba ba har’a ba 300 ba ileng ba shoa meroallong le litšisinyehong tsa lefatše. Na see se bolela hore Jehova o hlōlehile ho sireletsa ba bang ba bahlanka ba hae? Che. Ha rea lokoloha likotsing le likoluoeng. ’Me ha e le ka tlhoriso, Jesu o lemositse e sa le pele: “Ba tla bolaea ba bang ho lōna.” Baena ba rōna ba makholo-kholo ba ile ba shoa matsohong a sehloho a Hitler oa Bonazi. Jehova o tla hopola bao kaofela tsohong. Leha ho le joalo, ha “mahlomola a maholo” a hohola lefatše lena, Jehova o tla bontša hore o tseba ho pholosa ba bitsang lebitso la hae, joaloka ha a ile a etsa mehleng ea Noe.—Luka 21:16-19; Mattheu 24:14, 21, 22, 37-39; Esaia 26:20, 21; Joele 2:32; Ba-Roma 10:13.
4. Maemo a kajeno a bapisoa joang le a hlalositsoeng ho Genese 6:11, 12?
4 Pefo e ile ea qaphaka hohle lefatšeng ho tloha ka 1914. Batho ba fetang limillione tse lekholo ba bolailoe lintoeng le likoluoeng tsa lekholo lena la lilemo. ’Me batho ba ’nile ba hlokofatsoa ke ho koeteloa ha lifofane le likepe, ho qhomisoa ha liqhomane ke likhukhuni, lipolao tsa bongata, mahloeo a merabe, ’me ba ’nile ba tšosoa ke ho eketsoa le ho ntlafatsoa ha lihlomo tsa nuclear. Ruri tsena ke “linako tse bohloko” tseo ‘lichaba li tsielehileng, li sa tsebe moo li tsoang le teng.’ (2 Timothea 3:1-5, 13; Luka 21:25, NW) Leha ho le joalo, batho ba Jehova kajeno ba phela har’a tlhokofatso e kotsi ho feta pefo, le hoja hangata e amahanngoa le pefo. E qalile morao koana lilemong tse 4 300 mehleng ea Noe. Ke efe eona eo?
Tumelo ea Noe Har’a Boitsoaro bo Hlephileng
5, 6. (a) Satane o ile a tsoela pele joang ho silafatsa batho? (b) Ke ka litsela life Noe le lelapa la hae ba ileng ba totobala hore hase karolo ea lefatše leo?
5 Ho tloha borabeleng ba Edene, Satane Diabolose o ’nile a sekamela ho ‘thetseng lefatše kaofela.’ (Tšenolo 12:9) Jehova o ne a laetse monna le mosali hore ba sebelise matla ao ba a filoeng ke Molimo a likamano tsa botona le botšehali ka hlompho ka hare ho tokisetso ea lenyalo e le hore ba ka ‘tlatsa lefatše’ ka mofuta oa bona. (Genese 1:28; Ba-Heberu 13:4) Empa Diabolose o ile a retelehela ho silafatseng batho ka likamano tsa botona le botšehali tseo e seng tsa tlhaho. Joang? Bara ba Molimo ba moea ba kopana le Satane borabeleng ba hae. Bana ba fetoha “bademona,” “morena” oa bona e le Satane. (Luka 11:15) Joale tšebetso ea bademona e ne e akarelletsa eng ka nako eo? Ba theohela lefatšeng, ba iphetolela ’meleng ea botho, ’me ba nyala barali ba batle ba batho. Phello ea e-ba e sisimosang!
6 Eaba kahoo ho hlaha bana ba tsoalo e tsoakaneng, lifonthoane tsa nama tseo karolo e ’ngoe ea tsona e neng e le bademona, e ’ngoe e le batho. Kamoo tlaleho e bontšang, bana ebile Linefilime, “Balihi” ba bolaeang ba batho: “’Me lefatše la senyeha ponong ea Molimo oa ’nete ’me lefatše la tlala pefo. Eaba Molimo o talima lefatše ’me, bonang! le ne le senyehile, hobane nama eohle e ne e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.” Pefo le likamano tse hlephileng tsa botona le botšehali tsa tlala hohle hoo e leng Noe feela eo ho neng ho ka thoe ka eena: “A ipaka a se na molato har’a meloko ea habo. Noe a tsamaea le Molimo oa ’nete.” Mosali oa hae, bara ba hae, le basali ba bona—bona feela har’a batho bohle—ba bontša tumelo le tšabo ea bomolimo. Ka ho totobetseng, lesika la lelapa la Noe le ne le sa silafatsoa ke likamano tsa botona le botšehali tse hlephileng tsa mehleng ea hae.—Genese 6:4, 9-12, Ref. Bi., botlaseng ba leqephe.
7. Joalokaha ho bontsitsoe mehleng ea Noe, Jehova O ahlola ba lokileng le ba sa lokang joang? (Bapisa Mattheu 25:40, 45, 46.)
7 Jehova a hlakola lefatše leo le mabifi le hlanyang ke likamano tsa botona le botšehali, le la bodemona. A romela Moroallo o moholo, a hohola sohle se neng se le sebe. Linefilime tsa tsoalo e kopaneng, le batho ba silafetseng ba hoholoa hore ba fele, ha bademona bao pele e neng e le bara ba Molimo ba baleha ho khutlela sebakeng sa moea, ho emela hore Molimo o ba ahlole. Empa baphonyohi ba bile teng! Noe le ba ntlo ea hae ba ile ba bolokoa. Ka lebaka lefe? Ka lebaka la tumelo ea bona, e neng e tšehelitsoe ke mesebetsi ea ho haha areka le ho bolela ho loka lefatšeng leo le ahlotsoeng.—2 Petrose 2:4, 5.
Ba Kajeno, Hlokomelang!
8. Ke lintlheng life mehla ea Noe e neng e tšoantšetsa mehla ea rōna?
8 Mehla ea Noe e ne e tšoantšetsa mehla ea rōna. Hoo re ho tseba joang? Ha e le hantle, Jesu O ile a profeta nako e tšoanang ea pefo, tlōlo ea molao, le ho hloka lerato, e le karolo ea “pontso” ea hore re eme lintšing tsa ‘mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kaalo e e-song ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.’ A boela a re: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; . . . ho tseba Ntate a ’notsi.” ’Me a phaella: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Hobane joale ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’e ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.”—Mattheu 24:3-21, 36-39.
9. Re qoba qetello ea ba ‘sa lemoheng’ joang?
9 E, “ha ba ka ba lemoha.” Empa ha ho hlokahale hore u tšoane le bona. U ka phonyoha ha Morena Jesu a senoloa a tsoa leholimong, a phethahatsa boiphetetso ba Molimo ka hore a felise ka ho sa feleng “ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (2 Ba-Thessalonika 1:7, 8) Ha ho hlokahale hore u tšoane le batho ba lefatše bao thahasello e khōlō ea bona bophelong e leng ho ikhahlisa, ho phehella mosebetsi o hlomphehang o nang le botumo kapa matlotlo a bonahalang, ba sa natse Molimo. Ka sebele, ‘molimo oa bona ke limpa tsa bona.’—Ba-Filippi 3:19.
“Hloeang Bobe”
10, 11. (a) Ho fumana kamohelo ea Molimo, ke limpe life tse tlamehang ho qojoa? (b) Ke lihlomo life tseo re tlamehang ho li apara, hona hobane’ng?
10 Mehleng ena ea qetello, bophelo ba batho ba bangata bo likoloha likamanong tsa botona le botšehali, ka molemo oa lenyalo kapa ntle ho oona. ‘Me bakeng sa ba bangata ba lenyalong, tlhalo kapa ho le qhala ho fetohile mokhoa oa bophelo. Ba hlokomoloha temoso e hlakileng ea barutuoa ba Jesu, ba bangata ho Bokreste-’mōtoana ba lemalla bosodoma. Hona joale, ba bang ho bona ba se ba ntse ba “amohela ka ho bona moputso o loketseng” ka sebopeho sa AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, tšepo ea pholoho e ka ’na ea e-ba teng le ho batho ba joalo. Hopola, Jesu o buile hantle ka liotsoa tse ileng tsa hloekisa bophelo ba tsona ’me tsa lumela, ha li bapisoa le baeta-pele ba bolumeli ba ikhohomosang, ba sa bakeng ba mehleng ea hae.—Ba-Roma 1:26, 27; 2 Petrose 2:9, 10; Juda 6, 7; Mattheu 21:31, 32.
11 Batho leha e le bafe ba Jehova bao e ka ’nang eaba ba qaphalelitsoe, kapa ba lekoang ke ho kena mekhoeng ea boitšoaro bo bobe, ba tlameha ho falimeha le ho apara lihlomo tse lokiselitsoeng ke Molimo ka ho feletseng! (Ba-Efese 6:11-18) Ruri mehla ena e “joale ka ha ho bile mehleng ea Noe.” ‘Tau eane e purumang,’ Diabolose, le bademona ba hae ba boitšoaro bo hlephileng, ba sebetsa bosiu le motšehare ho arola le ho chea bahlanka ba Molimo. Re tlameha ho ema khahlanong le lira tseo, re tiile tumelong.—1 Petrose 5:8, 9.
12. Ke hobane’ng ha e le hoa bohlokoa ho latela keletso ea Pesaleme ea 97:10?
12 Le hoja ho sisimosa hakaalo, le ba bang ba neng ba tsebisahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ba ile ba inehela mekhoeng ea boitšoaro bo bobe, ho akarelletsa bosodoma, ho fapanyetsana basali, le ho beta bana. Hape, ho ke ho hlokomeloe hore, selemong se fetileng, batho ba 36 638 ba ile ba tlameha ho khaoloa phuthehong ea Bokreste, palo e khōlō ea bona ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tlameha ho bolokoa o hloekile. (1 Ba-Korinthe 5:9-13) Ena ke nako ea hore baholo ba phutheho, bahlanka ba sebeletsang, ’me ruri le baena bohle le bokhaitseli ba rōna ba qobe maemo leha e le afe a ka ’nang a isa boitšoarong bo bobe. Ho tšepahala litekanyetsong tsa Jehova ho tla putsoa, joalokaha Pesaleme ea 97:10 e re: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe! O sirela meea ea bakhethoa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.”
13. Ke keletso efe e utloahalanag e fanoang ke baapostola Pauluse le Petrose?
13 Ntho ea ho qetela, ‘mahlomola a maholo’ a tla felisa bohle ba “manyala.” Re tlameha ho ba ba amehileng hakaakang ho hloea bobe, e, ho nyonya le ho qoba boitšoaro bo hlephileng ba lefatše! Re tlameha ho “tšaba bofebe”! (Tšenolo 21:8; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10, 18) Moapostola Petrose, kamor’a hore a hlokomelise ka bakoenehi ba jalang lipelaelo le ka bonnete ba ‘letsatsi la Jehova,’ o re khothalletsa ‘liketso tse halalelang tsa borapeli.’ A phaella: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng. Ka baka leo, baratuoa, ereka ha le lebeletse tse joalo, itiiseng hore le tle le fihleloe ke eena le e-na le khotso, le se na letheba le sekoli.” Kahoo ke thabo e kaakang ho finyella ‘lefatšeng le lecha,’ moo Molimo o tla ‘nchafatsa lintho tsohle’ le ho li hloekisa!—2 Petrose 3:3-7, 10-14; Tšenolo 21:1, 4, 5.
Ela Hloko ‘Mehlala e Meng e Lemosang’
14. Ke hobane’ng ha tlhoekiso ea Moroallo ebile ea nakoana feela?
14 Kamor’a hore Moroallo o moholo o hloekise lefatše litšila tsohle tsa bodemona le tsa batho, Jehova o ile a pheta taelo eo a neng a e neile Adama pele, ka hore a re ho Noe le bara ba hae: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatšeng.” (Genese 9:1) Hona ba ho entse ka tsela e bonahalang, ‘maloko’ a 70—palo eo ka tšoantšetso e phethahetseng—a thathamisitsoeng ho Genese khaolo ea 10. Empa batho ba ne ba sa ntsane ba le tlhokofatsong ea liphello tsa sebe se futsitsoeng ho Adama. ’Me hoa bonahala hore tšusumetso ea bodemona e boetse ea tetebetsa batho boitšoarong bo hlephileng ba botona le botšehali.
15. Re ithuta eng kahlolong ea Molimo ea Sodoma?
15 Kamorao ho nako, “motsoalle” oa Jehova, Abrahama, le ngoana oa ngoan’abo Lota, ba fallela sebakeng sa Kanana. Lota a ikhethela ho ea Seterekeng sa Jordane, se neng se ka “tšimo ea Jehova.” Empa na se ne se le joalo boitšoarong? Le hanyenyane! Motse oa Sodoma, moo Lota a ileng a aha teng, le Gomorrha e haufi le teng e ne e qoetse bosodomeng. Le batho ba leshome feela ba lokileng ba ne ba ke ke ba fumaneha moo. Ka lebaka lena, Jehova a lihela metse eo “kotlong ea mollo o sa feleng.” Metse eo e boitšoaro bo hlephileng, e ke ke ea hlola e tsosoa! Jesu o ile a bua ka kahlolo ea Molimo holim’a Sodoma, hammoho le se ileng sa etsahala “mehleng ea Noe,” ha a hatisa bohlokoa ba hore re itebele!—Genese 13:10; 18:32; Juda 7; Luka 17:26-30.
16. Ke ketso efe ea bademona e re hlokang hore re loane ntoa e matla ea tumelo?
16 U se ke ua fanya! Satane le bademona ba hae ba sa ntsane ba khonya! Le hoja ba lihetsoe “malumeleng a lefifi” a tšoantšetso ’me ba thibetsoe hore ba ka inkela ’mele ea nama, meea eo e boitšoaro bo hlephileng e ikemiselitse ho silafatsa batho, haholo-holo bahlanka ba Jehova. (2 Petrose 2:4-6, TLP) Ha ho pelaelo hore bademona ba ile ba susumetsa Kanana hore a etse ketso ea hae ea boitšoaro bo bobe ho ntat’ae moholo Noe. (Genese 9:22-25) Ka sebele, ba tlameha e be ba ile ba qapa mekhoa e sothehileng e ileng ea fetoha ‘mokhoa oa naha ea Kanana,’ e le hore qetellong e hlatse baahi ba eona. (Levitike 18:3-25) Ka ho tšoanang, bademona ba qobella mekhoa ea likamano tsa botona le botšehali eo e seng ea tlhaho e futuhetseng metse e mengata hakana kajeno. Ka ho loana ntoa e matla bakeng sa tumelo, re tlameha ho hanela litlhaselo leha e le life tsa mangeloi ao a oeleng tse tlamellang batho hore ba inehele ‘bootsoa le ho batla nama esele.’—Juda 3, 6, 7.
Hahela Poloko
17. Joaloka Noe le lelapa, re ka iponahatsa hore ha re karolo ea lefatše joang?
17 Ha ho talingoa botebo ba mehla ea rōna, re ka fumana tsela ea poloko joang? Ha e le hantle, Noe le lelapa la hae ba ile ba phonyoha joang? “Ka tumelo, Noe, . . . o tsoile lefatše.” (Ba-Heberu 11:7) Ka ho tšoanang le kajeno, Lipaki tsa Jehova ‘hase karolo’ ea lefatše le khopo. Ho feta moo, re bontšitse tumelo ea rōna ka ho nehela bophelo ba rōna ho Jehova le ho feta kolobetsong ea metsing e le hore re ka fetoha barutuoa ba Jesu Kreste.—Johanne 17:14, 16, NW; Mattheu 24:21.
18. Ke eng se tšoantšetsoang ke ho haha areka?
18 Ho feta moo, re nkile karolo mosebetsing oa kajeno oa Jehova, mosebetsi oa ho haha oa moea o laoloang ke Noe e Moholo, Jesu Kreste. E le sebaka sa tšireletseho le pholoho, areka e emela paradeise ea moea eo Jehova a ’nileng a e haha har’a barapeli ba hae ho tloha ka 1919. Ke boemo ba kamano ea khotso e tsosolositsoeng le Molimo. Ke tokisetso ea Oona bakeng sa ho boloka lelapa la sebele la Noe e Moholo “mahlomoleng a maholo.”—Mattheu 28:19; 1 Ba-Korinthe 3:9, 11; 2 Ba-Korinthe 12:3, 4; Tšenolo 7:13, 14.
19. Noe, litho tsa lelapa la hae, le mosebetsi oa bona ba tšoantšetsa eng?
19 “Noe a fumana mohau pel’a Jehova.” O tšoantšetsa hantle hakaakang Jesu Kreste ea ileng a tsamaea le Molimo ka boikokobetso ha a le lefatšeng, ho se letho leo a le etsang a iqalla lona! (Genese 6:8; Mattheu 17:1, 5; Johanne 8:28) Ka bobeli e ne e le baboleli ba ho loka—mohlala o motle bakeng sa lipaki tsohle tsa Jehova. ‘Me re ka tiisa hore mosali oa Noe, a tšoantšetsa masala a ba tlotsitsoeng a lefatšeng kajeno, e ne e le mohlala oa boikokobetso. (2 Petrose 2:5; Luka 4:14-19; Ba-Efese 5:21-24) Ha re nahana hore na mosebetsi oa ho haha areka ea pholoho o ne o le moholo hakae, re ka itekanyetsa hore na Noe ea seng a hōlile o ne a thabile hakaakang ha a fumana thuso ea bara ba hae ba bararo ba matla le basali ba bona! Bana ba tšoantšetsa hantle “bongata bo boholo” ba kajeno bo jereng boholo ba mosebetsi oa ho haha oa moea nakong ea litokisetso tsa ho qetela tsa Moroallo oa sebele.—Tšenolo 7:9,15.
20, 21 (a) Ke litebello life tse khanyang tse letileng borapeli ba Jehova lefatšeng le hloekisitsoeng? (b) Ke thabo efe e ka fihleloang leha e le hona joale?
20 Ha lefatše lena le hlatsoitsoe le hloekile,le loketse hore le ka fetoleloa paradeiseng ea sebele, ba tšoantšetsoang ke bara ba Noe le lingoetsi tsa hae, mohlomong ka nakoana ba ka ’na ba e-ba le bana ba tsoalloang ho lokeng. Joale mohlolo oa tsoho o tla phetha ho tlatsoa hoa lefatše ka batho. Bohle ba amohelang tokelo ea ho ba “linku tse ling” tsa Jesu ba tla khutlisetsoa phethehong, ’me ha ba pholoha teko ea ho qetela kamor’a hore Kreste a nehelane ka ’Muso ho Ntate oa hae, bana ba tla boleloa hore ba loketse bophelo bo sa feleng.—Johanne 5:28, 29; 10:16; 1 Ba-Korinthe 15:24-26; Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 20:7, 8.
21 Ke thabo e kaakang e emetseng barapeli ba tšepahalang ba Jehova! Empa leha e le hona joale thabo e khōlō e fumanoa ka ho kopanela ka pelo eohle ho haheng areka ea kajeno ea pholoho. Mosebetsi oo o atleha hakae? Thuto ea rōna e latelang e tla fana ka karabelo.
U NE U TLA ARABELA JOANG?
◻ Liketsahalo tsa pele ho Moroallo li lokela ho re lemosa joang?
◻ Re lokela ho ithuta eng ho Mattheu 24:37-39?
◻ Ke hobane’ng ha e le hoa bohlokoa hakana ho ‘hloea bobe’?
◻ Re ka kopanela joang ho haheng areka ea sebele?
[Lebokose le leqepheng la 11]
JOALOKA “MEHLENG EA NOE”—
“Ke karolo ea 40 lekholong feela ea baruti ba bolumeli ba likoleche . . . e lumelang hore ke boitšoaro bo bobe hore monna le mosali ba seng lenyalong ba be le likamano tsa botona le botšehali.”—Saturday Oklahoman & Times, December 29, 1984
[Lebokose le leqepheng la 12]
Na Metheo ea Bible e-ea Bua?
Moprista oa Episkopale o ile a mamela tšebeletso ea lepato e neng e tšoeroe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kamorao ho moo, ka memo ea moprista eo, basebeletsi ba babeli ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ba teng puisanong le baruti ba bangata Brooklyn Heights, New York City.
Taba ea bosodoma ea hlahisoa. Lipaki tsa hlakisa hore Bibele e hanela sena le hore Lipaki li khaola batho ba etsang boitšoaro bo bobe ba mofuta ofe kapa ofe. (Ba-Roma 1:24-27; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Juda 7) Lipaki tsa botsa baruti ka boemo ba bona tabeng ena ‘me ba fumana likarabelo tse latelang:
Moruti oa Congregational: “Ke lumela hore re na le molao oa ho khaola kae-kae melaoaneng ea rōna ea kereke, empa bophelong ba ka ha ke hopole eka ho na le mohla re kileng ra sebelisa molao oo!”
Moprista oa Episkopale: “Haeba re ka sebelisa molao oo, re ke ke ra ba le litho tsa likereke [tse salang].”
Moruti oa K’hatholike: “Haeba re ka sebelisa molao oo, re ne re ke ke ra ba le baprista [ba salang].”
Le hoja litlhaloso tsa baruti bana li ka ‘na tsa feteletsa litaba, Lipaki tsa Jehova lia thaba ka boemo ba tsona bo tiileng ho bolokeng phutheho e hloekile. Hase ‘karolo ea lefatše.’—Johanne 15:19, NW.
[Lebokose le leqepheng la 13]
JOALOKA “MEHLENG EA NOE”—
“Manhattan ho butsoe sekolo sa sechaba sa Motse oa New York bakeng sa liithuti tsa likolo tse phahameng tsa basodoma.” Tichere ea sona eitse: “Re ne re batla tikoloho eo ho eona bana ba basodoma ba bashemane le ba banana ba neng ba ke ke ba ba tlas’a tlhaselo ea bacha ba sa hōlang kelellong.”—The New vork Times, June 6, 1985.
[Lebokose le leqepheng la 14]
JOALOKA “MEHLENG EA NOE”—
“Litho tsa Kereke ea Riverside maobane li ile tsa amohela mokhoa o emelang likamano tsa bosodoma e le karolo ea maikutlo a bophelo ba lelapa la Bokreste.”—New York Post, June 3, 1985.