Kamoo Bakreste ba Lokelang ho Ikutloa Kateng ka Tokoloho
BAKRESTE ba khahlanong le tokoloho e hanyetsang puso e sebelisoang ka nepo. Hobane’ng? Hobane ha e le hantle ha e lokolle—e kenya bokhobeng. Mohlala o bonolo o ka bontša sena.
Mocha o ikutloa a kukuneloa ke puso ea batsoali ba hae, ba mo thibelang ho tsuba le ho noa lino tse tahang. A sa ananele hore puso ea bona e sebelisoa molemong oa hae, o labalabela tokoloho. Ha a se a le lilemong ’me a tloha lapeng, o qetella a finyeletse tokoloho eo a ’nileng a e batla kamehla. Empa lilemo hamorao, kamor’a hore a fetohe setsubi se se nang khefu le letahoa le hlōloang ke ho itaola, ngaka ea hae e ’molella hore ka mabaka a bophelo o tšoanela ho emisa ho tsuba le ho noa. O iphumana a thatafalloa ke ho etsa sena. Tokoloho ea hae e lebisitse temallong, bokhobeng.
Ho Itokolla Pusong e se Nang Meeli
Puso ea Molimo ke e se nang meeli ’me e theiloe ho beng hoa hae ’Mōpi. Hona ho mo fa tokelo ea ho beela libōpuoa tsa oona seo e leng boitšoaro bo nepahetseng, seo e leng melao-metheo e molemohali kapa e mebe. Litekanyetso tsena, tse theiloeng bakeng sa boiketlo ba batho, li beiloe ka ho hlaka ka Bibeleng. E re, “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le baboki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Ke haholo-holo lekholong lena la bo20 la lilemo le tsoetseng pele le le bohlale ka nģeng ea lefatše, moo motho a lekileng ho itokolla melao-metheong e joalo e tataisang ea boitšoaro. Empa ho sa tsotellehe hoo, ho bitsoang tokoloho, o sitoa ho itokolla liphellong tse bakoang ke ho etsa seo Molimo o se hlalosang e le sebe. Ho e-na le hore ebe ba lokolohile, batho ba joalo ba fetohile makhoba a litakatso tsa bona, litakatso tse feteletseng le litakatso tsa botona le botšehali, joalokaha Jesu a bontšitse ka ho hlakileng ha a re: “E mong le e mong ea etsang sebe, ke mohlanka oa sebe.”—Johanne 8:34; bona le Ba-Roma 6:16.
Ho Itokolla Pusong e Lekanyelitsoeng
Liofisiri tsa ’muso li na le tokelo ea ho busa kahar’a naha, batsoali kahar’a lelapa, matichere tsamaisong ea sekolo ’me baholo ba Bakreste ka phuthehong. Ke ’nete, puso eo ke e lekanyelitsoeng feela. Ka mohlala, puso e se nang meeli ea Jehova, ea laelang hore bahlanka ba hae ba bale Lentsoe la hae ’me ba kopane le Bakreste ba bang, e tlameha ho mameloa ho feta puso e lekanyelitsoeng ea monna ea ka ’nang a batla hore mosali oa hae a se etse leha e le ’ngoe ea lintho tsena.—Liketso 5:29.
Leha ho le joalo, ka ho hlokomela puso e lekanyelitsoeng ea naha, Bakreste ba ne ba ke ke ba kenya letsoho mekhatlong ea tokoloho ho liha puso e joalo. Ba ne ba ke ke ba nka ho hana ho mamela litaelo tsa ’muso ho nepahetse feela hobane ba sa lumellane le leano la ’muso, leha e le hore ba ne ba ka khothalletsa ho se ntše makhetho e le mokhoa oa ho hanyetsa khahlanong le mekhoa e itseng eo ho etsoang lintho ka eona. Moapostola Pauluse o itse, “Ea hanang ho borena, o hana molao oa Molimo,” ’me a eketsa ka hore: “’Me ba hanang ba ikhulela tsuo holimo.”—Ba-Roma 13:1-4.
Empa ho thoe’ng haeba ofisiri ea ’muso e le leeme ’me e sebelisa matla a eona a puso hampe? Ho thoe’ng haeba e khetholla batho kapa lihlotšoana tsa batho ba khesehang? Keletso ea Bibele e re: “Leha u bona naheng e ’ngoe mofutsana ha a tujoa, le ho loka le toka ha li khopamisoa, u se ke ua makala ke hoo; hobane ea phahameng holimo ho ea phahameng o teng, o ea lebela.” (Moeklesia 5:8) Ho ka ’na hoa e-ba bonolo ho ipiletsa lekhotleng le ka holimonyana la ’muso kapa ho ba ka holimonyana ’musong. Empa le haeba tōka e sa fumanoe ka litsela tseo, bahlanka ba Molimo ba ka tšepa hore “mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.”—2 Likronike 16:9.
Boemo e ntse e le bo tšoanang le ka lelapa. Haeba banna kapa bo-ntate ba ka sebelisa matla a bona hampe, re ka tšepa hore Molimo o tla lokisa litaba tse joalo qetellong, o sa lumelle makhopo afe kapa afe hore a be teng tsamaisong ea hae e ncha ea ho loka e tlang kapele. Ha e le hona joale, basali le bana ba Bakreste ba tsoela pele ho hlompha molao-motheo oa bohlooho ba Bokreste, ekasita le haeba ka linako tse ling o sebelisoa hampe. Ba ananela hore ha o’a etsetsoa ho nyenyefatsa empa o reretsoe ho tlisa khotso le bonngoe ka lapeng le ka phuthehong ea Bokreste.—1 Ba-Korinthe 11:3.
“Tokoloho” Pusong e ka Phuthehong
Ka bohlooho bo ka phuthehong ea Bokreste, Lentsoe la Molimo le re: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlaase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa.” (Ba-Heberu 13:17) Le hoja puso ena ea baholo e le e lekanyelitsoeng, empa ba e filoe ke Molimo ka moea oa oona o halalelang. Ka hona e fanoe ka tsela e tobileng haholoanyane ho feta puso e lekanyelitsoeng e filoeng, ka mohlala, liofisiri tsa ’muso.—Liketso 20:28.
Ba bang ba bile le maikutlo a hore melao le litaelo tse fanoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo ke tse thibelang ho tlōla, tse sa lumelleng tokoloho e lekaneng ea botho. Sena se ba entse hore ba emise ho kopanela le Lipaki tsa Jehova; ba se ba sa labalabele ho mamela bao ba falimehelang meea ea bona. Le hoja batho bana ba nahana kapa mohlomong ba ipitsa ba lokolohileng, ha e le hantle, “tokoloho” ea bona e ba kentse bokhobeng ba litumelo le litloaelo tsa bolumeli ba bohata.
Bakreste ba ’nete ba hlompha puso, puso e se nang meeli ea Molimo le e lekanyelitsoeng ea batho. Pono ena e nepahetseng ea puso e ba thibela ho sebelisa tokoloho ea bona ea Bokreste hampe eo tsebo ea ’nete e ba fileng eona.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Puso ea Molimo ke e se nang meeli ’me e theiloe ho beng hoa hae ’Mōpi
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Bakreste ha ba fetohele naha ka lebaka la leano la eona leo e tla ikarabella ho Molimo ka lona
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]
Bakreste ba ’nete ba hlompha puso, puso e se nang meeli ea Molimo le e lekanyelitsoeng ea batho
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho lefa ba nang le matla a puso lefatšeng
Ho hlokomela puso e lekanyelitsoeng ka phuthehong
Ho ananela Ea nang Je Puso e Phahameng, Jehova Molimo