Ho Buella ’Nete Lefatšeng le Khopo
“Lentsoe la hao ke ’nete.”—JOHANNE 17:17.
1. (a) ’Nete e qositsoe neng le joang? (b) Ke ’nete efe e ncha e babatsehang e ileng ea boleloa Edene?
KE NAKO e telele ’nete e qositsoe! Qoso ena, e lilemo li ngata joaloka pale ea motho, e ile ea tsosoa Edene ha noha eane ea khale e belaella bonnete ba Morena ’Musi Jehova. Tlas’a teko, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba ikhethela ho inahanela ka bobona le ho ikela ka tsela ea bona ea boithati. E ne e se babuelli ba tšepahalang ba ’nete. Empa mono Molimo o tsebahalitse e ’ngoe ea linnete tse ncha e babatsehang ka ho fetisisa, hore “peō” ea ’Muso e ne e tla tsoaloa ho thumakanya mesebetsi ea Diabolose.—Genese 3:16, 14, 15.
2. (a) ’Nete e hlasetsoe joang lefatšeng la pele ho Moroallo? (b) Ke hobane’ng ha Noe le lelapa la hae ba ile ba fumana mohau ho Jehova?
2 Joale ’nete e ne e hlasetsoe. Moqhekelli ea ka Sehloohong a fumana tšehetso ea bara ba bang ba Molimo ba moea ba marabele ho senya lefatše. Moloko o se nang boitšoaro oa pele ho Moroallo o ile oa hapeha ke ho ‘iketsetsa seo o se ratang’ hoo o ileng oa hlokomoloha ho ela hloko temoso ea Molimo e boletsoeng ke Noe. Ba ile ba timela. Empa Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha ka lebaka la botšepehi ba bona bo se nang sekoli. Ha batšehetsi bana ba ’nete ba tsoa arekeng ea pholoso, monahano oa bona oa pele e bile ho etsa mahlabelo a teboho—“monko o monate” ho Jehova.—Genese 6:4-12; 8:18-21; Luka 17:26, 27; 2 Petrose 2:5.
Liphello tse Senyang tsa Leshano
3. Babylona e Moholo ke eng, ’me e ile ea qalisa joang?
3 Leha ho le joalo Noha eane ea khale, Diabolose, ea ntšetsa pele liteko tsa eona tsa ho luka metsi a ’nete. Ntle le pelaelo e bile ka lebaka la tšusumetso ea Satane Babylona ea boholo-holo e ileng ea hahoa. ‘Liphiri tsa Babylona’ e bile motheo oa ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o hlalositsoeng ho Tšenolo 17:5 e le “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” Bongata ba litsekana tsa eona, ka lithuto tse khelohileng le tse loantšanang tsa tsona, li phetse ho fihlela joale e le sebaka se seholo sa polokelo bakeng sa bokhopo ba bolumeli.—Genese 10:8-10; Jeremia 51:6.
4. Jesu o ile a buella ’nete joang, ’me ea e-ba ka phello efe?
4 Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, o buelletse ’nete ka sebete. Ha a bua le baikaketsi ba bolumeli ba mehleng ea hae, o itse: “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose . . . ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena.” Ho feta moo, Jesu, “peō” e boletsoeng esale pele ea tšepiso, o hatisitse bohlokoa ba ’nete ha a re ho Ponse Pilato: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” Jesu o nehelane ka bophelo ba hae ba botho ka lebaka la ho buella ’nete—’nete ea ’Muso.—Johanne 8:44; 18:37; Genese 3:2-5.
5, 6. (a) Satane o ntšelitse pele tlhaselo ea hae ’neteng joang? (b) Ke tšilafatso efe e bileng teng, ’me ke mashano afe a ileng a hlomela ho tloha moo? (c) Ke hobane’ng ha re tšoanela ho batla ho ba babuelli ba mafolo-folo ba ’nete?
5 Leshano le khema ’moho le tlōlo ea molao. Ka hona, ha ho makatse hore ntoeng e tsoelang pele ea Satane khahlanong le ’nete, o hlahisitse sehlopha sa baruti ba bakoenehi, se hlalosoang ho 2 Ba-Thessalonika 2:3 e le “motho eo oa sebe [“oa tlōlo ea molao,” NW].” Kamor’a lefu la baapostola ba Jesu Kreste, bakoenehi bana ba sebe ba ile ba iphahamisa holim’a phutheho ’me ba silafatsa thuto e hloekileng ea Bokreste ka ho e tsoaka le “liphiri” tsa Babylona le likhopolo-taba tsa Bagerike, haholo-holo khopolo ea Plato ea hore moea oa motho ha o shoe.
6 Leshano lena le fane ka motheo bakeng sa mashano a mang, a kang ‘batho bohle ba molemo ba ea leholimong,’ ‘ba seng molemo hakaalo ba ea pelekatoring,’ ’me ‘ba babe ba halikoa ka ho sa feleng liheleng tsa tlhokofatso.’ Kaha ho na le lithuto tse ngata hakana tse fosahetseng bolumeling ba Babylona, re ka thaba hakaakang hore ebe Jesu o tšepisitse: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla”! Re lokela ho rata ho ba babuelli ba mafolofolo ba ‘nete e lokollang.—Johanne 8:31, 32.
Ho Qaptjoa Leshano le Leholo
7. (a) Sepheo sa Satane ke sefe, ’me o leka joang ho se finyella? (b) Ke thuto efe ea bohata e ileng ea itlhoma pele lekholong la bo19 la lilemo?
7 Leha ho le joalo, Diabolose o leka maoala ’ohle ho hanyetsa ’nete. O khentšoa ke hore ebe motho ofe kapa ofe a ka lumela Lentsoe la Molimo la ’nete, Bibele e Halalelang. Sepheo sa hae ke ho ‘foufatsa likelello tsa ba sa lumelang, e le hore ba se ke ba tseba litaba tse molemo tsa khanya ea Kreste.’ Diabolose o korotse ho nyelisa ’nete e seng feela ka ho sebelisa “motho eo oa tlōlo ea molao” oa Bokreste-’mōtoana ho leka ho hokella lithuto tsa bohata tsa bolumeli Bibeleng empa hape le ka ho bolela hore Bibele e theuoe tšomong. Ka hona lekholong la bo19 la lilemo, noha eo ea khale e ile ea qapa thuto e ’ngoe ea bohata le e khelosang. E bitsitsoe khopolo ea ho iphetola hoa lintho.—2 Ba-Korinthe 4:4.
8. Khopolo ea Darwin ke efe?
8 Ka 1859, ha “mehla ea qetello” ea Bibele e atamela, Charles Darwin o ile a hatisa buka ea hae e bitsoang On the Origin of Species by Means of Natural Selection, or the Preservation of Favoured Races in the Struggle for Life, (Daniele 12:4) Darwin o ile a hlomamisa khopolo ea hore lintho tse phelang li ne li sa bōptjoa empa hore li simolohile mefuteng e bileng teng pele ea bophelo ka hore “tlhaho e khethe tse bileng matla tlhōlisanong ea ho phela.” Qetellong, motho o ile a simoloha mofuteng oa tšoene e itseng. Darwin o boletse hore ebile taba ea “ho pholoha hoa tse matlahali.”
9. (a) Ke linnete life tsa Bibele, joalokaha li rutiloe ke Jesu tse neng li tla hloka moelelo haeba thuto ea ho iphetola hoa lintho e ne e le ’nete? (b) Ke joang khopolo e sa pakoang ea “ho pholoha hoa tse matlahali” e tlisitseng tšenyo e khōlō ho batho?
9 Khopolo ena e hanyetsa ka mokhoa o nyelisang tlaleho ea Bibele ea pōpo le ho oela hoa motho sebeng. E ka etsa hore sehlabelo sa Jesu sa topollo le lithuto tsa Bibele tsa ’Muso, tsoho, bophelo bo sa feleng le lefatše la paradeise li hloke moelelo. Ho feta moo, haeba khopolo ea ho iphetola hoa lintho e le ’nete, e ne e tla lokolla batho boikarabellong bofe kapa bofe ba boitšoaro ho ’Mōpi.a Ka ho hlahisa hore “ho pholoha . . . tse matlahali,” ntle le pelaelo khopolo ena e lokiselitse motheo bakeng sa Bokomonisi, Bompoli le likhopolo tse ling hore li theoe.b Babuelli ba ho iphetola hoa lintho ba tšoanela ho jara boikarabelo bo boima ka lebaka la bongata ba bokhopo le mahlomola tse teng lefatšeng kajeno.—Pesaleme ea 14:1-4.
Babuelli ba Leshano
10. Ha e le ka Darwin, ke ka litsela life baruti ba ipakileng e le babuelli ba leshano?
10 Na baruti ba mehleng ea Darwin ba ile ba loantša khopolo ea hae e nyelisang Molimo? Ka mokhoa o makatsang, moprofesa oa univesithi ea Cambridge o-oa ngola: “Qalehong boholo ba khanyetso khopolong ea Darwin bo ne bo tsoa ho bo-ramahlale ka hore ha e-na bopaki, e seng ho liithuti tsa bolumeli ka hore ha e lumellane le mangolo.” Ngaka e ’ngoe e rutehileng e-ea eketsa: “Ntle le methoaelanyana e fokolang baeta-pele ba Bokreste Brithani le Amerika ba lumellana kapele le thuto ea Darwin le ho iphetola hoa lintho.” Ka 1882, Darwin o bile a patoa har’a marena Setšeng sa Baitlami sa Westminster, ka tokisetso e khethehileng ea hlooho ea baitlami ba Chache!—Bapisa Liketso 20:30; 2 Timothea 4:3.
11. Ke litlaleho life tseo baruti ba li entseng ka khopolo ea Darwin e hanang boteng ba Molimo?
11 Hona joale khopolo ea Darwin e hanang boteng ba Molimo e amoheloa e le ‘molaetsa oa ’nete’ ke baruti ba bangata ba Bokreste’motoana. Moarekabishopo oa York, ea hlahlamang hlooho ea kereke ea Chache, o nka khopolo eo ea ho iphetola hoa lintho tse phelang e theuoe hantle hoo e leng “eona feela motheo o utloahalang oa thuto ea kajeno ea lintho tse phelang.” Morao tjena, sebokeng sa Botsamaisi ba Kereke ea Roma e K’hatholike, liithuti tse 12 tse emelang sehlopha se ka holimo-limo sa tsa mahlale sa Kereke ea K’hatholike se itse: “Re kholisehile hore boholo ba bopaki bo bontša tšebeliso ea maikutlo a ho iphetolela hoa lintho mothong le liphoofolong tse ling tsa lelapa la tšoene e le ho ke keng hoa latoloa.” ‘Me tabeng ena New Catholic Encyclopedia e-ea eketsa: “Ho iphetola hoa lintho tsohle, leha e le hoa ’mele oa motho, ho bonahala e le tlaleho ea tsa mahlale ea tšimoloho [ea lintho] eo ho lumeloang haholo hore e etsahetse.” Empa na kannete e lumellana le thuto ea tsa mahlale? Na ho iphetola hoa lintho ho tšehetsoa ke bopaki bo tšepahalang ba thuto ea tsa mahlale? Bophelo ba hao bo itšetlehile ka ho etsa qeto ka bonnete ba taba ena.—Johanne 14:6; 16:13; 17:17.
12. Ke hobane’ng ha re ka re tumelo e sa khetholleng lintho tse hloliloeng ho tse bōpiloeng, e re tsohle li bōpiloe hase ea Mangolo leha e le e ka lumeloang?
12 Mehleng ea morao tjena, malumeli a mang a hlalosang mantsoe a Bibele joalokaha a le joalo a hlahisitse tumelo e sa khetholleng lintho tse hloliloeng le tse bōpiloeng, e re tsohle li bōpiloe e le karabo ea ho iphetola hoa lintho. Empa ka ho etsa joalo, ba bua ntho eo e seng ea Mangolo le e ke keng ea lumeloa. Ke ea hore maholimo, lefatše le lintho tsohle tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ke Molimo ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 letsatsi ka leng—e, ka lihora tse 144 feela tsa sebele! Thuto ena e entse hore ba bangata ba nyelise Bibele. Empa na “letsatsi” ka Bibeleng kamehla le bolelele ba lihora tse 24? Genese 2:4 e bua ka “mohla [“letsatsi leo,” NW] Jehova Molimo a etsang lefatše le maholimo.” Letsatsi lena le le leng le akarelletsa ‘matsatsi’ ‘ohle a tšeletseng a pōpo a khaolo ea 1 ea Genese. Ho ea ka tšebeliso ea Bibele, “letsatsi” ke nako feela e lekanyelitsoeng. “Letsatsi” ho Jehova e ka ba lilemo tse sekete kapa lilemo tse likete tse ’maloa—joalokaha ho bile joalo ka ‘matsatsi’ a pōpo. Ka lebaka leo, ntlheng ena, tlaleho ea Bibele e-ea utloahala ’me e lumellana le thuto ea ’nete ea tsa mahlale.—2 Petrose 3:8.
Tšimoloho ea Bophelo
13. (a) Babuelli ba ho iphetola hoa lintho ba hlalosa tšimoloho ea bophelo joang? (b) Ke hobane’ng ha e le ho nyelisang hore sele e phelang e ile ea ipōpa ka tšohanyetso?
13 Babuelli ba ho iphetola hoa lintho ba hlalosa tšimoloho ea sebele ea bophelo joang? Ba re lilemo tse libillione tse fetileng leoatle le lika-likelitseng lefatše e ka ’na eaba le ile la fetoha “mokelikeli o nang le likaroloana tse ka etsang bophelo,” le hoja o ne o ntse o hloka bophelo. Joale, baa hlalosa, ‘motsoako o ikhethang oa likaroloana tseno o ile oa thomeha ka tšohanyetso e fetisisang.’ Ka mohlolo, motsoako ona oa ikatisa ho etsa metsoako e meng e ileng ea bokellana hammoho ho etsa sele e phelang. Na ho ka ba le toro e fetang ee? Mongoli ea faneng ka tlhaloso ena o itse ketella-peleng ea hae: “Buka ena e tšoanela e baloe joalokaha e ka ke tšōmo ea tsa mahlale.” E, tšōmo, empa ho hang e se thuto ea tsa mahlale! National Geographic e itse litaelo tse hlophisitsoeng seleng e le ’ngoe e nyenyane “ha li ne li ka ngoloa, li ne li tla tlatsa libuka tse sekete tse maqephe a 600.” Ke ho nyelisang hakaakang hore sele e phelang e ipōpile ka tšohanyetso mokelikeling o mong oa khale-khale!
14. Joaloka babuelli ba ’nete, ke thuto efe ea motheo ea Bibele eo re tšoanelang ho e tšehetsa?
14 Ho utloahalang ka ho fetisisa ke tlhaloso e fanoeng ke mongoli oa Bibele Davida ea ngotseng Pesaleme ea 36, litemana tsa 5 le 9: “Jehova, . . . seliba sa bophelo se ho uena.” Joaloka babuelli ba ’nete, re tšoanela ho tšehetsa thuto eo ea motheo ea Bibele.—Bona le Pesaleme ea 100:3; Esaia 42:5, 8.
Ho Iphetola hoa Lintho ho Tsoelang Pele—Kapa Pōpo e Tobileng?
15. (a) Haeba ho iphetola hoa lintho e ne e le ’nete, ke joang tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale e neng e ka e tšehetsa? (b) Tlaleho e bontša eng, e matlafatsa eng eo Darwin a e amohetseng?
15 Leha ho le joalo, ha ho fanoe ka bophelo, na ho ne ho ke ke hoa etsahala hore mefuta e sa tšoaneng ea lintho tse phelang e ne e ka ’na ea fetohela ka ho tsoelang pele mefuteng e meng? Ha e le hantle, haeba hono ho etsahetse, tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale e ne e tla bontša sena. Empa na e-ea se bontša? Ak’u nahane ka nako eo ho thoeng ke ea Cambria (e nkileng lilemo tse limillione tse 620). Mona mesalla ea lihlopha tse khōlō tsa liphoofolo tse se nang mekokotlo e hlaha hammoho ka lekhetlo la pele ka “ho bitoha” hoa lintho tse phelang ho makatsang. Haeba lihlopha tsena tse fapaneng haholo hakana kaofela li ile tsa qala ho phela ka ho bitoha ka nako e le ’ngoe, ke joang ho neng ho ka etsahala hore e be li simolohile se seng ho tloha ho se seng? Darwin ka seqo o amohetse pepenene: “Haeba mefuta e mengata . . . e hlile ea qala ho phela hang, ’nete eo e kotsi bo bolaeang khopolong ea ho iphetola hoa lintho.” E kotsi bo bolaeang ruri!—1 Ba-Korinthe 3:19, 20.
16. (a) Ha e le ka ho hlaha hoa libopeho tsa bophelo, tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale e shanofatsa thuto ea ho iphetola hoa lintho joang? (b) ’Nete ea sebele e boletsoe joang ho Genese 1:25?
16 Tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale e senola hore mefuta e fapaneng le e rarahaneng ka ho fetisisa e hlahile hang ’me e phethahetse. Joalokaha moprofesa e mong oa mahlale a tsa tlhaho a itse: “Marua-rua, bo-’mankhane, lipere, litšoene, litlou, limmutla, mechalla, le tse ling, tlhahong ea tsona li ne li fapane joalokaha li le joalo hona joale. Ha ho na mohlala oa phoofolo eo kaofela li tsoang ho eona, e se e se leha e le eona kamano le sehahabi sefe kapa sefe, sona se nkoang e le seo tsohle tse phelang li simolohileng ho sona.” Na ho na le mesalla ea lintho tsa khale ea lithuhlo tse melala e bolelele bo ka tlaase ho ba bo amohelehang? Che ha li eo. ’Nete ea taba e joalokaha e boletsoe ho Genese khaolo ea 1:25: “Molimo oa etsa liphoofolo tsa lefatše ka mefuta ea tsona, le makhomo ka mefuta ea ’ona, le lihahabi tsohle tsa lefatše ka mefuta ea tsona. ’Me Molimo oa bona hoba ho molemo.” E, ho le molemo haholo!
17. Ke mefuta-futa efe e metle le boqapi tse ka bonoang har’a lintho tse phelang, ’me li ne li ka simoloha feela ho mang?
17 Ak’u nahane hape ka mefuta-futa e hlollang e ka bonoang linthong tse phelang mona lefatšeng! Na palesa ea rosa, serurubele, lehaqasi, pikoko le libopeho tse ling tse likete tsa bophelo li fumane botle ba tsona bo ikhethang ka tšohanyetso, tlhōlisanong ea ho pholoha hoa tse matlahali? Kapa na ke boqapi bo bontšang botsebi ba Molimo o lerato o batlang hore batho ba fumane thabo mesebetsing ea oona? Ha re boha botle bona bo phethehileng bo fumanoang hohle lefatšeng le letlehali lena, ruri re tšoanela ho khotsa: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.”—Pesaleme ea 104:24.
18. Ke hobane’ng ha u ka re platypus e tšoanetse feela hore e be e ile ea qaptjoa ke Molimo?
18 Boqapi kamehla bo biletsa moqapi ea bohlale. ’Me ho teng boqapi bo babatsehang linthong tse phelang. Nahana ka phoofotsoana e bitsoang platypus, e phelang Australia. E boholo ba ’mutla, e na le boea bo kang ba qibi, molomo o kang oa lekau, mekoebe e kang ea mokōkō le maoto a ho sesa a nang le manala. E behela mahe joaloka sehahabi ’me e anyesa malinyane a eona joaloka phoofolo e anyesang. E ka lula kantle ho metsi kapa ka metsing. Ebe platypus e simolohile ho eng? Kaha e tsamaea feela bosiu, platypus e ka bitsoa pharela e tšabehang ho ba lumelang ho ho iphetola hoa lintho. Setsebi sa lintho tse phelang sa Univesethi ea Harvard se e hlalosa e le “sebopuoa se makatsang se hahiloeng hantle le ka ho ikhethileng bakeng sa mofuta oa bophelo o sa tloaelehang.” Ke mang eo e bileng Moqapi ea makatsang? E ka ba feela Molimo o reng: “Liphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka.”—Pesaleme ea 50:10.
19. (a) Ke ketso efe e bohlale bo makatsang e etsoang ke warbler e nyenyane? (b) E khona ho etsa see joang?
19 Ho feta moo, ho thoe’ng ka kelello ea tlhaho e hahelletsoeng linthong tse ngata tse phelang? Ka mohlala, ho na le nonyana e nyenyane, blackpoll warbler, e boima ba likharamo tse 21 feela. E tseba ho khetha nako e nepahetseng ea selemo ho tloha Alaska e fofela New England. Mono e inontša ka lijo tse molemo ’me e emela moea o batang. Joale e-ea rura, e fofela bophahamong ba limithara tse 6 100 le ho feta ho fumana moea o matla o lebang ’nģa ea Afrika, ho fihlela warbler e nkoa ke moea o tloaelehileng o e fefolelang fatše qetellong ea leeto la eona Amerika Boroa. Tsebo ea tlhaho ea warbler e kentsoe bokong bo lekanang le erekisi. Na molumeli oa ho iphetola hoa lintho a ka hlalosa hore na kelello e joalo ea tlhaho e tlile joang? A ke ke. Empa Bibele e bontša hore Jehova ea bohlale bohle “o entse maholimo le lefatše, leoatle le tse ho lona kaofela,” ho akarelletsa le tsona libopuoa tseo tse “bohlale ba tlhaho.”—Pesaleme ea 146:5, 6; Liproverbia 30:24-28, NW.
Na U Tletse Teboho?
20. (a) Tlhaloso ea limakatso tse re potileng e tšoanetse ebe ke eng? (b) Mosa o lerato oa Mōpi oa rōna o bontšoa joang ho rōna? (c) Joaloka babuelli ba ’nete re tšoanela ho arabela joang?
20 ’Nete ea taba ke ena: Ho na le ho hongata ho ratehang, ho utloahalang le ho hlollang maholimong le lefatšeng ho re potileng hoo pōpo ea Moqapi ea lerato, ea matla ’ohle ke eona feela tlhaloso! Tlas’a maemo a tloaelehileng, ke ka mokhoa o tsotehang hakaakang likutlo tsa rōna tseo re li filoeng ke Molimo li nyalanang le tikoloho ea rōna ea tlhaho ho etsa hore bophelo e be bo thabisang! Linako tsa ho likela hoa letsatsi tse ntlehali tseo re li bonang, lipalesa tse monko o monate tseo re li fofonelang, litholoana tse lutlisang mathe tseo re li latsoang, meea e hlasimollang eo re e utloang, ’mino oa moru oo re o utloang—lintho tsena li bontša hakaakang mosa o lerato oa Mōpi oa rōna le Molimo! (Pesaleme ea 136:1-6, 25, 26) Re tšoanela ho rata hakaakang ho chesehella ho bontša teboho ea rōna ka ho buella ’nete lefatšeng lee le khopo! Ruri, “Lentsoe” la Molimo “ke ‘nete”!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa ’nete ea Bibele joalokaha e rutoa ke Jesu Kreste ho Tšenolo 4:11; Mattheu 19:4; Luka 24:46, 47; Mattheu 20:28; 6:10; Johanne 5:28, 29; 17:3; Luka 23:43.
b Karl Marx o itse: “Buka ea Darwin ke ea bohlokoahali ho ntšebeletsa e le motheo ka tlhōlisano ea mekha historing.”
U ne U Tla Araba Joang, ha u Buella ’Nete?
◻ ’Nete e qositsoe joang?
◻ ’Nete ea Bibele e pepesa phoso ea Babylona joang?
◻ Tšimoloho le mefuta e sa tšoaneng ea bophelo e ka hlalosoa joang feela?
◻ Boqapi bo linthong tse phelang bo re bolellaeng?
◻ Re ka leboha Mōpi oa rōna joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jesu ka ho hlaka o boleletse bahanyetsi ba ’nete, “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose”
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Charles Darwin—’muelli oa khopolo ea tšoene-motho
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Kereke ea Chache e tlotlile Darwin ka ho mo pata Setšeng sa Baitlamisa Westminster
Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Tšebeletso ea Lihlapi le Bophelo bo Hlaha U.S.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]