Bibele—Na ke Lentsoe la Motho Feela Tjee?
WILLIAM TYNDALE o ile a tela bophelo ba hae a leka ho etsa hore bohle ba e fumane. Martin Luther o ile a ikitlaelletsa ho e fetolela puong ea Sejeremane. Bakeng sa balateli ba John Calvin, e ne e le “molao le tekanyetso ea ’nete eohle.” E, ka nako e ’ngoe ke batho ba ’maloa ba neng ba belaela ’nete ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Hona hape e ne e le thuto ea Kereke ea Roma e K’hatholike.
Leha ho le joalo lintho li fetohile kajeno. Bibele, buka e rekisoang ka ho fetisisa historing eohle, e baloa ke batho ba seng bakae feela ’me ba e latelang ba fokola haholo. Sengoli James Barr, ha a pheta boikutlo ba ba bangata, o itse: “Tlaleho ea ka ka qaleho ea neano ea Bibele ke hore ke tlaleho ea mosebetsi oa motho. Ke moo motho a bolelang seo a se lumelang . . . Lentsoe le loketseng bakeng sa Bibele e ne e tla ba hore ke Lentsoe la Iseraele, Lentsoe la Bakreste ba bang ba etellang pele ba pele.”—The Bible in the Modern World, ea James Barr.
Phetoho e tsoaloa ke eng? Na Bibele ke Lentsoe la Molimo kapa ke lentsoe la batho ba itseng? Na ke ea bohlokoa ba letho lekholong lee la lilemo la bo20 le qhelang bolumeli?
Na Ke ea Molemo oa Letho?
Ha re qala ka potso e qetellang, e, ke ea bohlokoa. Hobane’ng? Bibele e hlalosoa e le ‘lebone la maoto a rōna, ke leseli tseleng ea rōna.’ (Pesaleme ea 119:105) Kajeno, ruri re hloka leseli le joalo. Lefatše la rōna le letle lea senngoa. Batho ba limillione tse ngata baa lapa. Ke ba ’maloa feela ba ikutloang ba e-na le tšepo ka bokamoso, ’me bophelo ba motho ka bobona boa sokeloa. Bibele e bolela hore e ka re tataisa linakong tsena tse mahlonoko ho re isa bokamosong bo sireletsehileng le bo thabileng. Haeba ka sebele ke Lentsoe la Molimo, ke sona seo re se hlokang.
Ebe joale ke hobane’ng ha batho ba e belaella? Karabelo ea potso ena e tla re thusa ho rera hore na buka ena e hlile ke Lentsoe la Molimo kapa che.
Ho Etsahetse Joang ka Tumelo?
Makholong a lilemo la bo17 le la bo18, tumelo eane e neng e batla e akaretsa Bibeleng ea oela moeeng oa phetoho ea maikutlo. Hoa hōla moea Eoropo oa ho ba lekhonono le ho qhela tumelo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe—litsamaiso tsa mebuso, tsa moruo, tsa tlhaho le tsa bolumeli ea belaelloa. ’Me Bibele ea se ke ea e-ba mokhelo.
Lekholong la bo17 la lilemo Pierre Bayle eo e neng e le Mok’hatholike a totobatsa hore o na le khoao ka buka ena, a belaela ka bonnete ba Bibele le ka kemiso ea eona ea nako. Ba bang ba latela tsela eo a nahanang ka eona, ’me lekholong la bo19 la lilemo, ho ba lekhonono ka tumelo hoa hōla haholo lihlopheng tsa bo-raliphuputso. Bo-raliphuputso bana ba tsitlella hore Bibele ha e seo e bonahalang eka e sona. Ho latela maikutlo a bona, Moshe ha a ka a ngola libuka tse hlano tsa pele tsa Bibele. Ho e-na le hoo, li bokelletsoe hamoraonyana historing ea Bajode ho tloha mehloling e fapa-fapaneng e ngotsoeng makholo a lilemo kamorao ho lefu la Moshe. Boprofeta leha e le bofe bo phethahetseng bo tlameha ebe bo ngotsoe kamor’a hore bo phethahale. Kahoo, Esaia e ngotsoe ke batho ba ’maloa ka makholo a lilemo. ’Me Daniele e ngotsoe ho e ka bang ka 165 B.C.E.
Phello ea bofuputsi bo phahameng e bonoa tabeng ea seithuti sa Bibele sa Lejeremane David Friedrich Strauss: “Na re sa ntse re le Bakreste? Strauss o re Che, bonyane ha ho joalo har’a rona ba nkileng maikutlo a Bofuputsi bo Phahameng, hobane ho hang re ke ke ra hlola re amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo.”—Religion and the Rise of Scepticism, ea Franklin L. Baumer.
Mehla ena e mecha e qhelang tumelo e boetse e hlahisitse litšibollo tse ncha thutong ea mahlale. Tse ling tsa tsona li tšehelitsa Bibele, empa tse ling ho bonahala li hohlana le eona. Kahoo, ba bangata ba ile ba khanneloa ho lumela hore Bibele e fetiloe ke linako. Boikutlo bona ba matlafatsoa bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo ha ho tumisoa khopolo ea ho iphetola hoa lintho—khopolo eo ho hang e hanyetsang tlaleho ea Genese ea pōpo. Khopolo ena ea amoheloa ka cheseho ke bo-ramahlale ba bangata, le bofuputsi bo phahameng. Kajeno e amoheloa ke baruti ba bangata ’me e rutoa likolong joalokaha eka ke ’nete.
Na hona hohle ho bolela hore thuto ea mahlale e batla e shanofalitse Bibele? Kapa na bofuputsi bo phahameng bo bontšitse hore Bibele hase Lentsoe la Molimo?