Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/1 maq. 4-7
  • Bibele e Hlile ke Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Hlile ke Lentsoe la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele le Bofuputsi bo Phahameng
  • Bibele le Thuto ea Mahlale
  • Buka e Nang Le Matla
  • Bibele—Na ke Lentsoe la Motho Feela Tjee?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na ba Pakile Hore Bibele e Fositse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Thuto ea Mahlale: Na e Pakile Hore Bibele e Fositse?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • “Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/1 maq. 4-7

Bibele e Hlile ke Lentsoe la Molimo

NA KE ’nete hore thuto ea mahlale le bofuputsi bo phahameng li arolelane ho theola Bibele boemong ba eona bo hlomphehang ba pejana joaloka Lentsoe la Molimo? Ho bonolo hore motho a nahane joalo. Ha esita le baeta-pele ba bolumeli ba utloisisa ho ngola hore Bibele ha e lumellane le thuto ea mahlale, ’me bofuputsi ba phahameng bo hlomphuoa hoo bo rutoang liseminaring tsa bolumeli. Empa linnete li bontša eng?

Bibele le Bofuputsi bo Phahameng

’Nete ka bofuputsi bo phahameng ke hore, ho fihlela joale, ha ho bopaki bo tiileng bo seng bo hlahisitsoe bakeng sa maikutlo a bona. Ha hoa s’o fumanoe letho ka seo ho thoeng ke mohloli oa taba oa libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele kapa buka ea Esaia. ’Me likotoana tsa boholo-holo tsa buka ea Daniele li ’nile tsa epolloa li fana ka maikutlo a hore buka eo e ne e se e ntse e hlomphuoa haholo lilengoana tse seng kae pele ho seo bafuputsi ba bang ba bolelang hore ke nako eo e ngotsoeng ka eona!

Moprofesa oa thuto ea bolumeli o re: “Ho ke ke hoa pakoa tabeng leha e le efe e khethehileng hore libuka tsa Bibele li bile teng ka mokhoa oa bolotsana joalokaha ho hlalosoa ke lihlopha tsa bo-raliphuputso. Ke taba e ’ngoe hore sehlopha se tiise ntho e joalo ’me ke taba e ’ngoe hape hore se e pake.” (Wick Broomall ho Biblical Criticism) Setsebi sa majoe sa phaella: “Ho ke ke hoa hatisoa ka thata-thata hore ho hang ha ho na bopaki le bo bong [libakeng tsa] ba boholo-holo tse haufi le Bochabela ba ho kena-kenana ka bolotsana le se ngotsoeng.” (W. F. Albright ho From the Stone Age to Christianity) Ke ’nete hore bofuputsi bo phahameng bo tsoela pele ho atleha. Empa hona ho tsoaloa ke hore bo lumellana hantle le monahano oa kajeno oa ho qhela bolumeli, e seng hobane bo e-na le bopaki.

Bibele le Thuto ea Mahlale

Na ebe joale ho na le tsela eo ka eona thuto ea mahlale e shanofalitseng Bibele? Koana, ka linako tse ling ho ile hoa bonahala eka ho joalo. Ka mohlala, lekholong la bo18 la lilemo kutloisiso e tebileng ea hore na lefatše le entsoe ka eng e ile ea hlakisa hore lefatše la rōna ke la khale haholo. Ka nako eo, balumeli ba bangata ba ne ba tsitlalla hore, ho latela Bibele, lefatše le na le lilemo tse 6 000 feela le le teng. Hona hoa bonahala e le taba e hlakileng ea thuto ea Bibele e shanofalitsoeng. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha ho moo Bibele e bolelang hore na lefatše le leholo hakae. E ne e le ho se utloisise ka lehlakoreng la balumeli bao ho ileng hoa baka bothata.

Mantsoe a qalang feela a Bibele a re: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Polelo ena, ea hore ho bile le tšimoloho, e tumellanong le se fumanoeng kajeno ke bo-ramahlale. Joale, ho latela Bibele, ho bile le nako ea ha lefatše e ne e le lefeella ‘le se na sebopeho,’ le se na baahi ebile le ke ke la ahoa. (Genese 1:2) Litsebi tsa majoe tse lekang ho khotlanya hape histori ea pele ea lefatše li fana ka maikutlo a hore ka nako e ’ngoe ho ne ho hlile ho le joalo. Kamorao ho moo, Bibele e hlalosa kamoo maoatle le lefatše li ileng tsa theoa. Hoa hlaha limela, ho latela libopuoa tsa leoatle, linonyana, e ntan’o ba liphoofolo tsa naha. Qetellong, hoa hlaha motho. Ka kakaretso hona ho tšoana haholo le seo bo-ramahlale ba se sibollotseng ka ho epa mafika a khale a hlahisang mefuta e sa tšoaneng ea majoe a lefatše le ka ponahalo e akaretsang ea bophelo.—Genese 1:1-28.

Hona hase ho bolela hore Bibele e lumellana ka ho feletseng le se hlahang libukeng tsa ho ithuta tsa thuto ea mahlale. Empa ho na le lintlha tse ngata haholo tse lumellanang hoo re lokelang ho ipotsa: ‘Bangoli bao ba pele ba Bibele ba tsebile ho hongata hakaalo joang?’ Ho hopoleloa tsebo e tlaase-tlaase thutong ea mahlale mehleng eo ea boholo-holo, ho ka etsahala feela hore ebe e mong o ile a ba bolella—bopaki bo matla ba ’nete ea hore ruri Bibele ke Lentsoe la Molimo. Moo ho nang le ho se utloane pakeng tsa khopolo ea bo-ramahlale le Bibele, na re lokela ho nka hore kamehla Bibele e fositse ha bo-ramahlale ba nepile kamehla? Ho na le mehlala e mengata e bontšang hore thuto ea mahlale e ka tsoa lekoteng nako le nako.

Ha e le hantle, ho na le ntlha e khōlō eo khopolo ea ho iphetola hoa lintho e sa lumellaneng le Bibele ho eona. Ho hlokomelehang ka khopolo ena ke kamoo e ileng ea potlakela ho rateha har’a bo-ramahlale kamor’a ho phatlalatsoa hoa buka ea Darwin The Origin of Species. E ile ea amoheloa khale le pele ho ka ba le nako leha e le efe ea ho leka litlhahiso tsa buka ena kapa ho li fumanela bopaki tlalehong ea mesalla ea lintho tsa khale. Hobane’ng? Setsebi sa ho iphetola hoa lintho Hoimar v. Ditfurth o lumela a sa siee letho: “Thuto ea mahlale e hlalosoa e le boiteko ba ho bona hore na motho le tlhaho li ka hlalosoa joang ntle ho ho balehela mehlolong.” (The Origins of Life, ea H. v. Ditfurth) Na joale hoa makatsa hore bo-ramahlale ka cheseho ba amohetse khopolo ea ho iphetola hoa lintho, ba sebelisa nako e ngata le boiteko ba leka ho e paka empa ba sebelisa nako le boiteko tse nyenyane ho bona hore na e ka shanofatsoa? Ntho feela e ka emang sebakeng sa hoo, pōpo, e ne e tla ba mohlolo—oo ba sa nahaneng ka oona.

Leha ho le joalo, ka sebele ho mang kapa mang ea seng khahlanong le mehlolo, pōpo ke tsela e utloahalang haholo ea ho utloisisa lintho tseo bo-ramahlale ba sitiloeng ho li hlalosa, tse kang mohloli oa bophelo, ho ikutloa, bohlale le tlhaho ea boitšoaro ba motho.

Buka e Nang Le Matla

Bibele ka boeona e hlokomelisa hore ho tla ba le khanyetsano pakeng tsa bohlale bo amoheloang ba lefatše le lithuto tsa Bibele. (1 Ba-Korinthe 1:22, 23; 3:19) Kaha tsebo e theiloeng lipatlisisong tsa batho le lifilosofing ha e-ea tsitsa, khanyetsano ena ha e-ea lokela ho re makatsa. ’Me ha rea lokela ho tšoenyeha haeba likhopolo tse ling tse ratehang li hanyetsa Bibele. Bibele ka boeona e re laela hore re shebe libakeng tse ling bakeng sa bopaki ba ho ipolela hoa eona hore ka ’nete ke Lentsoe la Molimo.

Ka mohlala, Bibele e ipaka hore ke buka ea boprofeta. (2 Petrose 1:19-21) Bo-raliphuputso ba bolela hore boprofeta bona bo ngotsoe kamorao ho liketsahalo, empa mabakeng a mangata ho hlakile hore hona ho ke ke hoa etsahala. Boprofeta bo buang ka Jesu bo entsoeng makholo a lilemo pele a tsoaloa bo ile ba phethahala kaofela hoa bona. (Ka mohlala, bona Esaia 53:1-12; Daniele 9:24-27.) Boprofeta ba Jesu bo buang ka ho timetsoa hoa Jerusalema bo ile ba phethahala kaofela hoa bona. ’Me boprofeta boo eena le moapostola Pauluse ba bo entseng ka mehla ea qetello bo baleha joalokaha eka ke koranta ea hoseng. (Mattheu 24; Mareka 13; Luka 21; 2 Timothea 3:1-5) Kaha hoa tsebisahala hore batho baa fosa ha ba leka ho profeta bokamoso, boprofeta ba Bibele ke khang e matla ea hore bo tsoa Mohloling o phahameng.

Bopaki bo bong bo matla bo bonoa mantsoeng a eona ka boeona: “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heberu 4:12) Matla ao a bonahalitsoe historing eohle ka palo ea batho ba bileng mahlomoleng le ba shoeleng ka lebaka la tokelo ea ho bala Bibele kapa ho e kopanela le ba bang. Ha ho buka e ’ngoe e seng e kile ea e-ba le phello e molemo hakana ho batho ha e baloa ka moea oa boikokobetso le oa kutloisiso. E fetola batho ba ratang ntoa hore e be ba nang le khotso ’me e ka fetola botho ba motho ka ho feletseng. (Mikea 4:3, 4; Ba-Efese 4:24) Ka mohlala, nahana ka seo Bibele e se etselitseng Luiz.

Chankaneng ea Brazil eo a neng a koaletsoe ho eona, Luiz o ne a tsebisahala ka hore o kotsi ka ho fetisisa. Joale, e mong oa Lipaki tsa Jehova, ha a ntse a sebeletsa batšoaruoa ba bang ba habo Luiz, a fumana monyetla oa ho bua le Luiz. Mantsoe a Bibele a e-ba le phello e matla ho Luiz hoo kapele e ileng ea e-ba motho osele. (Ba-Kolosse 3:9, 10) Pele ho moo, ho ne ho se ea ka lekang ho mo arabisa, empa joale o ne a tšoara e mong le e mong ka mosa a bile a hlompha ba boholong chankaneng. Lilemo tse hlano kamor’a hore Bibele e qale ho sebetsana le botho ba Luiz, a qala ho kopanela seo a ithutileng sona le batšoaruoa ba bang, ’me o bile o lumelloa hore a bolele kantle ho marako a chankane.

Joale nahana ka Wayne. Wayne o ne a iphelela bophelo ba boithabiso United States, bo nehetsoeng haholo-holo boitšoarong bo bobe le tšebelisong e mpe ea lithethefatsi. Ha a nyala, boitšoaro ba hae bo bobe ba qetella bo khannetse mosali oa hae hore le eena a oele boitšoarong bo bobe. Bophelo ba bona ka lapeng bo ne bo sisimosa. Eare ha ba le ntlheng ea ho hlalana, e mong oa Lipaki tsa Jehova a ba le monyetla oa ho bontša Wayne seo Bibele e se buang ka boikarabelo le lerato tikolohong ea lelapa. (Ba-Efese 4:22-24; 5:22-28) O ile a thusoa hore a fumane sesosa se seng sa mathata a hae. (Bona 1 Ba-Korinthe 15:33.) ’Me, qetellong, o tsebile ho fetola tsela eo a nahanang ka eona. Hona hoa thusa le mosali oa hae hore a fetohe. Hona joale lelapa lena la ba banyenyane ke mohlala oa khotsofalo—liteboho li lebisoa Bibeleng.

Qetellong, nka taba ea Elena. Ke Moargentina e monyenyane ea neng a le mahlomoleng a ho tepella. Eare ha a e-ea ngakeng ea mafu a kelello bakeng sa thuso, ngaka ea mo bolella hore ho hlokahala hore a phele bophelo ba bōotsoa ho rarolla mathata a hae. A qoela boitšoarong bo bobe, tšebelisanong le meea e mebe le ho tsuba koae ka matla. A ntša mpa ka makhetlo a mabeli. Empa Lipaki tsa Jehova tsa hlokomela khahleho ea Elena ’me tsa khona ho mo thusa hore le eena a sebelise Bibele bophelong ba hae. Mantsoe a Bibele a ’na a mo thusa hanyane ka hanyane hore a tele mekhoa ea hae e mebe le hore a tsebe Mōpi, Jehova Molimo, le Mora oa hae, Jesu Kreste. Hona joale, ha a bua ka Batho bana ba babeli, Elena o re: “Ha ke tšoaneloe ke ntho leha e le efe ea tse molemo tseo ke li amohelang ho bona, ’me ka lebaka lena ha ke batle ho khaotsa ho bua ka mohau oa bona le lerato la bona bakeng sa rōna.”

Joalokaha mehlala ena e seng mekae e bontša, Bibele e ka fetisetsa matla a molemo ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Luiz, Wayne le Elena ba ile ba thuseha ha Lipaki tsa Jehova li ba kopanya le Bibele ’me li ba bontša kamoo ba ka sebelisang seo e se bolelang. Lefatšeng kajeno, ho na le Lipaki tsena tse fetang limillione tse tharo, tseo boholo ba tsona li bileng le liphihlelo tse tšoanang nakong e fetileng ’me kaofela li lumelletse Bibele hore e fetole bophelo ba tsona haholo. Phello ea e-ba efe?

Bakreste bana ba limillione tse tharo ba bōpa sehlopha sa batho seo ho sona mathata a maholo a sokelang bokamoso ba batho hona joale a seng a rarollotsoe. Ha lia aroloa ka bochaba kapa ka merabe. Ho e-na le hoo, ka thuso ea Bibele li sebetsa ka thata ho hlōla khethollo ea merabe le ea moruo. ’Me li ithutile ho phela hammoho ka khotso, hoo ka bohona e leng phethahatso ea pele ea bo bong ba boprofeta bo tsotehang haholoanyane ba Bibele.—Esaia 11:6-9.

Boteng ba sehlopha se joalo ke bopaki bo matla ba hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo. Re u mema hore u tsebe Bakreste bana ’me u iqaqisetse bopaki bona ka bouena. Lipaki tsa Jehova li tla thaba haholo hore li u thuse ho etsa joalo.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ho hang ha ho bopaki bo tiileng bakeng sa se boleloang ke bofuputsi bo phahameng

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]

Bibele ha e-ea itšetleha ka thuto ea kajeno ea mahlale kapa lifilosofi ho paka hore ke Lentsoe la Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bibele e fetola batho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela