Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 maq. 26-29
  • Guadeloupe—“Sehleke-hleke sa Metsi a Matle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Guadeloupe—“Sehleke-hleke sa Metsi a Matle”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Metsi a ’Nete a Qala ho Phalla
  • Ho Phalla Ho’a Potlakisoa
  • Phephetso e’a Amoheloa
  • Ho Phalla ho sa Khaotseng hoa Metsi a Bophelo
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 maq. 26-29

Guadeloupe—“Sehleke-hleke sa Metsi a Matle”

GUADELOUPE, e ka bang lik’hilomithara tse 480 (limaele tse 300) ka boroa bo ka bochabela ho Puerto Rico, ke sehlopha sa lihleke-hleke se ka bang bohareng ba mokoloko oa lihlekehleke tsa Lesser Antilles. ’Mapeng, lihleke-hleke tse peli tse khōlō li shebahala joaloka serurubele se phakalalitseng mapheo. Basse-Terre e lithaba, ka seretse sa eona se nyebukolohang se khutsitseng Soufrière, e ka bophirima, ’me Grande Terre e mabalane ka bochabela. Lihleke-hleke ka bobeli li arotsoe ke mochophoro oa Rivière Salée. Lihleke-hleke tse ling tse hlano le lihleke-hlekenyana tse ling li bōpa setereke sena sa Mafora se busoang mose ho maoatle.

Pele Christopher Columbus a se fumana ka 1493 ’me a se rea lebitso la hona joale la Guadeloupe, Macarib a moo a ne a se bitsa Karukera—Sehleke-hleke sa Metsi a Matle. Ha ho pelaelo hore ba ne ba hopotse ka linōka tse ngata, le liphororo tse lihleke-hlekeng tsena. Kajeno, lebitso leo ebile ke le loketseng haholoanyane ka lebaka la metsi a mangata a ’nete a phallelang baahi ba 328 000. Le hoja se busoa haholo-holo ke K’hatholike, ba bangata ho batho bana ba mosa le ba amohelang baeti ba chesehela ho noa metsi a hloekileng a ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele.

Metsi a ’Nete a Qala ho Phalla

Marotholi a pele a metsi a ’nete a qalile ho phallela Guadeloupe ka 1938, pejana ho ho qhoma hoa Ntoa ea II ea Lefatše. Cyril Winston le lelapa la hae ba tla ba e-tsoa sehleke-hlekeng se ahelaneng le sena sa Dominica ’me ba qala ho bolela litaba tse molemo ho baahi ba sehleke-hleke sena. Kapele batho ba 5 ba qala ho kopanela kamehla, ’me ka Phuptjane 1940 phutheho ea pele ea hlophisoa, ka batho ba ka bang 15 ba e-ba teng Thutong ea beke le beke ea Molula-Qhooa ka Sefora.

Leha ho le joalo, Ntoa ea II ea Lefatse ea tlisa khatello e matla e tsoang ’musong oa Fora o laoloang ke Majeremane. Ka nako eo lingoliloeng tsohle tse neng li romeletsoe li e-tsoa Brooklyn tsa chesoa likoung tsa likepe ha li fihla, ’me kopano le ntlo-khōlō e Brooklyn ea khaoloa. Moena Winston a kula hampe ’me a tlameha ho khutlela Dominica, moo a ileng a shoela teng kamor’a likhoeli tse tharo. Ho phalla hoa metsi a ’nete hoa tebela tlaase; ’me ha e-ba thata bakeng sa sehlopha seo se senyenyane sa Bakreste.

Kamor’a ntoa, baena ba qalisa mosebetsi oa bona hamolemo kamoo ba ka khonang. E le hore ba ka fihla ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, ba leka ho bea lipuo tsa Bibele libakeng tsa phatlalatsa ka shoalane. Sebui se ne se fana ka puo ea sona se eme holim’a ntho e phahameng, batho ba se pota-potile. Moena e mong o ne a lokisetsa khanya ka ho tšoara toche e iketselitsoeng. Ka mantsiboea a futhumetseng hantle a linaha tse chesang, ba fetang ka tsela le baahelani ba ne ba thabela ho mamela Lentsoe la Molimo le boleloang pontšeng.

Empa puong e ’ngoe e joalo sehlopha sa masupa-tsela a K’hatholike sa hlaha ka tšohanyetso. Sa potoloha sebui, sa qala ho shoehlemanya mabanta a sona a tšepe le ho otla liketlele tse khōlō, a leka ho pupetsa lentsoe la sebui. Ha se hlokomela se etsahalang, sebui ka khutso sa tsoela pele le puo ea sona empa e le ka lipontšo le ka ho bebenya melomo feela. Kapele, masupa-tsela a felloa ke mokoka, a tela ’me a tsamaea. ’Me moena a tsoela pele ka puo ea hae joalokaha e ne e lokiselitsoe.

Ho Phalla Ho’a Potlakisoa

Ho theosa le lilemo baromuoa ba ’maloa ba ile ba romeloa Guadeloupe ho ea thusa sehlotšoana sa bahoeletsi ba moo ba chesehang. Qalehong, boiteko ba bona bo ne bo sitisoa ke mokoallo oa puo. Leha ho le joalo, bohareng ba bo-1950, baromuoa ba buang Sefora ba qala ho fihla, ’me mosebetsi oa hatela pele.

Leha ho le joalo, ka lebaka la khanyetso e matla ea bolumeli, ba bangata ba neng ba amohetse ’nete ea Bibele ba tlameha ho e emela ka boikemisetso bo sa tloaelehang. Ho bile joalo ka mosali e mong ea ileng a lokela ho kolobetsoa leoatleng har’a lefifi hoo e ka bang ka hora ea bohlano hoseng. Mosali enoa le monna oa hae ba qalile ho ithuta Bibele hammoho. Empa eare ha baahelani ba qala ho ba hatella, monna a tlohela thuto ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke bareki lebenkeleng la hae le lenyenyane la lelapa. Mosali a tsoela pele hantle haholo. Leha ho le joalo, litaba tsa senyeha kapele hoo monna oa hae a ileng a mo sokela ka hore o tla mo bolaea.

Mantsiboeeng a mang, a fumana ho patiloe thipa tlas’a mosamo oa monna oa hae, ’me mosali a ikutloa hore boitšoaro ba monna oa hae ha bo mo belaetse ka hore na o rerile eng. Ka ho ikutloa hore bophelo ba hae bo kotsing, a balehela lapeng la Paki, a tsamaea hoo e ka bang lik’hilomithara tse 16 (limaele tse 10) har’a meru ea libaka tse chesang le masimo a libanana. Ha a ntse a ipatetse monna oa hae, a kōpa hore a kolobetsoe, a re: “Haeba ke lokela ho shoa ka lebaka la tumelo ea ka, ke batla ho balelloa har’a batho ba Jehova!” Hamorao khaitseli enoa ea tšepahalang a nkela tšebeletso ea nako e tletseng ’me e bile pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse fetileng tse 24. Le hoja a lahlehetsoe ke lelapa la hae la nama ka lebaka la tumelo ea hae, o fumane lelapa le leholo la moea, joalokaha Jesu a tšepisitse ho Mattheu 19:29. O thusitse batho ba ka bang 35 hore ba ineele le ho kolobetsoa.

Metsi a ’nete a phallela ntle ka litsela tse sa lebelloang. Banna ba babeli ba Mak’hatholike motsaneng o ka thōko-thōko ka leboea ba reka Bibele. Ba qala ho e bala letsatsi le leng le le leng ’me ba ne ba batla motho e mong ea ka ba thusang hore ba e utloisise. Moahelani a ba bolella hore a ka teana le motsoala’e, oa “Jehova,” ea ka thabelang ho ba thusa. Ke ka lekhetlo leo ba utloileng lebitso la Molimo ka lekhetlo la pele.

Motsoala eo a ba romella likōpi tsa makasine ea Tsoha!, tseo ba sa kang ba thabela feela ho li bala ka bobona, empa ba boetse ba li abela le ba bang motseng. Ha ba tseba hore ho ne ho tla tšoaroa kopano haufi le Pointe-à-Pitre, ba ea ho eona ’me ba bolella molebeli oa potoloho: “Re tlile kopanong ena, ’me re lakatsa ho kolobetsoa.” Ha e le hantle, ba amoheloa hantle empa hape ba thusoa ho utloisisa hore ho hlokahala ho nkoe mehato eitseng, ho be le liphetoho tse itseng pele ba tšoanelehela kolobetso. Ka hona hoa etsoa litokisetso tsa ho ba thusa, ’me ba kolobetsoa kopanong e latelang.

Liphihlelo tse kang tsena tsa thabisa le ho khothatsa baena haholo. Metsi a ’nete a ’na a phalla, ’me ka 1960, ho ne ho e-na le palo-khōlō ea baboleli ba ’Muso ba 251 Guadeloupe.

Phephetso e’a Amoheloa

Bothata bo boholo sehleke-hlekaneng sena e bile ho fumana mohaho o moholo bo lekaneng bakeng sa likopano. Ka nako e telele, ho ne ho e-na le litša tse peli feela tse fumanehang. Baena ba ne ba lakatsa ka matla ho tšoara likopano sehleke-hlekeng sohle e le hore metsi a ’nete a ka fihla ho batho ba eketsehileng.

Qetellong, baena ba fihlela qeto ea ho haha mohaho oa bona. Ba iqapela oona ’me ba ntša meneelo e lekaneng bakeng sa mohaho o ka jaroang o entsoeng ka lipompo le ka masenke, o moholo bo ka lekanang batho ba 700. Ha ba sebelisa “holo ea kopano” ea bona ka lekhetlo la pele Basse-Terre ka Pherekhong 1966, hoa tla letšoele le chesehang la ba 907. “Holo” e hlile ea e-ba nyenyane haholo ho tloha qalong!

Ka tokisetso ena e ncha, ho bile bonolo ho tšoara likopano le lihleke-hlekeng tse ling tse thokoana haholo. Hona ho fane ka matla a sebele ho abeng metsi a ’nete libakeng tse ngata. Nahana ka boitšoaro ba batho ba moo Grand Bourg, motsana oa batho ba ka bang 6 000 sehleke-hlekeng sa Marie Galante, ha ba “futuheloa” ka liketsoana tse tharo tse neng li nkile batho ba eang kopanong ba ka bang sekete hammoho le lithoto tsa bona le thepa e ’ngoe e ncha. E bile pono—mokoloko oa batho ba tsamaeang ho tloha koung ho ea motseng sebakeng sa kopano. Hona hoa fana ka bopaki bo botle ho batho ba moo, ’me kajeno ho na le liphutheho tse tharo tse chesehang sehleke-hlekeng sena.

Ho theosa le lilemo, “holo” e ne e atolositsoe ka makhetlo a mangata. Qetellong ea e-ba mohaho oa lik’hilogramo tse 27 000 o nkang sebaka sa limithara tse lekanang kahohle tse 3 000 ’me e nka batho ba 5 000. Ka ho hlakileng e bile mosebetsi o moholo ho tsamaisa, ho hloma le ho qhaqha thepa eohle nako le nako ha ho tla tšoaroa kopano. Ho thatafatsa litaba haholoanyane, ho ne ho thatafala haholoanyane ho fumana libaka tse tšoanelehang bakeng sa ho hloma “holo” e jaroang hobane libaka tse feela li ne li nkoa ka potlako ke merero ea kaho. Ho ile hoa bonahala hore pheko feela ke ho fumana sebaka sa kamehla bakeng sa “holo.”

Hang hape Jehova a fana ka seo baena ba se hlokang. Hoa fumaneha setša se bohareng se boholo bo ka bang limithara tse lekanang kahohle tse likete tse mashome a mahlano. Ka meneelo e mosa e tsoang liphuthehong tsohle lihleke-hlekeng, setša sa rekoa ka 1979. Sa fetoha sebaka sa kamehla se setsing sa borapeli Guadeloupe.

Ho Phalla ho sa Khaotseng hoa Metsi a Bophelo

Khale ka 1954 ha ho theoa lekala ka lekhetlo la pele Guadeloupe, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 128. Hona joale palo eo e eketsehile ho ba ba fetang 4 500. Hoo ho bolela hore ho batho ba bang le ba bang ba 72 Guadeloupe, a le mong ke paki ea Jehova. ’Me Pointe-à-Pitre, motse-moholo oa teng, palo ke a le mong bakeng sa ba 29—ha ho pelaelo hore ke karolelano e ’ngoe ea tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng!

Bana ba tšepahalang ba tšoarehile ho hasa metsi a ’nete, ba tsamaisa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang 7 300 le batho ba thahasellang tšimong ena eohle. Boiteko ba bona bo hlohonolofalitsoe ha ba 12 553 ba bokana ka 1986 ho ikhopotsa lefu la Morena Jesu Kreste. Kannete baena Guadeloupe ba ikutloa hore Jehova Molimo o “sisinya” lihleke-hleke tsa bona ho bokella hammoho “tse lakatsehang.”—Haggai 2:7.

“Sehleke-hleke sa metsi a matle” se fetoha se setle haholoanyane ka tsela ea moea. Ba bangata ba arabelang pitso: “Tlo!” ’me ba nka feela “metsi a bophelo.”—Tšenolo 22:17.

[’Mapa o leqepheng la 27]

GUADELOUPE

GRANDE TERRE

Pointe-à-Pitre

Soufrière

Rivière Salée

BASSE-TERRE

MARIE GALANTE

Grand Bourg

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela