Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Jesu o ne a bolela’ng ha a re “metsi” oa a fanang ka oona a ne a tla fetoha “seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng?”
Jesu o boleletse mosali oa Mosamaria: “E mong le e mong ea noang metsi ana [selibeng sa Jakobo], o tla boela a nyoroe. Empa e mong le e mong ea noang metsi ao ke mo neang ’ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla o le mong, ’me metsi ao ’na ke mo neang ’ona, e tla ba ka ho eena seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.”—Johanne 4:13, 14.
Mona Jesu o ne a lebisa tlhokomelo haholo-holo melemong ea moea e tlelang motho ea amohetseng mantsoe a Hae ’me a fetoha morutuoa oa Kreste. Motho ea joalo ea tsoetseng pele ho amohela tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le Jesu Kreste ’me a nkile bohato ho sena ka tumelo o ne a le boemong ba ho fumana bophelo bo sa feleng.(Johanne 17:3) Jesu o tšoantšelitse ketsahalo ena e tsoelang pele kelellong le pelong tsa motho joaloka seliba se kopotsang melemo, nako le nako se ntse se matlafatsa tumelo ea hae ’me se tataisetsa mehato ea hae tseleng ea bophelo bo sa feleng.
Ha khatiso e ho Johanne 4:14 e le melemong eo motho a e fumanang ka boeena, morutuoa oa Mokreste ea nang le metsi ana a moea ka bongata ka tlhaho o lakatsa ho a arolelana le ba bang molemong oa bona. O batla hore ba bang ba utloe molaetsa ona oa Bokreste ’me ba fumane ka ho bona seliba se kopotsang melemo e tšoanang ea moea e lebisang bophelong bo sa feleng. Ho arolelana molaetsa hona ho bonahala e le khopolo e hlahisoang ke seo Jesu a se boletseng ho Johanne 7:37-39: “Ekare ha e mong a nyoriloe, a tle ho ’na, a noe. Ea lumelang ho ’na, linōka tsa metsi a kollang li tla kolla mpeng ea hae, joale ka ha Lengolo le boletse. Ka taba eo, o na a lekanya Moea oo ba lumelang ho eena ba tlang ho o neoa.”
Ba susumelitsoe ke matla a sebetsang a moea oa Molimo, oo ba o fumaneng ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., baapostola le barutuoa ba Jesu ba etsa mehlolo ha ba tlisetsa ba bang metsi a bophelo. Moea oa Molimo o boetse o etsa mosebetsi oa bohlokoa ho hlomelleng le ho susumetseng barutuoa ba Jesu kajeno, masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” ho fana ka metsi a fanang ka bophelo ho batho ba nyoriloeng, ha ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara. Ka hona ea nyoriloeng o tšoanela ho tla ho eo Molimo o mo sebelisang ho fana ka metsi a ’nete e isang bophelong bo sa feleng.—Mattheu 24:14; 28:19, 20; Johanne 7:37; 10:16; Tšenolo 7:9.