Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/15 maq. 3-4
  • Ntho ea Bohlokoa Kannete ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho ea Bohlokoa Kannete ke Efe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntho ea Bohlokoa ka Sebele ke Efe?
  • Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ke’ng se Phoso ka ho Fumana Chelete?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/15 maq. 3-4

Ntho ea Bohlokoa Kannete ke Efe?

“Boholo ba bona bo iphelela bophelo ba mafeela-feelane, ha ba tiisetse mosebetsing, likamano tsa bona le batho ba bang ke tsa nakoana ’me ke bo-hloma-u-hlomole—’me ha ho le ea mong ho bona eo ho reng teke ho eena. Lebaka: Ba ruile haholo.”—The New York Times, la 15 Motšeanong, 1984.

U’A tsebisisa hore ho hlokahala chelete ho fumana lijo, liaparo, ntlo, lipalangoang, thuso ea meriana le lintho tse ling tse hlokahalang bophelong. Ha e le hantle, mohlomong u’a hlokomela hore tsamaisong ea kajeno ho ka ba thata ho phela ntle ho chelete, hobane, joalokaha Bibele e bolela, “ka lichelete ho fihleloa tsohle.”—Moeklesia 10:19.

Leha ho le joalo, sehlooho sa koranta se qotsitsoeng kaholimo se ne se sebetsana le mathata a maikutlo a barui. Ho hlakile hore ho ka ba kotsi ho tsitsisa bophelo ba hao ho fumaneng chelete le matlotlo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba’a ho etsa. Ka linako tse ling, meharo ea ho laba-labela lintho tse khōlō e’a bolaea. Re ee re utloe ka banna ba sebetsang ka thata ba lilemong tsa bo-30 le bo-40 ba bolaoang ke lefu la pelo. Ba bang ho bana ba ile ba bea bophelo ba ’mele ea bona kotsing, haesita le bona bophelo ba bona, ho phethahatsa litakatso tsa bona tse amang chelete. Ha ho hlokahale hore re be balumelihali hore re lumele hore ho ka be ho bile molemo hoja ba nka ka botebo mantsoe ana a Jesu Kreste: “Hobane leha motho a ka rua lefatše lohle, ha a timeletsoe ke moea oa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moea oa hae a ka o reka ka’ng?”—Mattheu 16:26.

Ntho ea Bohlokoa ka Sebele ke Efe?

Ka sebele u’a tseba hore lintho tseo re ka ’nang ra kena molekong oa ho li batla ha li fele. Sebapala-likasete sa video, ntlo eo e leng ea hao, thepa e theko e boima ea papali—linaheng tse ling motho a ka hahamalla lintho tseo. Libakeng tse ling pakane e ka ’na ea e-ba e lekanyelitsoeng haholo. Naheng e ’ngoe moroetsana e mong o ile a iketsa letekatse hore a fumane chelete ea liaparo tse ntle.

Ha e ka ’na eaba rea hlokomela hore ho na le likotsi tse amanang le ho phelela lintho tse bonahalang feela, re ka itšireletsa joang? Na re tlameha ho furalla batho, re itšehla thajana, joalokaha ba bang ba ho etsa? Hape, ha u nahana ka hore na ntho ea bohlokoa kannete ke efe, re lokela ho ipotsa, Ke eng e tla qetella e ntliselitse thabo ea ’nete le khotsofalo?

E le thuso, a re nahaneng ka mohlala oa monna eo ka makholo a lilemo e bileng ea hlomphuoang le ea ratoang joaloka mohlala o ka etsisoang. E ne e le ’muelli oa molao oa rabbi ’me e le karolo ea sehlotšoana sa bolumeli sa lekholo la pele la lilemo sa Bajode se neng se tsebisahala ka hore ke sa “ba ratang chelete haholo.” (Luka 16:14) Lebitso la hae ke Pauluse, ’me o ne a na le thuto le tšusumetso tse hlokahalang hore a ka ipokellela leruo le ho iphumanela boemo bo phahameng haholo motseng.

Leha ho le joalo, ka phihlelo e sisimosang a lemoha hore ho na le ntho e ’ngoe e fapaneng eo e neng e hlile e le ea bohlokoa haholo bophelong. Le haeba hona joale u na le maikutlo a joalo kapa ha u na oona, ho molemong oa hao hore u ke u nahane ka qeto ea Pauluse.

O ile a fihlela qeto ea hore ntho ea bohlokoa haholo bophelong ke boemo bo amohelehang ho Molimo motho e le morutuoa oa Jesu. Hoo e ne e le hoa bohlokoa hoo Pauluse, joaloka moapostola oa Jesu, a bileng le hona ho mamella mathata le mahloriso. O ne a tšoana le monna oa pejana ea tummeng, Moshe, ea ileng a “kholoa hoba sekhobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.”—Ba-Heberu 11:26; 2 Ba-Korinthe 11:23-27.

Le uena u lokela ho tseba hore ha ho mohla Pauluse a kileng a ikoahlaea hore ho fetoha moapostola oa Mokreste ho ne ho felletse ka hore a lahleheloe ke botumo tsamaisong ea Sejode. Kamor’a ho thabela lilemo tse ka bang 25 e le Mokreste ea inehetseng, a ngola: “Tse neng li le moruo ho ’na, ke li entse tšenyehelo ka baka la Kreste. Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ’me ke li etsa lithōle, ke tle ke rue Kreste; ’me ke fumanoe ho eena ke e-na le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho lumela ho Kreste.” (Ba-Filippi 3:7-9) U tla tlameha ho lumela hore Pauluse o ne a kholisehile hore o fumane ntho e ’ngoe ea bohlokoa kannete.

Khetho ea Pauluse e ne e sa bolele hore o ne a se a se na matlotlo leha e le afe a bonahalang. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a hae: “Ke tseba ho kokobetsoa, ke tseba le ho ateloa ke lintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho khora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng.”—Ba-Filippi 4:12.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe ka Bokreste, mohlomong u bona kamoo Pauluse a qetelletseng ka mokhoa o ratehang kateng. Khetho ea hae ka hore na ntho ea bohlokoa ke efe e mo tliselitse khotsofalo e phonyohang banna le basali ba lefatše ba ruileng ka ho fetisisa. Jean Paul Getty, moruihali oa oli, o ile a tsoa molomo: “Chelete ha e amane le thabo hakaalo. Mohlomong e amana le ho se thabe.”

Leha ho le joalo, motho a ka ’na a ipolela hore ke Mokreste empa a hlōleha ho hlokomela hore na sa bohlokoahali ke sefe. Hoo e bile ’nete lekholong la pele la lilemo, hobane Pauluse o itse ka e mong ea neng a kopanela le eena: “Demase o ntahlile ka ho rata lefatše la joale.” (2 Timothea 4:10) Nakong eo a ka beng a ile a thusa moapostola ea litlamong, Demase a monyola ka hloohong, a ikhethela seo tsamaiso ea joale e mo neang sona.

Moapostola Pauluse ha a supa kotsi e tebileng eo pono ea lintho tse bonahalang e ka ’nang ea beha Mokreste ho eona, o itse: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa . . . ba itlhabile ka mahlomola a mangata.”—1 Timothea 6:9, 10.

Ke hantle u ka ’nang ua botsa, Chelete kapa letlotlo li lokela ho ba le karolo efe bophelong ba ka? A re ke re hlahlobeng taba ena ho ea pejana ho bona kamoo u ka ruang lintho tsa bohlokoa kannete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela