Seo Nako le Linako Tse Khethiloeng Tsa Jehova li se Bolelang ka Mehla ea Rōna.
“Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong”.—MATHEU 7:19.
1. Re ka ithuta eng ka tsela eo Jehova a sebelisaneng le babusi ba bang nakong e fetileng?
TLALEHO ea histori e pakela ’nete ea hore Jehova a ka fetola ‘mehla le linako, a tlosa marena, a phahamisa marena.’ (Daniele 2:21) Makholong a pele a lilemo, ha ho ne ho tšoaneleha bakeng sa morero oa hae, o ile a tlosa Faro, Nebukadnezare, Belshatsare, Heroda Agrippa I, le ba bang. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Leha ho le joalo, liketsahalo tseo kaofela e ne e le tsa histori ea boholoholo. Li amana kae le rōna?’ Li amana haholo le rōna hobane ho na le lithuto tse matla ho tsona. Seo re ithutang sona liketsahalong tseo ke hore ha nako ea Jehova e fihla, o tla felisa puso ea baeta-pele ba lefatše. ’Me ha a se a khethile ho etsa joalo, o bea pusong ’musi eo a mo khethileng.
2. Ho fihlile nako ea Jehova bakeng sa eng mehleng ea rōna?
2 Mehleng ea rōna, nako ea Jehova e boetse e fihlile bakeng sa ho ‘tlosa marena le ho phahamisa marena.’ Kaha hona joale o se a ‘phahamisitse’ Morena eo a mo khethileng, haufinyana Molimo o tla tlosa babusi bohle ba lefatše lena, hammoho le tsamaiso eohle ea lintho eo ba e busang. Hobane’ng? Hobane bona, joaloka Belshatsare oa Babylona oa boholo-holo, ‘ba lekantsoe ka sekala, ’me ba fumanoe ba sa tšoanelehe.’ Boemo kajeno bo tšoana leha mohlanka oa Molimo Daniele a ne a bolella Belshatsare hore: “Molimo o balile ’muso oa hao, ’me o o khaotse.” (Daniele 5:26, 27) Ka hona, nakong ea rōna Jehova o tla “thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae. O tla ahlola har’a lichaba.”—Pesaleme ea 110:5, 6.
‘Ba Fumanoe ba sa Tšoanelehe’
3, 4. Mabapi le khotso, babusi ba lefatše ba ‘fumanoe ba sa tšoanelehe’ joang lekholong lee la lilemo?
3 Ke joang babusi ba lefatše ba ‘fumanoeng ba sa tšoanehele’ mabapi le liketsahalo tsa lefatše? Tsela e ’ngoe ke hore ba tlameha ho ikarabella haholo bakeng sa se etsahalletseng lelapa la motho nakong ea rōna, nako e tletseng litsietsi ho feta mehla leha e le efe. Ka mohlala, ho tloha ka 1914 feela batho ba ka bang limillione tse lekholo ba bolailoe lintoeng tse sa tsoaneng! Kajeno, libetsa tsa nuclear li sokela ho pholoha ha bophelo lefatšeng. Motsotsong ona feela, limisaele tsa nuclear tse likete-kete, tse nang le lebotho le thunyang la malala-a-laotsoe, li shebile metseng e meholo.
4 Mabapi le ntoa ea nuclear, makasine oa Science o tlalehile qeto ena e tšosang: ‘Phanyetsanong efe kapa efe e khōlō ea nuclear, karolo e khōlō ea bophelo ba limela le ba liphoofolo lefatšeng e ka ’na ea fela. Ho fela hoa batho le hona ho ke ke hoa behelloa ka thōko.’ Mosebeletsi ea phahameng oa ’muso Europe o itse: “Tahlehelo e ke ke ea baloa ka metse empa e tla baloa ka lefatše lohle.” Mopresitente oa naha e ’ngoe ea Latin America o boletse tjena mabapi le litsenyehelo tsa tsireletso: “Motho o sesa ka sekepe se pshatlehang se ka ’nang sa teba . . . ’me haeba se teba, se ka teba le motho e mong le e mong.” ’Me pampiri ea litaba ea Japane e hlokometse: “Lefatše le bonahala le le hōle le [khotso] ho feta nako leha e le efe historing.”
5, 6. Boemo ba moruo ke bofe linaheng tse ngata le lichabeng tse ngata?
5 Empa, lichaba li ntse li senya chelete e eketsehileng lihlomong. Litšenyehelo hona joale li phahametse ho lidolara (U.S.) tse ka bang trillione ka selemo! Mohloli o mong o hlokometse hore lefatše le senya chelete e ngata ho lesole le le leng ka makhetlo a 50 ho feta eo le e senyang ho ngoana ka mong oa sekolo. Hape, nahana, tlaleho ea Machaba a Kopaneng e bontšang hore bonyane batho ba limillione tse 450 lefatšeng lohle ba lapile, ’me palo ea bona e-ea hōla. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore “selemo le selemo batho ba limillione tse 30 ho ea ho tse 40 ba shoa ke tlala” linaheng tse ntseng li hōla. E boetse e bolela hore hoo e ka bang halofo ea bao ba shoang ke bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano.
6 Moemeli e mong oa ’muso oa naha e ’ngoe e khōlō Amerika Boroa o bolela hore “karolo ea 40 lekholong ea batho ba sebetsang e phela bofumeng ba bo-ja-likata.” Naheng e ’ngoe hona moo, khaello ea mesebetsi motseng o moholo oa eona e ama karolo ea 51 lekholong ea basebetsi. Tlaleho e qetella ka hore: “Lefatše la batho ba limillione li 260 le tetebetse khatellong ea moruo ea lona e khōlō ka lilemo tse mashome a mahlano.” Joale ak’u hlokomele lihlooho tsena tse tharo tse tsoang linaheng tse sa tsoaneng: “Keketseho ea Bofuma ho thoe ‘E-ea Tšosa.’” “Keketseho ea Bofuma e-ea Phahama.” “Bofuma, Phihlelo e Bohloko.” Na litlaleho tsee li ne li tsoa linaheng tse ntseng li hōla? Che, li tsoa ho ba boholong ’musong Canada, United States le Federal Republic of Germany. E, le tsona lichaba tseo ho thoeng li ruile, li qoetse mathateng.
7. Ho bonoe eng ka tlōlo ea molao le pefo tse atileng hakaale mehleng ea rōna?
7 Linaheng tse ngata mathata ana a hlahatsoa ke tlōlo ea molao, pefo, le bokhukhuni tse phahameng ka ho fetisisa. Ka mohlala, United States Federal Centers for Disease Control e hlokometse hore selemo le selemo Maamerika a fetang 50 000 a bolaoa kapa a ipolaea! Ka hona bohlophisi ba The New York Times bo qetelletse ka hore: “Lintho li tsoile taolong.” Mohlophisi e mong o hlokometse: “Ena ke nako ea pherekano ea machaba.” Ka hona, ho sa tsotellehe makholokholo a lilemo a boiteko, phihlelo, le tsoelo pele ea boqapi ba tsa mahlale, baeta-pele ba lefatše ba hloleha ho fa bongata ba batho ba bona lintho tsa motheo tseo ba li hlokang.
8. Tlaleho ea histori e pakela eng?
8 Ka sebele, tlaleho ea histori, ea boholoholo le ea kajeno, e paka hore motho, ka boeena, ha a na likarabelo. Boeta-pele ba lipolotiki, moruo, le bolumeli ba lefatše lena bo ke ke le kamohla ba tlisa khotso, tšireletseho, thabo, bophelo bo botle ’meleng, le bophelo boo re bo ratang le boo re bo hlokang. Ka hona, lefatše lena le tlameha ho fela! ’Me le tla fela hobane ke seo Jehova a se rerileng ka lona. Ho joalokaha Bibele e re: “Selepe se se se beiloe metsong ea lifate. ’Me joale, sefate ka seng se sa beeng litholoana tse molemo, se tla rengoa, se lahleloe mollong.”—Luka 3:9.
Lebaka le Leng la Kahlolo
9. Ka kakaretso baeta-pele ba lefatše ba nka merero ea Molimo joang?
9 Litholoana tse mpe tseo lefatše lena le baeta-pele ba lona ba li hlahisitseng ke lebaka le leng leo Jehova, hoba a lekanye lefatše likaleng, a le fumaneng le sa tšoanelehe, ’me a tlang ho le felisa. Empa ho na le lebaka le leng: Baeta-pele ba lefatše ba tlositse Jehova—’Mōpi le ’Musi oa bokahohleng—menahanong ea bona. Ha ba na thahasello ea sebele mererong ea hae kapa linakong tsa hae le linakong tseo a li khethileng. Ke ka lebaka leo Bakorinthe ba Pele 2:8 ka nepo e buang tjena ka bona: “[Bohlale ba bomolimo] boo ho seng le a mong oa marena a lefatše lena ea bo tsebileng.” Kahoo Pesaleme ea 146:3 e-ea re eletsa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!”
10, 11. (a) Ho lokeloa ho etsoa eng ka ba ratang ho tseba Jehova? (b) Bahlanka ba Molimo ba khona ho tseba seo ba bang ba sa se tsebeng joang?
10 Ho e-na le hoo, Liproverbia 3:5, 6 e-ea khothaletsa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Batho ba etsang sena ba ke ke ba lula ho hlokeng tšepo ho lefifi hoa lefatše lena. Jehova o tla ba hlohonolofatsa ka moea oa hae e le hore ba ka tseba merero ea hae le linako tsa hae le linako tsa hae tseo a li khethileng bakeng sa bona. Joalokaha Liketso 5:32 e bolela, Jehova o fana ka moea oa hae o halalelang ho ‘ba mo utloang.’
11 Kahoo bahlanka ba Molimo ba tseba seo babusi bana ba lefatše ba sa se tsebeng. Ba tseba merero ea Jehova le linako tse khethiloeng tsa hae. Petrose oa Pele 1:11 e bolela hore, nakong e fetileng, bahlanka ba Molimo “ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e joang e neng e lekanntsoe ke Moea . . . o nong o le ho bona.” Ka moea oa Molimo o bontšang sena, moapostola Pauluse o ne a ka bua tjena ho barapeli ba bang ba ’nete: “Re tseba linako.” (Baroma 13:11) Kaha bahlanka ba Jehova ba kajeno ba mo utloa joaloka ’musi, moea o halalelang oa Molimo o boetse o ba senolela hore na ke nako efe e khethiloeng ponong ea oona. Amose 3:7 e re: “Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta.”
Lebaka le Leng Hape
12, 13. Lebaka le leng le matla leo Jehova a fumanang lefatše lee le baeta-pele ba lona ba sa tšoanelehe ke lefe?
12 Hona ho re tlisa lebakeng le leng hape la hore na ke hobane’ng ha Jehova a fumane lefatše lena le baeta-pele ba lona ba sa tšoanelehe ’me a tla ba felisa. Hopola seo Faro, Belshatsare, Heroda, le babusi ba bang ba se entseng ho bahlanka ba Jehova nakong e fetileng. Ba ile ba ba hanyetsa, ba ba hlorisa, ’me ba ba ba ba bolaea. Molimo o ile oa nka babusi bao ba ikarabella bakeng sa hoo.
13 Hoa tšoana le mehleng ea rōna. Babusi ba sa tšoaneng ba lefatše ba hanyelitse, ba hlorisa, ba ba ba bolaea bahlanka ba khotso ba Jehova. Babusi ba joalo ba “tla bua lipuo tse loantšang Mookameli ea phahameng, [ba] tla hlorisa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.” (Daniele 7:25; 11:36) Empa tlaleho e bululetsoeng ho Esaia 54:17 e re: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho; . . . Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova.” Ka hona, bahanyetsi bohle ba tla kokobetsoa, joalokaha ba bang ba ile ba kokobetsoa nakong e fetileng. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o tšepisa batho ba hae pholoho le nala.
Nako ea ho Koala e Haufi
14, 15. (a) Re phela nakong efe, hona re lokela ho mamela litemoso life? (b) Ho sa tsotellehe boiteko leha e le bofe bo etsoang ke baeta-pele ba lefatše, ke eng ho tlang ho potlakile?
14 Joale, ke nako efe ponong ea Molimo? Ke nako ea ho koala bakeng sa lefatše lena. Letsatsi la lona lea likela. Nako ea bosiu e atamela ka potlako bakeng sa lona. Mariha a lona a se a batla a le holim’a lona. Bopaki bohle bo phethahatsong ea boprofeta ba Bibele le kemiso ea nako ea Jehova li bontša hore re phela “mehleng ea qetello,” ‘bofelong ba lefatše.’ (2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3-14) Kahoo ho hlokahala re nke ka botebo temoso ea Jesu: “Le rapele hore paleho ea lōna e se hlahe maria.” (Matheu 24:20) Ha nako ea bosiu ea lefatše lena, kapa mariha a lona, e e-tla, e tla be e se e le morao haholo ho batla mohau oa Jehova.
15 Nako ea ho felisa lefatše lena le hlomphollang Molimo e tla ka potlako. Ha e e-tla, Jehova o tla tlosa babusi bohle ba lefatše litulong ka likhoka. Le ha ba ka tšepahala joang, litokisetso tsa bona tse se nang litholoana le tse se nang tšepo li tla khaotsa. Ke ’nete, babusi ba ka ’na ba leka ho khothatsa batho ba bona ka lilekane tsa libetsa le litokisetso tse sa tsoaneng bakeng sa khotso le tšireletseho, esita le ka ‘lilemo tse halalelang’; empa ho nka leoto ho leba ntoeng ea Molimo ea makhaola-khang ea Harmagedone ho tsoela pele ho sa khaotse.—Tšenolo 16:13-16.
16. Ke mang eo Jehova a mo fileng borena ba lefatše?
16 Hape, hopola hore Jehova ha a ‘tlose marena’ feela empa o boetse ‘o phahamisa marena.’ (Daniele 2:21) Makhotla a leholimo ao Jehova a tlang ho a sebelisa ho liha kahlolo ea hae ka Harmagedone a tla etelloa pele ke ’Musi eo o mo ‘phahamisitseng’ bakeng sa lefatše lohle. Eo ke Mora oa hae ea tsepahalang, Kreste Jesu, eo hona joale a leng matleng a leholimo le khanyeng ea leholimo. Tšenolo 19:16 e mo bitsa “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” Daniele 7:14 e re: “A neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”—Bona le Daniele 2:44.
17, 18. (a) Lentsoe la Molimo le re ba sa lumeleng ho oona le Morena eo o mo khethileng bakeng sa lefatše lee ba tla etsahalloa ke eng? (b) Ke mang hape ea tsebang hore nako e setseng ha e sa le ekae?
17 Ka puo e bonolo, Lentsoe la Molimo la boprofeta le bolela se tlang ho etsahalla ba sa lumeleng ho Jehova le ho ’Musi eo a mo khethileng bakeng sa lefatše lohle. Le re: “Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le hoa ka lentsoe le phahamileng, le hoeletsa linonyana tsohle tse fofang sebakeng sa leholimo, le re: Tlong, le phuthehele mokete o moholo oa Molimo, le tle le je linama tsa marena, le linama tsa balaoli ba likete, le linama tsa linatla, le linama tsa lipere, le tsa ba li kaletseng, le linama tsa bohle ba sa ruoang le ba ruiloeng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”—Tšenolo 19:17, 18.
18 Jeremia 25:33 e se hlalosa ka tsela ena: “Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe; e tla ba moiteli holim’a lefatše.” E, ke nako ea ho koala bakeng sa tsamaiso eohle ea Satane e silafetseng ea lintho. ’Me le eena o-oa tseba! Tšenolo 12:12 e bolela hore o-oa tseba hore “nako ea hae ha e sa le ekae.”
Batla Jehova Hona Joale
19. Ke letsatsi lefe le nako e khethiloeng tse hlollang tse tla qala kamor’a hore tsamaiso ee e felisoe?
19 Ha nako ea bosiu, kapa mariha, tsa tsamaiso ea Satane li fetile, ho tla etsahala eng joale? Joale e tla ba nako ea Jehova ea ho chabisa letsatsi le lecha, nako e ncha ea selemo e hlollang. E tla be e le nako ea ho qala tsamaiso e ncha ea ho loka ea Jehova tlas’a puso ea Morena oa hae oa leholimo, Kreste Jesu. Tsamaisong eo e ncha, pefo, leeme, mahlomola, ho kula le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Batho ba tla phahamisetsoa phethehong, ba e-na le tebello ea bophelo bo sa feleng. Ke pono e susumetsang hakaakang!—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Tšenolo 21:4.
20, 21. Batho ba bangata ba tsoang lichabeng tsohle ba batla Jehova joang hona joale?
20 Leha ho le joalo, pele tsamaiso ena e fela ’me ho qala e ncha, ke nako ea Jehova ea ho etsa ho hong hoa bohlokoa bakeng sa ba bonolo ba lefatše. Ke nako ea hae ea ho bokella ba ratang ho ithuta ka eena, ba ratang ho ikokobeletsa thato ea hae, le ba tla khumamela Morena eo a mo khethileng. Ka ho etsa sena, ba tla tlas’a tsireletso ea Jehova: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—Liproverbia 18:10.
21 Kajeno, palo e khōlō ea batho e etsa sena—ha e le hantle, ke limillione tsa bona tse etsang joalo. Ba tsoa lichabeng tsohle tse lefatšeng. Bana ba hlalosoa ho Zakaria khaolo ea 8, litemana 20 le 21: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ho sa tla tla lichaba le baahi ba metse e mengata; baahi ba motse o mong ba tla ea ho ba o mong, ba ntse ba re: A re eeng! re eeng ho rapela sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova oa makhotla!” Temana ea 23 e-ea phaella: “Tšiung tseo [e, nakong ea rōna], banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba ba tla itšoarella ka moseho oa kobo ea monna oa mo-Jode [ke hore, barapeli ba tlotsitsoeng ba Jehova], ba re: Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”
22. Re tlameha ho ananela eng le ho etsa eng haeba re batla ho pholoha letsatsi la bohale ba Jehova?
22 Kahoo, rapela Jehova le batho ba hae ’me u tle sebakeng sa hae sa tsireletso. Kopanela mosebetsing oa bohlokoahali o ntseng o etsoa lefatšeng kajeno—ho bokella hammoho le ho koetlisa ba tla pholoha Harmagedone le ba tla ba le tebello e babatsehang ea ho lema paradeise lefatšeng le ho phela ho eona ka ho sa feleng. Ananela hore na nako ke efe le hore na ke nako efe e khethiloeng ’me u etse seo Esaia 55:6 e se khothaletsang: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.” E, “batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ke ka litsela life babusi ba lefatše ba ‘fumanoeng ba sa tšoanelehe’ mahlonga Molimo?
◻ Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba tseba linako tsa Hae le linako tsa hae tse khethiloeng ha babusi ba lefatše ba sa li tsebe?
◻ Ke hobane’ng ha babusi ba lefatše ba tšoaneloa ke kahlolo e iphetetsang ea Molimo?
◻ Kenakoefelelinakolifetse khethiloeng tse fihlileng ponong ea Jehova?
◻ Ke hobane’ng hona joang re lokelang ho batla Jehova hona joale?
[Setsoantso leqepheng la 18]
Ba bangata ba sebelisang tumelo ba tla pholoha nako ea ho koala bakeng sa tsamaiso ena