“Hata Haufi-ufi le Moo a Hatileng Teng”—Joang?
“NKE ke ka phethahala joaloka Jesu le ka mohla, ho sa tsotellehe hore na ke rapela hakae kapa ke leka ka thata hakae.” Ba ileng ba botsoa ke U.S. Catholic, 89 lekholong e ile ea lumellana le polelo eo. Ka sebele, tebello ea ho hata moo Kreste a hatileng teng e ka bonahala e le ntho e hlōlang—haholo-holo ha u nahana ka setšoantšo sa Kreste se bontšoang ke likereke. Monna e mong oa Mok’hatholike o itse: “Ka kakaretso, ke nahana ka Jesu e le motho ea mofuthu, ea lerato, ea hlokomelang le ea mamellang, ea sa lebellang ho hongata haholo ho ’na. Empa ha ke fihla kerekeng, Jesu o entsoe ea halalelang hoo joale ke ferekanang le ho kokobetsoa ke ho se phethahale hoa ka.”
Leha ho le joalo, litlaleho tsa Molaetsa ha li ‘halaletse Kreste haholo.’ Li bontša hore Jesu o tsoaletsoe lelapeng le tlaase e seng le phahameng. Ntate oa hae oa moholisi Josefa e ne e le ’metli. Le hoja ho tsejoa hanyenyane ka bongoana ba Jesu, ho na le ketsahalo e hlileng e bo senolang. Ha Jesu a ne a le lilemo li 12, batsoali ba hae ba ea le eena leetong la bona la selemo le selemo Jerusalema bakeng sa Paseka. Ketsahalong ena o ile a hapeha haholo puisanong ea Mangolo, ’me lelapa labo la tsamaea le mo siile. Ke kahoo ho utloahalang hore Josefa le Maria ba khathatsehileng ba ile ba mo fumana kamor’a matsatsi a mararo tempeleng, “a lutse har’a baruti, a ba mamela, a ba botsa.” Ho feta moo, “bohle ba mo utloang ba ne ba tsota hlalefo ea hae le likarabo tsa hae.” Nahana, a le lilemo li 12 feela o ne a sa botse lipotso tse nahantšang le tse sekametseng moeeng feela empa o ne a boetse a fana ka likarabelo tse bohlale. Ha ho pelaelo o ne a thusoa ke koetliso ea batsoali ba hae!—Luka 2:41-50.
Haeba u motho e mocha, na ho ka khoneha hore u latele mohlala oa Jesu? Ka sebele ho joalo! Hobane Kreste ka boeena o u sietse “mohlala hore u hate haufi-ufi le moo a hatileng teng.”—1 Petrose 2:21.
Bocha ke nako e ntle eo ka eona u ka fumanang tsebo ea motheo ka Molimo le Lentsoe la oona. Ke ’nete, ba bang ba bangata bao u ba tsebang ba ka ’na ba senya nako e ngata ba bala libuka tsa bosoasoi kapa ba shebelletse TV. Empa ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha u sa latele mehlala ea Jesu, ea ileng a thabela ho ithuta ka Jehova e sa le moshanyana? Ka lebaka la ho rata hoa hae lintho tsa moea, “Jesu a ’na a hola hlalefong.” (Luka 2:52) Le uena u ka ho etsa.
Mohlala: Sekolong se seng sa Afrika Boroa, tichere e ile ea botsoa hore na e ka paka hore Bibele ke ’nete. Ea bolela hore e ka sitoa. Moshanyana e mong e monyenyane, eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ka sebete a re: “Nka paka hantle hore Bibele ke ’nete!” Joang? o ile a hopola boitsebiso boo a ileng a ithuta bona tokollong ea haufinyane ea Molula-Qhooa. Kahoo hoba a fumane tumello ea ho bua, a tsoela pele ho hlalosa se boleloang ke boprofeta bo tlalehiloeng ho Daniele khaolo ea 2. Sehlopha seo se ile sa hlolloa ha a bontša kamoo boprofeta bo ileng ba profeta ho phahama le ho oa hoa mebuso ea lefatše e hlahlamanang le ho timetsoa hoa eona qetellong ke ’Muso oa Molimo. Ho ile hoa latela puisano e ntle eo ho eona a bileng le monyetla oa ho arabela lipotso tse ngata.
Ho Tla Etsa Thato ea Molimo
Motheo oa tsebo le kutloisiso ea Bibele tseo Jesu a li ralileng bocheng hamorao li ile tsa mo susumelletsa ho nka bohato bo tebileng. “Jesu . . . a tla Jordane ho Johanne ho kolobetsoa ke eena.” Nako e ne e fihlile ea hore a itjarele boikarabelo ba hae e le mosebeletsi oa Molimo. Kolobetso e ne e bolela ho itlhahisa hoa hae bakeng sa ho etsa thato ea Molimo.—Mattheu 3:13-15.
Ka ho tšoanang Bakreste ba lebelletsoe ho etsisa Kreste ka hore ba kolobetsoe. Kolobetso ke letšoao le halalelang, pontšo e ka ntle ea boinehelo. Ha re lumela ho sebeletsa motho kapa feme, re qala ka ho batla ho tseba se hlokoang le maemo ’me hangata ho latela ho tekenela tumellano. Empa ntle ho motekeno, tumellano eo ha e tlame. Ho joalo le ka kolobetso—e tiisa boinehelo ba rōna ho Molimo. Ka kutloisiso e ’ngoe, joaloka Jesu re re: “Bona, Molimo, ke tlile ho etsa thato ea hao.” (Ba-Heberu 10:7) Kahoo re fetoha bahlanka ba Molimo, basebeletsi ba oona!—2 Ba-Korinthe 3:5, 6.
E, joaloka Jesu, u tla lokela hore u qale ka ho fumana tsebo ea motheo ka Molimo. Empa Lipaki tsa Jehova li ka u thusa—le bana ba hao—ho etsa sena ka ho ithuta Bibele ka tsela e laolehileng.
Ho Bea Tšebeletso Pele
Hoba a kolobetsoe, Jesu a kena nakong ea ho itima lijo, ho thuisa le ho rapela. Ha ho pelaelo hore hona ho ile hoa mo koetlisetsa teko eo a ileng a tobana le eona hamorao. Ha Satane Diabolose a mo tekela mpho ea “mebuso eohle ea lefatše.” Jesu a ka be a bile le mosebetsi o mokaakang hoja a amohela mpho ea Diabolose eo a neng a mo teketse eona! Leha ho le joalo, Kreste a hlokomela hore mosebetsi oo e ne e tla ba oa nakoana. Ka potlako a qhela Diabolose ’me ho e-na le hoo “a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:2, 8-10, 17) Bophelong bohle ba hae lefatšeng, Kreste e ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng oa ’Muso oa Molimo.
Ka ho tšoanang le kajeno, Mokreste a ke ke a lumella hore lefatše la Satane le mo hohele hore morero oa hae bophelong e be ho hahamalla mesebetsi e lefang haholo le ho ithutela mesebetsi e itseng. Hobane, ha Jesu a bitsa barutuoa ba hae ba pele, ba ile “ba phakisa ba tlohela matlooa a bona, ba mo latela.” (Mareka 1:17-21) Ka hona na e ne etlaba bohlale ho tšoaseha lerabeng la ho phehella lintho tsa lefatše? Jesu o laela balateli ba hae kajeno hore ba ‘bolele litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Mattheu 24:14) Ke ’nete, e ka ’na eaba u na le lelapa kapa boikarabelo bo bong boo u lokelang ho bo hlokomela. Ka hona ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba sebelisa nako ea mantsiboea le mafelo a beke ho phetha boikarabelo ba bona ba Bokreste ba ho bolela. Ba bang ba bile ba khona ho lokisetsa ho etsa joalo ka nako e tletseng!
Afrika Boroa mohlankana e mong o ile a lokisetsa ho ea unifesithing hoba a qete sekolong. Leha ho le joalo, hoba a tšoantšetse boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso, a ikutloa a tlameha ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ntate oa hae eo e seng Paki, pele o ne a hana. Empa kamor’a puisano e telele, o ile a qetella a lumetse hore mora oa hae a sebeletse ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Afrika Boroa.
Kamor’a lilemo tse robong a thabile moo, a nyala ’me a kenela mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng le monyaluoa oa hae. Hamorao ba e-ba le ngoana. Leha ho le joalo, ba kōpa Jehova hore a ba thuse ho tsoela pele e le basebeletsi ba nako e tletseng. Ba hopola tšepiso ea Jesu ea hore haeba motho a bea ’Muso oa Molimo pele, “lintho tseo tsohle [litlhokahalo tse bonahalang] le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) Hona ho ipakile e le ’nete. Ntate o re, “Ka lilemo re phetse re baballa, empa re file morali oa rōna lehae le letle le ho hlokomela lintho tsohle tseo a li hlokang nameng.”
“Mosa le Pelo e Nolo”
Jesu o itse: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”—Mattheu 11:28-30.
Ha a etsa mehlolo, e kang ea ho leleka bademona, Jesu ha a ka a itlotlisa empa a lumela pepenene hore o finyella lintho tse joalo “ka Moea oa Molimo.” (Mattheu 12:28) ’Me le hoja a ne a khona ho hapa tlhokomelo ea bamameli ka tsela eo “ba [neng] ba tsota thuto ea hae,” ha a ka a ipatlela khanya. (Luka 4:32) Ho e-na le hoo, o ne a re: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng.”—Johanne 7:16.
Bakreste ba ’nete kajeno ba leka ho bontša boikokobetso bo tšoanang. Ka mohlala, ha ba ruta ba bang, ha ba lebise tlhokomelo ho bona. Ho e-na le hoo, ba potlakela ho lebisa tlotla ho Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng bakeng sa matla afe kapa afe ao ba nang le oona a ho fetisa molaetsa oa Lentsoe la Molimo. Moapostola Pauluse o’a botsa: “U na le eng eo u sa kang ua e fuoa?”—1 Ba-Korinthe 4:7.
Boikokobetso ba Jesu bo boetse ba bontšoa ke ha a utloisisa ho tsamaea limaele tse likete, a sa tsamaee ka koloi ea lipere, empa a tsamaea ka maoto e le ’moleli ea potolohang. Ka lekhetlo le leng eena le barutuoa ba hae ba ne ba khathetse hoo ba ileng ba hloka hore ba “phomole hanyenyane.” Empa ha letšoele le leholo le hlaha, le lapetse khothatso ea moea, Jesu a lebala ka mokhathala oa hae ’me “a qala ho ba ruta taba tse ngata.”—Mareka 6:31-34.
Lesotho, Afrika, mosebeletsi e mong ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova (ea bitsoang molebeli oa potoloho) le metsoalle e ’meli o sa tsoa bontša moea o tšoanang. Ba ile ba tsamaea lihora tse 22 ho haola Maloti ho ea chakela Bakreste ba bang ba fokolang ba kathōko. A khathetse ke ho tsamaea, molebeli oa potoloho a etsa qeto ea ho phomola letsatsi le hlahlamang. Empa hoa tla letšoele le leholo ho tla mo lumelisa le ho botsa lipotso hoo, le hoja a ne a khathetse hakaalo, a ileng a tsoha ’me a ba ruta litaba tse molemo tsa ’Muso. Karabelo ea e-ba e khothatsang hoo batsamai ba khathetseng ba ileng ba ikutloa ba putsitsoe hantle ka boiteko ba bona.
Mo Etsise!
Moapostola Pauluse o re khothaletsa ‘ho talima Jesu moqali le mophethi oa tumelo.’ (Ba-Heberu 12:2) Hona re ka ho etsa ka ho bala litlalelo tsa Molaetsa kamehla le ho thuisa ka litsela tseo ka tsona re ka etsisang Kreste. Ka mohlala, Jesu o bontšitse sebete ha a nyatsa boikaketsi le boitokafatso ba baeta-pele ba bolumeli, le hoja a ne a tseba hore ba mo hloile le hore ba ne ba tla ’molaea. (Mattheu 23:1-36; 26:3, 4) O ne a ka lula a sa tsoha ’me a itaola ha a hlaseloa. (1 Petrose 2:23) Thutong ea hae, o ile a bontša ho utloisisa tlhaho ea motho le matla a ho hlalosa linnete tse tebileng ka puo e bonolo.
Empa mpho e ikhethang haholo ea Jesu ke lerato la hae. “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.” (Johanne 15:13) O bile a eketsa moelelo o mocha ho lentsoe lerato ka ho re bolella hore re rate lira tsa rōna.—Mattheu 5:43-48.
Jesu ebile mohlala o phahameng hakaakang bakeng sa rōna! Ho mo etsisa ha ho bonolo, ’me nako le nako re ka ’na ra khopjoa. Empa le kamohla ha rea lokela ho tela. (Ba-Galata 6:9) Hobane ho na le ba limillione bao ka katleho ba ikemiselitseng ho latela Jesu. Ea tliselitseng makasine ona ha ho pelaelo hore ke e mong oa bona ’me o tla thabela haholo ho u thusa hore le uena u latele mehato ea Jesu—HAUFI-UFI!
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
Leha esale mocha, Jesu o bontšitse thahasello e matla litabeng tsa moea. Na u’a mo etsisa ntlheng ee?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Kreste o ile a hana mosebetsi oa lefatše ka lebaka la tšebeletso