Balshatsare—Khosana Kapa Morena?
HO NAKO joale liithuti tsa Bibele li ngangisana ka Belshatsare. Ho latela buka ea Bibele ea Daniele, “morena Belshatsare” e ne e le morena oa Babylona, ’me o ne a e-na le mokete o moholo bosiung boo ba tsietsi ba 539 B.C.E. ha Cyruse oa Persia a ileng a liha motse ka bona. (Daniele 5:1) Bothata e ne e le hore ke Bibele feela e bolelang lebitso la Belshatsare. Lihistori tse ling tsa pejana lia le sia ’me li tlaleha hore morena oa Babylona ka nako eo e ne e le Naboniduse. Ba bangata ba ne ba talima sena e le bopaki ba hore buka ea Daniele hase e nang le thuso historing ’me mohlomong e ngotsoe makholo a lilemo kamor’a hore Babylona e oe.
Leha ho le joalo, kahlolo eo e ne e entsoe pele ho nako. Ho latela sehlooho sa Alan Millard ho Biblical Archaeology Review (Motšeanong/Phuptjoane 1985), ka 1854 ho ile hoa epolloa letlapa Iraq le ngotsoeng thapelo e rapellang bophelo bo botle le bo bolelele bakeng sa Naboniduse le mora oa hae oa matsibolo. Lebitso la mora eo e ne e le mang? Belshatsare! Kahoo, ho bile le Belshatsare Babylona! Ho tloha ka 1854, matlapa a mang a mangata a ’nile a fumanoa ho tiisa sena! Leha ho le joalo, ha ho le le leng la matlapa ao le neng le bitsa BeIshatsare morena. A ne a mo bitsa mora oa morena kapa khosana. Kahoo, basomi ba tiisa hore mongoli oa Daniele o ne a fositse ha a sebelisa tlhaloso “morena Belshatsare.”
Le ho sena, leha ho le joalo, ba fositse. Re tseba joang? Taba e ’ngoe ke hore, ho ea ka Alan Millard litokomane tsa molao li ’nile tsa epolloa ho tloha ka nako eo tseo ho tsona batho ba neng ba hlapanya ka Naboniduse le Belshatsare. Ke hobane’ng ha hoo e le hoa bohlokoa? Hobane mokhoa o neng o hlonngoe e ne e le hore batho ba nke likano ka ho hlapanya ka melimo le ka morena. Ho hlapanya ka Belshatsare ke oona feela mokhelo ho sena, ka hona ho hlakile hore Belshatsare o ne a e-na le boemo bo khethehileng. Ha e le hantle, ho bonahala eka Belshatsare o busitse Babylona a le mong ka lilemo tse telele ha ntat’ae a ntse a phela Setšabelong sa Teima Arabia e ka leboea. Ka nako ena, ho latela letlapa le bolokiloeng hona joale polokelong ea lintho tsa bohlokoa ea Manyesemane, Naboniduse “o ile a bea borena holim’a ‘Belshatsare.’”
Joale ke hobane’ng ha libuka tsa molao li mo bitsa “khosana” ha buka ea Daniele e sebelisa lentsoe “morena”? Liepolloa tse fumanoeng Syria leboea li fana ka karabelo. Ka 1979 ho ile hoa epolloa seemahale se sa senyehang sa Morena oa Gozane ea boholo-holo. Seaparong sa sona e ne e le mengolo e ’meli, o mong e le ka Seassyria o mong e le ka Searame. Mengolo e ’meli, le hoja e batla e tšoana, bonyane e ne e e-na le phapang e le ’ngoe e thahasellisang. Temana e ngotsoeng ka puo ea marena a maholo a Assyria e bolela hore morena ea neng a emeloa ke seemahale e ne e le “’musisi oa Gozane.” Lengolo le ngotsoeng ka Searame, puo ea batho ba moo, le mo hlalosa e le “morena.”
Tumellanong le sena, Alan Millard o fihlela qeto ea hore le hoja mangolo a molao a ne a bua ka Belshatsare e le khosana, “e ka ’na eaba ho ne ho nkoa e le ho loketseng hore litlaleho tse joalo tseo e seng tsa molao tse kang Buka ea Daniele li bitse Belshatsare ‘morena.’ O ne a tšoere molepo, e le moemeli oa ntat’ae, le hoja mohlomong e ne e se morena ka molao. Khethollo e qaqileng e ne e tla ba e sa lokelang le e ferekanyang tabeng e boletsoeng ho Daniele.”
Hona hohle ho mema potso: Haeba buka ea Daniele e hlile e ngotsoe makholo a lilemo kamor’a hore Babylona e oe, mongoli oa eona o tsebile joang ka Belshatsare eo borahistori ba bang ba neng ba mo hlokomolohile? Hona ke hobane’ng ha a ile a mo bitsa “morena” a latela mokhoa o neng o utloisisoa ha Belshatsare a sa phela empa o ile oa lebaloa makholo a lilemo hamorao? Ka sebele, ho bua ka “morena Belshatsare” bukeng ea Daniele ke bopaki bo matla ba hore kannete buka e ngotsoe ke e mong ea phetseng Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.