Khaolo ea 33
Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia
HOBA Jesu a tsebe hore Bafarisi le balateli ba mokha oa Heroda ba rera ho ’molaea, eena le barutuoa ba hae ba ea Leoatleng la Galilea. Mona matšoele a batho a tsoang Palestina eohle, haesita le a tsoang mathōkong a eona, a subuhlellana ho eena. O phekola ba bangata, ’me phello ke hore bohle ba nang le mafu a sisimosang ba fohla har’a batho ho ea mo ama.
Kaha letšoele la batho le leholo, Jesu o bolella barutuoa ba hae hore ba ’ne ba laole sekepe e le hore a ka se sebelisa. Ka ho se sesisetsa thōkoana le lebōpo, a ka thibela matšoele hore a se subuhlellane ho eena. A ka a ruta a le sekepeng kapa a ea sebakeng se seng haufi le lebōpo ho thusa batho ba moo.
Morutuoa Mattheu o hlokomela hore tšebetso ea Jesu e phethahatsa se “boletsoeng ke moprofeta Esaia.” Joale Mattheu o qotsa boprofeta boo Jesu a bo phethahalitseng:
“Bonang mohlanka oa ka eo ke ikhethetseng eena, moratuoa oa ka, eo moea [“sephefumolohi,” NW] oa ka o khahlisoang ke eena; ke tla bea Moea oa ka holim’a hae, ’me o tla bolella lichaba ho loka. Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ea tla utloa lentsoe la hae literateng; ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, a be a etse hore ho loka ho hlōle. ’Me lichaba li tla tšepa lebitso la hae.”
Ha e le hantle, Jesu ke mohlanka ea ratoang eo Molimo o mo amohelang. ’Me Jesu o hlakisa hore na toka ea ’nete ke eng, e sothoang ke lineano tsa bolumeli ba bohata. Ka lebaka la tšebeliso ea bona e hlokang toka ea molao oa Molimo, Bafarisi ha ba thuse motho leha a kula ka Sabbatha! Kahoo a hlakisa toka ea Molimo, Jesu o imolla batho moroalong oa lineano tse hlokang toka, ’me ka baka lena baeta-pele ba bolumeli ba leka ho ’molaea.
Ho bolela eng hore ‘a ke ke a omana, kapa hona ho peroha hore a utluoe literateng’? Ha Jesu a phekola batho, ‘o laela batho ka thata hore ba se ke ba mo senola.’ Ha a batle ho itsebahatsa ka lerata literateng kapa hore a be le litlaleho tsa thabo e fetisisang tse neheletsanoang le tse sothiloeng.
Hape, Jesu o isa molaetsa oa matšeliso ho batho bao ka tšoantšetso ba tšoanang le lehlaka le tenyetsehileng, le kobehileng le le hatakeloang. Ba tšoana le khole e kubellang ea lebone, eo tlhase ea eona ea ho qetela e seng e le haufi le ho tima. Jesu ha a robe lehlaka le tenyetsehang kapa ho tima khole ea lebone e panya-panyang le e kubellang. Empa ka bonolo le ka lerato, ka bohlale o hlasimolla ba bonolo. Kannete, Jesu ke eo lichaba li ka behang tšepo ho eena! Mattheu 12:15-21; Mareka 3:7-12; Esaia 42:1-4.
▪ Jesu o hlakisa toka joang, a sa omane kapa ho peroha literateng?
▪ Ke bo-mang ba kang lehlaka le tenyetsehang le khole ea lebone, ’me Jesu o ba tšoara joang?