Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 maq. 22-23
  • Lebela Molomo oa Hao!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebela Molomo oa Hao!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lipolelong tse Ngata . . .”
  • Nahanisisa Pele U Araba
  • ‘Molomo oa ’Nete o Tla ba Teng ka ho sa Feleng’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Molao oa ea Bohlale”—Ke Mohloli oa Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 maq. 22-23

Lebela Molomo oa Hao!

A KA hlaba ’me a senya joaloka sehlomo sa ntoa. Empa hape a ka ba monate joaloka mahe a linotši ’me a thoba joaloka moriana. A ka phelisa, ’me a ka bolaea. Ke kamoo Bibele e hlalosang matla a ho bua a motho.—Liproverbia 12:18; 16:24; 18:21.

Hase feela, Salomone a itseng: “Ea itebelang molomo o boloka moea oa hae; empa ea ntseng a bua haholo o tla oela timelong.” (Liproverbia 13:3) Botumo bo senyehileng, boikutlo bo bohloko, likamano tse hohlanang, le oona maoma—kaofela hoa tsona ke liphello tse ka ’nang tsa hlahisoa ke puo ea booatla. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore u e mong ea batlang ho ‘boloka moea oa hae.’ U ka ithuta joang ho lebela molomo oa hao le ho qoba tšenyeho e ka ’nang ea hlaha?

“Lipolelong tse Ngata . . .”

Tsela e ’ngoe e bonolo ke hore u se ke ua bua haholo! Mohlomong u kile ua ba le monna kapa mosali ea bonahalang a e-na le ntho eo a ka e buang tabeng e ’ngoe le e ’ngoe. Motho ea joalo e ka ba ea khopisang hakaakang! Bibele e re: “Molomo oa maoatla o kolla bohlanya,” ’me “sethoto se atisa mantsoe.” (Liproverbia 15:2; Moeklesia 10:14) Ha e le hantle, hona ha ho bolele hore motho e mong le e mong ea buang haholo ke leoatla kapa hore e mong le e mong ea sa bueng haholo o bohlale. Empa ho kotsi ho bua motho a sa khaotse. Liproverbia 10:19 e ho bea ka tsela ena: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.”

Nahanisisa Pele U Araba

Tsela e ’ngoe ea ho lebela molomo oa hao ke ho nahana pele u bua. Ha ho sa nahanoe e sa le pele hore na ho tla thoe’ng, ho ka ’na hoa khopeha sebui le bamameli. Mongoli ea bululetsoeng o re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joaloka tsenene.”—Liproverbia 12:18.

Buka ea Bibele ea Jakobo ha e bontša kamoo puo e sa nahaneloang e leng mpe kateng, e re: “Molloana o monyenyane o ka chesa moru o mokakang! Le lona leleme ke mollo, ke naha ea bokhopo; mokhoa oa leleme har’a litho tsa rōna, ke ho silafatsa ’mele kaofela, ke ho kenya khanare tseleng eohle ea khōlo ea motho, etsoe le hotelitsoe ke mollo oa lihele [“oa Gehenna,” NW].”—Jakobo 3:5, 6.

Gehenna e rehelletsoe ka Khohlo ea Hinomme e ka boroa le ka boroa bo ka bophirimela ho Jerusalema. Ka linako tse ling historing ea Iseraele, mollo o ne o tuka o sa time mono ho chesa lithōle tsa motse, ho etsa hore Gehenna e be tšoantšetso e loketseng bakeng sa timetso e feletseng. Leha ho le joalo, leleme le sa tlangoeng le ne le ka ‘hotetsoa ke mollo oa Gehenna’ joang? Motho ea buang mashano, ea ntšetsang pele lithuto tse hlomphollang Molimo, kapa eo ka litsela tse ling a sebelisang leleme la hae hampe a ka ipakela hore eena le ba bang ba lahleheloe ke mohau oa Molimo. Phello e be efe? Timetso ea ka ho sa feleng. Ka mohlala, Jesu Kreste o itse ho Bafarisi: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaea le leoatle le lefatše lohle ho etsa morutuoa a le mong, ’me ha a se a entsoe, le mo etsa ngoana oa lihele [Gehenna] habeli ho fetisa lōna.”—Mattheu 23:15.

Ka baka leo, Bibele e re nea keletso ena e molemo: “Pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo.” (Liproverbia 15:28) Ho molemo haholoanyane ho nahana hore na u tla re’ng, ho e-na le ho phasoloha ka ntho e ka ’nang ea ntša kotsi!

‘Lentsoe le Boletsoeng ka Nako e Loketseng’

Ho bua ka nako e nepahetseng le hona ke tsela e ’ngoe ea ho alosa molomo oa hao. Salomone o hlokometse hore: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le . . . nako . . . nako e teng ea ho khutsa, e teng nako le ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Ha ho bonahala molekane oa hao a khathetse ka lebaka la mosebetsi oa boipheliso o molelele oa letsatsi kapa ka lebaka la mesebetsi ea lelapa, na ho’a hlokahala hore eo e be nako ea ho mo imetsa ka mathata a maholo kapa lintho tseo u li hlokang? Mohlomong ena ke ‘nako ea ho khutsa.’

Ka lehlakoreng le leng, ho na le “nako ea ho bua.” Rea bala ho Liproverbia 15:23: “Polelo, ha e boletsoe ka ho tšoaneleha [ka nako e loketseng], e monate hakakang!” Na u tseba motho e mong ea imetsoeng ke mathata le likhathatso? Na e be polelo e beetsoeng nako e nepahetseng ea khothatso e ka ba sona feela seo motho eo a se hlokang?

Ha ho mohla Jesu Kreste a ileng a hlōleha ho sebelisa menyetla ea ho khothatsa ba bang. Ka lekhetlo le leng o itse ho barutuoa ba hae: “Tlong kathōko feelleng, le phomole hanyenyane.” Tlaleho e’a eketsa: “Ba kena sekepaneng, ba ea feelleng ba ’notsi. Empa matšoele a ba bona ha ba e-ea, ’me ba bangata ba mo tseba; eaba ke moo ba titimelang teng hammoho, ba tsoa metseng eohle ka maoto, ’me ba fihla teng pele ho bona.” Qhooeng moo letšoele le neng le le teng, ena hoa bonahala e le nako e nepahetseng bakeng sa lipolelo tse tšelisang! Leha ho le joalo, ponong ea Jesu le barutuoa ba hae, ho bonahetse nako e se molemo haholo. “Ha a e-tsoa [ka seketsoaneng], a bona bongata bo boholo, ’me a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa; ’me a qala ho ba ruta taba tse ngata.” (Mareka 6:31-34) E, Jesu o ne a lebela molomo oa hae. O ne a tseba hore na a ka bua neng le hore na a ka khutsa neng.—Bapisa Mattheu 26:63; 27:12-14.

Le uena, u ka ithuta ho lebela molomo oa hao. Etsa boiteko ba botho ba ho qoba ho bua haholo. Qoba polelo ea booatla e ka senyang botumo ba hao le ba ba bang. ’Me u alose menyetla ea ho kopanela le ba bang melemo ea ‘polelo e boletsoeng ka nako e nepahetseng.’ Ho etsa joalo ho tla u thusa ho ‘boloka moea oa hao.’—Liproverbia 13:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Na u tloaetse ho kena ba bang hanong kapa ho akhela lentsoe tabeng e ’ngoe le e ’ngoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela