Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 7/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U “Ruela ho Molimo”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Moea ho Latela Bibele
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Ke Eng eo e Hlileng e Leng ea Bohlokoa?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 7/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Setšoantšong sa Jesu ka morui ea neng a sa ruela ho Molimo, ke bo-mang “ba” neng ba batla moea oa monna eo?

Jesu o ne a sa bue ka sehlopha leha e le sefe sa batho kapa mangeloi. Ho Luka 12:20, NW, o sebelisitse seemeli “ba” e le ho bontša feela se neng se tla etsahalla monna eo.

Setšoantšo sena se fumanoang ho Luka 12:16-21, NW. Morui ea ho sona o ne a sa khotsofalla leruo le lekaneng la hae. A tsoela pele ho tsepamisa maikutlo khoebong ea hae hore a eketse leruo la hae. Jesu a qetella ka hore: “Empa Molimo oa re ho [morui], ‘Leoatla tooe, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena. Ke mang, joale, ea tla ba le lintho tseo u li bokelletseng?’ Ho etsahala joalo ka motho ea ipokellelang matlotlo a mpa a sa ruela ho Molimo.”

Liphetolelo tse ling li e ngola ka boetsuoa, joaloka: “Ka bona bosiu bona, moea oa hao o tla latoa ho uena.” (Bibele ea Sesotho) “Ka bona bosiu bona ho tla batloa moea oa hao.” (The Jerusalem Bible) “Bosiung bona bona bophelo ba hao bo’a batloa.” (The Twentieth Century New Testament) “Bosiung bona moea oa hao o tšoanela ho latoa.” (Byington) Leha ho le joalo, ka Seheberu (seo Jesu a buileng ka sona) le ka Segerike (seo Luka a ngotseng ka sona) se sebelisitse sebopeho sa motho oa boraro se sa khetheng. Temana ea Segerike ho Luka 12:20 e hlile e baleha tjena “hona bosiung bona moea oa hao ba o kopa ho uena.” Ketso e beiloe bongateng ba motho oa boraro. Ka hona, ho e-na le ho e fetolela sebopehong sa boetsuoa (joaloka mehlaleng e ka holimo) ho sa hlokahale, New World Translation le tse ling li e bea ka mokhoa ona “ba batla.”

Leha ho le joalo, re etsa hantle ho se lumelle litšobotsi tse ikhethang tsa kaho ea puo ho sira keletso e tobileng ea Jesu ka lintho tse bonahalang. O ne a sa hlalose kamoo morui a neng a tla shoa. Taba ke hore motho eo o ne a tla lahleheloa ke moea oa hae, kapa bophelo ba hae, ka mekhoa e meng bosiung boo. Empa o ne a eme joang le Molimo? Mang le mang oa rōna a ka itolobetsa ho ntlafatseng boemo ba hae linthong tse bonahalang ’me ka mokhoa o tšoanang a lahleheloa ke ho ruela ho Molimo. Lefatše la khoebo le khothaletsa moea oa ‘ho eketsehileng ka mehla.’ Ekasita le batho bao likhoebo tsa bona tse khōlō li etsang liphaello tse phahameng lithekisong ka limillione tsa lidolara, liponto, li-mark, joalo-joalo, ba ka kena tekong ea ho batla se eketsehileng—basebetsi ba eketsehileng, ho rekisa haholoanyane, liphaello tse eketsehileng, mabotho-botho a eketsehileng, ho eketsehileng ka bankeng. Potso ea Jesu e ntse e le ea bohlokoa le kajeno joalokaha a ne a e botsa ka lekhetlo la pele: “Ke mang, joale, ea tla ba le lintho tseo u li bokelletseng?”—Luka 12:20, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela