Bacha—Le se ke la Thetsoa
“Etsoe Satane le eena a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.”—2 BA-KORINTHE 11:14.
1. (a) Ba bangata ba rōna re thetsitsoe ka tsela efe? (b) Hangata ba thetsoang habonolo ho feta ke bo-mang?
HA HO pelaelo hore bohle re kile ra thetsoa ka nako e ’ngoe. Mohlomong le ne le bapala papali eo ho eona ea bapalang le uena a ileng a u lahla ka masene a bolotsana ’me kahoo a hlōla papaling eo. Kapa mohlomong u ile ua reka phahlo e shebahalang e le ntle, empa ua fumana hamorao kamor’a ho e apara ka nakoana le hoba u e hlatsoe hore phahlo eo e ne e se ea mofuta oo e neng e bonahala eka ke oona. Hangata ke bo-mang ba thetsoang habonolo, ke hore ba qhekelloang kapa ba etsoang lithoto? Na hase ba nang le phihlelo e fokolang? ’Me hangata liphello ke tse tebileng ho feta feela ho lahleheloa papaling kapa ho qhekelloa ha u reka ho hong.
2. Bacha ba bang ba isitsoe ho etseng liphoso tse tebileng joang?
2 Ka mohlala, Julie, ea neng a e-na le lilemo tse peli feela a kena sekolong se phahameng, joalokaha a boletse, o ne a “ratana” le “mohlankana e motle haholo le ea ratoang haholo sekolong seo kaofela.” O ile a hlalosa: “Ke ile ka ’molella hore ke ne ke sa lokela seo a neng a se batla, empa a ’na a mpolella kamoo a nthatang kateng, le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla loka. Ha ke ntse ke hana, ke ha a nkoala molomo. A re, ‘ke ne ke hlile ke u tsotella haholo, ’me ke ne ke nahana hore le ho uena ho joalo. Haeba u ke ke ua mpakela, ke nahana hore re tla tlameha ho khaotsa ho bonana.” Kahoo Julie a inehela ’me a etsa bohlola. Letsatsing le hlahlamang, ha a sibolla hore moshanyana eo o ntse a ithorisa ka “tlhōlo” ea hae, a hlokomela kamoo a neng a thetsitsoe ka ho feletseng kateng. O ne a lokela e be o tsebile hore haeba moshemane eo a ne a hlile a mo rata, o ne a ke ke a ho etsa.
3. (a) Ke hobane’ng ha bohlola e le phoso e tebileng hakaale? (b) Sepheo sa Satane Diabolose ke sefe?
3 Seo Julie a qhekelletsoeng ho se etsa e ne e le tlōlo e tebileng ea molao oa Molimo. Ke ka lebaka leo Bibele e phehellang: “Tšabang bofebe.” ’Me e bolela ka ho hlaka hore: ‘Ha ho mofebi ea nang le kabelo ’musong oa Kreste le Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 6:18; Ba-Efese 5:5) Kahoo le hoja Satane Diabolose e ka ’na eaba ha a ameha ka hore na u-ua hlōla kapa u-ua lahleheloa papaling ea bolo kapa hore u reka phahlo e ntle kapa che, ka tieo o leka ho u khelosa hore u tlōle molao oa Molimo. Bibele e-ea lemosa: “Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” (1 Petrose 5:8) Ka sebele, o sebelisa mano a hae oohle, ho akarelletsa ho iketsa lengeloi la leseli, ho re furallisa ho sebeletsa Jehova Molimo! Na oo hase mohopolo o nahantšang?—2 Ba-Korinthe 11:14.
Ithute ka se Etsahalletseng Eva
4. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Satane o korotse bacha ka ho khetheha?
4 Empa ho lōna ba bacha, hona ke mohopolo o nahantšang haholoanyane: Satane o le korotse ka ho khetheha. Hobane’ng? Hobane ka lebaka la bocha ba lōna, le bile le nako e nyenyane ea ho fumana tsebo le bohlale, ’me Satane o khetha ba nang le phihlelo e fokolang. O entse hoo ha a qala ho rabela. Hopola hore o ile a atamela Eva tšimong ea Edene, e seng monna oa hae Adama ea neng a bōpiloe nako e telele pele ho eena. ’Me Satane o ile a atleha. O ile a thetsa, e, a khelosa Eva ea monyenyane ea se nang phihlelo ka libopeho tsa bohata. Bibele e-ea hlalosa: “Hobane Adama o bōpiloe pele, hamorao ha bōpjoa Eva; ’me hase Adama ea thetsitsoeng, empa mosali, hobane a thetsoe, o hlahisitse tlōlo.”—1 Timothea 2:13, 14.
5. (a) Le kamohla ha rea lokela ho koielletsoa ho nahana eng? (b) Moapostola Pauluse o ne a amehile ka eng, hona ke hobane’ng ha ho ne ho loketse?
5 Le kamohla u se ke ua koietsoa ke monahano oa hore mekhoa ea Satane e ke ke ea sebetsa ho uena, hore le kamohla a ke ke a u fumana hore u tlōle melao ea Molimo. Hopola temoso ea Molimo ea hore ‘Satane le eena o ntse a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.’ (2 Ba-Korinthe 11:14) Moapostola Pauluse o ne a amehile ka nepo hore Morena oa Ho Thetsa a ka ’na a atleha litekong tsa hae ho Bakreste ba habo ba se nang phihlelo. Pauluse a ngola: “Ke tšohile, e se re mohlomong, joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona, le ea lōna mehopolo e ka senyeha, ea timelloa ke ’nete e ho Kreste.”—2 Ba-Korinthe 11:3.
6. Ho khelosoa ho bolela eng?
6 Hlokomela hore Eva ha a ka a thetsoa kapa ho qhekelloa feela; o boetse a khelosoa. Hona ho bolela hore o ile a huleloa tseleng e kotsi ka keko e hohelang kapa teko. Ho ea ka Webster’s Third New International Dictionary, ho khelosa ho bolela “ho susumelletsa ho se utloeng,” “ho hohela kapa ho fumana ka kapa ho fumana joalokaha eka ke ka mokhoa o khutsitseng o bolotsana haholo.” Ka ho toba, buka ena e hlalosang mantsoe e re, ho khelosa ho bolela “ho susumelletsa (motho e motšehali) ho kopanela liphate ka lekhetlo la pele.” Re ka rua molemo ka ho hlahloba mokhoa oa Satane oa ho khelosa Eva (le hoja ho kopanela liphate ho ne ho sa amehe ntlheng ena) hape le ka ho hlokomela mekhoa e tšoanang eo a e sebelisang kajeno.
7, 8. (a) Morero oa potso ea Satane ho Eva e ne e le ofe? (b) Satane o ile a etsa joang hore ho ja sefate ho hlahe ho ipiletsa hakaalo?
7 Katamelong ea hae ea pele feela, Satane, ka tsela e bolotsana, a sebelisa noha ho etsa hore Eva a qale ho belaella molao oa Molimo. Ka mantsoe a lokisitsoeng ka hloko ho tsosa pelaelo le ho hloka tšepo, a botsa: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Ka potso ena e emereng bokhopo, Satane o ne a fana ka maikutlo a hore ke sono hore e be o ne a ke ke a ja lifate tsohle tsa tšimo. Ha e le hantle, o ile a pheha khang hore, ho e-na le ho shoa joalokaha Molimo o boletse, o ne a tla iphumanela molemo ka ho ja sefate se thibetsoeng. Satane a mo tiisetsa, “Molimo o mpa o tseba hobane mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:1-5.
8 Aa ke mano a khopo hakaakang a Satane ho hlahisa hore Molimo o ne o leka ho tima Eva tsebo e molemo! Ho ea ka Satane, Molimo o ne o bile o sebelisa tšoso e sa sebetseng ea lefu ho mo thibela ho sebelisa matla a ho iketsetsa qeto. Ha e le hantle o itse ho Eva, ‘Hela, u-ua lahleheloa! U ke ke ua shoa. U ka thabela seo Molimo o se thabelang. U ka iketsetsa qeto ea se setle le se sebe.’ Ho iketsetsa qeto ntle le ho ikarabella ho mang kapa mang hoa ipiletsa ho Eva.
9. Joalokaha ho bontšitsoe ho Jakobo 1:14, 15, ke letoto lefe la liketsahalo le ileng la isa sebeng sa Eva le le qetelletseng ka lefu?
9 Ka lebaka leo, Eva a qala ho talima sefate ka takatso. “Mosali eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka litholoana tsa sona, a li ja.” (Genese 3:6) Empa kamorao ho moo, ha Eva a sibolla hore ha a fumana seo a neng a se tšepisitsoe, a re: “Noha e nthetsitse.” (Genese 3:13) Ha e le hantle, e ne e boetse e mo khelositse, e mo hula ka teko e hohelang ho fihlela takatso ea boithati e mo etsa hore a etse sebe ’me, ka lebaka leo, a tla qetella a shoele.—Jakobo 1:14, 15.
Hlokomela Maraba a Satane
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba maraba a Satane, hona ke litaelo life tseo re lokelang ho li latela ha re le bohlale?
10 Satane o sebelisa maraba a tšoanang, ke hore, merero ea bolotsana, mamenemene le maqiti, ho thetsa le ho khelosa bacha kajeno. Empa kaha Bibele e fana ka histori e batsi ea mekhoa e thetsang ea Satane, ha ho hlokahale hore u hloke tsebo ka maraba a hae. (2 Ba-Korinthe 2:11) Seo u se hlokang ke kelello e ntle ho mamela litemoso le litaeo tseo Jehova Molimo a fanang ka tsona ka Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.—Liproverbia 2:1-6; 3:1-7, 11, 12; 4:1, 2, 20-27; 7:1-4.
11. Hangata Satane o khelosa kapa o thetsa bacha ho etsa phoso joang?
11 Hangata Satane o hoka kapa o hohela bacha joang hore ba etse phoso? O etsa joalo ka ho etsa hore seo Molimo o se nyatsang, liketso tse ka isang ho ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo, li hlahe li khahleha haholo, empa ka nako e tšoanang li se na kotsi, joalokaha tholoana e ile ea hlaha e le joalo ho Eva. ’Me joalokaha a entse ho Eva, o tla leka ho phahamisa khopolo ea hore u lahleheloa ke ntho e ’ngoe e thabisang ho sa hlokahale. Ka hona, ka tsela e mano le e thetsang, Satane o leka ho tsoa tlaase ho hlompha hoa hao Lentsoe la Jehova, hammoho le litaeo tse fanoang ke batsoali ba hao ba tšabang Molimo le mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng. Kahoo ka lebaka le letle Bibele e-ea phehella, “Emang le tiile khahlanong le maqiti [kapa, joalokaha The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures e bolela, “liketso tse bolotsana”] a Diabolose.”—Ba-Efese 6:11, NW.
12. (a) Ke ’nete efe ka Satane eo bohle re lokelang ho e nka ka botebo, hona hobane’ng? (b) U talima se boletsoeng ho 1 Johanne 2:15 le Jakobo 4:4 joang? (c) Satane o rata ho u thetsa hore u lumele eng?
12 Ka ho totobetseng, Eva e ne e le sethoto ka ho lumela leshano la Satane. Empa na bacha ba bangata kajeno ha ba nke habobebe ka ho tšoanang litemoso tse Lentsoeng la Jehova kapa tse fanoang ka batsoali ba bona kapa baholo ba Bakreste? Ho thoe’ng ka uena? Ka mohlala, na ka ho teba u nka ’nete ea hore Satane Diabolose ke morena oa lefatše lee le hore, joaloka molimo oa tsamaiso ee ea lintho, o foufatsa batho likelello? (1 Johanne 5:19; Johanne 12:31; 14:30; 16:11; 2 Ba-Korinthe 4:4) Na kannete u leka ho mamela taelo ea Molimo e reng: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng”? (1 Johanne 2:15) Ka hona ipotse: ‘Na kannete ke kholoa polelo ea Mangolo, “Mang le mang ea ratang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo”’? (Jakobo 4:4, TLP) Satane o tla rata ho u thetsa hore u lumele hore lefatše ha le na kotsi ea letho, hore liketso tseo le li phahamisang ha li na kotsi. Empa hlokomela! U se ke ua thetsoa!
Khoheli e Thetsang Kajeno
13. Ke tloaelo efe e ratoang libakeng tse ngata, ’me Satane o rata hore re lumele eng ka eona?
13 Hangata Satane o hohella batho ho etseng phoso ka lintho tseo ka botsona e ka ’nang eaba ha li phoso kapa tse sa nyatsuoeng ka ho toba ka Bibeleng. Ka mohlala, ha banyalani ba bangata ba hopola ka thabo linako tse monate tseo ba li thabetseng matsatsing a bona a lefereho, ho na le kotsi e ka ’nang ea e-ba teng ha batho ba le bang taetsanong. Ha e le hantle, ho laetsana ke ntho e batlang e le tloaelo ea kajeno eo feela kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše e fetohileng e ratoang libakeng tse ngata. Satane o tla rata hore u lumele hore tloaelo ena e mpa e le mokhoa feela o se nang molato oa boikhathollo o etsang hore batho ba bacha ba tloaelane le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona fahleho li talimane. Empa, ho bua ’nete, tloaelo ena e tletse likotsi tsa boitšoaro.
14. (a) Tloaelo ea ho laetsana e ka ahloloa joang? (b) Ke maikutlo afe a ka hōlang boemong ba taetsano?
14 Bakreste ba hōlileng le ba hōlileng tsebong, ka lebaka la phihlelo ea bona, ba hlokomela likotsi tsena ho feta ’me ka hona ba ka fana ka tataiso e thusang. (Liproverbia 27:12, NW) Empa mohlomong u ikutloa hore ha ho kotsi ea letho ka ho laetsana le hore batsoali ba hao ke ba thibelang ho tlōla, ba u amoha monate. Empa feela joalokaha batho ba ka ahloloa ka litholoana tseo ba li beang, ho joalo le ka litloaelo tse kang ho laetsana. (Liproverbia 20:11; Mattheu 7:16) Ka mohlala, ngoanana e mong ea lilemo li 18 ea neng a laetsana kamehla, ’me a ba a ima, o boletse: “Ke ne ke le e mong oa bana ba likete ba neng ba nahana hore ho ke ke hoa etsahala ho ’na.” O ile a lumela hore kamor’a ho laetsana nakoana “ho tšoarana ka matsoho le ho sunana hoa tapa.” Ka ho tšoanang, ngoanana ea lilemo li 17 ea neng a atisa ho laetsana, o-oa tlaleha: “Ho sunana le ho hakana ho phahama ho fihlela ke e-ba tsietsing ea ho batla ho robala le moshemane eo.” Na ke boikutlo bo sa tloaelehang? Le hanyenyane.
15. Ho laetsana ho tlameha ho jara boikarabelo ba likoluoa life?
15 Ha batho ba bacha ba hohelanang ka ’mele ba e-ba moo ba leng bang, joalokaha ho tloaelehile ha ho laetsanoa, takatso ea botona kapa botšehali e ka hōla ho fihlela e hlōla le bacha ba nang le merero e metle hore ba tlōle molao oa Molimo. Hlokomela hore banana ba lilemong tsa bocha ba fetang millione United States e ba baimana selemo se seng le se seng le hore ba makholo a likete ba bona ba ntša limpa kapa ba beleha bana ba matšeo. Ka bomalimabe, ka seoelo ba bang ba banana bana ba lilemong tsa bocha ke bana ba Lipaki tsa Jehova ’me ho joalo le ka bashemane bao ba intšang le bona. Tloaelo ea kajeno ea ho laetsana e tlameha ho jara boikarabelo bo boholo bakeng sa likoluoa tsena, mohlomong le bakeng sa mafu a macha a limillione a litšila a tlalehoang selemo le selemo a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.
16. (a) Ke hokae feela moo litakatso tsa botona le botšehali li phethahatsoang ka nepo? (b) Ho etsahala’ng ka batho ba bangata ba Molimo?
16 Molimo o rerile hore takatso ea botona le botšehali e phethahatsoe litlamong tsa lenyalo, moo e ka tlisang thabo le khotsofalo e molemo. (Ba-Heberu 13:4; Liproverbia 5:15-19) Empa, Satane o sebelisitse ka bolotsana mpho ena eo re e filoeng ke Molimo ho khelosa batho hore ba sebelise botona le botšehali hampe le ho etsa bohlola. Mehleng ea boholo-holo, Baiseraele ba 24 000 ba ile ba bolaoa ka letsatsi le le leng ka lebaka la tlōlo ena khahlanong le Molimo, ’me kajeno ba likete ba khaoloa selemo le selemo phuthehong ea Bokreste ka lebaka la bohlola. Kahoo e ba bohlale. Mamela keletso le tataiso. U se ke ua itumella ho thetsoa.—Numere 25:1-9, 16-18; 31:15, 16.
17. (a) Satane o phahamisitse pono efe e thetsang ka lintho tse kang lipapali, ’mino le motjeko? (b) Ke hobane’ng ha boithabiso ba lefatše bo le kotsi ho batho ba Molimo?
17 Hape, hlokomela maraba a mang a Satane. Ka mohlala, lipapali, ’mino le motjeko, li fetohile karolo e khōlō ea boithabiso ba lefatše la hae. Ke ’nete, lintho tsena ka botsona ha li na phoso ’me e ka ba tse thabisang le tse molemo. (1 Timothea 4:8; Zakaria 8:5; Luka 15:25) Leha ho le joalo, Satane ka bolotsana o phahamisitse pono ea hore ha li na kotsi ea letho, esita leha ho kopaneloa le batho ba lefatše kamehla. Empa Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Nahana ka hona. Haeba bolumeli le lipolotiki e le karolo ea tsamaiso ea Satane, na hase bothoto ho lumela hore boithabiso bo phahamisoang ke lefatše bo lokolohile tšusumetsong ea hae? Kamehla ho hlokahala hore u itebele hore u se “lumelle lefatše le u pota-potileng hore le u peteletse ka forong ea lona.”—Ba-Roma 12:2, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips.
Litokisetso tsa ho Sireletsa Bacha
18. Ke hobane’ng ha u lokela ho ananela batsoali ba u laeang le ba u tataisang?
18 Jehova Molimo ka lerato o entse litokisetso ho sireletsa lōna ba bacha hore le se ke la thetsoa. Ea pele, o fane ka batsoali ba lōna bakeng sa ho le laea le ho le tataisa. ’Me le ka thaba ha ba ho etsa. Ngoanana e mong ea sa thabang ea lilemo li 18, ea emotseng ngoana kantle ho lenyalo, o belaela ka hore ho ka be ho sa ka hoa etsahala “haeba batsoali ba ka ba ne ba entse mosebetsi oa bona joalokaha batsoali ba lokela, ’me ba mpolella likoti tsa motsoalle enoa oa moshemane eo ho ‘tsoelloang hantle’ le eena, le ho nthibela ho ‘tsoella hantle’ le eena.” Kahoo leboha haeba u e-na le batsoali ba tšabang Molimo. Ha ba leke ho u peteletsa khocheletsaneng ’me ba u sulafaletse bophelo ka lithibelo tseo ba u etsetsang tsona. Ho fapana le hoo, baa u rata ’me ba batla ho u sireletsa. Iphe monyetla ka phihlelo ea bona le bohlale ba bona ka ho batla keletso ea bona.
19. Ke lithuso life tse eketsehileng tse lokiselitsoeng bakeng sa ho sireletsa bacha?
19 Ho phaella moo, Jehova o fane ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng ho u thusa. Ka mohlala, tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Tsoha! e na le sehlooho se reng “Bacha Ba Botsa . . .” se bontšang bohlokoa ba litekanyetso tsa Jehova. Ka ho tšoanang, bukana Sekolo le Lipaki tsa Jehova e lokiselitsoe ho le thusa ho phela ka melao ea Molimo le melao-metheo ea oona tikolohong ea sekolo. Khothatso e tsoelang pele le keletso li fanoa maqepheng a Molula-Qhooa le libokeng tsa phutheho, likopanong tsa potoloho le tsa setereke. Ha e le hantle, sona sehlooho sena, “Bacha—Le Se Ke La Thetsoa,” e ne e le puo kopanong ea haufi tjena ea setereke hammoho le sehlooho sa karolo ea Seboka sa Tšebeletso.
20. (a) Ke hobane’ng ha thuso e ngata e lokiselitsoe batho ba bacha? (b) Ke boikutlo bofe bo tla le thusa ho hanela liteko tsa Satane tsa ho le thetsa?
20 E se eka le kamohla le ke ke la nahana hore ka tlhokomelo ena eohle re leka ho le bokanela ho le amoha thabo ea lōna. Ho e-na le hoo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o-oa le rata, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hatisoang le e buuang e reretsoe ho le sireletsa—ho pholosa bophelo ba lōna! Ithuteng ho ananela litokisetso tsena. Itloaetseng ho ithuta Bibele ka thuso ea lingoliloeng tsa Mokhatlo; lumellang linnete tsa Bibele li tsose kananelo ka ho lōna. E se eka le ka ba le boikutlo ba e mong ea lilemo li 18 eo, kamor’a ho hlahloba keletso e tobileng e tobisitsoeng ho bacha, a ngotseng: “Ho ntlhokomelisitse feela kamoo rōna batho ba bacha re leng lehlohonolo kateng ho ba ’neteng! Ha ho mokhatlo o mong o hlophisitsoeng lefatšeng o hlokomelang le ho rata bacha ba oona hakana!” E se eka re ka khomarelana ’me ra hanela liteko tsa Diabolose tsa ho re thetsa, hobane re tseba maraba a hae!
LEBOKOSE LA TLHAHLOBO
◻ Ke hobane’ng ha Satane a korotse batho ba bacha ka ho khetheha?
◻ Satane o ile a khelosetsa Eva ho etseng phoso joang?
◻ Kajeno hangata Satane o khelosetsa bacha ho etseng phoso joang?
◻ Ke litokisetso life tse teng bakeng sa ho sireletsa batho ba bacha?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Joalokaha Satane a ile a leka ho khelosa Eva, ea neng a e-na le phihlelo e fokolang ho ea Adama, Satane o ikemiselitse ka khethehileng ho hlasela bacha
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha batho ba bacha ba ikarola, takatso ea botona kapa botšehali e ka hōla ’me ea isa ho tlōleng molao oa Molimo