Na u sa Hopola?
Na u fumane litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa e le tse molemo? Joale bona haeba u ka hopola tse latelang:
◻ Ke hobane’ng ha ho ka thoe Bibele ke buka ea batho bohle?
Ho tloha qalong ea eona feela, Bibele e fana ka pono ea lefatše ha e fihla bokamosong ba batho. (Genese 1:28) E tlōla meeli eohle ea khethollo ea morabe, bochaba le matla a mang a arolang a hlasetseng batho. E bua le batho ba lichaba tsohle ’me e bua ka lefatše e le lehae le le leng le leholo la moloko oohle oa motho. (Liketso 17:26)—4/15, leqephe 5.
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli”? (Mattheu 6:22)
Lentsoe “lokile” le fetoletse lentsoe la Segerike le bolelang maikutlo a sa farasang kapa ho ineela morerong. Ka ho fetola ho etsoa hoa thato ea Molimo pakane ea rōna bophelong, re tla batla ho bontša litaba tse molemo tse khanyang tse buang ka ’Muso tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna.—5/1, maqephe 12, 13.
◻ Ho boleloa eng ka hore Jehova o matla ’ohle hape o na le tsebo eohle le bohlale bohle?
Jehova o ile a bolella Abrahama hore: “Ke ’na Molimo o matla ’ohle.” (Genese 17:1) A le matla ’ohle—Jehova a ka sebelisa matla a hae ho hlōla tšitiso leha e le efe phethahatsong ea litšepiso tsa hae le merero ea hae. Jehova o boetse o na le tsebo eohle ’me o bohlale kahohle. Kahoo a ka bona e sa le pele eng kapa eng eo a ratang ho e bona e sa le pele. Litšoaneleho tsena tse peli li thatafaletsa hore Jehova a ka hlōleha. (Esaia 14:24)—5/15, leqephe 4.
◻ Re ka bontša boikokobetso joang ha re rapela pontšeng lebitsong la bana ba bo rōna?
Re ka bontša boikokobetso ka lentsoe leo re buang ka lona—ho se mohla re ikutloahatsang re bua mantsoe a thata kapa re tlala bosoasoi. Le kamohla ha rea lokela ho laela Jehova hore a etse lintho tse itseng. Ho e-na le hoo, re lokela ho kōpa Jehova tumellanong le thato ea hae, ’me lipolelo tsa rōna kamehla li lokela ho ba tse hlomphang le tse nang le seriti, re hlokomela bonyenyane ba rōna. (Mattheu 6:5; Esaia 66:2) 5/15, maqephe 21, 22.
◻ Mokreste a ka boloka boikutlo bo nepahetseng joang tlas’a tlhoriso?
Le kamohla a se lumelle mohopolo oa hae hore o lule linthong tse fosahetseng. Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore a nahanisise ka seo bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba se entseng linakong tsa teko. Ba ne ba e-na le tumelo e feletseng le tšepo ho Jehova, ba tšepile matla a hae a ho ba tsosa le ho ba putsa. (Tšenolo 2:10) Ka ho tšoanang, Mokreste ea hlorisoang kajeno a ka hopola ka ho hlakileng tšepo ea hae tsamaisong e ncha e lokileng ea Jehova. (Bapisa Ba-Heberu 12:2.)—6/1, leqephe 30.
◻ Ke tabeng efe e le ’ngoe ea bohlokoa moo Hus, Wycliffe, le Luther ba ileng ba lumellana?
Kaofela ba lumellana hore Lentsoe la Molimo le ne le lokela ho tla pele, ho sa tsotellehe hore na maikutlo a batho ke afe. Bakreste ba pele ba ne ba e-na le eona pono ena e tsoetseng pele hobane ba ne ba rutiloe ke Jesu Kreste ka seqo. (Liketso 5:29; Johanne 17:17)—6/15, leqephe 31.
◻ Na lebala la letlalo le letšo le tsoaloa ke thohako ea bomolimo e ileng ea etsetsoa Kanana le bana ba hae?
Che. Morabe o motšo ha o’a tsoa ho Kanana empa o tsoile ho Kushe ’me mohlomong Puthe. Ha ho thohako e neng e etselitsoe e mong ho litloholo tseo tse peli tsa Noe. (Genese 9:24, 25; 10:1, 6)—7/1, leqephe 4.
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka ho hloea litho tsa lelapa la motho ha esitana le hore motho a itlhoee? (Luka 14:26)
Jesu o ne a bolela hore ha ho bapisoa lerato la motho bakeng sa Molimo le boinehelo ho Kreste, kamano ea motho le beng ka eena e ka ‘na ea bonahala e tšoana le lehloeo. (Bapisa Mattheu 12:46-50.)—7/1, leqephe 27.
◻ Jesu e ne e le ‘Morena oa sabbatha’ joang, joalokaha ho boletsoe ho Mattheu 12:8.
Jesu o ne a bua ka puso ea ’Muso ea hae ea khotso ea lilemo tse sekete. Puso ena e khōlō ea Sabbatha ea Kreste e tla ba nako ea phomolo mahlomoleng oohle le khatellong eohle.—7/15, leqephe 9.
◻ Ke hobane’ng ha e le bothoto hore ngoana a ipeele lipakane tsa hae bophelong?
Phihlelo ea bana e lekanyelitsoe haholo hore ba ka ipeela lipakane bophelong. Haeba batsoali ba sa ba thuse ho bea lipakane tse joalo, motho e mong o tla ho etsa—mohlomong bana ba bang sekolong kapa moeletsi oa sekolo. Batsoali ba Bakreste ba ka thusa bana ba bona ho bea lipakane tse tumellanong le kananelo ea bona bakeng sa lintho tsa moea.—8/1, leqephe 28.