Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/1 leq. 3
  • Na U Tsamaea Mehlaleng ea ’Moloki?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tsamaea Mehlaleng ea ’Moloki?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Jesu e ne e le Motho Feela ea Molemo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Tsoelang Pele ho Tsamaea Kamoo Jesu Kreste a Ileng a Tsamaea Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ‘Latelang Mehato ea Hae Haufi-ufi’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/1 leq. 3

Na U Tsamaea Mehlaleng ea ’Moloki?

E ’NGOE ea tlhompho e molemohali eo u ka e neang motho ke ho mo etsisa. Hangata bana ba etsisa batsoali ba bona. Bacha ba ka ’na ba itšoantša le libini tse ratoang ’me ba baholo ba itšoantša le baeta-pele ba tummeng mafapheng a khoebo le lipolotiki. Empa ke ba bakae ba lekang ho etsisa moeta-pele e moholohali historing ea batho—Jesu Kreste?

Phuputso e sa tsoa etsoa har’a batho ke mokhatlo oa Liphuputso sechabeng e senotse hore: “Maamerika a robeli ho a 10 a boletse hore bonyane a etsa boiteko bo itseng ho latela mohlala oa Jesu.” “Karolo ea ba leshome le metso e ’meli [feela] lekholong e boletse hore e etsa boiteko bo boholohali bo ka khonehang.”

Leha ho le joalo, ke eng e etsang hore Jesu a tšoaneloe ke ho lateloa ho feta batho ba bang ba nang le tšusumetso? Lebaka le le leng ke hore, joalokaha The World Book Encyclopedia e hlokometse, Jesu Kreste “mohlomong o ile a susumetsa batho ho feta motho leha e le ofe ea kileng a phela.” Empa ho fapana le batho ba bang ba nang le tšusumetso, Kreste ha a ka a etella mabotho pele hore a sokolle batho ka likhoka. Ha a ka a itšetleha ka mashano a jaloang ka lichelete tse boima joalokaha ho etsa baevangeli ba tsebahalang kajeno. Leha e le hore o kile a tšehetsa mokha leha e le ofe oa lipolotiki. Tšusumetso ea hae e ne e tsoaloa ke matla a feletseng a molaetsa oa hae le tsela eo a o buileng ka eona.—Matheu 7:28, 29; Johanne 7:46.

Jesu o ile a susumetsa batho hore ba etse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona, moeeng le boitšoarong. Ke motho ofe e mong ea nang le tšusumetso ea tsoetseng ba bangata hakaalo molemo? Hape, ke moeta-pele ofe e mong oa motho ea neng a ka hlalosoa e le “ea halalelang, ea se nang molato, ea se nang letheba, ea ka hosele ho baetsalibe”? (Ba-Heberu 7:26) Kahoo mohlala oa Jesu ke o phethahetseng—ho fapana le oa motho ofe kapa ofe ea kileng a tsamaea lefatšeng lena!

Ba bang ba re, ‘Leha ho le joalo, motho ea fokolang le ea sa phethahalang a ka latela mohlala o joalo joang?’ Rahistori H. G. Wells bukeng ea hae The Outline of History o hlokometse hore ho tloha qalehong batho ba ile ba hana ho latela Kreste. Wells o re, “Hobane ho nka [Kreste] ka botebo, e ne e le ho kena bophelong bo makatsang le bo tšosang, ho lahla mekhoa, ho laola litšekamelo tsa tlhaho le litšusumetso, ho leka thabo e tsotehang.” Wells o qetella ka hore: “Ha ho makatse hore e be ho tla fihlela kajeno Mogalilea [Kreste] enoa o phahametse lipelo tsa rōna tse nyenyane.”

Empa na hoo e hlile ke ’nete? Ho lumeloa hore ho latela Kreste ka ho phethahetseng ho ne ho ke ke hoa etsahala. Leha ho le joalo moapostola Petrose o boletse hore Kreste ‘o re sietse mohlala hore re tle re hate haufi-ufi le moo a hatileng teng.’ (1 Petrose 2:21, NW) Hlokomela, ha a ka a re “ka ho phethahala” empa “haufi-ufi.” Joale, Jesu o re sietse mohlala oa mofuta ofe? Re ka o etsisa joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela