Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 maq. 24-25
  • Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Boprofeta ba Esaia Boa Phethahatsoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na U ka Tima Khole ea Lebone e Kunkelang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Mokhethoa oa ka, eo Moea oa ka o mo Amohetseng!”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 maq. 24-25

Jesu Bopelo le Tšebeletso Tsa Hae

Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia

HOBA Jesu a tsebe hore Bafarisi le balateli ba Heroda ba rera ho ’molaea, eena le barutuoa ba hae ba ea Leoatleng la Galilea. Mona bongata bo boholo bo tsoang Palestina eohle, ha esita le ba tsoang mathokong a eona ba khobokana ho eena. O phekola ba bangata, hoo bohle ba nang le mafu a makatsang ba fohlang har’a batho ho ea mo ama.

Kaha bongata bo boholo haholo, Jesu o bolella barutuoa ba hae hore ba tlohelle sekepe tšebelisong ea hae. Ka ho sesisetsa thokoana le lebōpo, a ka etsa hore matšoele a subuhlellanang holim’a hae a suthe. A ka a ruta a le sekepaneng kapa a ea sebakeng se seng haufi le lebōpo ho thusa batho ba moo.

Morutuoa Mattheu o hlokomela hore tšebetso ea Jesu e phethahatsa “ho boletsoeng ke moprofeta Esaia.” Joale Mattheu o qotsa boprofeta boo Jesu a bo phethahalitseng, e leng:

“Bonang mohlanka oa ka eo ke ikhethetseng eena, moratuoa oa ka, eo moea oa ka o khahlisoang ke eena; ke tla bea Moea oa ka holim’a hae, ’me o tla bolella lichaba ho loka. Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ea tla utloa lentsoe la hae literateng; ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, a be a etse hore ho loka ho hlole. ’Me lichaba li tla tšepa lebitso la hae.”

Jesu, ha e le hantle, ke mohlanka ea ratoang eo Molimo o mo amohelang. ’Me Jesu o hlakisa hore na toka ea ’nete ke eng, e sothoang ke lineano tsa bolumeli ba bohata. Ka lebaka la tšebeliso ea bona e mpe ea molao oa Molimo Bafarisi ba ke ke ba thusa le motho ea kulang ka Sabbatha! Kahoo a hlakisa toka ea Molimo, Jesu o imolla batho moroalong oa lineano tse sa lokang, ho fellang ka hore baeta-pele ba bolumeli ba leke ho ’molaea.

Ho bolela eng hore ‘a ke ke a omana, kapa hona ho peroha hore a utluoe literateng’? Ha e le hantle, ha a phekola batho Jesu ‘o laela batho ka thata hore ba se ke ba mo senola.’ Ha a batle ho itsebahatsa ka lerata literateng, kapa hore a be le litlaleho tsa thabo e fetisisang tse neheletsanoang le tse sothiloeng.

Hape, Jesu o isa molaetsa oa matšeliso ho batho bao ka tšoantšetso ba tšoanang le lehlaka le tenyetsehileng, le kobehileng le le hatakeloang. Ba tšoana le khole e kubellang ea lebone, eo tlhase ea eona ea ho qetela e seng e le haufi le ho tima. Jesu ha a robe lehlaka le tenyetsehang kapa ho tima khole ea lebone e panya-panyang le e kubellang. Empa ka bonolo le ka lerato ka bohlale o hlasimolla ba bonolo. Kannete, Jesu ke eo lichaba li ka beang tšepo ho eena! Mattheu 12:15-21; Mareka 3:7-12; Esaia 42:1-4.

◆ Jesu o hlakisa toka joang, a sa omane kapa ho peroha literateng?

◆ Ke bo-mang ba kang lehlaka le tenyetsehang le khole ea lebone, ’me Jesu o ba tšoara joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela