Letsoho la Jehova le Bile le Rōna
Joalokaha ho boletse Simon Kraker
“NTATE, ke ithutele mosebetsi ofe oa bophelo?”
“Ha e le hantle, Simon, u nahane taba ena ka hloko hobane nke ke ka u etsetsa qeto.”
“E, Ntate, empa ka tsebo eo u nang le eona u ka tseba hamolemo!”
“Mohlomong, Simon. Ho na le makala a mangata a ka nahanoang, ’me kaofela a bonahala a hohela, empa ke lefe le ka u thabisang haholo?”
“Ho lokile, Ntate. Ke nahanne ka ’mino, ballet, acrobatics, bongaka, le boprista. Ke li thahasella kaofela.”
Joale, u ka be u ile ua khetha eng? U ka be u tsamaile ka tsela efe? Morao koana mathoasong a bo-1920, ho ile hoa etsahala ho hong lapeng leso ho bileng le phello e matla khethong ea ka ea mosebetsi oa bophelo. E re ke u phetele hona.
Batsoali ba ka, Mary le Joseph, ba ne ba tsoaletsoe Austria ka bobeli, empa ba kopana ba ba ba nyalana United States. Pele a fallela United States, Ntate o ne a tsamaile haholo Europa e le setsebi sa ho letsa terompeta. Ka baka leo, a bona hore bana bohle ba hae ba robeli ha ba fumane thuto e ntle ea sekolo feela, empa hape le ea ’mino. Sehlopheng sa lelapa sa ’mino ka tlatsetsa ka fiolo.
Joaloka Baroma K’hatholike, ’Mè le Ntate ba ne ba batla hore kaofela ha rōna re hōlisoe hantle ka bolumeli. Ke hopola Bibele ea Roma e K’hatholike eo re neng re e-na le eona lapeng. E ne e le khōlō, sekoahelong sa eona se setenya, e ne e e-na le sefapano se entsoeng ka gauda ’me e ngotsoe ka mongolo oa Sejeremane sa khale. Ke ne ke tloaelane le eona hoo ke neng ke hlompha Bibele haholo joaloka Lentsoe la Molimo.
Mathoasong a bo-1920, bolumeli bo bong bo ne bo fana ka lipampitšana tse sa lefelloeng tsa Bibele ka pele ho Kereke ea rōna ea Holy Trinity motseng oa Cleveland, Ohio. Bohle re ne re li nka re ee le tsona lapeng e be re li bapisa le Bibele ea rōna. Li ne li hatisoa ke Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa ka nako eo. Pampitšana e ’ngoe eo ke e hopolang ka ho khetheha hobane e ile ea thabisa ’Mè, e ne e bua ka taba ea boemo ba bafu. Bana ba hae ba babeli ba bashemane ba ne ba shoele boseeeng. Ka pampitšana eo a ithuta hore ha ba phele lempong kapa tlhokofatsong pelekatoring kapa liheleng empa hore ha ba ikutloe ka lebitleng, ba emetse tsoho. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:24, 25) Hoo ha hoa ka hoa tlisetsa ’Mè matšeliso a maholo feela empa le rōna kaofela!
Ho Khetha
Linnete tsa Mangolo li ne li ntse li hlaka haholoanyane ha Liithuti tsa Bibele (Bibelforscher) tse buang Sejeremane li ntse li etela lapeng. Ha re ntse re fumana tsebo e eketsehileng ea Bibele, ra iphumana re fetoha basele haholoanyane lefeng la rōna la K’hatholike. Hona hoa mphathahanya haholo. Ke ne ke reiloe lebitso la Simon ha ke hlaha, la Peter kolobetsong, le la Joseph ha ke tiiseletsoa. Ke ne ke se ke le moshemane oa aletare, ke ithutile lithapelo le ’Misa ka Selatine, ’me ke entse mesebetsi e fapa-fapaneng ea bolumeli. Batsoali ba ka ba ne ba tšepile hore mohlomong ke tla ba moprista, ’me boikemisetso ba ka e ne e le ho kopanela ka botlalo haholo bophelong ba bolumeli.
Leha ho le joalo, ke ne ke iphumana ke ntse ke felloa ke thahasello tšepong ea ka ea mosebetsi oa bophelo. E ne e se e se taba ea hore na ke tla thabisa batho joang, ke be ea tummeng ka boikoetliso ba ’mele joang, kapa ke be ngaka joang. Ho e-na le hoo, ke ne ke tla etsa joang ho thusa ba bang moeeng? Ke ne ke se ke sa bone boprista ba Roma e K’hatholike e le karabelo ea ka.
Thahasello ea batsoali ba ka le tšebetso ea bona tsa retelehela ‘litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo’ joalokaha li boleloa ke Liithuti tsa Bibele, hoa e-ba joalo le ka ’na. (Mattheu 24:14, NW) Ka 1924, ’Mè le Ntate ba qala ho bolela ‘litaba tse molemo’ ka ntlo le ntlo, ’me ka tsamaea le bona. Lilemo tse peli hamorao, ha ke le lilemo li 12, Ntate a hlokomela hore nka bolela ke le mong. Eaba o mpha Bibele e fellang ka pokothong hore ke e sebelise mosebetsing oa ka oa ho bolela Evangeli. Pele ke qeta sekolong se phahameng ka 1929, ka etsa qeto ea ho inehela ho Molimo.
Mehato ea Bohlokoa Pusong ea Molimo
Ha ke hopola morao lilemong tse fetang 60 hoba lelapa leso le qale ho kopanela boboleling ba ’Muso, ke hlokomela hore re fetile linthong tse ngata tsa bohlokoa mohatong o eang pele oa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo. Ka mohlala, ka 1925 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hatisa sehlooho “Ho Tsoaloa Hoa Sechaba.” Ke ile ka thabela ho ithuta hore Jehova o bokella batho ka bomong ba tšepahalang lichabeng tsohle hore e be sechaba sa hae. Ntlha eo ea Mangolo ea nkhahla ka sebele! Hobane’ng? Hobane sebakeng sa heso, khethollo khahlanong le Bajode le batho ba batšo e ne e le matla haholo. Empa sechaba sa Molimo se lokolohile matleng ’ohle a arolang—a morabe, a bopolotiki, a khoebo, a sesole, le a mekha ea bokhelohi. (Liketso 10:34, 35) Ebile ho thabisang hakaakang ho bala tlhaloso ea boprofeta ba Esaia khaolo ea 66 le ho bona phethahatso ea bona mehleng ea ka.
Kopano ea 1928 ea Detroit, Michigan, e bile letšoao le leng la bohlokoa la puso ea Molimo lapeng leso. Hoo e bile ’nete ka mabaka a mabeli. E bile kopano ea pele eo batsoali ba ka ba bileng ho eona. ’Me, ha ba khutlela hae, rōna bana re ile ra ameha haholo ha cheseho ea bona e tletseng thabo ka ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova e bonahala ka ho totobetseng.—Ba-Roma 12:11.
Joale, ka 1931 mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa e-ba le litaba tse re thabisang. Ra fumana lebitso le lecha—Lipaki tsa Jehova. A tokelo e khethehileng, ho jara lebitso la Molimo ka pel’a batho le mangeloi!—Esaia 43:10-12.
Nke ke ka lebala selemo sa 1935, ha ho tsebahatsoa ka ho hlakileng “linku tse ling” le “bongata bo boholo.” (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9) Hona hoa thusa batho ba bangata—ho akarelletsa le ’na—ho nka bohato ba ho kolobetsoa. Kolobetso e ne e sa hatisoe ka matla ha ke qala ho ba ’neteng. Kaha ke ne ke se ke nehetse bophelo ba ka ho Jehova Molimo, eaba ke bona hore ho loketse ho tšoantšetsa boinehelo boo ka kolobetso ea metsing.
Selemo sa 1938 e bile sa ho hlophisoa bocha ka puso ea Molimo. Pele ho nako eo, ho ne ho e-na le sebaka se le seng feela se setsing sa ho kopanela sa Lipaki tsa Jehova Cleveland—Engineer’s Auditorium, e neng e sebelisoa ke lihlopha tsa Sejeremane, Sepolishe, Senyesemane le lihlopha tsa lipuo tse ling. Kamorao ho 1938, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa lokisetsa hore ho hlongoe liphutheho likarolong tse fapa-fapaneng tsa motse. Ntate le bana ba bang b’eso ba khetheloa bohlanka ka phuthehong. Ka abeloa lefapha la limakasine.
Selemo sa 1939 sa tla le ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e ileng ea thusa ho tiisa tumelo ea ka ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ha maru a ntoa a ntse a phethesela, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa phatlalatsa sehlooho se reng “Ho se Nke Lehlakore.” Ka sehlooho sena ka ithuta ho ananela hore batho ba Molimo ba lokela ho ba khotsong le bohle, le har’a litšokelo tsa ntoa. Ka teboho, hona hoa ntokisetsa linako tse mahlonoko tseo ke neng ke tla tloha ke talimana le tsona.
Hape ka 1939 ka ea Motseng oa New York ka lekhetlo la pele. Moo ka utloa mookameli oa bobeli oa Watch Tower Society, J. F. Rutherford, a bua Madison Square Garden. Lira tsa bolumeli, tse ka bang 500, tsa leka ho qhala seboka seo ka ho itlatlarietsa hoa sona ka lerata ha Moena Rutherford a bua. Empa hona hohle ha hoa ka hoa thusa letho. A ema a tiile ho isa qetellong, ’me bamameli ba arabela ka litlatse tse khōlō.
Ho tebileng pelong ea ka ho bile ho ntse ho le hocha kelellong ea ka ke kopano ea machaba ea 1942 e bileng motseng oa heso, Cleveland. Puo ea phatlalatsa e neng e phatlalalitsoe haholo e ne e le “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Ho ile hoa fanoa ka bopaki ba Mangolo hore khotso leha e le efe ea kamoso e entsoeng ke batho e ke ke ea tšoarella.
Tumelo E-ea Lekoa
Ke ka nako eo moo tumelo ea ka e ileng ea lekoa ka tseko ea ho se nke lehlakore. Ke ne ke le mookameli oa lefapha la tse tšesaane femeng ea makoloi ea General Motors. Ba ne ba ntumeletse hore ke sebetse karolo e ’ngoe ea letsatsi, kahoo ke nolofalloa ke hore taba ea pele ke tsoele pele tšebeletsong ke le mosebeletsi oa bolumeli. Empa ha sefefo sa ntoa se thuthuka ’me se ama United States, na ke ne ke tla kopanela khohlanong kapa ke leke hore ke lumelloe ho se kopanele ka lebaka la mosebetsi oa ka oa boipheliso? Ha nka ka khetha leha e le hofe ho tsona. Ke ne ke le mosebeletsi ea khethiloeng ’me ke e-na le tokelo ea molao ea ho behelloa ka thoko tšebeletsong ea sesole motheong oo. Leha ho le joalo, Lekhotla le Khethelang Tšebeletso ea Sesole la hana.
Lekhotla la etsa tlhahiso: “U ka kena mabothong a hlometseng ’me ua sebeletsa teng u le moruti.” Ka arabela: “Che, mabaka a ka a bolumeli ke hore ke mosebeletsi oa molaetsa ’me ke nehetse bophelo ba ka mosebetsing oo.”
“Empa hoo u ka ho etsa le sesoleng.”
Ka re: “Che. Nka sebeletsa batho ba bang feela ka ‘litaba tse molemo’ joalokaha li fumanoa ka Bibeleng.”
Taba ea ka ea fetela lekhotleng le phahameng. Lekhotleng le ka holimo ka totobatsa hore Ntate o tlohile Austria ’me a tla United States ka lebaka la kholiseho ea hae ea bolumeli khahlanong le ho nka lihlomo le ho ba karolo ea sesole.
Moahloli a re: “Mohlankana, ha ho hlokahale hore u loane. Ka semelo sa hao le koetliso ea hao, u ka ba moruti oa ntoeng ea molemo.”
“Mohlomphehi, hoo nka ho etsa joang? Haeba ka letsoalo la bolumeli ke sa nke lihlomo, nka phehella e mong joang hore a etse joalo?”
Bophelo Teronkong
Ho sa tsotellehe bopaki bo ngotsoeng ba hore ke mosebeletsi oa Molaetsa, mafelong a 1943 ka ahloleloa lilemo tse hlano teronkong e khōlō Lewisburg, Pennsylvania. Leha ho le joalo, e ne e se ’na Paki ke le mong Lewisburg, hobane ho ne ho e-na le baena ba bang ba ka bang 50 moo. Nakong ea ha ke lokolloa, palo e ne e phahametse ho hoo e ka bang 200.
Setša sa teronko se ne se ka ba boholo ba lihekthare tse makholo a mane. Ka hare ho meeli ea sona ho ne ho e-na le mehaho eo ho eona ho lulang batlōli ba molao ba kotsi haholo, le kampo ea polasi bakeng sa batšoaruoa ba tšeptjoang, le motse oo ho neng ho phela ho oona balebeli ba teronko le basebeletsi ba bang ba teronko. Ka tloaelo, Lipaki li ne li abeloa kampong ea polasi. Mosebetsi oa ka e ne e le ho qhoba koloi ea batšoaruoa ba kampo ea polasi ha ba e-ea libakeng tsa bona tsa mosebetsi leha ba khutla.
Ha ke qala ho fihla, liboka tsa rōna tsa bolumeli le lingoliloeng li ne li sa lumelloe. Empa nako le nako re ne re fumana makasine oa Molula-Qhooa. Hoo ho ne ho etsahala joang? Baeti ba bang ba neng ba haola har’a likarolo tse sekhoa ha ba e-ea motseng le mehahong ea teronko, ka bohlale ba ne ba lahlela limakasine pel’a tsela ka har’a mekotlana ea lipampiri. ’Na kapa moena e mong re ne re e-ea ’me re fumane mekotlana ’me re fetisetse se ka hare ho eona ho baena ba bang kaofela. Tsela e ’ngoe eo re neng re fumana lingoliloeng ka eona, e ne e le ka mosa oa molebeli e mong ea neng a phela motseng. O ne a ee a siee likoranta tsa khale ka foranteng ea ntlo ea hae. Ha ho fihla nako ea ho nka likoranta, re ne re atisa ho fumana limakasine tsa rōna har’a lipampiri tsa khale. Hamorao, molebeli a ananela kōpo ea rōna ea ho tšoara liboka kamehla le ho fumana lingoliloeng tsa Bibele.
Ka tsatsi le leng ha ke qeta ho sia sehlopha sa basebetsi serapeng ha molebeli, ka tšoha hantle. Ka liaparong tsa ka, ke ne ke patile buka ea Mokhatlo ’Nete E Tla Le Lokolla. Ha batlamuoa ba ntse ba faola lifate, ka lula ka terakeng ’me ka bohlale ka ntša buka eo. Empa nahana hore na ke ile ka tšoha hakae ha morali e monyenyane oa molebeli a hloelisa le lehetleng ho ’na ka tšohanyetso ’me a re “Haha! U bala’ng?”
Kaha o ne a nkhaolelitse ke sa lebella, ke nkile buka eo ha e le hantle e neng e tšoanetse hore e be e setse phaposing ea ka, ka mo bolella hore ke buka e hlalosang Bibele. Joale thahasello ea hae ea tsoha haholoanyane ha ke mo bontša se seng sa litšoantšo tse ka bukeng. E ne e le sa monna ea inameng, a tlamolla mahlaahlela a tlammeng leoto la hae. Ka re: “Batho ba bangata ba tšoana le eena. Ba tlamiloe ke mahlaahlela a maikutlo a bolumeli ba bohata, ’me Jesu o batla ho ba lokolla hobane o itse: ‘’Nete e tla le lokolla.’”—Johanne 8:32.
Ka hosasane ’mè oa ngoanana a re: “Simon, morali oa ka o mphetetse tsohle tse amanang le moqoqo oo le bileng le oona ka Bibele le buka eo U ’montšitseng eona. O khahliloe haholo, ’me le ’na ke ile ka utloa ke khahloa.” Ka thabo, ketsahalo ea tšohanyetso ea isa phellong e molemo.
Ka sebetsa nako e ka tlaase ho halofo ea eo ke neng ke e ahloletsoe teronkong. Hoba ke lokolloe ka 1946, ka potlakela ho kopanela hape tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho.
Tšebeletso ea Bethele
Kopano ea Puso ea Molimo ea Lichaba tse Thabileng, e neng e tšoaretsoe Cleveland ka 1946, ea e-ba ntlha e ’ngoe ea bohlokoa bophelong ba ka. Ke hona moo ke ileng ka kenya kōpo bakeng sa Bethele—tšebeletso ea nako e tletseng ntlo khōlō ea lefatše ea Watchtower Society e Brooklyn, New York.
Baemeli ba babeli ba Mokhatlo, baena Milton Henschel le Robert Morgan, ba fana ka tlhaloso e khutšoaane ka tšebeletso ea Bethele ’me ba buisana le ba teng. Ka ba atamela ka lesisitheho. Leha ho le joalo, hang ha puisano eo e qala, ka fumana hore ba mosa ebile ke baikokobetsi.
E mong oa baena a botsa: “Ke hobane’ng ha u batla ho sebeletsa Bethele?”
Ka arabela: “Ke etsa sohle se matleng a ka tšebeletsong ea Jehova joaloka pula-maliboho. Empa haeba nka ea Bethele kea tiisa ke tla etsa ho eketsehileng.”
E mong a re: “Haeba u tla Bethele, ka sebele u tla etsa ho eketsehileng.”
O ne a nepile! Ho tloha ka letsatsi la pele leo ke bileng Bethele ka lona, la 18 Tlhakola, 1947, ke fumane tšebeletso ea mona e le e thahasellisang le e putsang ka ho fetisisa. Ka letsatsi le leng le le leng ke leboha Jehova hore e be letsoho la hae le ntataisitse ho kena tokelong ena e molemo ea tšebeletso.—2 Ba-Thessalonika 3:5.
Bopaki boo Re Bo Boneng ba Moea oa Molimo
Kamorao ho lilemo tse 45 ke le lesooa ka lebaka la ’Muso, ka fumana “Mosali ea khabane” oa ka, Grace Suiter, hona mona Bethele ea Brooklyn. (Liproverbia 31:10) O ne a tlile Bethele a e-tsoa Midwest ka 1939, le hoja eena le lelapa labo ba ne ba ithutile ’nete California.a Ha e sa le re nyalana ka 1959, re fumane hore letsoho la Jehova le na le ba mo ratang le ba mo sebeletsang ka botšepehi.
Limelo tsa rōna le Grace oa ka ea khabane li tšoana ka litsela tse ngata. Ka bobeli re hlahile ka 1914, re tsoa malapeng a neng a batla ’nete ea bolumeli, ’me ka bobeli re qalile ho kopanela ka mafolo-folo le batsoali ba rōna boboleling ba ntlo le ntlo ha re le lilemo li 12. Ho phaella moo, joaloka batho ba nyalaneng tšebeletsong ea Bethele, ke thabo e kaakang ho fihlela hammoho boetapele bo sebete bo nkiloeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ho sutuletsa pele mosebetsi oa bopaki “ho isa pheletsong ea lefatše”!—Liketso 1:8.
Na re ikoahlaela hore re bile tlas’a letsoho la Jehova? E seng Grace! O re: “Matlotlong a lintho tsa lefatše ha rea rua letho ka ho sebeletsa mona Bethele. Empa bophelo ba rōna ebile bo enneng ka tsela e khōlō haholoanyane. Le hoja re se na bana ba tlhaho, ka sebele re na le ba bangata ba moea.”
Le ’na ha ke ikoahlaee ka letho! Khetho ea rōna ea ho rorisa Molimo tšebeletsong ea nako e tletseng e bile e molemo haholo. Re phetse bophelo bo feletseng ka morero o molemohali ’me re leboha ho ba tlas’a “letsoho le matla la Molimo.”—1 Petrose 5:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokollo ea February 15, 1984 ea Molula-Qhooa e na le pale ea bophelo ea mofu khaitseli ea hae, Grant Suiter, le ea lelapa la bo bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Batsoali ba ka, Joseph le Mary
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Simon le mosali oa hae, Grace