Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Mohlolo oa Bobeli Kana
HA JESU a khutlela sebakeng sa habo kamorao ho phutuho e telele ea ho bolela Judea, hase ho ea phomola. Ho e-na le hoo, o qala tšebeletso e kholoanyane naheng ea habo ea Galilea. Empa barutuoa ba hae, ho e-na le ho lula le eena, ba khutlela malapeng a bona, le mesebetsing ea bona ea pele.
Jesu o qala ho bolela molaetsa ofe? Ona: “’Muso oa Molimo o atametse; bakang, ’me le lumele Evangeli.” Karabelo ke efe? Bagalilea ba amohela Jesu. O hlomphuoa ke bohle. Leha ho le joalo, hona hase hakaalo-kaalo ka lebaka la molaetsa oa hae, empa ke ka lebaka la hobane ba bangata ho bona ba ne ba le teng Pasekeng Jerusalema likhoeli pejana ’me ba bona lipontšo tse tsotehang tseo a ileng a li etsa.
Ho bonahala hore Jesu o qala tšebeletso ea hae e khōlō ea Galilea Kana. U tla hopola hore pejana, ha a khutla Judea, o ile a fetola metsi veine moketeng oa lenyalo o neng o le moo. Ka lekhetlo lena la bobeli ngoana oa ’musisi oa Morena Heroda Antipase o kula haholo. Ha ’musisi a utloa hore Jesu o khutlile Judea ho tla Kana, o nka leeto ho tloha hahabo Kapernauma ho ea fumana Jesu. O mo phehella a tsohile: ‘Tlo ka potlako pele ngoana oa ka a e-shoa.’
Jesu o-oa arabela: ‘Khutlela hae, mora oa hao o folile!’ ’Musisi oa Heroda o-oa lumela ’me o qala leeto le lelelele ho khutlela hae. Ha a le tseleng o khahlametsoa ke bahlanka ba hae, ba potlaketseng ho tla mo bolella hore tsohle li lokile—mora oa hae o folile! O-oa botsa, ‘O ile a hlaphoheloa neng?’
Baa araba, ‘Maobane ka hora ea 1 thapama.’
’Musisi o hlokomela hore ke eona hora eo ka eona Jesu a itseng, ‘Mora ao hao o folile!’ Kamorao ho moo, monna eo le lelapa lohle la hae ba fetoha barutuoa ba Kreste.
Kahoo Kana e tlotloa ka ho ba sebaka seo ho sona, ha Jesu a bontša hore o khutlile Judea, a entseng mehlolo e ’meli ho sona. Leha ho le joalo, ena hase eona feela mehlolo eo a e entseng ho tla fihlela joale, empa ke ea bohlokoa hobane e tšoaile ho khutla hoa hae Galilea.
Jesu joale o leba lapeng Nazeretha. O letetsoe ke eng moo? Johanne 4:43-54; Mareka 1:14, 15; Luka 4:14, 15.
◆ Ha Jesu a khutlela Galilea, ho etsahala’ng ka barutuoa ba hae, ’me batho ba mo amohela joang?
◆ Jesu o etsa mohlolo ofe, ’me o ama ba amehang ho oona joang?
◆ Kahoo Kana e tlotloa joang ke Jesu?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 8]