Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ “Leviathane” e ho Esaia 27:1 e tšoantšetsa mang kapa eng?
Esaia 27:1 e’a baleha: “Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tsoelikaneng, a bolaee drakone e leoatleng.” Re utloisisa boprofeta bona hore bo sebetsa ho Satane Diabolose le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o khopo o lefatšeng.
Molula-Qhooa oa la 15 Mphalane, 1985, o hlalositse hore Esaia khaolo ea 27 ke boprofeta ba tsosoloso. Phethahatso ea bona ea pele e ne e ama sechaba sa boholo-holo sa Iseraele, se neng se tla khutlisetsoa naheng ea sona kamorao ho lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babilona. Le hoja batlamuoa ba bangata ba ne ba tla tsoa Babilona, ba bang ba ne ba tla khutla Egepeta le libakeng tsa Assyria. Jehova Molimo a rera hore batho ba hae ba lokolloe, ka hona lichaba tse joalo li ne li ke ke tsa mo thibela ka boitaolo kapa ka boiteko bo kopanetsoeng. Ho batho li ne li ka ’na tsa bonahala li le matla ’me li le mano joaloka leviathane [mohlomong koena] ea boholo-holo. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tla atleha molemong oa Iseraele oa boholo-holo.—Bapisa Jobo 41:1-34.
Leha ho le joalo, “leviathane” e ne e tla tšoantšetsa eng phethahatsong e kholoanyane ea Esaia khaolo ea 27? Ka ho utloahalang, ho hopoloa Satane Diabolose, hobane Tšenolo 12:9 e mo hlalosa e le “drakone e kholo” le “noha ea khale.” Ke khale e le sera sa Molimo le batho ba oona. Ho feta moo, Mangolo a hlakisa hore Satane o tla fela. Molimo o beile letsatsi leo o tla sebelisa matla a oona ka Mora oa oona ho felisa Diabolose. Ka hona “drakone” eo kapa “noha” eo e tla felisoa joalokaha eka ke ka lerumo le leholo le matla.—Ba-Heberu 2:14; Tšenolo 20:1-3, 10.
Leha ho le joalo, hopola hore lira tse haufi tse neng li talimane le Iseraele ea boholo-holo e ne e le bahanyetsi ba lichaba ba bonahalang, ba kang Egepeta, Assyria le Babilona. Ka ho tšoanang kajeno, bahlanka ba Molimo ba Bakreste lefatšeng ka bophara ba talimane le bahanyetsi ba bonahalang har’a leoatle le tsukutlehang la batho ba ikarotseng ho Molimo. (Tšenolo 17:1, 15) Satane o laola mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara oo a o sebelisang ho sitisa ba “bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.” (Tšenolo 12:17) Mokhatlo ona o hlophisitsoeng o busoang ke Diabolose o ipakile hore o bolotsana ‘me o bohale joaloka leviathane. Leha ho le joalo, mathoasong a lekholo lena la lilemo “leviathane” ena e ile ea felloa ke taolo holim’a Iseraele ea moea, e leng, Lipaki tse tlotsitsoeng tsa Bakreste tsa Jehova. ’Me e tla felisoa ka ho feletseng ha Jesu a palama a felehelitsoe ke bahlabani ba mangeloi a tšoere “sabole e bohale . . . a tle a otle lichaba ka eona.”—Tšenolo 19:11-16.
Kahoo, le hoja ntlheng e ’ngoe Satane a ka ’na a boleloa hore ke leviathane ea Esaia 27:1, boprofeta boo bo akarelletsa ho fetang feela “noha ea khale.” Bo lebisa tlhokomelo e khethehileng mokhatlong o hlophisitsoeng o lefatšeng o busoang ke eena. Kahoo, Molula-Qhooa o boletsoeng kaholimo o ka supisa babali ba oona nakong ea ha “tsamaiso ea hona joale e khopo eo Satane Diabolose a busitseng ho eona joaloka molimo oa eona, e ke ke ea e-ba teng. Jehova o tla be a lebisitse tlhokomelo ea hae ho leviathane ea tšoantšetso, noha e nyenyelepang le e khopo e har’a leoatle la batho. Eena le lichaba, haesita le mekhatlo ea lichaba, o tla be a ile.”