Na ba Pakile Hore Bibele e Fositse?
NA KANNETE bo-rasaense le bahlahlobisisi ba Bibele ba pakile hore Bibele e na le liphoso le litšōmo? Pele u lumela hore ho joalo, u lokela ho hopola hore le hoja litsebi tse ngata li hlahisa likhopolo tsa tsona ka mokhoa oo ekang ke ’nete e ke keng ea latoloa le ka tsela e etsang qeto, hase hore ka mehla li nepile. Hangata likhopolo tsa tsona li lutse metheong e tetemang.
Likhakanyo Tse Belaetsang
Ho etsa mohlala oa polelo e utloahalang e le e etsang qeto e boletsoeng ke mohlahlobisisi oa Bibele, nahana ka seo S. R. Driver a se boletseng ka buka ea Daniele. Ho latela neano, ho ’nile ha nahanoa hore buka ena e ngotsoe ke Daniele ka boeena ha a le Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. (Daniele 12:8, 9) Empa Driver o ile a bolela hore e ngotsoe nako e telele haholo ka mor’a moo. Hobane’ng? “Bopaki” bo bong bo ileng ba fanoa ke hore buka eo e na le mantsoe a Segerike, ’me Driver o ile a tiisa: “Ho ka tiisoa ka kholiseho hore, mantsoe ana a ne a ke ke a sebelisoa Bukeng ea Daniele ntle le haeba e ngotsoe ka mor’a ho hasana ha litšusumetso tsa Bagerike ho kena Asia ka litlhōlo tsa Alexander e Moholo.” Alexander o ile a finyella litlhōlo tsa hae hoo e ka bang ka 330 B.C.E.
Polelo ea Driver e hlahisoa eka ke ’nete e ke keng ea latoloa. Leha ho le joalo, ho e tšehetsa, o bolela mantsoe a Segerike a mararo feela, ’me kaofela ha ’ona ke mabitso a liletsa tsa ’mino. (Daniele 3:5) Kaha Bagerike ba ne ba e-na le kopano e haufi le Asia bophirimela ho tloha khale historing e tlalehiloeng, ke joang motho ofe kapa ofe a ka tiisang ka ho utloahalang hore liletsa tsa ’mino tse nang le mabitso a Segerike li ne li sa sebelisoe Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.? Ke motheo o thekeselang hakaakang oa ho belaella nako ea ho ngoloa ha buka ea Daniele le hore na e ngotsoe ke mang!
Mohlala o mong ke mokhoa oa ho tšoara libuka tse hlano tsa pele tsa Bibele. Ho latela neano, ho boleloa hore karolo e khōlō ea libuka tsena e ngotsoe ke Moshe hoo e ka bang ka 1500 B.C.E. Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bolela hore ba bona mekhoa e fapaneng ea ho ngola ka hare ho libuka tseo. Hape ba bolela hore ka linako tse ling Molimo o bitsoa ka lebitso la oona, Jehova, ’me ka linako tse ling o bitsoa ka lentsoe la Seheberu le emelang “Molimo.” Ho tsoa litlhalosong tse joalo, ba lekanya hore libuka tsena tsa Bibele ha e le hantle ke ho kopanngoa ha litlaleho tse ngotsoeng ka linako tse fapaneng ’me tsa hlophisoa ka lekhetlo la ho qetela nakoana e itseng ka mor’a 537 B.C.E.
Khopolo ena e lumeloa ka mokhoa o pharalletseng, empa ha ho ea kileng a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Moshe a ne a ke ke a bitsa ’Mōpi e le Molimo hape e le Jehova. Ha ho ea kileng a paka hore o ne a ke ke a ngola ka mekhoa e fapaneng haeba a sebetsana le litaba tse fapaneng, a ngola ka linako tse fapaneng bophelong ba hae, kapa a sebelisa mehloli ea pejana. Ho feta moo, joalokaha John Romer a boletse bukeng ea hae Testament—The Bible and History: “Khanyetso ea motheo ea mokhoa ona oohle oa ho qanolla taba ke hore ho tla fihlela kajeno ha ho mosaletsa le o mong oa taba e ngotsoeng ea boholo-holo o fumanoeng o pakang boteng ba likarolo tse inahaneloang tsa litaba tse ngotsoeng tse fapaneng tse ratoang hakana ke thuto e phahameng ea mehleng ea kajeno.”
Khopolo ea motheo ea bahlahlobisisi ba bangata ba Bibele e hlalosoa ke Cyclopedia ea McClintock le Strong: “Babatlisisi . . . ba qala ka khopolo ea hore linnete tsa histori tse susumelitseng lipale tseo ke linnete tsa tlhaho feela, tseo ka sebopeho li tšoanang le linnete tse ling tseo re li tsebang. . . . Na sengoli se bolela ketsahalo e etsahetseng ka thōko ho melao e tsejoang ea Tlhaho e le ’nete? Joale . . . ketsahalo eo ho buuoang ka eona [ha ea ka] ea etsahala.”
Ka hona, ba bangata ba nka hore mehlolo e ne e ke ke ea etsahala, kaha e etsahala ka thōko ho melao e tsejoang ea tlhaho. Ka ho tšoanang, e tlameha e be boprofeta bo akarelletsang nako e telele bo ke ke ba etsahala, kaha batho ba ke ke ba bona hōle ho kenella nakong e tlang. Mohlolo ofe kapa ofe e tlameha e be ke khopolo-taba kapa tšōmo. Boprofeta bofe kapa bofe bo ileng ba phethahala ka ho hlakileng e tlameha e be bo ngotsoe ka mor’a hore bo phethahale.a Kahoo, ba bang ba pheha khang ea hore boprofeta ba buka ea Daniele bo phethahetse lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. le hore ka baka leo e tlameha e be buka eo e ngotsoe ka nako eo.
Empa khakanyo ea mofuta ona e itšetlehile ka taba ea tumelo: hore Molimo ha o eo, kapa haeba o teng, ha ho mohla o kenellang historing ea batho. Ka sebele, morero oohle oa Bibele ke ho bontša hore Molimo o hlile o teng le hore o sebetsa ka mafolo-folo historing ea batho. Haeba sena ke ’nete—’me bopaki bo bontša hore ke ’nete—karolo e khōlō ea motheo oa tlhahlobisiso ea kajeno ea Bibele ea heletsoa.
Na Saense ea Kajeno e Bontšitse Hore Bibele e Fosahetse?
Empa, ho thoe’ng ka polelo ea hore saense e bontšitse hore re ke ke ra lumela Bibele? ’Nete ke hore ha Bibele e ama seo re se bitsang saense, hangata seo e se buang ha se khahlanong le seo bo-rasaense ba kajeno ba se rutang.
Ka mohlala, Bibele e fana ka litaelo tse sebetsang mabapi le bophelo bo botle le mafu a tšoaetsanoang. Buka Manual of Tropical Medicine ea hlalosa: “Ha ho motho ea ke keng a khahloa ke litemoso tse fanoeng ka hloko tsa bophelo bo botle tsa mehleng ea Moshe. . . . Ke ’nete hore ho aroloa ha mafu ho ne ho le bobebe haholo—[ka ho khetheha] mafu a tlang ka sekhahla, a bitsoang ‘seoa’; le mafu a nkang nako e telele, a nang le mofuta o itseng oa lekhōpho, a bitsoang ‘lepera’—empa mohlomong melao e thata-thata ea ho behella bakuli ka thōko e ile ea etsa molemo o moholo.”
Hape, nahana ka polelo ea Bibele: “Melatsoana eohle ea mariha e phallela leoatleng, empa leoatle ka bolona ha lea tlala. Sebakeng seo melatsoana ea mariha e phallelang ho sona, mono ea khutla e le hore e phalle.” (Moeklesia 1:7, NW) Sena se utloahala eka ke tlhaloso ea ho potoloha ha metsi e fumanoang libukeng tsa thuto kajeno. Linōka li isa metsi leoatleng, moo a fetohang moholi ’me a khutlisetsoa lefatšeng e le maru, hore a ne e le pula kapa lehloa le ho phallela linōkeng hape.
Ka ho tšoanang, liqeto tsa bo-rasaense tsa hore lithaba lia phahama e bile lia oa le hore ka nako e ’ngoe lithaba tsa kajeno li ne li le ka tlas’a maoatle a boholo-holo li lumellana le mantsoe a thothokiso a mopesaleme: “Metsi a na a eme lithabeng; lithaba tsa phahama, liphula tsa kokobella libakeng tsee u nong u li lokiselitse tsona.”—Pesaleme ea 104:6, 8.
Sengoli se seng se ile sa pheha khang: “Lingoli tsohle tsa Testamente ea Khale li ne li talima Lefatše e le letlapa le bataletseng, ’me ka linako tse ling li ne li bua ka litšia tseo ho neng ho nahanoa hore li le tšehelitse.” Empa sena hase ’nete. Esaia o buile ka “Ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.” (Esaia 40:22) ’Me Jobo o itse ka Enoa: “O ala leboea holim’a sebaka se se nang letho, o fanyehile lefatše holim’a lefeela.” (Jobo 26:7, NW) Tlhaloso ea lefatše joaloka ntho e chitja e fanyehiloeng sepaka-pakeng ho se setšehetso se bonahalang e utloahala ka mokhoa o tsotehang e le ea mehleng ea kajeno.
Ho Iphetola ha Lintho
Ho thoe’ng ka khanyetsano e pakeng tsa Bibele le khopolo ea ho iphetola ha lintho?b Encyclopœdia Britannica ea tlaleha: “Khopolo ea ho iphetola ha lintho e amoheloa ke ba bangata haholo har’a bo-rasaense.” Empa ka puo e bonolo hoo e neng e ka utloisisoa mehleng ea pele ho saense, Bibele e ruta hore bophelo ke phello ea pōpo ea Molimo ka ho toba le hore mefuta ea motheo e fapaneng ea lintho tse phelang ha ea ka ea ’na ea iphetola empa e bōpiloe.—Genese 1:1; 2:7.
Batho ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ha baa fapana le bahlahlobisisi ba Bibele. Ba na le kholiseho e matla ’me ba itlhalosa ka mokhoa o etsang qeto. Empa ke ba seng bakae ba tšepahalang ho lekana hore ba ka lumela hore khopolo ea ho iphetola ha lintho e na le mefokolo. E mong oa bontša: “Mohlala o siiloeng ke Darwin oa ho iphetola ha lintho . . . , kaha ha e le hantle e ne e le khopolo ea ho hlophisoa ha histori bocha, . . . o ke ke oa netefatsoa ka teko kapa ka ho shebelloa ka ho toba joaloka saenseng e tloaelehileng . . . Ho feta moo, khopolo ea ho iphetola ha lintho e sebetsana le letoto la liketsahalo tse ikhethang, tšimoloho ea bophelo, tšimoloho ea bohlale joalo-joalo. Liketsahalo tse ikhethang li ke ke tsa phetoa ’me li ke ke tsa batlisisoa ka teko efe kapa efe.” (Evolution: A Theory in Crisis, ea Michael Denton) E mong o bua ka “’nete ea ho iphetola ha lintho.” Leha ho le joalo, o bontša bothata bo boholo ba ho paka “’nete” ena: “Ha u batla mehato e hokahanyang lihlopha tse khōlō tsa liphoofolo, ho hang ha e eo.”—The Neck of the Giraffe, ea Francis Hitching.
Ke ho Hokae Hoo ba ka ho Tsebang?
Boholo ba bopaki ba ho iphetola ha lintho bo fanoa ke litsebi tsa mafika le litsebi tsa mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo—bo-rasaense ba ithutang ka nako e fetileng ea boholo-holo ea lefatše. Mathata ao bo-rasaense bana ba thulanang le ’ona ha aa fapana le ao litsebi tsa sepaka-paka li thulanang le ’ona. Ka thuso ea thepa ea mefuta e fapaneng, litsebi tsa sepaka-paka li talima khanya e hlahang libakeng tse hōle haholo ea linaleli, lipolanete, melala, le lintho tse sa tloaelehang tse bonahalang eka ke linaleli tse hōle haholo le lefatše. Ka ho sebelisa hamolemohali boitsebiso bo fumanehang, li hlahisa likhopolo tse mabapi le lintho tse tebileng tse kang sebopeho sa linaleli le tšimoloho ea bokahohle. Ke seoelo li bang le monyetla oa ho hlahloba likhopolo tsa tsona, empa ha ho etsahala hore li li hlahlobe, hangata li fumana li sa lekana kapa ho le pepenene hore li fosahetse.
Setsebi sa sepaka-paka se sebetsanang le maqhubu a sea-le-moea Gerrit Verschuur se ngotse: “Lipatlisiso tsa morao-rao tsa U.S. ka lipolanete li ile tsa senola khaello e nyarosang ea tsebo ea sebele mabapi le lintho tse teng ka har’a bokahohle. Ha Mars e shebeloa haufi, e ile ea ipaka e fapane hōle le eng kapa eng eo re neng re ka e nahana ha re le lefatšeng. . . . Ha ho setsebi sa sepaka-paka se neng se lebelletse hore mabanta a Jupiter a ne a ka ba le sebopeho se bohehang hakaalo . . . Saturn e ile ea fana ka limakatso tse khōlō ka ho fetisisa ha lik’hamera tsa Voyager li senola lireng tse lohiloeng, likhoeli tse tlōlanang holimo le lireng tse nyenyane tse fetang 1 000. . . . Seo e leng ’nete ka sepaka-paka se bonahala e le ’nete ka litšoantšo tsa laboratory tseo ka mehla li hōlisoang ka mokhoa o eketsehileng ha li nkoa. Lekhetlo le leng le le leng ha li talimeloa haufi li senola boitsebiso bo sa lebelloang ka ho felletseng bo re makatsang le bo fetolang lintho tseo re neng re li lumela pele.”
Joaloka litsebi tsa sepaka-paka, litsebi tsa mafika, litsebi tsa mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo, le ba bang ba fanang ka karolo e khōlō ea “bopaki” ba ho iphetola ha lintho, li amehile ka liketsahalo le lintho tse hōle haholo—eseng ka sebaka empa ka lilemo. Feela joalokaha litsebi tsa sepaka-paka li itšetlehile ka khanya e lerootho e hlahang libakeng tse ke keng tsa lekanngoa ka bohōle bakeng sa boitsebiso ba tsona, bo-rasaense bana ba bang ba tlameha ho itšetleha ka mesaletsa e pholohileng ka kotsi ho tloha mehleng ea khale ea polanete ea rōna. Joaloka litsebi tsa sepaka-paka, ka mokhoa o ke keng oa qojoa le bona e tlameha e be baa fosa liqetong tse ngata tsa bona.
Na u ka Lumela Bibele?
Kahoo, ha ho hlokahale hore batho ba nahanang ba tšosoe ke likhopolo tsa thuto e phahameng ho ea bohōleng boo u ke keng ua lumela Bibele. Leha ho le joalo, sena ka bosona ha se pake hore u ka e lumela. Hore u e lumele, ho hlokahala hore u etse seo bahlahlobisisi ba bangata ba Bibele ba sa kang ba se etsa—u iphetlele Bibele, ’me u e bale ka kelello e bulehileng. (Liketso 17:11) Lilemong tse seng kae tse fetileng, sengoli se seng sa lipuo sa Australia, seo e neng e le mohlahlobisisi oa Bibele, se ile sa lumela: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke ile ka etsa seo ka tloaelo e leng boikarabelo ba pele ba motlalehi: ka hlahloba linnete tsa ka. . . . ’Me ke ile ka makala, hobane seo ke neng ke se bala [litlalehong tsa Melaetsa e Molemo] e ne e se khopolo-taba ’me e ne e se tšōmo e entsoeng eka ke ntho ea tlhaho. E ne e le ho tlaleha. Litlaleho tsa liketsahalo tse sa tloaelehang tseo sengoli se li boneng ka ho toba le tseo se sa li bonang ka ho toba. . . . Ho tlaleha ho monate, ’me monate oo o teng Melaetseng e Molemo.”
Re u khothalletsa ho latela mohlala oa hae. Ipalle Bibele ka bouena. Ha u nahana ka bohlale bo tebileng ba Bibele, tsela eo boprofeta ba eona bo phethahalang ka eona, le tumellano ea eona e hlollang, u tla hlokomela hore hase pokello feela ea litšōmo tse khahlanong le saense. (Joshua 23:14) Ha u iponela ka bouena tsela eo ka eona bohlale ba Bibele bo ka fetolang bophelo ba hao hore bo be molemonyana, u ke ke ua ba le pelaelo ho hang ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. (2 Timothea 3:16, 17) E, u ka lumela Bibele!—Johanne 17:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liithuti tsa Bibele tse ngata lia hlokomela hore khopolo ena e fosahetse, kaha Mangolo a Segerike, a ngotsoeng lekholong la pele la lilemo C.E., a tlalehile phethahatso ea boprofeta bo bongata ba Mangolo a Seheberu, ao ho nang le bopaki ba hore a ngotsoe makholo a lilemo pele ho moo. Ka mohlala, phethahatso ea lintlha tsohle tsa Daniele 9:24-27 lekholong la pele la lilemo e tlalehiloe ka Mangolong a Segerike kapa e tlalehiloe ke bo-rahistori ba lefatše.
b Bakeng sa tlhaloso e felletseng ea ho iphetola ha lintho ha ho bapisoa le pōpo, bona buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ka 1985 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Hore litsebi tsa mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo li lemohe se etsahetseng mehleng ea khale haholo ho thata joaloka hore litsebi tsa sepaka-paka li lemohe lintho tse teng libakeng tse hōle tsa sepaka-paka