Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 6/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Peō ea Noha—E Pepesitsoe Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ke Hobane’ng ha Satane a Sebelisitse Noha ho Bua le Eva?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 6/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na noha e ileng ea bua le Eva e ne e e-na le maoto?

Joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 3:14, Jehova Molimo o ile a bua le noha e ileng ea thetsa Eva tšimong ea Edene. Molimo o ile a re: “Kahobane u entse ntho ena, u rohakiloe har’a liphoofolo tsohle tse ruuoang le har’a libata tsohle tsa naha. U tla hahaba ka mpa ’me u tla ja lerōle ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao.” Bibele ha e bolele ka ho toba hore na pele phoofolo e sebelisitsoeng ho eka Eva e ne e e-na le maoto eaba aa khaoha kapa che. Le hoja mantsoe a Genese 3:14 a ka ’na a etsa hore ba bang ba nahane joalo, ha ho hlokahale hore re etse qeto ea hore pele ho thohako ena linoha li ne li e-na le maoto. Hobane’ng?

Haholo-holo hobane motho eo ha e le hantle Jehova a neng a mo ahlola ke Satane—e leng moea o sa bonahaleng o neng o sebelisitse hampe phoofolo eo e pala. Bibele e re Satane ke “ntate oa leshano” le “noha ea pele.” Ho bonahala lipolelo tseo ka bobeli li bua ka nakong eo ka eona Satane a ileng a sebelisa phoofolo e bonahalang, e leng noha, hore e be molomo oa hae bakeng sa ho susumetsa Eva hore a se ke a mamela taelo ea Molimo.—Johanne 8:44; Tšenolo 20:2.

Molimo o bōpile linoha, ’me ho bonahala hore Adama o ne a rehile linoha lebitso leo pele Satane a sebelisa noha ho thetsa Eva. Noha e se nang kelello e ileng ea bua le Eva e ne e se na molato. E ne e ke ke ea lemoha hore Satane o ne a e sebelisa bakeng sa ho etsa bolotsana, ’me e ne e ke ke ea utloisisa kahlolo eo Molimo a ahlotseng batho ba sa mameleng ka eona.

Joale, ke hobane’ng ha Molimo a ile a re noha e tla hahaba ka mpa? Tsela ea tlhaho eo noha e phelang ka eona, ha e ntse e hahaba ka mpa le ho chalitsa leleme joalokaha eka e leka lerōle, ke tšoantšetso e loketseng ea boemo bo tlaase boo Satane a theoletsoeng ho bona. Le hoja pele a ne a le boemong bo phahameng e le le leng la mangeloi a Molimo, o ile a theoleloa boemong bo tlaase boo Bibele e bo bitsang Tartarase.—2 Petrose 2:4.

Ho feta moo, joalokaha noha ea sebele e ne e ka ’na ea loma motho seretheng, ha Satane a se a le boemong bo tlaase o ne a tla “loma serethe” sa “peō” ea Molimo. (Genese 3:15) Ho ile ha totobala hore karolo e ka sehloohong ea peō eo ke Jesu Kreste, eo mahlahana a Satane a ileng a mo utloisa bohloko ka nakoana. Empa qetellong Kreste le metsoalle ea hae ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsohileng bafung ba tla silakanya noha ena ea tšoantšetso ka ho feletseng. (Baroma 16:20) Kahoo, hore ebe Molimo o ile a rohaka noha ea sebele ho ne ho tšoantšetsa ho theoleloa boemong bo tlaase le ho felisoa ha “noha ea pele,” e leng Satane Diabolose.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela