Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w20 February leq. 31
  • Re u Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re u Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Balshatsare—Khosana Kapa Morena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • ’Musisi oa Moikhohomosi o Lahleheloa ke ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
w20 February leq. 31
Botlolo ea letsopa e nang le lebitso la Belshatsare.

Botlolo ea letsopa e nang le lebitso la Belshatsare (E hlahile e le bolelele bo bokaalo hantle)

Re U Lome Tsebe?

Lintho tsa khale tse epolotsoeng li paka hore mosebetsi oa Belshatsare oa Babylona e ne e le ofe?

KA LILEMO tse ngata, bahanyetsi ba Bibele ba ile ba fana ka maikutlo a hore Morena Belshatsare ea tlalehiloeng bukeng ea Daniele ha a ka a phela ho hang. (Dan. 5:1) Ba ne ba lumela joalo hobane baepolli ba lintho tsa khale ba ne ba se na bopaki bo bontšang hore Belshatsare o kile a phela. Empa lintho li ile tsa fetoha ka 1854. Hobane’ng?

Selemong seo, moemeli e mong oa Brithani ea bitsoang J.G. Taylor, o ile a fumana lintho tse senyehileng motseng oa boholo-holo oa Ur oo hona joale e leng karolo e ka boroa ea Iraq. Sebakeng seo, ho ne ho e-na le tora e kholo eo a ileng a fumana libotlolo tse ’maloa tse entsoeng ka letsopa ka ho eona. Libotlolo tseo tse neng li le bolelele ba lisenthimithara tse leshome li ne li ngotsoe. Botlolong e ’ngoe ho ne ho e-na le thapelo e rapellang hore Morena oa Babylona e leng Nabonidase le mora oa hae oa letsibolo Belshatsare ba phele nako e telele. Bahanyetsi ba ile ba hloka mantsoe hobane taba eo e ile ea paka hore Belshatsare o ile a phela.

Leha ho le joalo, Bibele ha e bue feela ka hore Belshatsare o kile a phela empa e boetse e re e ne e le morena. Le boemong bona bahanyetsi ba ne ba ntse ba e-na le lipelaelo ka taba ena. Mohlala, ka 1875, rasaense e mong ea bitsoang William Talbot o ile a ngola hore batho ba bang ba re: “Belshatsare o ile a busa ka nako e le ’ngoe le ntate oa hae Nabonidase. Empa taba ena ha e fane ka bopaki bo feletseng.”

Khang eo ea nako e telele e ile ea fela nakong eo libotlolo tse ling li neng li bontša hore ntate oa Belshatsare e leng Nabonidase o ile a ba sieo Babylona ka lilemo tse itseng. Ho ile ha etsahala’ng nakong eo a neng a le sieo? Buka ea Encyclopaedia Britannica, e re: “Nakong eo Nabonidase a neng a le sieo, o ile a siea puso ea hae le karolo e kholo ea sesole sa hae matsohong a Belshatsare.” Kahoo, Belshatsare e ile ea e-ba ’musi-’moho le ntate oa hae Babylona ka nako eo. Hape, Alan Millard eo e leng moepolli oa lintho tsa khale ebile e le setsebi sa puo, o ile a tiisa hore ke ntho e utloahalang ho re ebe “buka ea Daniele e bua ka Belshatsare e le ‘morena.’ ”

Empa ho bahlanka ba Jehova, bopaki bo ka sehloohong ba hore buka ea Daniele ea tšepahala le hore e bululetsoe ke Molimo bo fumaneha ka hare ho Bibele ka boeona.​—2 Tim. 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela