Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/15 leq. 27
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ke Hobane’ng ha Satane a Sebelisitse Noha ho Bua le Eva?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Molimo o Utloa Bohloko​—⁠Re ka mo Thabisa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/15 leq. 27

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ba le serapeng sa Edene, noha e ile ea fetisetsa khopolo ea ho tlōla molao oa Molimo mabapi le sefate sa tsebo ea botle le bobe ho Eva joang?

Genese 3:1 e re: “Joale noha e ne e le seli ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng. Kahoo ea qala ho re ho mosali: ‘Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?’” Ho ’nile ha hlahisoa maikutlo a sa tšoaneng mabapi le tsela eo e ka ’nang eaba noha e ile ea buisana le Eva ka eona. Khopolo e ’ngoe ke ea hore e ile ea etsa seo e sebelisa ’mele feela kapa boitšisinyo ba ’mele. Ka mohlala, moruti oa Lenyesemane Joseph Benson o ile a hlalosa: “Ho bonahala ehlile e le ho ka etsahalang hore ebe e ne e le ka lipontšo tsa mofuta o itseng. Ka sebele, ba bang ba ’nile ba nka hore ka nako eo matla a ho nahana le ho bua e ne e le litšobotsi tse tsejoang tsa linoha, . . . empa ha ho letho le pakang sena.”

Leha ho le joalo, ha e bua e sebelisa ’mele feela, ke joang noha e neng e ka fetisetsa ho Eva khopolo ea hore ka ho ja tholoana e thibetsoeng o ne a tla tšoana le Molimo, a khone ho iketsetsa qeto ka se setle le se sebe? Ho feta moo, Eva o ile a kenella puisanong, a araba lipotso tse phahamisitsoeng ke noha. (Genese 3:2-5) Pono ea hore noha e ile ea bua e sebelisa lipontšo kapa boitšisinyo ba ’mele feela e ne e tla lebisa qetong ea hore Eva o ile a araba ka ho sebelisa boitšisinyo ba ’mele, athe Bibele e re o ile a bua.

Ha moapostola Pauluse a bua ka ketsahalo ena, o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena: “Ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa.” Kotsi eo Pauluse a neng a bua ka eona e ne e tsoa ho “baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang.” Tšokelo eo ‘baapostola ba lokileng ho tlōla’ ba neng ba ka ba le eona e ne e se feela ea ho bua ba sebelisa ’mele le boitšisinyo ba ’mele. E ne e akarelletsa puo ea bona—mantsoe a bona a qhekellang, a buuoang ho khelosa ba bang.—2 Bakorinthe 11:3-5, 13.

Le hoja ho ile ha sebelisoa puo ho khelosa Eva serapeng sa Edene, ha ho letho le fanang ka maikutlo a hore noha ea sebele e ne e e-na le litho tse hlahisang lentsoe. Ha e le hantle e ne e sa li hloke. Ha lengeloi la Molimo le bua le Balame le sebelisa esele e tšehali, phoofolo eo e ne e sa hloke kolu e rarahaneng e tšoanang le ea motho. (Numere 22:26-31) Ka ho totobetseng, ha ‘pelesa ena e sa tsebeng ho bua e ne e bua ka lentsoe la motho,’ matla a ketso eo a ne a tsoa sebakeng sa moea.—2 Petrose 2:16.

Ka Bibeleng sebōpuoa sa moea se neng se susumetsa noha e ileng ea bua le Eva se tsebahatsoa e le “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšenolo 12:9) Mantsoe a utloahalang ao Eva a ileng a a utloa le ao a ileng a a araba a ne a susumetsoa ke Satane, ea ‘ntseng a iphetola lengeloi la leseli.’—2 Bakorinthe 11:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

“Le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela